La 13-La 19 July
EXODA 8-9
Pina ea 12 le Thapelo
Selelekela (1 mots.)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Faro ea Ikhohomosang o Phetha Thato ea Molimo Le hoja a sa Hlokomele”: (10 mets.)
Ex 8:15—Faro o ile a thatafatsa pelo ea hae ’me a hana ho mamela Moshe le Arone (it-2-E 1040-1041)
Ex 8:18, 19—Faro o ile a ba manganga le ha baprista ba hae ba sebelisang boselamose ba bontšitse hore ba hlotsoe
Ex 9:15-17—Jehova o ile a tlotlisa lebitso la hae ka hore a se ke a timetsa Faro hang-hang (it-2-E 1181 ¶3-5)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (10 mets.)
Ex 8:21—Liboba e ne e le eng? (it-1-E 878)
Ex 8:25-27—Ke hobane’ng ha Moshe a ile a re mahlabelo a Baiseraele e ne e tla ba “ntho e manyala ho Baegepeta”? (w04 3/15 25 ¶9)
’Malong oa Bibele oa bekeng ee, u ithutile’ng ka Jehova? Ke lintlha life tseo u ka ratang ho li sebelisa tšimong kapa tse ling feela tseo u li ratileng?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ex 8:1-19 (th khaolo ea 12)
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video ea Leeto la Pele: (4 mets.) Puisano. Bapala video ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang: Mohoeletsi o ile a arabela joang ha mong’a ntlo a hanyetsa? Mohoeletsi a ka be a entse’ng ho buella sengoliloeng se hlahang tlas’a Teaching Toolbox?
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho. (th khaolo ea 6)
Leeto la Pele: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Araba motho ea etsang khang ka ntho eo hangata batho ba tšimong ea lona ba etsang khang ka eona. (th khaolo ea 3)
Leeto la Pele: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Qala ka mehlala ea seo u ka se buang le batho. Fa mong’a ntlo sengolioeng se ithutoang. (th khaolo ea 12)
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Ikokobetse ’me u se ke oa Ipolelisa”: (7 mets.) Puisano. Bapala video ea E-ba Motsoalle oa Jehova—Ikokobetse. Ka mor’a moo, kopa bana bao u ba khethileng hore ba tle sethaleng, haeba ba le teng ebe u ba botsa lipotso ka video eo ba e shebelletseng.
“Ikokobetse ha Batho ba u Babatsa”: (8 mets.) Puisano. Bapala video ea Lula U Tšepahala Joaloka Jesu ha u Babatsoa.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) ia khao. 14 ¶14-22 le lipotso le leqepheng la 124.
Phethela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
Pina ea 130 le Thapelo