LA 27 JANUARY–LA 2 FEBRUARY
PESALEME EA 140-143
Pina ea 44 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
1. Etsa Lintho Tumellanong le Lithapelo Tsa Hao
(10 mets.)
Ikemisetse ho amohela keletso kapa khalemelo (Ps 141:5; w22.02 12 ¶13-14)
Nahanisisa ka lintho tseo Jehova a li entseng ho re thusa le ho thusa batho ba hae nakong e fetileng (Ps 143:5; w10 3/15 32 ¶4)
Leka ho bona lintho ka tsela eo Jehova a li bonang ka eona (Ps 143:10; w15 3/15 32 ¶2)
Pesaleme ea 140-143 ha e bue feela ka lintho tseo Davida a ileng a li kopa empa e boetse e bua ka lintho tseo a ileng a li etsa tse neng li le tumellanong le lithapelo tsa hae.
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Ps 140:3—Ke hobane’ng ha Davida a ile a tšoantša maleme a banna ba khopo le leleme la noha? (it-2-E-1151)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Ps 141:1-10 (th khaolo ea 12)
4. Ha u Qala Moqoqo
(4 mets.) BUA LE BATHO HA MONYETLA O HLAHA. Qala moqoqo oa Bibele le motho eo u sa tsoa mo thusa ka ntho e itseng. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 5)
5. Khutlela ho Batho
(3 mets.) BUA LE BATHO KA BIBELE SETERATENG. Motho eo u lekang ho bua le eena o re o phathahane. (lmd thuto ea 7 ntlha ea 3)
6. Hlalosa Seo u se Lumelang
(5 mets.) Pontšo. ijwfq 21—Sehlooho: Ke Hobane’ng ha [Lipaki Tsa Jehova li] sa Tšele Mali? (th khaolo ea 7)
Pina ea 141
7. Lula u Itokiselitse Maemo a Bophelo a Tšohanyetso a ka Hlokang Lingaka
(15 mets.) Puisano.
Jehova o re tšepisa hore o tla “re thusa kapele ha re le matšoenyehong.” (Ps 46:1) Ha re le maemong a hlokang thuso ea lingaka seo se ka re tšoenya haholo. Leha ho le joalo, Jehova o re file lintho tsohle tseo re li hlokang ho sebetsana le maemo a joalo. Ka mohlala, mokhatlo oa hae o fane ka litokomane tse kang karete ea mali (DPA), Identity Card,a litokomane tse ling tse nang le boitsebiso ba bongakab le Komiti ea Bohokahanyi le Lipetlele (HLC). Lintho tsena kaofela li re thusa hore re mamele molao oa Molimo mabapi le mali.—Lik 15:28, 29.
Shebellang VIDEO ea Na u Itokiselitse Maemo a Bophelo a Tšohanyetso a ka Hlokang Lingaka? ebe u botsa bamameli lipotso tse latelang:
Ho tlatsa foromo ea DPA ho tsoetse ba bang molemo joang?
Karete ea Tlhahiso-leseling Bakeng sa Baimana (S-401) e ile ea thusa batho ba bang joang?
Ke hobane’ng ha ho le bohlokoa ho buisana la bara ba bo rona ba HLC hang-hang ha u tseba hore u il’o robala sepetlele, u il’o etsa opereishene kapa u il’o fumana kalafo ea kankere le haeba ho bonahala eka ha u hloke hore u tšeloe mali?
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) rr khao. 21 ¶1-6, video ea selelekela le lebokose la 21A
Lintlha Tse Phethelang (3 mets.) | le Thapelo
a Bahoeletsi ba kolobelitsoeng ba ka fumana karete ea DPA le Identity Card bakeng sa bana ba bona ba tlase lilemong ba e-s’o kolobetsoe ho mohlanka oa libuka.
b U ka fumana likarete tsa Tlhahiso-leseling Bakeng sa Baimana (S-401), Boitsebiso Bakeng sa Bakuli ba Tlamehang ho Etsoa Opereishene Kapa Chemotherapy (S-407) le ea Boitsebiso Bakeng sa Batsoali Bao Bana ba Bona ba Hlokang Phekolo (S-55) ho baholo ha u li hloka.