Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb24 May maq. 8-9
  • La 3-⁠9 June

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • La 3-⁠9 June
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2024
mwb24 May maq. 8-9

LA 3-9 JUNE

PESALEME EA 45-47

Pina ea 27 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

Jesu o tšoere monyaluoa oa hae oa tšoantšetso ka letsoho ba shebile lefatšeng ba le leholimong.

Jesu Kreste o na le monyaluoa oa hae ea emelang batlotsuoa ba 144 000

1. Pina ea Lenyalo la Morena

(10 mets.)

Pesaleme ea 45 e bua ka lenyalo la Morena oa Bomesia (Ps 45:​1, 13, 14; w14 2/15 9-10 ¶8-9)

Lenyalo leo la Morena le tla ba ka mor’a ntoa ea Armagedone (Ps 45:​3, 4; w22.05 17 ¶10-12)

Batho bohle ba tla hlohonolofatsoa ka lebaka la lenyalo leo (Ps 46:​8-11; it-2-E 1169)


IPOTSE, ‘Na litaba tse monate tse mabapi le Morena oa rona Jesu Kreste li finyelletse pelo ea ka hoo nka li bolellang batho ba bang?’—Ps 45:1.

Bara le barali ba bo rona ba thabela bophelo paradeiseng.

2. Matlotlo a Patiloeng

(10 mets.)

  • Ps 45:16—Temana ee e re ruta hore bophelo bo tla ba joang Paradeiseng? (w17.04 11 ¶9)

  • U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

3. ’Malo oa Bibele

(4 mets.) Ps 45:​1-17 (th khaolo ea 5)

E-BA MAFOLO-FOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

4. Ha u Qala Moqoqo

(3 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 3)

5. Puo

(5 mets.) ijwbv 26—Sehlooho: Pesaleme ea 46:10 e bolela’ng? (th khaolo ea 18)

6. Hlalosa Seo u se Lumelang

(4 mets.) Pontšo. g 12/10 22-23—Sehlooho: Nka Hlalosa Pono ea Bibele Joang ka Bosodoma? (lmd thuto ea 6 ntlha ea 5)

PHELA JOALOKA MOKRESTE

Pina ea 131

7. Banyalani Tsoelang Pele ho Bontšana Lerato

(10 mets.) Puisano.

Setšoantšo se tsoang videong ea “Se ka Thusang Banyalani Hore ba Thabe: Bontšanang Lerato.” Monna o suna molekane oa hae phatleng ha ba ntse ba lutse hammoho bencheng.

Ho ba monate meketeng ea lenyalo. (Ps 45:​13-15) Banyalani ba thaba haholo ka letsatsi la bona la lenyalo. Ke’ng eo banyalani ba ka e etsang hore thabo eo ebe ea moshoelella?—Moe 9:9.

E le hore banyalani ba lule ba thabile ba lokela ho bontšana lerato. Banyalani ba ka atleha haeba ba etsisa mohlala oa Isaka le Rebeka. Bibele e re bolella hore le hoja ba ne ba e-na le lilemo tse fetang tse 30 ba nyalane, ba ne ba ntse ba tsoela pele ho bontšana lerato. (Ge 26:8) Banyalani ba ka etsa’ng ho etsisa mohlala oa bona?

Shebellang VIDEO ea Se ka Thusang Banyalani Hore ba Thabe: Bontšanang Lerato ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:

  • Ke’ng e ka etsang hore banyalani ba khaotse ho bontšana lerato?

  • Ke eng eo banyalani ba ka e etsang e le hore molekane ka mong a ikutloe a ratoa a bile a tsotelloa? —Lik 20:35

8. Litlhoko Tsa Phutheho

(5 mets.)

9. Thuto ea Bibele ea Phutheho

(30 mets.) rr khao. 10 ¶1-7 le video ea selelekela

Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | Pina ea 111 le Thapelo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela