MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | LIKETSO 6-8
Phutheho ea Pele e Kopana le Mathata
Bahlolohali ba buang Segerike ba neng ba sa tsoa kolobetsoa ba ileng ba qeta nako e teletsana Jerusalema ba ile ba tšoaroa ka leeme. Na bothata boo bo ile ba etsa hore ba khaotse ho sebeletsa Molimo kapa ka mamello ba ile ba letela Molimo hore a tle a lokise bothata ba bona?
Ka mor’a hore Setefane a bolaoe ka ho tlepetsoa ka majoe, le hore ho tsohe mahloriso a maholo a ileng a etsa hore Bakreste ba Jerusalema ba hasane hohle Judea le Samaria, na Bakreste bao ba ile ba khaotsa ho etsa mosebetsi oa boboleli ka cheseho?
Ka thuso ea Jehova, phutheho ea Bokreste e neng e sa tsoa thehoa e ile ea mamella mahloriso ao ’me ea atleha.—Lik 6:7; 8:4.
IPOTSE, ‘Ke etsa’ng ha ke hlorisoa?’