PHELA JOALOKA MOKRESTE
Laola Menahano ea Hao e le Hore u ka Lula u Tšepahala
Re bontša hore re tšepahalla Jehova ka lipuo, liketso le ka lintho tseo re li nahanang. (Ps 19:14) Ke kahoo Bibele e re eletsang hore re nahane ka lintho tsa ’nete, tsa bohlokoa haholo, tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang, tseo ho buuoang hantle ka tsona, tse molemo le tse tšoaneloang ke thoriso. (Fil 4:8) Ke ’nete hore menahano e fosahetseng e itlela feela. Leha ho le joalo, re ka khona ho tlosa menahano eo e fosahetseng ka hore re leke ho nahana ka lintho tse nepahetseng. Haeba re itloaetsa ho nahana ka lintho tse lokileng, re tla susumeletseha ho etsa lintho tse lokileng.—Mar 7:21-23.
Tlas’a mangolo a latelang, ngola hore na re lokela ho qoba menahano ea mofuta ofe: