Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w25 August leq. 31
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • ’Muso oa Molimo o Felisa Lira Tsa Oona
    ’Muso oa Molimo oa Busa! (kr)
  • Lula U Lebeletse Armagedone ka Tjantjello!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Re Tseba’ng ka Kahlolo ea Jehova ea Nakong e Tlang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2024
  • Lula U Tšepahala Nakong ea Matšoenyeho a Maholo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2025
w25 August leq. 31

Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Mosebetsi oa ho bolela litaba tse monate o tla fela neng?

Jesu o ile a re: “Litaba tse monate tsa ’Muso li tla boleloa lefatšeng lohle hore batho ba lichaba tsohle ba li utloe ebe ke hona bofelo bo tlang.” (Mat. 24:14) Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “bofelo” temaneng ena le temaneng ea 6 ke teʹlos. Le bolela ho felisoa ha lefatše la Satane ka ho felletseng ka Armagedone. (Tšen. 16:​14, 16) Kahoo, re tla tsoela pele re bolela litaba tse monate ho fihlela hang pele lefatše la Satane le felisoa ka ho felletseng. Sena se lokisa kutloisiso eo re neng re e-na le eona pele.

Pele re ne re utloisisa hore re tla tlohela ho bolela litaba tse monate ha mahlomola a maholo a qala, e leng ha Babilona e Moholo e felisoa. (Tšen. 17:​3, 5, 15, 16) Re ne re lumela hore ketsahalo ena e bolela ho fela ha “selemo sa Jehova sa mohau” sa tšoantšetso. (Esa. 61:2) Hape re ne re nahana hore batho ba tla pholoha mahlomola a maholo ke batho ba ileng ba bontša hore ba tšepahalla Jehova pele mahlomola a maholo a qala. Re ne re bapisa batho bana le Bajuda ba ileng ba pholoha ha ho felisoa Jerusalema ka 607 B.C.E. Bajuda bana ba ile ba tšoaeloa ho pholoha hobane ba ne ba rapela Jehova ’me ba hloile bobe. (Ezek. 5:11; 9:4) Leha ho le joalo, ho bapisa liketsahalo tsena ha ho lumellane le mantsoe a Jesu a hlahang ho Matheu 24:​14, a bontšang hore batho ba ka ’na ba e-ba le monyetla oa ho mamela litaba tse monate ho fihlela nakoana pele lefatše le felisoa ka ho felletseng ka Armagedone.

Kutloisiso ea rona e ncha ea Matheu 24:14 e boetse e lokisa kutloisiso eo re neng re e-na le eona ka molaetsa o kang sefako o hlahang ho Tšenolo 16:21. Lipatlisiso tse eketsehileng li bontšitse hore mangolo ana a mabeli aa tlatsana. Joang? Karabo e itšetlehile ka hore na batho ba tla arabela joang molaetseng oa ’Muso. Moapostola Pauluse o ile a re “ho ba pholosoang,” molaetsa oa litaba tse monate “ke monko oa bophelo o phelisang.” Empa ho lira tsa Molimo ke litaba tse seng monate, e leng “monko oa lefu.” (2 Bakor. 2:​15, 16) Lira tsena tsa Molimo li hloile molaetsa oa ’Muso hobane o pepesa seo lefatše la tsona le leng sona; le khopo, le laoloa ke Satane ebile haufinyane le tl’o timetsoa.—Joh. 7:7; 1 Joh. 2:17; 5:19.

Hape hlokomela hore sefako sa tšoantšetso, se tla “baka tšenyo e kholo.” Sena se ka ’na sa bolela hore nakong ea mahlomola a maholo, mosebetsi oa ho bolela o ka ’na oa ba matla le ho feta, e leng hore lebitso la Jehova le tla tsebahatsoa ho feta le ha e le neng pele. (Ezek. 39:7) Ka nako eo, ka mor’a hore Babilona e Moholo e timetsoe, na ho na le batho ba bang ba tla rata litaba tse monate joalokaha eka ke monko o monate? Ho ka etsahala. Mohlomong ba tla hopola kapa ba ithute hore ka lilemo tse ngata Lipaki Tsa Jehova li ’nile tsa bolela hore bolumeli ba bohata bo tla felisoa.

Sena se tšoana le se ileng sa etsahala Egepeta ka mor’a Likotlo Tse Leshome. Ka mor’a hore Jehova a ‘ahlole melimo eohle ea Egepeta,’ batho ba hae ba ile ba tsamaea le “sehlopha se seholo se tsoakaneng” sa batho bao e seng Baiseraele. (Ex. 12:​12, 37, 38) E ka ’na eaba batho bana ba ile ba khetha ho tsamaea le batho ba Jehova ha ba bona Likotlo Tse Leshome tseo Moshe a neng a itse li tla etsahala, li fela li phethahala.

Mang kapa mang ea khethang ho sebeletsa Jehova ka mor’a hore Babilona e Moholo e timetsoe, o tla ba le monyetla oa hore a tšehetse bara babo Kreste ba tla beng ba ntse ba le lefatšeng. (Mat. 25:​34-36, 40) Ke ’nete hore monyetla oa hore ba ahloloe e le linku o tla fela nakoana pele ho Armagedone, ha batlotsuoa ba setseng ba fumana moputso oa bona oa ho ea phela leholimong.

Kutloisiso ena e ntlafalitsoeng, e tiisa ka matla hore Jehova o lerato haholo ebile o mosa. Kannete “ha a lakatse hore mang kapa mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba bake.”—2 Pet. 3:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela