LA 8-14 JANUARY
JOBO 34-35
Pina ea 30 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Haeba re Tšoaroa ka ho Hloka Toka
(10 mets.)
Hopola hore Jehova ha se eena ea bakang ho hloka toka (Job 34:10; wp19.1 8 ¶2)
Le hoja batho ba khopo ba ka bonahala eka baa atleha, lintho tse mpe tseo ba li etsang ba ke ke ba li patela Jehova (Job 34:21-26; w17.04 10 ¶5)
Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho thusa batho ba tšoaroang ka ho hloka toka, ke ka ho ba ruta ka Jehova (Job 35:9, 10; Mat 28:19, 20; w21.05 7 ¶19-20)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Job 35:7—Elihu o ne a bolela’ng ha a re ho Jobo: “[Molimo] o fumana eng ho uena?” (w17.04 29 ¶3)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Job 35:1-16 (th khaolo ea 10)
4. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Qalisa thuto ea Bibele. (lmd thuto ea 10 ntlha ea 3)
5. Ha u Qala Moqoqo
(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Bontša motho ea nang le bana hore na a ka sebelisa jw.org joang ho ba thusa. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 4)
6. Ho Etsa Barutuoa
Pina ea 58
7. Na u Chesehela ho ‘Bolela Lentsoe’ Leha u se Tšimong?
(15 mets.) Puisano.
Pauluse o ile a khothaletsa Timothea hore a ‘bolele lentsoe ’me a etse joalo ka cheseho.’ (2Ti 4:2) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ka cheseho” le ne le tloaetse ho sebelisoa sesoleng ho hlalosa lesole kapa molebeli ea neng a le a lula a ikemiselitse ho nka khato. Lentsoe lena le hlalosa takatso ea rona e matla ea ho batla ho lula re ikemiselitse ho bua le batho ka Bibele ha re ntse re qoqa.
Ho rata Jehova le ho ananela lintho tsohle tseo a re etsetsang tsona ho re susumeletsa hore re lule re batla ho bua ka makhabane a hae.
Bala Pesaleme ea 71:8 ebe u botsa bamameli potso ena:
U rata ho bolella batho ka makhabane afe a Jehova?
Ho rata batho ho re susumeletsa hore re bue le bona ka Bibele leha re se tšimong.
Shebellang VIDEO ea Kamoo Batho ba Makholo ba Ileng ba Ithuta Bibele ebe u botsa bamameli lipotso tsena:
Ho bua le batho ka Bibele leha re se tšimong ho ile ha thusa batho ba makholo joang hore ba tsebe ’nete?
Batho baa ba neng ba kena kereke, ba ile ba rua melemo efe ka ho ithuta ’nete?
Ke joang ho rata batho ho ka re susumeletsang hore re bue le bona ka Bibele leha re se tšimong?
Ke hobane’ng ha u nahana hore ho bua le batho ka Bibele leha re se tšimong ke tsela e atlehang ea ho thusa batho ho tseba Jehova?
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) rr khao. 4 ¶1-9, video ea selelekela le lebokose la 4A