Tlahelo ea Lefatse Ka Bophara
Afrika
Afrika ke k’honthinente ea bobeli e khōlōhali polaneteng ea rōna ’me e nka karolo ea bohlano ea sebaka sohle se omileng sa lefatše. Haufi le equator, re fumana meru ea linaha tse chesang tse mongobo hammoho le liphoofolo tse hlaha tsa mefuta-futa, ho kopanyelletsa le litlou, lithuhlo le litau. Ka leboea ke Sahara, lehoatata le leholohali lefatšeng. Sebakeng seo ba bang ba reng ke K’honthinente e Lefifi, Lentsoe la Molimo le khanya ka leseli le ntseng le eketseha.—Mat. 4:16.
Ghana, Marie ea lilemo li tšeletseng o ile a hulanyetsoa ka pel’a tichere ea hae ke liithuti-’moho le eena tse neng li mo qosa ka hore ha a tutubale ebile ha a re “Amen” ha sehlopha se rapela. Tichere e ile ea batla mabaka. Ka mokhoa o khutsitseng Marie o ile a hlalosa: “Le rapela Jesu, empa ha ke ntse ke ithuta Bibele le lelapa leso ke ithutile hore re lokela ho rapela Jehova feela ka Jesu. Ka hona, nka re ‘Amen’ joang ha le rapela?” Tichere e ile ea makala ’me ea re ho sehlopha: “Mo tloheleng, ke e mong oa Lipaki tsa Jehova.” Hamorao, ’mè oa Marie o ile a romella tichere eo kopi ea Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Tichere e e sebelisa e le buka ea ho ithuta ha e ruta sehlopha ka nako ea lithuto tsa tsebo ea Bibele.
Alfred ea lulang Guinea, o ile a ithuta ho itseng ka ’nete ka 1996, ’me a iphumanela lingoliloeng tse ling tsa Bibele. Nakoana ka mor’a moo, o ile a khutlela motseng oa habo. Puisano ea hae e khutšoanyane le Lipaki tsa Jehova e ile ea mo kholisa hore o na le boikarabelo ba ho bolella ba bang seo a se tsebang. Hape Alfred o ile a etsa qeto ea hore a hahe Holo ea ’Muso ha a ntse a emetse karabo ea lengolo leo a neng a le ngoletse Lipaki. Ka 1998 o ile a haha holo ea boleng bo tlaase, empa batho ba motse ba ile ba e heletsa. O ile a haha holo ea bobeli, ’me le eona e ile ea heletsoa. Se tšoanang se ile sa etsahala lekhetlo la boraro.
Alfred o ile a bolella morena oa motse taba ena. Ho ile ha lokisetsoa hore ho be le seboka bakeng sa Alfred le bahanyetsi bohle ba hae. Ka mor’a ho mamela ka hloko, morena o ile a laela hore Alfred a hahe Holo ea ’Muso ’me a mo fa setša se setle se tseleng e khōlō ha ho kenoa motseng. Ba sebelisa lehlaka le thepa e ’ngoe e tsoang morung, Alfred le seithuti sa hae sa Bibele, se bitsoang Daniel, ba ile ba nka matsatsi a 14 ba haha Holo e ncha ea ’Muso.
Hang ha holo e phethiloe, ba ile ba qala ho tšoara liboka tseo ho tsona ba neng ba tšohla libukana tseo ba neng ba e-na le tsona. Morena oa motse o ne a e-ba teng kamehla. Ha ofisi ea lekala e tseba ka taba ena, ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tle joalo-joalo, ba ba rute mokhoa oa ho khanna lithuto hantle le mokhoa oa ho thusa ba thahasellang. Ha molebeli oa potoloho a etela motse ona, baahi ba 69 ho ba 400 ba ile ba tla mamela puo ea hae.
Joshua le Susan, ba lulang karolong e ka bophirimela ea Kenya, ba ile ba kena sepetlele ka lebaka la kotsi e mpe ea koloi. Metsoalle e tsoang kerekeng ea bona e ile ea tla ba hloela ’me ea bolela hore kotsi eo e tlameha e le kotlo e tsoang ho Molimo. Kaha ba ne ba balile Bibele le limakasine tseo ba li fumaneng ho Lipaki tsa Jehova, banyalani bana ba ne ba tseba hore Molimo ha a bake likotsi tse joalo. Ba ile ba bolella baeti hore haeba ba se na matšeliso a mang, ba se ke ba hlola ba khutla. Hang ha banyalani ba lokolloa sepetlele, ba ile ba iteanya le Lipaki tsa Jehova. Ka November ka bobeli ba ne ba se ba qalile tšebeletsong ea tšimo, ’me ba ile ba kolobetsoa ka February 2000. Joshua ke pula-maliboho ea thusang ka nako e sa khaotseng, ’me Susan e ne e le pula-maliboho ea thusang ka April.
Otis e ne e le lesole nakong ea ntoa ea lehae Liberia. Ka letsatsi le leng eena le “motsoalle” oa hae ba ne ba e-ea naheng ea boahelani ho ea rekisa koloi eo ba e utsoitseng. Leha ho le joalo, ka boomo “motsoalle” oa hae o ile a hata Otis ka koloi, a mo roba meomo le lesapo la mokokotlo, eaba o baleha ka koloi eo. Sena se ile sa siea Otis a holofetse ’me a shoele litho ho tloha thekeng ho ea tlaase. Le hoja hangata Otis a ne a nahana ho ipolaea, lintho li ile tsa fetoha ha ntate oa hae a qala ho ithuta Bibele le pula-maliboho ea khethehileng. Ha Otis a ntse a robetse betheng a shoele litho, molaetsa oa tšepo oo a ileng a o utloa kamoreng ea ntate oa hae o ile oa mo tlatsa thabo. O ile a kōpa hore thuto e tšoareloe kamoreng ea hae e le hore a ka kopanela ho eona. A susumelitsoe ke lintho tseo a ithutileng tsona, Otis o ile a etsa liphetoho. O ile a khaotsa ho tsuba ’me a qala ho ntlafatsa botho ba hae. Kajeno, Otis ha a sa hlola a tšoenngoa ke kholofalo ea hae. Hona joale ke mohoeletsi oa litaba tse molemo ’me o lula a letetse ba fetang pel’a ntlo eabo e le hore a ka arolelana tšepo ea hae le bona. Ha a botsoa hore na o kholisitsoe ke eng hore ka sebele o fumane bolumeli ba ’nete, o ile a hlalosa hore ke thahasello eo Lipaki li mo bontšitseng eona. Otis o re: “Letsatsi le leng le le leng barab’abo rōna ba ne ba fapohela ho tla ntlhoela. Sena se ile sa etsa hore ke boele ke ikutloe joaloka motho.”
Monna ea bitsoang Avelino o ne a entse peeletso ea limakasine tsa rōna, empa ho ne ho se Lipaki tse lulang sebakeng sa habo sa Mozambique. Hamorao, ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele ka ngollano. Avelino o ile a qala ho arolela ba bang tsebo ea hae eo a sa tsoa e fumana. Hang-hang sehlopha se ile sa qala ho kopana bakeng sa ho bala lihlooho tsa makasine ea Molula-Qhooa le buka ea Ho Bea Mabaka ka Mangolo. Ha bara ba bang babo rōna ba hlokomela sena, ba ile ba nka leeto ho ea bolela sebakeng seo. Ba ile ba makala ha ba fumana batho ba 30 ba ikamahantse le sehlopha seo. Ho ile ha fanoa ka puo ea phatlalatsa, ’me batho ba 90 ba ile ba e-ba teng. Ha ho tšoaroa kopano e latelang Nampula, ho ne ho le teng batho ba leshome ba tsoang sehlopheng seo. E mong oa bona o ile a sala motse-moholo ’me a bala buka eohle ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ka beke feela. Ka lebaka la thahasello ena, bo-pula-maliboho ba babeli ba kamehla ba ile ba fallela sebakeng sena. Sehlopha sena se hatela pele ka mokhoa o babatsehang.
Ka June palo ea bahoeletsi Rwanda e ile ea fihla tlhōrōng e ncha ea ba 7 435. Ka karolelano, mohoeletsi a le mong ho ba bahlano o ile a kopanela mofuteng o itseng oa tšebeletso ea bopula-maliboho khoeli ka ’ngoe selemong sa tšebeletso. Ho khannoa lithuto tsa Bibele tse fetang 12 000, ’me ba 30 716 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong. Lilemong tse ’nè tse fetileng, ho hahiloe ha ba ha neheloa Liholo tsa ’Muso tse 51, ’me ho reriloe hore ho hahuoe liholo tse ling tse 115. Ho sa tsotellehe mosebetsi o mongata oa kaho, bahoeletsi ba etsa karolelano ea lihora tse ka bang 20 ka khoeli tšebeletsong ea tšimo.
Mohlankana e mong ea lulang Gambia o ne a lakalitse ho fallela Canada ho ea ba moruti oa Mopentekonta. Khabareng, o ile a sebetsa e le mongoli Kerekeng ea Pentekonta e sebakeng sena. Eena le mosali oa hae ba ile ba lumela ho ithuta bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Nakong ea thuto, ba ile ba bontšoa likarolo tsa Phetolelo ea Lefatše le Lecha, ho kopanyelletsa le “Lihlooho Tsa Bibele Tsa Puisano” tse bokamoraong ba Bibele. Ka mor’a seo, ho e-na le ho bina lipina tsa bolumeli joalokaha ba ne ba etsa hoseng ho hong le ho hong, ba ne ba hlahloba sehlooho se seng, ba phetla mangolo ’ohle a bontšitsoeng. Ha ho fihla lengolo le tsoang kerekeng le mo memelang thupelong ea lilemo tse peli seminaring e Canada, mohlankana enoa o ile a arabela ka ho re: “Ke hobane’ng ha ho hlokahala hore ke ee? Hona joale re fumane ’nete!” Ka mor’a ho ithuta Bibele ka likhoeli tse tšeletseng, eena le mosali oa hae ba ile ba kolobetsoa ’me hona joale ka mafolofolo ba abela ba bang linnete tse hlollang tseo ba ithutileng tsona le tse ba ruisitseng molemo o moholo.
Linaha Tsa Amerika
Linaha tsa Amerika li akarelletsa lik’honthinente tse peli. Li tloha Arctic e batang haholo li pholletsa linaheng tse chesang le tse mongobo li be li e’o fihla ho elella Antarctic. Amerika Boroa ho ka fumanoa mefuta e mengata ka ho fetisisa ea limela le liphoofolo ho feta kae kapa kae lefatšeng. Lik’honthinenteng tsena litaba tse molemo li boleloa ka cheseho.
Monna e mong oa Bolivia o ne a lahlile mosali oa hae le bana kherehloa. O ne a e-na le mefokolo e tebileng, ho kopanyelletsa ho noa haholo le ho hlafuna makhasi a coca. O ile a lumela ho ba le thuto ea Bibele ’me butle-butle a hlōla mekhoa ea hae e mebe. A koatisitsoe ke hore mosali oa hae o ne a hana ka tieo ho kopanela thutong ea hae ea Bibele, o ile a mo bolella hore a ka ’na a khaotsa lithuto tsa hae tsa Bibele ’me a khutlela mokhoeng oa hae oa pele oa bophelo. Sena se ile sa tšosa mosali oa hae, kaha o ne a thabela haholo kamoo monna eo a seng a le kateng. Mosali o ile a mo botsa hore na o nyahamisitsoe ke eng. O ile a hlalosa hore ha a batle ho ea Holong ea ’Muso a siile lelapa la hae. Eaba mosali o lumela ho ithuta Bibele. Hape o ile a ba teng kopanong ea setereke eo monna oa hae a ileng a kolobetsoa ho eona.
Mosebetsi oa boboleli har’a litholo tsa Brazil tse hakanyetsoang ho ba 1 700 000 o ile oa ipha matla selemong sa tšebeletso sa 2000. Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba 18 ba tsebang hantle Puo ea Matsoho ea Brazil (BSL [Brazilian Sign Language]) ba ile ba abeloa ho sebeletsa litsing tse metseng e nang le baahi ba bangata ba litholo. Ho feta moo, ka lebaka la ho thehoa ha sehlopha sa bafetoleli ba BSL ka September 1999, ho ile ha e-ba bonolo hore ka lekhetlo la pele ho be le video e bontšang tšoantšiso ea Bibele, lipuo tsa sehlooho le lipina tsa ’Muso Kopanong ea Setereke ea “Baphethi ba Lentsoe la Molimo.” Hona joale Mokhatlo o ntse o etsa likhatiso tse ngata tsa video ka BSL ho thusa litholo ho hōla kananelong ea ’nete ea Bibele. Hona joale Brazil eohle ho na le liphutheho tse 16 tsa puo ea matsoho le lihlopha tse 87.
Ka mor’a ho ithuta thuto ea kahisano ka lilemo tse ’nè univesithing, Michael o ile a ngolisa seminaring ea Roma e K’hatholike Toronto, Canada. O ne a lakatsa ho ba moprista. Michael o sa hopola hore ka tlelaseng monsignor oa Roma e K’hatholike ea sebeletsang e le moprofesa o ile a bolela hore ho atamela Molimo ka thapelo ho ka etsoa ka litsela tse ngata, eseng ka Kreste Jesu feela. Michael o ile a hanyetsa monsignor, a qotsa mantsoe a Jesu ho Johanne 14:6: “Ha ho ea tlang ho Ntate haese ka ’na.” Monsignor o ile a re liithuti tsa hae li lokela ho tlohella Bibele ho eena ’me li amehe ka lithuto tse ling.
Michael o ile a letsetsa lekala la Mokhatlo le Canada ’me a kōpa thuso ea moea. O ne a batla ho ithuta habeli ka beke, ka linako tse ling a akaretsa likhaolo tse peli bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng lekhetlong ka leng. Hamorao, Michael o ile a tsoa sekolong seo sa bolumeli ’me a fumana mosebetsi oa ofisi. Ka la 9 October, 1999, o ile a ea bona mehaho ea lekala ea Canada. Phihlelo ena e ile ea ba le phello e ntle ho eena, kaha hamorao o ile a ikemisetsa ho ba teng libokeng tsohle tsa phutheho, ho ngola lintlha le ho fana ka litlhaloso tse utloahalang. Michael o ile a kolobetsoa ka la 19 February, 2000, ’me o sebelelitse e le pula-maliboho oa kamehla ho tloha ka September.
Morali’abo rōna e mong oa Costa Rica o ile a nyahama ka lebaka la mathata a mangata le likhatello tseo a kopanang le tsona. Ka lebaka la kotsi, o tlameha ho sebelisa setulo sa likooa. Haesale ’mè oa hae a hlokahala, ke eena feela ea ’nileng a hlokomela ntate oa hae ea foufetseng ea bileng a holofetseng kelellong, hammoho le ngoan’abo oa ngoanana le oa moshanyana ba seng ba hōlile, bao le bona ba holofetseng kelellong. Oa pheha, o hloekisa ntlo, o hlatsoa liaparo ebile o hlokomela lelapa labo—o etsa tsena tsohle a le setulong sa hae sa likooa. Kahobane o ne a batla ho kopanela tšebeletsong ka botlalo ka hohle kamoo a ka khonang, ka lerato baholo ba phutheho ea habo ba ile ba mo thusa ho hlahlobisisa menyetla e neng e mo bulehetse. Tlhahiso e ’ngoe e ile ea e-ba hore a qete metsotso e 20 ho ea ho e 30 letsatsi ka leng a lutse setulong sa hae sa likooa tseleng ea maoto. Batho ba bangata ba feta pel’a ntlo eabo ha ba e-ea setopong sa libese kapa ha ba tsoa teng. O ile a khothalletsoa hore a bue le bona ’me a ba fe lipampitšana kapa limakasine, esita le ho etsa maeto a ho boela ho ba fetang moo khafetsa. O ile a fela a etsa joalo. O ile a nahana ka botebo ka mantsoe a moapostola Pauluse a fumanoang ho Baroma 1:14, 15: “Ke na le molato ho Bagerike le ho Babarebare, ho ba bohlale le ho ba se nang kelello: kahoo ke na le tabatabelo ea ho bolela litaba tse molemo le ho lōna moo Roma.” Morali’abo rōna o ile a hlokomela hore le eena o ne a e-na le molato ho baahelani ba hae. Ha a bua ka tšebeletso ea hae hona joale, ho hlakile hore ka sebele o fumane thabo le khotsofalo tšebeletsong ea hae e halalelang.
Banyalani ba bang ba baromuoa Ecuador ba ile ba leka ho finyella batho ba bangata kamoo ba ka khonang sebakeng sa khoebo sa Guayaquil. Leha ho le joalo, ka lebaka la tšireletso e thata, ba ne ba sa lumelloa ho kena mohahong o mekato e mengata. Le hoja ba ne ba khonne ho pakela basebetsi ba 20 le balebeli, haholo-holo ba sebelisa inthak’homo, ba ne ba e-s’o bue le beng ba lifolete leha e le bafe. Ka lebaka leo, ba ile ba etsa qeto ea ho bua le mookameli oa mohaho oo. Ha baromuoa ba qeta ho hlalosa hore morero oa ketelo ea bona ke ho matlafatsa litekanyetso tsa boitšoaro le tsa moea ka malapeng, mookameli o ile a araba: “Ke nahana hore e mong le e mong o lokela ho mamela sena!” Eaba o fetisetsa molaetsa ona ho mongoli oa hae ’me o mo laela hore a o manehe lematjaneng la litaba: “Mofumahali Gabi März o tla etela lifolete tse mohahong ona Sontaha thapama a le mosebetsing oa thuto oo morero oa oona e leng ho ntlafatsa litekanyetso tsa boitšoaro. Haeba ho ke ke ha e-ba bonolo hore leha e le mang a mo amohele, ka kōpo a ntsebise. Mookameli-kakaretso.”
Baromuoa ba ile ba qala foleteng e mokatong o ka holimo-limo, moo ba ileng ba qala thuto ea Bibele le mookameli oa sekolo. Mokatong o latelang, ba ile ba theha lithuto tse tharo. Lelapa le leng le ile la e-ba teng Sehopotsong ’me hamorao la etela ofisi ea lekala. Ka kakaretso, baromuoa ba ile ba qala lithuto tsa Bibele tse 16 sebakeng sena se nang le tšireletso e thata seo ho neng ho e-s’o be le ea kileng a kena ho sona.
Jessica, pula-maliboho oa kamehla ea lilemo li 15 ea lulang Peru, ke eena feela Paki habo. Lieta tseo a li sebelisang tšebeletsong ea tšimo li ne li tabohile hoo a ileng a kōpa ntate oa hae hore a mo rekele lieta tse ncha. Ntate oa hae o ile a kharuma: “E-re Jehova a u fe lieta!” Morali’abo rōna o ile a ea tšebeletsong ka lieta tsa hae tse tabohileng, empa ha a khutlela habo, o ile a feta pel’a ntlo ea mor’abo rōna eo e leng serōki sa lieta. Mor’abo rōna o ile a mo bitsa eaba o re: “Kena. Ke u etselitse ho hong kajeno!” Eaba o mo neheletsa lieta tse ncha. Ntate oa hae a makaletse hore ebe o roetse lieta tse ncha, o ile a mo botsa hore na o li fumane hokae. Jessica o ile a araba: “Ke li fuoe ke Jehova!”
Tšimo ea puo esele United States e lula e hōla. Bahoeletsi ba fetang 16 000 ba sebeletsa tšimong ena, ba sebelisa lipuo tse 31 ho sa kopanyelletsoe Senyesemane le Sepanishe. Selemong sa tšebeletso sa 2000, ho ile ha thehoa liphutheho tse ncha tse 11 tsa puo esele, ho kopanyelletsa le phutheho ea pele ea Secambodia le ea Sehmong, United States.
Asia
K’honthinente ena ke e khōlōhali lefatšeng ’me e akarelletsa boemo bo sa tšoaneng ba leholimo le limela tse sa tšoaneng ho tloha ho tsa libaka tse batang ho ea ho tsa linaha tse chesang tse mongobo. Asia ho na le libaka tse phahameng tsa Tibet, moo re fumanang lithaba tse telele ka ho fetisisa lefatšeng. Ba bangata Asia ha ba e-s’o utloe litaba tse molemo, leha ho le joalo ho etsoa mosebetsi o mongata hore ho finyelloe ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang. Mona re kopanyelletsa liphihlelo tse tsoang lihlekehlekeng tsa Japane le Taiwan, kaha li amana haufi le karolo e khōlō ea Asia.
Ba 140 Bangladesh ba bile teng Kopanong ea Setereke ea “Lentsoe la Molimo la Boprofeta” motse-moholo, Dacca. Barab’abo rōna ba ile ba sebetsa ho hloekisa holo eaba ba khabisa sethala ka lipalesa. Mosebetsi e mong holong o ile a re: “Lilemong tse 14 tseo ke li qetileng setsing sena, ha ke e-s’o bone batho ba hlophisehileng, ba hloekileng joaloka lōna. Le entse hore sebaka sena se hloeke ’me se halalele.”
E le karabelo tokisetsong e lerato ea mokhatlo oa machaba oa bara ba motho ea ho thusa ka kaho ea Liholo tsa ’Muso, ho entsoe litokisetso tsa hore ho hahuoe kapa ho nchafatsoe Liholo tsa ’Muso tse 250 India. Tokisetso ena e susumelitse barab’abo rōna sebakeng sena hore ba tšehetse ka tsela efe kapa efe eo ba ka e khonang. Mor’abo rōna ea hōlileng o ile a etsa monehelo oa setša sa lisekoere-mithara tse ka bang 420 bakeng sa hore ho hahoe Holo ea ’Muso. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ileng ba hlahloba setša sena ba ile ba fumana hore ha sea lokela ka lebaka la hore se ka tlala metsi linakong tsa lipula tsa lifefo. Ha mor’abo rōna ea hōlileng a bolelloa sena, o ile a bontša barab’abo rōna setša sohle sa hae ’me a re ba khethe sebaka leha e le sefe se ka lokelang Holo ea ’Muso. O ile a re: “Pele ke shoa, ke rata ho bona ho e-na le Holo ea ’Muso e ntle sebakeng sena, ’me ke ikemiselitse ho fana ka sohle bakeng sa eona.”
Kim Hyo-sook, ea lulang Seoul, Korea, o ne a sa fumane thabo e kaalo kapa katleho e le pula-maliboho, kahoo molebeli oa potoloho o ile a etsa tlhahiso ea hore a be le tšimo ea hae. O re: “Ke ile ka amohela keletso ena ’me ka potlako ka tloaelana le beng ba matlo ba tšimong ea ka ’me ka ba motsoalle oa bona. Ke ile ka fetola linako tseo ke ba etelang ka tsona e le hore li lumellane le bona. Ka lebaka lena, maeto a ka a ho boela a ile a tloha ho a 35 a nyolohela ho a 80 ka khoeli, ’me ke na le lithuto tse supileng tsa lehae tsa Bibele. Hona joale ke fumana thabo ea sebele.”
Sam, ea lulang Iseraele, ke eena feela seithuti seo e leng Paki sekolong sa habo. Hape ke eena feela seithuti se ileng sa hana ho amohela kopi ea lipampiri tse utsoitsoeng tsa tlhahlobo. Ka mor’a tlhahlobo, mookameli oa sekolo o ile a tseba hore e mong le e mong ntle ho Sam o ile a qhekella. Sam o ile a fuoa limmaraka tse phahameng ka ho fetisisa tlhahlobong eo. Ketsahalo ena e ile ea fella ka hore ho fanoe ka bopaki bo botle ho sehlopha se kopantseng liithuti tsa Mak’hatholike le Mamosleme hammoho le matichere a tsona.
Morali’abo rōna e mong ea lilemo li 83 Japane o ile a rera ho tsamaea ka terene e mathang ka lebelo le leholohali ha a etela mora oa hae. Ha a ntse a bokella limakasine tsa morao-rao tseo a tla mo fa tsona, o ile a hopola hore o na le limakasine tse ngata tseo a sa kang a li tsamaisa, kahoo o ile a li tšela ka mokotleng. O ne a hlokometse hore baeti ba jeoa ke bolutu maetong a malelele, ’me o ile a ipotsa hore na ebe a ka tsamaisa limakasine tse ling ka tereneng. Nakong ea leeto, monna ea lutseng pel’a hae o ile a mo botsa hore na o bala eng ka khothalo e kaalo. O ile a thabela ho nka limakasine ’me a qala ho li bala ka thahasello. Ha baeti ba bang ba bona sena, ba ile ba ikōpela limakasine. Ha a fihla moo a eang teng ’me a fumana hore mora oa hae ha a e-s’o fihle ho tla mo khahlanyetsa, o ile a sebelisa nako eo ho pakela batho ba emetseng literene. Ha mora oa hae a fihla, o ne a se a tsamaisitse limakasine tse 40 ’me mora oa hae a se a sa salloa ke letho!
Le hoja e se e le khale Bobuddha e le bolumeli bo tloaelehileng Mongolia, batho ba bangata moo ha ba lumele hore Molimo o teng. Bakeng sa naha ena ho ile ha etsoa pampitšana e maqephe a mane ea How Precious Is Life to You? Pampitšana ena e bua ka likotsi tsa tšebeliso ea koae, e leng taba e thahaselloang ke batho ba mona haholo. Ka November le ka December 1999, ho ile ha lokisetsoa phutuho e khethehileng, ’me bahoeletsi ba 22 ba ile ba kopanela kaofela. Ha ho ea ileng a hana kopi. Lipampitšana tse ka bang 10 000 li ile tsa abuoa motse-moholo, Ulan Bator, ka matsatsi a qalang a leshome. Ba bangata ba boholong pusong ba ile ba bua hantle ka phutuho ena. Mosebetsi ona o khethehileng o ile oa phatlalatsoa thelevisheneng le seea-le-moeeng ka makhetlo a mangata le lihloohong tsa likoranta tse tharo. Ho ile ha qaloa lithuto tse ngata tsa Bibele.
’Nete e fihla libakeng tse hōle-hōle. Kazakhstan, ho na le kolone ea kahlolo e nang le batšoaruoa ba fetang 1 000. Ka 1997, Lipaki tsa Jehova tse peli li ile tsa etela mookameli oa kolone ena, li kōpa tumello ea ho buisana ka linnete tsa Bibele le batšoaruoa ba bang ba neng ba ngoletse ofisi ea sebaka seo ea Lipaki. Nakoana hamorao, Lipaki tsa Jehova li ile tsa qala thuto le batšoaruoa ba 20. Ka 1998, ba bane ba bona e ile ea e-ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang ’me ba lumelloa ho tšoara liboka tsa phutheho. Ha batsamaisi ba hlokomela phello e ntle ea lithuto tsa Lipaki tsa Jehova ho batšoaruoa, ba ile ba fa bahoeletsi tumello ea ho hasa lipuo tsa phatlalatsa seea-le-moeeng sa chankana. Hona joale batšoaruoa bohle ba na le monyetla oa ho utloa likhaso tsena.
Batsamaisi ba kolone ea kahlolo ba kholisehile ka ho eketsehileng hore bolumeli ba Lipaki tsa Jehova hase ba boikaketsi. Phihlelo e ’ngoe e ile ea ba thusa hore ba bone sena. Batšoaruoa ha baa lumelloa ho ba le chelete, kaha ho ka rekoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho kopanyelletsa le lithethefatsi. Leha ho le joalo, motšoaruoa e mong o ne a amohela chelete kamehla ka har’a liphasele tseo a li romelloang. Ha a ntse a hatela pele moeeng, letsoalo la hae le koetlisitsoeng ka Bibele le ile la qala ho mo tšoenya. Ka lekhetlo le leng o ile a fa moholo ea neng a etetse kolone ena chelete. E ne e lokela ho ba monehelo bakeng sa mosebetsi oa ’Muso, empa moholo o ile a hana hobane a tseba hore ho khahlanong le melao ea chankana ho tsoa ka chelete. Moholo o ile a re ho mohlankana eo: “Etsa seo letsoalo la hao le u bolellang sona ka chelete ena.” Motšoaruoa o ile a ea ho mookameli oa balebeli eaba o beha chelete deskeng ea hae, o re: “Letsoalo la ka le koetlisitsoeng ka Bibele ha le ntumelle hore ke be le chelete ena sebakeng sena. Etsa kamoo u ratang kateng ka eona.” Molebeli o ile a makala hoo a ileng a re: “Lilemong tsohle tse 20 tseo ke sebelitseng koloneng ea kahlolo ka tsona, ha ke e-s’o ka ke bona mang kapa mang a ithaopela ho fana ka chelete ea hae!”
Morali’abo rōna e mong o ne a ruta sekolong Malaysia. Ka letsatsi le leng, o ile a bua le mosebetsi-’moho ka Jehova le litšepiso tsa hae. Mosebetsi-’moho o ile a re o nyahame haholo ka lebaka la hore melimo eo a e rapelang ha ea ka ea mo thusa ho rarolla mathata a hae. O ne a rapela Buddha, melimo e sa tšoaneng ea Machaena, esita le Jesu Kreste. Tsohle li ne li bonahala li se na thuso.
Mosali enoa o ne a hlorisoa ke bademona bosiu le motšehare. O ne a hlobaela bosiu. Motšehare, meea e ne e mo sitisa mosebetsing, ’me o ne a sa khone ho phetha mosebetsi oa hae hantle. Bophelo ba hae bo ne bo hlomola pelo hoo a ileng a batla keletso ho ba buisanang le meea, empa sena se ile sa mpefatsa lintho le ho feta.
Morali’abo rōna o ile a bolella mosebetsi-’moho hore ho ea ka Liproverbia 18:10, “lebitso la Jehova ke tora e matla.” O sireletsa ba ipiletsang lebitsong la hae ka tumelo. Morali’abo rōna o ile a mo khothalletsa hore a rapele Jehova Molimo ha bademona ba boela ba mo khathatsa.
Letsatsing le hlahlamang feela, mosebetsi-’moho o ile a bolella morali’abo rōna hore o ile a ipiletsa ho Jehova bakeng sa thuso, ’me bademona ba ile ba mo tlohela. Ho ile ha qaloa thuto ea Bibele, ’me mosebetsi-’moho o ile a hatela pele ka potlako. O ile a lahla lintho tsohle tse amanang le borapeli ba bohata, ’me bademona ba ile ba khaotsa ho mo tšoenya. O ile a kolobetsoa kopanong ea potoloho ea haufinyane.
Ka lilemo tse ka bang 50, bahlankana ba Lipaki Taiwan ba ’nile ba qeta linako tse telele chankaneng ka lebaka la boikemisetso ba bona ba ho boloka ho se nke lehlakore ha Bokreste. Lilemong tsa morao ho bile le liketsahalo tse hlollang. Kaha ho ne ho e-na le banna ba qobeletsoeng ho ngolisa sesoleng ba bangata ho feta ba ka koetlisoang ka ho loketseng ke masole, ho ile ha etsoa qeto ea hore melao e amang tšebeletso ea sechaba e fetoloe bakeng sa ho lumella ba bang ba ngolisitsoeng hore ba isoe tšebeletsong eo e seng ea sesole. Ba boholong ba ile ba sebelisa boitsebiso bo mabapi le se entsoeng linaheng tse ling bakeng sa ho nahanela bao matsoalo a bona a hanang tšebeletso ea sesole. Ba hanang ho latela matsoalo ba mpang ba khetha mosebetsi o hlokometsoeng ke ’muso ho e-na le ho ea chankaneng ba lokela ho bontša seo ka ho tlatsa foromo ea kōpo. Tlas’a tokisetso ena e ncha, ba qetang likhoeli tse 33 ba etsa tšebeletso ena e ’ngoe ba ke ke ba sebetsa ka mafelo-beke le mantsiboea a mangata, e leng ho tla ba lumella ho kopanela mesebetsing ea moea.
Europe
Le hoja e se e le khale Europe e nkoa e le k’honthinente, ha e le hantle e hlahella ka bophirimela e le hloahloa e khōlō ea Eurasia. Moapostola Pauluse o ile a tlisa litaba tse molemo karolong e ka boroa ea Europe lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng. Joalokaha u tla hlokomela, molaetsa o matla oa ’nete o tsoela pele ho hōla karolong ena ea lefatše.
Ka letsatsi le leng morali’abo rōna o ne a lutse serapeng sa boikhathollo Zagreb, Croatia. O ile a bona mohlankana e mong a ipatile ka mor’a lihlahla. O ne a pulufetse a bile a thothomela, kahoo morali’abo rōna o ile a nahana hore oa kula. O ile a atamela ho eena eaba o re: “Monghali, haeba ha u phele hantle nka thabela ho u isa ngakeng.” Le hoja a ne a ntse a thothomela, o ile a re o phela hantle. Eaba morali’abo rōna oa botsa: “U lapile? U batla hore ke u tlele le lijo?” O ile a araba: “Che. Ke kōpa hore u se ke ua atamela ho ’na. Mapolesa a ntse a mpatla, ’me a ka ’na a belaella hore rea sebelisana.” Morali’abo rōna o ile a botsa: “U entse’ng?” Joale o ile a lumela hore o thuhile lebenkeleng, ’me a phaella: “Chelete eohle ke ena e ka pokothong. Ke tšaba mapolesa haholo ebile ke tšaba ho kenngoa chankaneng.” Morali’abo rōna o ile a mo utloela bohloko ’me a batla ho mo thusa. O ile a re a tl’o lula pel’a hae e le hore ba ka buisana ka taba eo. O ile a mo bolella hore Jehova Molimo a ka mo fa bohlale ba ho tseba seo a lokelang ho se bua ha a khutlela lebenkeleng leo a thuhileng ho lona. Mohlankana eo o ile a mamela ka hloko empa o ne a ntse a thothomela ke tšabo. Morali’abo rōna o ile a mo eletsa: “Batla mookameli, ’me u ipolele hore u utsoitse chelete le hore joale u batla ho e khutlisa.” Ha ba ntse ba buisana, moahelani oa hae o ile a feta ’me a bitsa morali’abo rōna ka lebitso. Ke ka tsela eo monna eo a ileng a tseba lebitso la hae.
Nakoana ka mor’a moo, morali’abo rōna o ile a makala ha a fumana hore o ngoletsoe lengolo le hatisitsoeng koranteng ea sebaka seo. Lengolo lena le ne le re: “Mofumahali Barica, ke leboha haholo ka keletso ea hao e mosa. Kea leboha, kea leboha, kea leboha—u mpholositse chankaneng. Ke sitoa ho hlalosa kananelo ea ka ho uena ka ho toba, kaha ha ke tsebe aterese ea hao. Empa ke u ngolla e le hore ba bangata bao ho ka etsahalang hore ba be boemong bo tšoanang, ba ka bala ka sena ’me ba retelehela ho Molimo oa ’nete ea thusang, Jehova! Ke ile ka khutlisa chelete. Mookameli o ile a bolela hore chelete e utsoitsoeng ke li-kuna tse 1 500. Empa ke ile ka ntša li-kuna tse 1 700 ka pokothong ea ka. O ile a re nka inkela li-kuna tse 200 hobane chelete e nyametseng ke li-kuna tse 1 500 feela. Ke ile ka araba: ‘Che, Monghali, ke ne ke se na leha e le kuna e le ’ngoe feela ka pokothong, ke ne ke hloka leha e se e le ntho ea ho reka bohobe.’ Eaba mookameli o qala ho mpha lintho tse ling. O ile a re: ‘Li-kuna tsena tse 200 ke tsa hao.’ Ho phaella ho tsona, o ile a mpha li-kuna tse 500, lilofo tse peli tsa bohobe, lipakete tse peli tsa lebese, lijana tse hlano tse nyenyane tsa yokate, ponto ea salami, le lijo tsa bana. O ile a re: ‘Ke etsa sena hobane u monna ea tšepahalang ’me u lumetse phoso ea hao.’ Ke leboha uena le Molimo hore ebe ha kea ea chankaneng. Ke sa boela ke leboha ka makhetlo-khetlo!”
Copenhagen, Denmark, e na le e ’ngoe ea likou tse khōlō tsa likepe Europe. Ntle ho liketsoana, ho emisa likepe tse fetang 2 000 selemo se seng le se seng moo. Ha barab’abo rōna ba kena sekepeng se seng ’me ba botsa basebetsi hore na ebe ba tseba Lipaki tsa Jehova, ba ile ba re e. Eaba ba phaella ka ho re ebile ho na le e mong oa Lipaki tsa Jehova sekepeng seo. Barab’abo rōna ba ne ba batla ho kopana le molumeli-’moho le bona. Ha ba teana le eena, ba ile ba fumana hore o ne a e-s’o kolobetsoe. O ne a tsoa sehlekehlekeng se senyenyane Leoatleng la Pacific se nang le baahi ba 2 000 feela. Ho ne ho se Lipaki sehlekehlekeng sena, empa o ne a ile a ithuta ’nete ka lingoliloeng tseo a li fumaneng likoung tse ’maloa tsa likepe ho potoloha lefatše. O ne a ile a bala lingoliloeng tseo ’me a isitse tse ling hae ho mosali oa hae. Ka bobeli ba ile ba lumela hore ba fumane ’nete. Ka cheseho o ne a pakela basebetsi ba bang ka lintho tseo a ithutileng tsona. O ile a amohela peeletso ea limakasine tsa rōna, ’me barab’abo rōna ba ile ba tšepisa hore ba tla tiisa hore ho tsebisoa phutheho e haufinyane ka eena le mosali oa hae.
Bahoeletsi ba Bremerhaven, Jeremane, kamehla ba ea koung ea likepe ho ea tsamaisa lingoliloeng ho ba sebetsang likepeng le ho bakhanni ba laelang le ba laollang literaka tsa bona. Mora e mong oabo rōna o tlaleha hore o kopane le bakhanni ba literaka ba tsoang linaheng tse 48. Oa hlalosa: “Ho finyella litlhoko tsa batho bana kaofela, re boloka setoko sa lingoliloeng tsa lipuo tse 39 ka koloing ea rōna.” Bakhanni ba ’maloa ba literaka ba Russia ba ile ba tla libokeng ha ba le boema-kepe. Thapameng e ’ngoe ka Sontaha, Fred le Christian ba ile ba bona se seng sa likepe tsa baeti tse khōlōhali lefatšeng se le boema-kepe. Basebetsi ba sekepe sena ba 950 ba ne ba emetse lichaba tse 50! Hang ha barab’abo rōna ba kene ka har’a sekepe, ba ile ba atameloa ke mosesisi oa likepe ea tsoang ho se seng sa lihlekehleke tsa Pacific, ea ileng a botsa: “Na le na le buka ela e tšehla e nang le litšoantšo tse mebala-bala?” O ne a bua ka Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele. Barab’abo rōna ba ne ba se na eona, ’me mosesisi oa likepe o ile a sareloa ka tsela e totobetseng. Kahoo ka mor’a ho tsamaisa lingoliloeng tsohle tsa bona, Fred o ile a khanna koloi a ea Bethele e Selters—leeto le nkang bonyane lihora tse leshome ho ea le ho khutla—ho ea nka lingoliloeng tse eketsehileng. Letsatsing le hlahlamang, ba ile ba tsamaisetsa basebetsi bao limakasine tse 900, libukana tse 300 le libuka tse 850! Fred o ile a boela a fumana mosesisi eane oa sekepe ea botsoalle ’me a mo fa buka e tšehla eo a neng a e batla. Fred oa hlalosa: “Ha a fumana hore re tsamaile lik’hilomithara tse fetang 1 000 ho ea lata buka eo, mahlo a hae a ile a seka meokho.”
Mathoasong a 1998 seea-le-moea se senyenyane sa praefete Luxembourg se ile sa etsa patlisiso mabapi le bamameli ba sona se sebelisa thelefono, se ba botsa lipakane tsa bona bophelong le litebello tsa bona. Ho ne ho khethoa linomoro leha e le life tsa thelefono. Ha monna oa seboholi a letsetsa nomorong e ’ngoe, o ile a fapanya linomoro tsa sebaka ’me a iphumana a se a buisana le mosali ea bohōle ba lik’hilomithara tse 400, haufi le Nuremberg, Jeremane. O ile a khahloa ke tsebo ea hae ka kakaretso le boikutlo ba hae bo nepahetseng ka bophelo ’me a mo botsa hore na o bile le pono e ntle hakaalo joang. Ha a elelloa hore ona ke monyetla o sa lebelloang oa ho jala peō ea ’Muso, morali’abo rōna o ile a itsebahatsa e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Moqoqo ona o ile oa tsosa thahasello ea monna oa seboholi, ’me morali’abo rōna o ile a lumela hore o tla mo letsetsa hamorao. O ile a fela a mo letsetsa ka makhetlo a mangata likhoeling tse peli tse latelang. O ile a hlalosa ho eketsehileng ka Molimo, bophelo le Lipaki tsa Jehova, ’me a khona ho araba lipotso tse ngata. Kaha thahasello ea hae e ne e tsositsoe, monna enoa o ile a batla ho ithuta ho eketsehileng. O ile a letsetsa phutheho e Luxembourg ’me a kōpa thuto ea lehae ea Bibele le boitsebiso ka liboka. Holong ea ’Muso, o ile a khahloa ke mofuthu le mokhoa o tletseng botsoalle oo a ileng a amoheloa ka oona. Sena e ile ea e-ba selelekela se setle bakeng sa thuto ea hae ea Bibele.
O ile a kolobetsoa ka mor’a likhoeli tse 13 ho tloha mohla a neng a letsetsa morali’abo rōna Jeremane ka lekhetlo la pele. Ka October 1999 e ile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla. E bile ntho e ntle hakaakang hore ebe morali’abo rōna oa Mojeremane o ile a itsebahatsa hore ke Paki eaba o sebelisa monyetla oo ho jala peō ea ’Muso!
Portugal, thahasello ea Antonio molaetseng oa Bibele e ile ea tsosoa ke meqoqo eo a neng a e-ba le eona ha a etetsoe ke moen’ae eo e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova. Antonio o ne a lakatsa ho ithuta ho eketsehileng ka Bibele. O ile a rapella thuso ka matla. Nakoana ka mor’a moo, Lipaki tse peli li ile tsa fihla habo eaba li qala ho ithuta Bibele le eena. Ha tsebo ea hae e ntse e eketseha, Antonio o ile a qala ho etsa liphetoho bophelong ba hae tse lumellanang le thato ea Molimo. Pele, letsoalo la hae le ile la mo susumelletsa hore a khaotse ho tsoma, e leng papali eo a neng a e rata haholo. Hamorao ha a utloisisa taba ea ho se nke lehlakore ha Bokreste, o ile a etsa qeto ea ho tlohela boemo ba hae bo hlomphehang haholo joaloka ramotse oa ’masepala, e leng mosebetsi oo esaleng a o etsa ka lilemo tse 15. Le hoja a ile a hatelloa hore a nahanisise hape ka ho tlohela ho ba ramotse oa ’masepala, keletso e ho Jakobo 4:4 e ile ea mo matlafatsa hore a hane. O ile a hatela pele ka potlako ha eena le mosali oa hae ba tebisa kamano ea bona le Jehova ’me ba qala ho ba teng libokeng tsa phutheho. Ka mor’a nako e khutšoanyane, ba ile ba kopanela tšebeletsong ea tšimo ’me ba kolobetsoa.
Spain, ho na le phihlelo ea mor’abo rōna eo lilemong tse ngata tse fetileng a neng a hlorisetsoa tumelo ea hae ke mosebetsi-’moho le eena. Mosebetsi-’moho enoa o ile a soma le ho tšoaea bolumeli ba mor’abo rōna liphoso ka likhoeli tse ngata. Mor’abo rōna o ile a fihla moo a ikutloang hore ha a sa khona ho mamella, kahoo o ile a rapela Jehova hore a mo thuse hore a mamelle boemo bo thata ka tsela e kang ea Kreste, a sa busetse bobe ka bobe. Mor’abo rōna o ile a makala ha boikutlo ba mosebetsi-’moho le eena bo fetoha. O bile a kōpa tšoarelo ’me a tiisetsa mor’abo rōna hore a ke ke a hlola a bua Molimo hampe ka pel’a hae. Nakoana ka mor’a moo, mosebetsi-’moho enoa o ile a tloha k’hamphaning ena.
Ho ile ha feta lilemo tse 24 pele mor’abo rōna a boela a kopana le motho enoa eo a kileng a sebetsa le eena. Lekhetlong lena e ne e le Holong ea ’Muso moo mor’abo rōna a neng a abetsoe ho fana ka puo. Mosebetsi-’moho o ile a mo bolella hore o ile a ithuta Bibele ’me a fetoha Paki e kolobelitsoeng. Hape o ile a hlalosa hore le hoja ho fetile lilemo tse ngata, ha ho mohla a kileng a lebala “Paki ela eo ka mamello e khōlō e ileng ea mamella ho songoa ha eona le Molimo oa eona kamehla.”
Lihlekehleke Tsa Lefatše
Lihlekehleke tsa lefatše li fapana haholo ka boholo ’me li arohile ho lik’honthinente, kaha lik’honthinente li khōlō haholo ho tsona. Le hoja mona re kopanyelelitse sehlekehleke sa k’honthinente ea Australia, sehlekehleke se seholo ka ho fetisisa ke Greenland, se akaretsa lisekoere-k’hilomithara tse 2 200 000. Lihlekehleke tse nyenyane ka ho fetisisa li akaretsa sebaka se senyenyane ho setsiketsi sa motse. Ntle ho tsena ho na le lihlekehleke tse likete. Nahana ka liphihlelo tse seng kae tse tsoang ho tse ling tsa tsona.
Australia, mosebetsing oa ntlo le ntlo morali e mong oabo rōna o ile a kopana le mosali e mong ea neng a sa bontše thahasello e kaalo Lentsoeng la Molimo. Le hoja mosali eo a ile a amohela pampitšana, morali’abo rōna o ile a nahana hore ha ho molemo o mokaalo o tla hlahisoa ke leeto la ho boela. Leha ho le joalo, morali’abo rōna o ile a qophella ho leka, lekhetlong la pele ha aa ka a fumana mosali eo lapeng. Ha qetellong morali’abo rōna a teana le eena hape, mosali eo o ile a hlalosa hore ka mor’a ketelo ea pele ea morali’abo rōna, o ile a reka Bibele e theko e phahameng. Morali’abo rōna o ile a qala ho ithuta Bibele le eena. Hona joale mosali enoa o etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba hae hore bo lumellane le melao-motheo ea Bokreste. O ba teng libokeng tsohle.
Ha mor’abo rōna a ntse a bolela ka ntlo le ntlo Dominican Republic, o ile a kopana le mosali ea ka bang lilemo li 60. Ha mor’abo rōna a phetha puisano, o ile a isa letsoho ho mo salisa hantle. Ha mong’a ntlo a sa ntše la hae, mor’abo rōna o ile a lemoha hore ke sefofu. Mor’abo rōna o ile a tšepisa hore o tla mo etela hape.
Ha a khutlela teng, mosali enoa o ile a bolela hore o boleletse morali oa hae hore o maketse hore ebe ho na le motho ea mo bontšitseng thahasello le hoja a foufetse. Joale o ile a mo bolella hore o boleletsoe hore ha ho na tšepo ea hore o sa tla boela a bona. Mor’abo rōna o ile a bua ka Molimo oa tšepo eaba o mo balla litlaleho tse ling tsa Bibele tsa kamoo Jesu a ileng a etsa hore lifofu li boele li bone kateng. (Mat. 9:27-30) Sena se ile sa ama mosali enoa ka botebo.
Joale mor’abo rōna o ile a botsisisa Setsing sa Lifofu ho bona hore na ebe ho na le se ka etsetsoang mosali eo. Ho ile ha lokisetsoa hore a bone ngaka, ’me ha mosali eo a hlahlojoa, o ile a bolelloa hore ho ka etsahala hore a boele a bone haeba a ka buuoa. O ile a buuoa ka katleho. Nakong ena eohle, o ile a tsoela pele ho amohela tsebo ea Bibele. Ka mor’a ho buuoa, o ile a qala ho bala Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele ’me a e qeta ka libeke tse ’maloa. Eaba o ithuta bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? le buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Pele a buuoa o ne a e-ba teng libokeng kamehla, ’me esale a boela a bona, ha ho mohla a fosoang ke tsona. O ile a qala ho buisana le ba bang ka seo a ithutang sona le ka thuso eo a e fumaneng bakeng sa hore a boele a bone. O ile a kolobetsoa kopanong ea setereke ka 1999.
Ha morali’abo rōna a ntse a paka sehlekehlekeng sa Réunion, o ile a tsamaisetsa mosali e mong limakasine tsa rōna. Mosali eo o ile a araba: “Li ke ke tsa nthusa ka letho, ha ke tsebe ho bala.” Morali’abo rōna o ile a ithaopela ho mo ruta ho bala, ’me mosali eo a lumela ka thabo. Morali’abo rōna o ile a khutla a nkile bukana ea Ikitlaelletse ho Bala le ho Ngola le bukana ea Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng! Ho mo ruta ho bala ho ne ho nka metsotso e 30, ’me thuto ea Bibele e ne e nka metsotso e meng e 30. Mosali enoa o ile a hatela pele ka potlako ho tsebeng ho bala le ho utloisiseng ’nete.
Le hoja bana ba hae ba ile ba leka ho mo nyahamisa hore a se ke a ithuta, mosali enoa o ile a ba bolella hore o tla tsoela pele. Ka potlako o ile a fetela pele ’me a ithuta buka ea Tsebo ’me a qala ho ba teng libokeng kamehla. Morao tjena o ile a kolobetsoa. Hona joale o se a tseba ho bala le ho ngola, o khona ho bala Bibele le lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng.
Morali’abo rōna o ile a qala thuto ea lehae ea Bibele le moroetsana ea bitsoang Hina oa North Island, New Zealand. Ka mor’a ho ithuta ka makhetlo a mabeli ka bukana ea Seo a se Hlokang, Hina o ile a tsebisa morali’abo rōna hore o batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova le hore o il’o tlohela mohlankana oa hae, eo e neng e le setho se ka sehloohong sa kenke ea sebakeng seo. O ile a bua le mohlankana oa hae ka sebete ’me a mo bolella seo a se rerileng. O ile a makala ha mohlankana oa hae a re, “Ho lokile.”
Hamorao mohlankana oa hae o ile a fetola maikutlo eaba o rera ho iphetetsa, a sa iphetetse ho Hina feela empa le ho Lipaki tsa Jehova. O ile a rera ho ea fafatsa Holo ea ’Muso ka lethala la likulo. Leha ho le joalo, motho e mong eo e kileng ea e-ba motsoalle oa hae o ile a etsa tlhahiso ea hore mohlankana enoa a ee sebokeng ’me a hlahlobe Lipaki pele a nka khato e tebileng hakaalo. Mohlankana enoa o ile a lumela, ’me bosiung boo o ile a ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. O ile a khahloa hoo a ileng a mema seboka sa kenke eaba o hlalosetsa litho tsa kenke hore joale o se a batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova! Hamorao ha kenke e kopane mabitleng, o ile a epela lesela la hae le qhoaeloang lehetleng (boitsebahatso ba hore ke setho sa kenke), a bontša hore o bolaea mokhoa oa hae o fetileng oa bophelo, o neng o akarelletsa tšebeliso ea lithethefatsi le khoebo e seng molaong ea joala. Eena le Hina ba ba teng libokeng kamehla. Hona joale ba nyalane ka molao, ’me Hina o sa tsoa kolobetsoa. Monna oa hae le eena o ikemiselitse ho tšoaneleha hore a kolobetsoe.
Lekala la Trinidad le ile la qala phutuho e khethehileng ka tokollo ea Tsoha! (ea puo ea moo) ea February 8 le ea 22, 2000. Tokollo ea pele e ne e e-na le letoto la lihlooho tse buang ka malapa a se nang bo-ntate, ’me ea bobeli e ne e tšohla ho ipolaea. Phutuho eo e ne e reretsoe mekhatlo ea boiketlo ba sechaba, sepolesa, likolo, matona a ’muso, litho tsa paramente, mekhatlo eo e seng ea ’muso le ba bang bao ka ho khetheha ba ka thahasellang lihlooho tse tšohliloeng.
Tlaleho e sa fellang e ile ea bontša hore ho ile ha tsamaisoa limakasine tse 14 941, libuka tse 1 374 le libukana tse 90. Phutuho e ile ea fella ka maeto a ho boela a 860 le lithuto tse 29 tsa lehae tsa Bibele, boholo li etsoa ho batho bao ka tloaelo ho ka beng ho sa buisanoa le bona ka mekhoa e tloaelehileng ea ho paka. Matona a mangata a ’muso le makala a ’muso a ile a romela mangolo a bolelang kananelo bakeng sa mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova. Mohlala oa likarabelo tse ileng tsa fumanoa e ne e le lengolo le tsoang ho Lefapha la ’Muelli-Kakaretso Litabeng tsa Molao le Lekala la Molao. Le ne le re: “Rea le leboha bakeng sa likopi tseo e leng limpho tsa . . . makasine ea Tsoha! . . . Li ruta haholo. Ka hona re tla leboha haeba le ka re fa likopi tse eketsehileng tse tšeletseng e le hore re li abele mafapha a sa tšoaneng Lefapheng la rōna. Hape, haeba le ka ba le boitsebiso leha e le bofe bo ka re thusang ho ntšetseng pele leano la rōna tabeng ea bophelo ba lelapa, re tla ananela ha le ka re romella boitsebiso boo.” Lengolo lena le ne le ngotsoe ka seqo ke ’muelli-kakaretso litabeng tsa molao.