Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb18 June leq. 8
  • Batsoali, Thusang Bana ba Lona Hore ba Atlehe

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Batsoali, Thusang Bana ba Lona Hore ba Atlehe
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Lelapa la Hao le ka Thaba Joang?​—Karolo ea 2
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2018
mwb18 June leq. 8
Josefa le Maria ba ruta Jesu le bana ba bang ka Molimo nakong ea lijo

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Batsoali, Thusang Bana ba Lona Hore ba Atlehe

Batsoali ba ratang Jehova, ba labalabela hore bana ba bona ba mo sebeletse. Batsoali ba ka thusa bana ba bona ka ho ba ruta ka Jehova ho tloha boseeng. (De 6:7; Lipr 22:6) Sena se hloka hore batsoali ba itele kaha ho etsa joalo ho na le melemo e mengata.​—3Jo 4.

Batsoali ba ka ithuta ho hongata ho Josefa le Maria. Ba ne “ba tloaetse ho ea Jerusalema selemo le selemo bakeng sa mokete oa paseka” le hoja ho ea teng ho ne ho hloka hore ba etse boiteko le ho kena litšenyehelong. (Lu 2:41) Ho hlakile hore ba ne ba batla hore lelapa la bona le be le kamano e matla le Jehova. Ka tsela e tšoanang, batsoali ba ka sebelisa monyetla o mong le o mong o hlahang ho ruta bana ba bona ka Jehova, ba etse joalo ka seo ba se buang le seo ba se etsang.—Pes 127:3-5.

NA U NE U TSEBA?

Le hoja ba holetse lelapeng le neng le sebeletsa Jehova, bana ba’bo Jesu ha baa ka ba beha tumelo ho eena ho fihlela ka mor’a lefu la hae. (Joh 7:5; Lik 1:14) Hamorao, ba babeli ba bona e leng Jakobo le Juda, ba ile ba ngola libuka tsa Bibele tse reheletsoeng ka bona.

SHEBELLANG VIDEO EA BA ILE BA SEBELISA MONYETLA O MONG LE O MONG, E BE KA MOR’A MOO LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Ke joang Jon le Sharon Schiller ba ileng ba bontša hore ho sebeletsa Jehova ho tla pele bophelong, le hoja ba ne ba ntse ba holisa bana?

  • Ke hobane’ng ha batsoali ba lokela ho etsa hore taeo e tšoanele litlhoko tsa ngoana ka mong?

  • Batsoali ba ka thusa bana ba bona joang hore ba khone ho emela tumelo ea bona?

  • U sebelisitse lingoliloeng life tsa mokhatlo oa Jehova ho thusa bana ba hao hore e be metsoalle ea hae?

Lelapa la Schiller

Etsa hore ho ba le kamano e ntle le Jehova e be ntho e tlang pele lelapeng la hao

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela