Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb22 July leq. 15
  • Na U Bona Kamoo Jehova a Arabelang Lithapelo Tsa Hao Kateng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Bona Kamoo Jehova a Arabelang Lithapelo Tsa Hao Kateng?
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Atamela ho Molimo ka Thapelo
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Jehova o Araba Lithapelo Tsa Rona Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Ke Lithapelo tsa Bo-mang tse Arabeloang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Na Jehova o Tla Araba Lithapelo Tsa Ka?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
mwb22 July leq. 15
Morali oabo rona oa rapela. Bibele e tafoleng ka pela hae.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Na U Bona Kamoo Jehova a Arabelang Lithapelo Tsa Hao Kateng?

Bibele e tletse ka mehlala ea lithapelo tseo Jehova a ileng a li araba. Ha bahlanka ba Jehova ba ne ba bona kamoo a ba mamelang le ho ba thusa kateng ha ba e-na le mathata, tumelo ea bona e ne e matlafala. Kahoo, ho molemo hore ha re rapela re tobe taba e le hore re ka bona ha Jehova a arabela lithapelo tsa rona. Lula u hopola hore karabo ea hae e ka fapana le seo u neng u se lebeletse kapa ea feta seo u neng u se kopile. (2Ko 12:​7-9; Ef 3:​20) Jehova a ka ’na a araba likopo tsa rona joang?

  • A ka re fa matla, a re thusa ho khoba matšoafo le ho re fa tumelo e le hore re ka sebetsana le mathata a rona.​—Fil 4:13

  • A ka re fa bohlale e le hore re etse liqeto tse nepahetseng.​—Jak 1:5

  • A ka re fa boikemisetso le matla a ho etsa ntho e itseng. ​—Fil 2:13

  • A ka re fa khotso ha re tšoenyehile.​—Fil 4:​6, 7

  • A ka sebelisa batho ba bang ho re thusa ka seo re se hlokang le ho re tšelisa.​—1Jo 3:​17, 18

  • A ka thusa batho bao re ba rapellang.​—Lik 12:​5, 11

SHEBELLANG VIDEO EA JEHOVA KE EA “UTLOANG THAPELO” EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:

  • Mohlala oa Mor’abo rona Shimizu o ka re matlafatsa joang ha re se re sa khone ho etsa lintho joaloka pele ka lebaka la ho kula?

  • Re ka etsisa mohlala oa Mor’abo rona Shimizu joang?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela