Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w20 June leq. 17
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na U Tla ‘’ne U Tsamaee ka Moea’?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Na U Lumella Moea oa Molimo Hore o U Tataise?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Le ’ne le “Behe Litholoana Tse Ngata”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Tsoela Pele U Apara “Botho bo Bocha” le ka Mor’a Hore U Kolobetsoe
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
w20 June leq. 17

Lipotso Tse Tsoang Ho Babali

Na makhabane a hlahang ho Bagalata 5:​22, 23 ke ’ona feela ao e leng “litholoana tsa moea”?

  • LERATO

  • THABO

  • KHOTSO

  • TIISETSO

  • MOSA

  • MOLEMO

  • TUMELO

  • BONOLO

  • BOITŠOARO

Litemana tseo li thathamisa makhabane a robong ao Bakreste ba lokelang ho ba le ’ona e leng “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.” Leha ho le joalo, ha rea lokela ho nka hore makhabane ao ke ’ona feela ao moea o halalelang o ka re thusang ho ba le ’ona.

Hlokomela hore na moapostola Pauluse o ile a re’ng litemaneng tse latelang: “Mesebetsi ea nama . . . ke bohlola, ho se hloeke, boitšoaro bo hlephileng, borapeli ba litšoantšo, tšebelisano le meea, bora, ho qabana, poulelo, ho tlakoloha ka bohale, ho rata likhang, likarohano, maquloana, mohono, ho inehella botahoa, mekete e lerata, le lintho tse joaloka tsena.” (Bagal. 5:​19-21) Kahoo, Pauluse a ka be a ile a bua ka lintho tse ling e le “mesebetsi ea nama” joaloka tse hlahang ho Bakolose 3:5. Ka tsela e tšoanang, ka mor’a hore a thathamise litholoana tsa moea tse robong o ile a re: “Ha ho molao o khahlanong le lintho tse joalo.” Kahoo, Pauluse ha aa ka a bua ka makhabane ’ohle ao moea o halalelang o ka re thusang ho ba le ’ona.

Re utloisisa taba ena haholoanyane ha re bapisa litholoana tsa moea le litholoana tsa leseli tseo Pauluse a ileng a bua ka tsona ha a ne a ngolla phutheho ea Efese. O ile a re: “Litholoana tsa leseli li entsoe ka molemo oa mofuta o mong le o mong le ho loka le ’nete.” (Baef. 5:​8, 9) “Molemo” hammoho le ho loka le ’nete li oela tlas’a “litholoana tsa leseli” empa hape o boetse o hlaha tlas’a litholoana tsa moea

Ka tsela e tšoanang, Pauluse o ile a khothaletsa Timothea hore a phehelle ho ba le makhabane ana a tšeletseng e leng ‘ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello le bonolo.’ (1 Tim. 6:​11) Makhabaneng ao ke a mararo feela (tumelo, lerato le bonolo) ao e leng “litholoana tsa moea.” Leha ho le joalo, Timothea o ne lokela ho ba le makhabane ao a mang e leng ho loka, boinehelo ba bomolimo le mamello ’me o ne tla hloka moea o halalelang ho mo thusa hore a be le ’ona.​—Bapisa Bakolose 3:​12; 2 Petrose 1:​5-7.

Kahoo, Bagalata 5:​22, 23 ha e bue ka makhabane ’ohle ao Bakreste ba lokelang ho ba le ’ona. Moea oa Molimo o ka re thusa ho ba le makhabane ’ohle a oelang tlas’a “litholoana tsa moea.” Empa ho boetse ho na le makhabane a mang a mangata ao re lokelang ho ba le ’ona a ka re thusang ho ba Bakreste ba nang le boiphihlelo ‘le hore re apare botho bo bocha bo ileng ba boptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.’​—Baef. 4:24.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela