Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang
JOALOKA Jesu, le rōna re rapela Molimo ka tieo re re: “Lebitso la hao le ke le halaletsoe.” Rōna Lipaki Tsa Jehova re bontša ka boitšoaro ba rōna hore re labalabela ho etsa se boletsoeng thapelong ena. Ho hlakile hore ha hoa lekana hore ebe re tseba lebitso la Molimo feela. Re boetse re tlameha ho sebelisa monyetla o mong le o mong ho tlotlisa lebitso leo. Ka sebele ha ho na tlotla e fetang ea hore ebe re bitsoa Lipaki Tsa Jehova.—Mat. 6:9; Esa. 43:10.
Joalokaha Pesaleme ea 110:3 e bolela, batho ba Jehova ba ikemiselitse ho etsa mosebetsi oo Jehova a laetseng hore o phethoe. Ke hobane’ng ha batho ba lilemo tsohle le ba limelo tsohle ba ikakhela ka setotsoana mosebetsing oa boboleli? Lebaka le ka sehloohong ke hore ba rata Molimo ba bile ba inehetse ho eena. Deuteronoma 6:5, 6 e re laela hore re rate Jehova ‘ka lipelo tsa rōna tsohle le ka moea oa rōna oohle le ka mafolofolo a rōna ’ohle.’ Lerato lena le tlohang botebong ba pelo le re susumelletsa hore re sebelise nako ea rōna, matla a rōna le matlotlo a rōna ho ntšetsa pele mesebetsi e amanang le ’Muso oa Molimo, e akarelletsang ho kopanela tšebeletsong ka hohle kamoo maemo a rōna a re lumellang kateng.
Lerato leo Jehova a ratang batho ka lona ke lona le mo susumelelitseng hore a laele hore litaba tse molemo tsa ’Muso oa hae li boleloe lefatšeng lohle. Ha a batle hore mang kapa mang a timetsoe empa o lakatsa hore bohle ba bake litseleng tsa bona tse mpe ’me ba khutlele ho ’Mōpi oa bona e le hore ba tle ba phele. (2 Pet. 3:9) Jehova o re: “Ha ke khahloe ke lefu la ea khopo, empa ke khahloa ke ha ea khopo a furalla tsela ea hae ’me a lula a phela.” (Eze. 33:11) Ha re le tšebeletsong, re bontša pepenene kamoo Jehova a ratang batho bao re phelang le bona kateng. Ha ho pelaelo hore lena ke le leng la mabaka a etsang hore re thabe re be re khotsofale ha re le mosebetsing ona oa bohlokoa.
Tsela e ’ngoe eo re bontšang ka eona hore re rata Jehova ka ho tebileng, ke kamoo re ikutloang kateng ka Lentsoe la hae le bululetsoeng, e leng Mangolo a Halalelang. Ha e ne e se ka Bibele, re ka be re sa tsebe Molimo re bile re sa atamela ho eena joalokaha Jakobo 4:8 e re khothalletsa hore re etse joalo. Hape re ka be re sa tsebe hore na re phelela eng le hore na ho tla etsahala eng nakong e tlang. Re ka be re sa tsebe hore ntat’a rōna moholo Adama ke eena ea re baketseng mathata. (Bar. 5:12) Ebile re ka be re sa tsebe lerato le leholo leo Molimo a re bontšitseng lona ka hore a romele Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši hore e be thekollo bakeng sa rōna. Ka litsela tse ngata Jehova o re fa tsebo le bohlale le kutloisiso. Re ananela mpho eo a re fileng eona, e leng Lentsoe la hae le bululetsoeng ka moea, hakaakang! Kananelo ea rōna bakeng sa mpho ena e babatsehang e re susumelletsa hore re ‘ithekele nako’ ea ho bala, ho ithuta le ho thuisa mantsoe a hae. (Baef. 5:15, 16; Pes. 1:1-3) Le ka mohla ha rea lokela ho tletlebisoa ke nako eo ho hlokahalang hore re e qete re bala Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi. Ho e-na le hoo, ho rata Molimo ho lokela ho re susumelletsa ho bala Lentsoe la hae, e leng ho tla eketsa kutloisiso ea rōna ka eena ho be ho tebise lerato la rōna ho eena.
Bibeleng re ithutile hore ha Adama a siteloa Jehova, o ile a kenya bana bohle bao a neng a tla ba le bona, ho akarelletsa le rōna, boemong bo bohloko ba ho hloka tšepo. Leha ho le joalo, Molimo o ne a ka khona ho lopolla batho boemong boo, ’me o ile a fela a etsa joalo, a nka mehato e neng e tla tiisa hore morero oa hae ka lefatše o tla phethahala.—Gen. 3:15.
Ha ho pelaelo hore e mong le e mong oa rōna o labalabela ho halaletsa lebitso le babatsehang la Molimo oa rōna. Ha re ntse re ithuta ka ho eketsehileng kamoo Jehova e leng Molimo ea babatsehang kateng, sena se re susumelletsa hore re sebelisane le eena hammoho le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng ho tsebahatsa lebitso la hae le leholo le morero oa hae. Re kholisehile hore oa re rata le hore oa re hlohonolofatsa le hore re tla phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha.
Bara le barali babo rōna ba ratehang, re le litho tsa Sehlopha se Busang re lakatsa hore le tsebe hore rea le rata. Hape re lakatsa hore le tsebe hore re ananela boikitlaetso ba lōna ha le ntse le sebelisa nako ena e setseng pele ho matšoenyeho a maholo hore le bolelle batho ba bangata kamoo ho ka khonehang litaba tse molemo. (Tšen. 7:14) Ka ho etsa joalo, le ba fa monyetla oo le lōna le o fumaneng oa ho rua tsebo ka Molimo le Kreste, e leng tsebo e isang bophelong bo sa feleng.—Joh. 17:3.
Barab’abo lōna,
Sehlopha se Busang sa Lipaki Tsa Jehova
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Carey W. Barber
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
John E. Barr
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Samuel Herd
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Geoffrey Jackson
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Theodore Jaracz
[Setšoantšo se leqepheng la 4]
Stephen Lett
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Gerrit Lösch
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Anthony Morris III
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Guy Pierce
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
David Splane