PHELA JOALOKA MOKRESTE
Matlafatsa Tumelo ea Hao Lentsoeng la Molimo
Lentsoe la Molimo le ka fetola bophelo ba rona. (Heb 4:12) Leha ho le joalo, hore re rue molemo tataisong le keletsong eo le fanang ka eona, re lokela ho kholiseha hore e fela e le “lentsoe la Molimo.” (1Th 2:13) Re ka matlafatsa tumelo ea rona joang Bibeleng?
Bala karolo e itseng ea Bibele letsatsi le leng le le leng. Ha u ntse u bala Bibele, batla bopaki ba hore Jehova ke eena Mongoli oa eona. Ka mohlala, hlahloba likeletso tse hlahang bukeng ea Liproverbia ’me u ele hloko kamoo li ntseng li sebetsa le kajeno.—Pr 13:20; 14:30.
Etsa lipatlisiso. Tseba bopaki bo bontšang hore Bibele e tsoa ho Molimo. Hlahloba Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso ea Lipaki Tsa Jehova, sheba sehlooho se reng “Bibele” ebe u sheba sehloohoana se reng “E Bululetsoe ke Molimo.” U ka boetse oa tiisa tumelo ea hao hore molaetsa oa Bibele ha o e-s’o fetohe ka hore u hlahlobe lintlha tse hlahang ho Ntlha ea A3 ho Phetolelo ea Lefatše le Lecha.
SHEBELLANG VIDEO EA KE HOBANE’NG HA RE LUMELA HO . . . LENTSOE LA MOLIMO EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Ho fumanoa ha lebota la tempele le Karnak e Egepeta ho bontša joang hore Lentsoe la Molimo ke ’nete?
Re tseba joang hore molaetsa oa Bibele ha o e-s’o fetohe?
Taba ea hore Bibele e ntse e le teng le kajeno e u kholisa joang hore e fela e le Lentsoe la Molimo?—Bala Esaia 40:8