Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb24 May maq. 2-3
  • La 6-⁠12 May

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 6-⁠12 May
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
mwb24 May maq. 2-3

LA 6-12 MAY

PESALEME EA 36-37

Pina ea 87 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

1. “U se ke oa Halefa ka Lebaka la Batho ba Khopo”

(10 mets.)

Batho ba khopo ba etsa hore re utloe bohloko (Ps 36:​1-4; w17.04 10 ¶4)

Ha re lula re koatile ka lebaka la lintho tseo “batho ba khopo” ba li entseng, re utloa bohloko (Ps 37:​1, 7, 8; w22.06 10 ¶10)

Ho tšepa litšepiso tsa Jehova ho etsa hore re be le khotso (Ps 37:​10, 11; w03 12/1 13 ¶20)

Morali oa bo rona ea tšoenyehileng o ntse a bala litaba fonong ea hae. O bona litšoantšo tsa batho ba ipelaetsang ba halefile, lepolesa le amohela tjotjo, masole a ntoeng, monna ea nkileng sethunya moo ho pakoang likoloi, masholu a nkileng lintho tseo a li utsoitseng, batho ba loanang le lingaka tse ileng moo ho nang le kotsi ea koloi.

IPOTSE, ‘Na ke tloaetse ho mamela kapa ho shebella litaba tse buang ka lintho tse mpe tseo batho ba khopo ba li entseng?’

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 36:6—Ho ka etsahala hore ebe mopesaleme o ne a bolela’ng ha a re toka ea Jehova e joaloka “lithaba tse kholo [kapa “joaloka lithaba tsa Molimo,” nal.]”? (it-2-E 445)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Ps 37:​1-26 (th khaolo ea 10)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 5)

5. Khutlela ho Batho

(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Qalisa thuto ea Bibele le motho ea sa kang a lumela ho ithuta Bibele le uena nakong e fetileng. (lmd thuto ea 9 ntlha ea 4)

6. Puo

(5 mets.) ijwbv 45—Sehlooho: Pesaleme ea 37:4 e bolela’ng? (th khaolo ea 13)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 33

7. Na u Itokiselitse ‘Linako Tsa Matšoenyeho’?

(15 mets.) Puisano.

Ka lebaka la likoluoa tsa tlhaho le tse bakoang ke batho, bara le barali ba bo rona lefatšeng lohle ba lahlehetsoe ke baratuoa ba bona ka lefu le ho lahleheloa ke lintho tsa bona. (Ps 9:​9, 10) Ka masoabi, ’nete ke hore linako tsa matšoenyeho li ka ama e mong le e mong oa rona. Kahoo, re lokela ho lula re itokiselitse tsona.

Ho ekeletsa ho ba le lintho tseo re tla li hloka hore re ka phela nakong ea koluoa,a ke eng e ka re thusang ho mamella linako tseo?

  • Itokise kelellong: Tseba hore likoluoa tsa tlhaho li ka etsahala neng kapa neng ebe u nahana ka hore na u ka etsa’ng haeba e ’ngoe e ka u ama. Qoba ho ameha haholo ka lintho tseo u nang le tsona hona joale. Sena se tla u thusa hore u etse liqeto tse nepahetseng le hore u amehe haholo ka ho sireletsa bophelo ba hao le ba batho ba bang ho e-na le ho nahana haholo ka ho sireletsa lintho tsa hao. (Ge 19:16; Ps 36:9) Haeba u sa amehe haholo ka lintho tseo u nang le tsona, u tla khona ho mamella maemo leha e le afe a ka u hlahelang nakong ea koluoa a akareletsang le ho lahleheloa ke lintho tsa hao.—Ps 37:19

  • Matlafatsa kamano ea hao le Jehova: Ntlafatsa kholiseho ea hore Jehova o na le matla le hore o batla ho u hlokomela. (Ps 37:18) Pele koluoa e hlaha, lula u ikhopotsa hore kamehla Jehova o tšehetsa le ho tataisa batho ba hae. Leha ho le joalo, ka linako tse ling re ka lahleheloa ke lintho tseo re nang le tsona ebe ho pholoha rona feela.—Jer 45:5; Ps 37:​23, 24

Ha re kholisehile hore Jehova o tla phethahatsa litšepiso tsa hae, re mo etsa ‘sebaka sa rona se sireletsehileng nakong ea mathata.’—Ps 37:39.

Litšoantšo: Litšoantšo tse hlahang videong ea “Na u Itokiselitse Likoluoa?” 1. Mor’abo rona o bala Bibele. 2. Maqhubu a Tsunami. 3. Maru a bakang likhohola. 4. Batho ba nkile lintho tsa bona ’me ba feta har’a likhohola.

Shebellang VIDEO ea Na u Itokiselitse Likoluoa? ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Jehova a ka re thusa joang ha re hlahetsoe ke koluoa?

  • Re ka etsa’ng ho itokisetsa likoluoa?

  • Re ka thusa bana ba bo rona ba hlahetsoeng ke likoluoa joang?

SEO U KA SE ETSANG

  • Ha u ntse u bala le ho ithuta Bibele, tšoaea Mangolo a u khothatsang le ao u ka a sebelisang ho khothatsa batho ba bang. Ho ka ba bohlokoa hore u tšoae litemana tsena ka tsela eo u ka li fumanang habonolo ho JW Library® app. Ho fumana Mangolo a mang a khothatsang, bala sehlooho se reng “Bibele e Re’ng ka Likoluoa Tsa Tlhaho?” se ho jw.org/st.

8. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 9 ¶10-17

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 57 le Thapelo

a Bala Tsoha! ea No. 5 2017, leqhephe la 4-6.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela