LA 15-21 JULY
PESALEME EA 63-65
Pina ea 108 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. “Lerato la Hao le Molemo ho Feta Bophelo”
(10 mets.)
Kamano e ntle le Molimo e molemo ho feta bophelo (Ps 63:3; w01 10/15 15-16 ¶17-18)
Ho nahanisisa ka lintho tseo Jehova a li etsang ho bontša hore oa re rata ho etsa hore re mo rate le ho feta (Ps 63:6; w19.12 28 ¶4; w15 10/15 22 ¶7)
Tsela eo Jehova a re ratang ka eona e re susumeletsa ho mo rorisa re thabile (Ps 63:4, 5; w09 7/15 16 ¶6)
SEO LE KA SE ETSANG BORAPELING BA LELAPA: Buisanang ka hore na Jehova o le bontšitse joang hore oa le rata.
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Ps 64:3—Ke joang temana ee e re bontšang bohlokoa ba ho bua lintho tse khothatsang ba bang? (w07 11/15 15 ¶6)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Ps 63:1–64:10 (th khaolo ea 12)
4. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) KA NTLO LE NTLO. Mong’a ntlo ha a tsebe puo eo u e buang. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 4)
5. Ha u Qala Moqoqo
(2 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Puisano e fela pele u bua ka molaetsa oa Bibele. (lmd thuto ea 2 ntlha ea 4)
6. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Leka ho fumana hore na motho eo u buisanang le eena o amehile ka eng ebe u lokisetsa ho khutlela ho eena. (lmd thuto ea 1 ntlha ea 5)
7. Hlalosa Seo u se Lumelang
(4 mets.) Pontšo. ijwfq 51—Sehlooho: Ke Hobane’ng ha Lipaki Tsa Jehova li Khutlela ho Batho ba Itseng ha ba Batle ho Qoqa le Tsona? (lmd thuto ea 4 ntlha ea 3)
Pina ea “Lerato la ’Nete” (e nang le mantsoe)
8. Re ka Bontša Joang Hore re Rata Molimo?
(15 mets.) Puisano.
Jehova ke Molimo “ea lerato.” (Ps 86:15) “Lerato” leo ho buuoang ka lona temaneng ena ke lerato leo Jehova a le bontšang hobane a ikemiselitse, a tšepahala a bile a rata batho haholo. Le hoja Jehova a rata batho bohle, “lerato” leo ho buuoang ka lona mona, ke leo ka ho khetheha a le bontšang bahlanka ba hae, e leng batho ba nang le kamano e ntle le eena. (Ps 33:18; 63:3; Joh 3:16; Lik 14:17) Re ka bontša hore re ananela lerato lena la Jehova ka hore le rona re mo bontše hore rea mo rata. Re ka etsa see joang? Ka hore re mamele litaelo tsa hae, ho akareletsa le taelo ea ho ‘etsa batho . . . barutuoa.’—Mat 28:19; 1Jo 5:3.
Shebellang VIDEO ea Tsoela-pele ho Bontša Lerato Tšimong. Ka mor’a moo u botse bamameli lipotso tse latelang:
Lerato le ka re susumetsa joang hore re bolele litaba tse monate
ha re khathetse?
ha re hanyetsoa?
ha re ntse re phetha mabaka a letsatsi le letsatsi?
9. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) rr khao. 12 ¶1-6, video ea selelekela le lebokose la 12A