Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb08 maq. 43-64
  • Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng ka Bophara

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng ka Bophara
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2008
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2008
yb08 maq. 43-64

Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng ka Bophara

AFRIKA

PALO EA LINAHA 57

PALO EA BAAHI 827 387 930

PALO EA BAHOELETSI 1 086 653

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 2 027 124

Côte d’Ivoire

Batho ba lulang motseng oa Bianouan, o karolong e ka bochabela ea naha, ba nyoretsoe ’nete. Ba bang ba tsosa bahoeletsi ka 6:00 hoseng e le hore ba ka buisana ka Bibele pele ba ea masimong. Ba bang ba kōpa hore ba khanneloe thuto ea Bibele mantsiboea ka mor’a liboka tsa phutheho. Ka letsatsi le leng mosali e mong ea neng a sa tsebe ho bala o ile a kōpa mor’abo rōna hore a mo fe buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? O ile a re monna oa hae o tla mo balla eona. Mor’abo rōna o ile a mo fa buka eo eaba o mo etela lapeng letsatsing le hlahlamang. O ile a fumana mosali eo le monna oa hae ba mo emetse ba sa fele pelo. Monna o ne a sa ea masimong hobane ba ne ba qetile bosiu bohle ba bala buka eo. Joale o ne a batla ho buisana le mor’abo rōna ka seo a se balileng. Mor’abo rōna o ile a qala ho khannela banyalani bao thuto.

Benin

Lelapa le leng le leholo le lulang mahaeng le ile la qala ho ithuta. Ntate oa moo e ne e le moruti kerekeng ea setso. Libeke tse peli feela ka mor’a hore lelapa leo le qale ho ithuta, kaofela ha lona le ile la memeloa kopanong ea setereke. Mantsiboeeng a Moqebelo, morali e moholo o ile a tsietsana a ba a hlokahala. Le hoja ntate oa hae a ne a ntse a tšositsoe ke lefu leo, o ile a tla kopanong ka Sontaha. Ka Mantaha ha a bua ka lefu lena, o ile a re, “Ena ke mesebetsi ea Satane moo a batlang ho re nyahamisa, empa lelapa la ka le ke ke la mo lumella.” O ile a ntša lintho tsohle tseo a li sebelisang kerekeng: purapera, katiba, lebanta, oli e tlotsang le lere. Mosali oa hae eo le eena a neng a le maemong a khethehileng kerekeng o ile a etsa se tšoanang. Moruti eo o ile a re: “Rea e siea joale kereke ena.” Ka mor’a moo, o ile a etsisa batho ba boletsoeng ho Liketso 19:19, eaba o chesa ntho e ’ngoe le e ’ngoe pontšeng. Lelapa leo le tsoela pele hantle.

Madagascar

Selemong se fetileng, moruti ea lulang motseng o mong o nang le baahi ba ka bang 500, o ile a fumana buka ea Seo Bibele e se Rutang ho morali’abo rōna ea lulang motseng o mong. Ka mor’a hore a e bale ka hloko, moruti eo o ile a kholiseha hore o fumane ’nete a ba a bolella litho tsa kereke ea habo seo a ithutileng sona. Ka mor’a nakoana, eena le litho tsa lelapa la hae le ba bang ba 20 ba ile ba itokolla kerekeng ba ba ba qala ho tšoara liboka kamoo Lipaki Tsa Jehova li li tšoarang kateng libakeng tsohle. Bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba tla ho tla ba thusa. Ba ile ba khannela ba bangata ba thahasellang lithuto tsa Bibele ba ba ba hlophisa hore ho tšoaroe Thuto ea Buka ea Phutheho le Thuto ea Molula-Qhooa kamehla. Ka October, batho ba bahlano e ile ea e-ba bahoeletsi ba sa kolobetsoang ’me hona joale bo-pula-maliboho ba se ba entse litokisetso tsa hore ho be le Puo ea Phatlalatsa le Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. Ka kakaretso batho ba 40 ba ba teng libokeng ’me ho khannoa lithuto tsa lehae tsa Bibele tse fetang 20.

Afrika Boroa

Hennie le mohats’ae ba ne ba ntse ba bolela litaba tse molemo ka ntlo le ntlo. Ha ba ntse ba tsamaea pel’a terata e kampetseng ntlo e ’ngoe, ho ile ha hlaha ntja e bohale e ileng ea hlahisa hlooho pakeng tsa terata eaba e loma Hennie letsohong. O ne a tsoa mali a mangata, kahoo ba ile ba ea lapeng moo mosali oa hae a ileng a hlatsoa leqeba leo a ba a le tlamisa. Hennie o ile a lokisetsa ho ea bona ngaka hamorao. O ile a bolella mosali oa hae hore ha a batle hore ntja e mo thibele ho ea tšebeletsong ea tšimo, kahoo ba ile ba khutlela tšimong eo ka mor’a hora. Ba ile ba qala ntlong e pel’a habo ntja eane e bohale. Ka mor’a hore ba sebetse matlo a seng makae, monna e mong o ile a re ba kene. O ile a mamela ka hloko ’me a re a ka thabela hore ba khutle hape. Ba ile ba qala ho mo khannela thuto ea Bibele ’me kapele-pele a qala ho ea libokeng kamehla. Ha a itokolla Kerekeng ea Dutch Reformed, moholo e mong oa kereke o ile a tla ho eena ’me a mo tšepisa hore ba tla mo etsa modiakone. Leha ho le joalo, ha aa ka a checha qetong ea hae ea ho itokolla kerekeng eo. O tsoela pele hantle ebile o se a ngolisitse Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.

Tanzania

Ka October 2005, ha ho ne ho sebetsoa tšimo e sa abuoang, barab’abo rōna ba robong ba tsoang Phuthehong ea Iringa, ba ile ba nka leeto la lik’hilomithara tse ka bang 75 ho ea Pawaga. Ba ne ba utloetse hore ho na le mohoeletsi ea lulang sebakeng seo ’me ba ile ba ea mo batla. Ka mor’a hore ba botse batho ba bangata hore na o lula hokae, ba ile ba mo fumana eaba o ba hlalosetsa hore o se a qetile lilemo tse fetang 20 a lula moo ’me o ne a nahana hore mosebetsi oa ’Muso o ntse o thibetsoe Tanzania. Lilemong tseo tsohle o ne a ntse a pakela batho ba bang ’me o ile a re ba bang ba bona ba ne ba thahasella molaetsa oa Bibele e le kannete. Barab’abo rōna ba Phutheho ea Iringa ba ile ba ithaopela hore nako le nako ba tla qeta libeke tse peli Pawaga e le hore ba thuse batho ba thahasellang. Ka 2006, bo-pula-maliboho ba kamehla ba babeli ba ile ba fallela moo ho ea sebetsa tšimo ena e nonneng. Mora eo oabo rōna o ile a thusoa moeeng ’me hona joale ho se ho e-na le sehlopha se senyenyane sa bahoeletsi ba robong moo. Hona joale ba tšoarela liboka tlas’a sefate, empa ho ntse ho etsoa litokisetso tsa ho haha holo e nyenyane ka thepa ea ho haha e fumanehang sebakeng seo, moo ba tla tšoarela liboka teng.

Rwanda

Ngoananyana e mong ea bitsoang Gentille o ile a tuma ka ho hlaba lintlha ha a bapala bolo ea maoto. Batho ba ne ba mo bitsa Manayibitego, eo ka puo ea moo ea Sekinyarwanda e bolelang “Molimo oa Lintlha.” Mataliana a mang a ile a bona hore o na le talenta eaba a tsoela pele ho mo koetlisa. Ho tloha moo a ile a mo thaothela ho ea bapala bolo ea maoto Italy. Ho ea Europe le ho fumana monyetla oa ho ba sebapali sa bolo ea maoto se tummeng lefatšeng lohle e ne e le ntho e hohelang. Leha ho le joalo, Gentille o ne a tseba hore haeba a ka amohela tšepiso eo o ne a tla lokela ho arohana le lelapa labo. ’Mè oa hae ke Paki ’me le hoja Gentille a ile a ithuta Bibele, o ne a sa ka a nka thuto eo ka botebo. Papali ea bolo e ne e le eona ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa bophelong ba hae. Gentille o ile a buisana le ’mè oa hae ka taba ena eaba o elelloa likotsi tse ka mo hlahelang moeeng. O ile a etsa qeto ea ho hana ho ea Italy eaba o qala ho beha lintho tse amanang le ’Muso pele bophelong ba hae. O ile a kolobetsoa kopanong e ’ngoe haufinyane.

LINAHA TSA AMERIKA

PALO EA LINAHA 55

PALO EA BAAHI 893 357 181

PALO EA BAHOELETSI 3 367 544

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 3 236 692

Curaçao

Ka letsatsi le leng ha mora e mong oabo rōna a il’o khanna thuto ea Bibele, mong’a ntlo o ile a mo neha kulo eaba oa mo botsa hore na oa tseba hore na ke eng. Monna eo o ile a bolella mor’abo rōna hore pele a mo etela, o ne a qetile likhoeli tse seng kae a ntse a nahana ho ipolaea hobane o ne a feletsoe ke mosebetsi ’me lelapa hae le qhalane. Kaha o ne a batla ho iphetetsa, o ne a rerile ho bolaea batho ba bane bao a neng a nahana hore ke bona ba mo baketseng mathata ao. O ne a hlahletse likulo tse ’nè sethunyeng ’me a itšietse e le ’ngoe eo a ka ipolaeang ka eona haeba ho hlokahala. Empa pele a tloha lapeng, o ile a etsa qeto ea ho kōpa thuso ho Molimo. O ile a bulela thelevishene a batla lenaneo la bolumeli. Eaba ka eona nako eo, Lipaki tse peli li kokota ha hae ’me qetellong tsa qala ho mo khannela thuto ea Bibele. O ile a lahla likulo tseo tse ’nè, empa a lebala ho lahla ea bohlano. Eitse ha a e fumana ka pokothong, eaba o e bontša mora eo oabo rōna, a ba a mo phetela pale ena le kamoo bophelo ba hae bo fetohileng kateng haesale a qala ho ithuta Bibele. O re Lipaki Tsa Jehova ke tsona tse pholositseng bophelo ba batho ba bahlano. Hona joale o ea libokeng tsa phutheho.

Uruguay

Ha barab’abo rōna ba babeli ba kokota ntlong e ’ngoe, mosali e mong ea neng a ntse a lla o ile a re ba kene, eaba o ba bolella hore o qetile bosiu bohle a rapela Molimo a kōpa hore a mo tsebise thato ea hae. Baruti ba kereke ea hae ba ne ba sa tsoa mo etela, empa ba ne ba tletse feela ho tla lata karolo ea leshome ea chelete e ngata eo a neng a e fumane. O ne a nyahame hobane ba ne ba e-s’o mo etele le ka le baliloeng, esita leha a kōpa thuso nakong ea ha a le mathateng. O ne a se a qetile khoeli a sa ee kerekeng. Qetellong o ile a bolella e mong oa baruti bao hore oa bona hore ba mo thetsitse ka lithuto tsa bona tse hanyetsanang. Leha ho le joalo, ho e-na le hore moruti eo a mo hlakisetse lithuto tseo tse hanyetsanang, o ile a mo bolella hore o tla otloa ka likotlo tse supileng haeba a ka lahla kereke. Bara bao babo rōna ba ile ba mo hlalosetsa hore Molimo oa ’nete o sebelisa mangeloi a hae hore a fumane batho ba batlang ’nete. O ile a botsa lipotso tse ngata, eaba hang-hang ba qalisa thuto ka buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Hamorao monna oa hae le eena o ile a kenella thutong eaba bobeli ba bona ba ba teng Sehopotsong le puong e khethehileng. Ba ne ba hloletsoe ha ba utloa tsela e ntle eo ho rutoang ka eona Holong ea ’Muso ba bile ba sa lumele hore ha ho qeloe chelete. Ka bobeli ba ile ba tsoela pele ’me ba fumane metsoalle e mengata ka phuthehong.

Chile

E ka ’na eaba thuto ea Bibele e hōle ka ho fetisisa karolong e ka boroa ea lefatše ke e khanneloang mosali ea lulang sebakeng se ka thōko-thōko sa Cape Horn. Ke mosali oa monna ea hlokomelang ntlo e nang le tora e khantšetsang basesisi sebakeng sena se ka thōko. Ha mosali eo a le Punta Arenas, morali e mong oabo rōna eo e neng e le pula-maliboho ea thusang o ile a mo khannela thuto ea Bibele ka libeke tse ’nè ho fihlela a fallela Cape Horn. Ho tloha moo, o ’nile a mo khannela thuto ka fono. O tsoela pele hantle.

Costa Rica

Naheng ena, ho na le Maindia a Guaymi ao boholo ba ’ona a lulang Sixaola, e leng motse o monyenyane o haufi le leliboho la Panama. Boholo ba batho bana ba bontšitse hore ba hlile ba rata ho ithuta Bibele. E le ho thusa batho bana moeeng, ho ile ha romeloa banyalani ba bacha lilemong bao e leng bo-pula-maliboho ba khethehileng ho ea sebetsa tšimo ena. Ba se ba qalile ho ithuta puo ea batho ba moo. Ho entsoe mosebetsi o moholo ka thuso ea bara le barali babo rōna ba 26 ba Guaymi. Ka lekhetlo la pele, ho ile ha tšoaroa Sehopotso ka Seguaymi ’me ha e-ba le batho ba 264, e leng lenane le neng le e-s’o ka le e-ba teng. Haesale ho tloha ka nako eo phutheho e ’nile ea tsoela pele ho hōla. Ka mohlala, qalong batho ba 20 ba ne ba e-ba teng sehlopheng se seng sa Thuto ea Buka ea Phutheho se nang le bahoeletsi ba 13. Joale palo ena e se e nyolohetse ho 40. Ka lebaka leo, ho thehiloe lihlopha tse ling tse peli tsa Thuto ea Buka ea Phutheho.

Panama

Ramiro, eo e leng tichere ea thuto ea tsa boikoetliso, o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ka 2004. Hoo e ka bang ka nako eo, o ne a qeta lihora tse 12 feela ka beke a ruta lihlopha tse tšeletseng, e leng se bolelang hore o ne a qeta lihora tse ling tse 12 ka beke a se na mosebetsi. Kahoo motsamaisi oa sekolo o ile a mo bolella hore o tla lokela ho qeta nako e ’ngoe a ruta lihlopha tseo tse tšeletseng thuto ea bolumeli. Motsamaisi eo o ile a re ho eena, “Ba bolelle seo u ka ba bolellang sona feela ka Molimo, Jesu le Bibele.” Ramiro o ile a ba ruta seo eena ka boeena a neng a ntse a ithuta sona. Selemong seo, o ile a sebelisa buka ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng ha a ruta barutoana ba 150 ba sehlopha sa botšelela ho ea ho sa borobeli. Selemong se latelang, ha ho lokolloa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, Ramiro o ne a se a hatetse pele hoo a ileng a tšoaneleha ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. O ile a tsoela pele ho ruta lihlopha tseo a se a sebelisa buka ea Seo Bibele e se Rutang. Barutoana ba ne ba se ba le 160, ba bile ba arotsoe ka lihlopha tse tšeletseng. Phello e ile ea e-ba efe? Ramiro le bahoeletsi ba bang ka phuthehong ba se ba khannela barutoana ba bangatanyana lithuto tsa lehae tsa Bibele. Batsoali ba barutoana ba bang ba boleletse Ramiro hore baa leboha ha e le mona boitšoaro ba bana ba bona bo ntlafetse. Batsoali ba bang ba ile ba ea libokeng tsa phutheho esita le likopanong tse ling tsa rōna. Ramiro o ile a kolobetsoa ka November 2006 ’me ka cheseho o sebelisa monyetla o mong le o mong ho ruta ’nete ea Bibele.

Guatemala

Motseng oa Guatemala, mohoeletsi e mong ea bitsoang Jeremy, o ile a ea habo mohlankana e mong eo a ithutang Bibele le eena. Ntlo eabo mohlankana eo e ne e le sebakeng se moqotetsane. Jeremy o ile a kokota monyako eaba khaitseli ea mohlankana eo o bula monyako o re ngoan’abo ha a eo. Ha Jeremy a ntse a eme monyako, ho ile ha hlaha bahlankana ba bang ba babeli. E mong oa bona o ile a ntša sethunya, a se beha hloohong ea Jeremy eaba o re, “Ke hiretsoe hore ke tl’o u bolaea.” (Hamorao Jeremy o ile a utloa hore bakhocheli ba bua joalo ha ba tšosa liphofu tsa bona.) Jeremy o re: “Ngoanana eo o ile a koala monyako eaba ke re ho banna bao, ‘Le batla’ng?’ E mong oa bona o ile a re, ‘Uena u batla’ng moo?’ Ke ile ka ba bolella hore ke ntse ke bua le batho ka Lentsoe la Jehova. Eaba ka bohale o re, ‘Mpolelle ke utloe!’ Ke ne ke tšohile hoo ke neng ke sa tsebe hore na ke etse’ng. Ke ile ka bula mokotla, ka ntša Bibele. Eaba ea tšoereng sethunya o qala ho lla hobane o ne a tseba hore o etsa lintho tse fosahetseng. O ile a nkōpa hore ke mo thuse. O ile a secha mokotla oa ka eaba o nka makasine ea Tsoha! e buang ka chelete. Eaba e mong o qala ho ntšecha a batla sepache sa ka, empa ea tšoereng sethunya a re ho eena: ‘Mo tlohele. U se ke ua mo secha.’ O ile a nteboha, a nkopa ka matsoho eaba baa tsamaea. Ka mor’a moo, ho ile ha ba ha re kokololo! eaba ke leboha Jehova ha a ntširelelitse boemong boo.”

Dominican Republic

Morali e mong oabo rōna eo e leng ngaka ea meno o ile a ea thupelong ea ho kenya meno a maiketsetso. Lingaka tsa meno tse fetang 250 tse neng li le teng thupelong eo li ile tsa fuoa monyetla oa ho ea thupelong e ’ngoe e tsoetseng pele e jang chelete e ngata Europe. Ho ne ho tla nkoa lingaka tse robeli feela tsa meno. Qetellong morali’abo rōna o ile a bolelloa hore o khethetsoe ho ea thupelong eo ebile o tla fuoa litlhapiso tsa mahala. Morali’abo rōna o ile a araba a maketse, a re: “Kea leboha ha e le mona le mphile monyetla ona, empa ha kea tlatsa foromo ea kōpo ’me nke ke ka amohela mpho ena e babatsehang. Kaha ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ha ho letho leo ke le nkang e le la bohlokoa ho feta ho hlokomela lelapa la ka moeeng. Haeba ke ne nka ea thupelong ena, ke ne ke tla batla ho etsa sohle se matleng a ka kaha ke thupelo e boima, empa ho na le liboka tse hlano tsa Bibele tsa beke le beke tseo ke lokelang ho li nka ka botebo. Ho fumana thupelo e eketsehileng le lengolo la degree ho ke ke ha mpha thabo ea letho ha ekare ha ke khutla ka fumana bara ba ka ba babeli ba tsuba lithethefatsi kapa ba itšoere hampe hobane ke ne ke le sieo.”

ASIA LE BOCHABELA BO HARE

PALO EA LINAHA 47

PALO EA BAAHI 3 993 686 009

PALO EA BAHOELETSI 607 112

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 496 577

Iseraele

Mocha e mong eo e neng e le pula-maliboho ea thusang ea bitsoang Ella, o ile a hlokomela hore mosali-moholo e mong o ne a imeloa ke mokotla oa lithōle. Ella o ile a mo thusa a ba a mo pakela hakhutšoanyane. Le hoja nkhono eo a ile a mo fa aterese ea hae, Ella ha aa ka a khona ho mo fumana hape le hoja a ile a mo etela ka makhetlo a mangata. Qetellong nkhono eo o ile a bula monyako. Kaha o ne a sa utloe hantle litsebeng, o ne a sa ka a utloa ha Ella a kokota monyako makhetlong a fetileng. O ile a qala ho khanneloa thuto ea lehae ea Bibele. Qalong o ne a sa lumele hore Molimo o teng, empa o ile a qala ho rata Molimo le ho mo leboha le ho hlompha Lentsoe la hae. Ka mor’a lilemo tse peli, o ile a nehela bophelo ba hae ho Jehova ’me o sa tsoa kolobetsoa haufinyane tjena a le lilemo li 92.

Mongolia

Mosali-moholo e mong ea bitsoang Terbish o sebelitse lebenkeleng la libuka bophelo bohle ba hae. Ha morali’abo rōna oa pula-maliboho ea lilemo li 18, ea bitsoang Munkhzaya, a mo etela, Terbish o ile a mo bolella hore kaha o se a balile libuka tse ngata haholo, a ka utloisisa ka potlako buka leha e le efe eo a e balang ho sa tsotellehe hore na o e qala qalong, bohareng, kapa qetellong. Empa Bibele eona ha e tšoane le libuka tse ling. Le hoja a e balile ka makhetlo a mangata, o ne a ntse a sa e utloisise. Ho ea kerekeng ha hoa ka ha mo thusa. Kahoo, o ile a ithuta a le mong, a ingolla lintlha tse itseng mabapi le temana e ’ngoe le e ’ngoe. Ka ho khetheha Terbish o ne a batla ho utloisisa Baheberu 11:6. Munkhzaya o ile a mo hlalosetsa temana eo, a ithaopela ho mo khannela thuto ea Bibele a ba a mo memela Holong ea ’Muso. Ha Terbish a utloa hore na e hokae, o ile a re: “Na ke oona mohaho ola o nang le serapa se setle sa lipalesa? Kamehla ha ke feta moo, ke ema hanyenyane hore ke li bohe. Na u ka ntsebisa motho ea li hlokomelang?” Munkhzaya o ile a mo tsebisa eena ka thabo. Hona joale Terbish o chesehela ho ithuta ka ’Mōpi ebile o ba teng libokeng. Munkhzaya o re, “Pele ke kopana le nkhono enoa, e ne e se e le khale lipalesa li mo boleletse litaba tse molemo.”

Japane

Hiroko o lilemo li 78 ’me kaha o opeloa ke maoto, ha a sa khona ho paka joaloka nakong e fetileng. O ile a rapella tataiso ea Molimo eaba o fumana sebaka se phetheselang seo ho emeloang libese ho sona, moo a ka lulang teng metsotso e 30. Oa bososela ebile o bontša batho hore o amehile ka bona. Ho na le sepetlele haufi le moo, kahoo haeba batho ba nkile meriana, o ba botsa botsoho. Haeba ba leka ho sheba linako tseo bese e tsamaeang ka tsona oa ba thusa, le ba sa tsebeng sebaka seo hantle, o ba bolella hore na libaka tse ling tse thahasellisang li hokae. Oa ba mamela ha ba bua ebe o ba fa limakasine. Batho ba bang o kopana le bona nako le nako; kahoo o khona ho etsa maeto a ho boela.

Myanmar

Lazaru e ne e le semokolara sa lithethefatsi. O ne a phela ka ho tsuba lithethefatsi, ho bolaea le ho etsa lintho tsohle tse mpe tseo motho a ka li nahanang. Leha ho le joalo, ha morali e mong oabo rōna oa pula-maliboho a bontša Lazaru ka Bibele hore lebitso la Molimo ke Jehova, hang-hang o ile a elelloa hore seo ke ’nete eaba o lumela ho khanneloa thuto ea Bibele. O ile a ithuta ka nako e telele, empa hanyane ka hanyane a ’na a hatela pele moeeng. Ho neng ho le thata ka ho fetisisa e ne e le hore a lahle mekhoa eohle eo a neng a phela ka eona. Ha a bolella limokolara tsa habo hore o entse qeto ea ho khaohana le tsona, li ile tsa tšoha hobane o ne a hlile a tseba makhobonthithi a tsona a ho mōkōla lithethefatsi. Le hoja ho ile ha romeloa likoeta tse ngata hore li e’o bolaea Lazaru, o ile a khona ho phonyoha litleneng tsa tau. Qetellong o ile a fallela sebakeng se seng eaba oa kolobetsoa hammoho le mosali oa hae.

Taiwan

Bahoeletsi ba bang ba ile ba ema ho se hokae ka ntle ho lebenkele le rekisang kofi le nang le lebitso le sa tloaelehang, le reng Lebenkele la Kofi la Buka ea Esdrase. Kaha e mong oa bahoeletsi o ne a thahasella ho tseba lebaka la sena, o ile a botsa mong’a lebenkele hore na ke hobane’ng ha a le reheletse ka Esdrase. O ile a mo araba ka hore haesale a rata Esdrase ka lebaka la hore o ne a chesehela borapeli ba ’nete. Mong’a lebenkele leo o ne a qetile lilemo tse ngata a ea kerekeng, empa o ne a sa tsoa khaotsa kaha mosali oa hae ke Movietnamo, kahoo ha a utloisise litšebeletso. Mohoeletsi eo o ile a mo tšepisa hore o tla ba tlisetsa Bibele ea Sevietnamo, eo ba ileng ba thaba haholo ha ba e fumana thapameng eona eo. O ile a qala ho khannela lelapa leo lohle thuto.

India

Motseng o mong oo ho oona mosebetsi oa boboleli o hanyetsoang ka matla, barali ba bang babo rōna ba bahlano ba ile ba koalloa teronkong ka matsatsi a mane ka lebaka la ho bolela litaba tse molemo. Qalong mosali e mong oa lekosetabole ea sa kang a ba tšoara hantle o ile a re ba khaotse ho bua ka Bokreste ka teronkong. Leha ho le joalo, ka mor’a matsatsi a ’maloa, o ile a bona kamoo ba leng bonolo ba bileng ba leng lerato kateng eaba seo sea mo kokobetsa. Ha Lipaki tse ling li tliselitse barali bao babo rōna litholoana le lijo tse ling, ba ne ba li arolelana le batšoaruoa ba bang le lekosetabole leo. Bosiung bo bong, mosali eo oa lekosetabole o ile a utloa hanyenyane ha baralib’abo rōna ba ntse ba tšohla buka ea Atamela ho Jehova. Kapele-pele o ile a qala ho kenella lipuisanong tsa bona, a lula setulong se pel’a monyako oa sele ea bona. Mohla barali bao babo rōna ba lokolloang, o ile a hlokahalloa ke mong ka eena. Baralib’abo rōna ba ile ba mo tšelisa ka tšepo ea tsoho.

Pejana ho moo, lekosetabole le leng le ne le ile la botsa hore na baralib’abo rōna ba entse tlōlo efe ea molao. Morali e mong oabo rōna o ile a le hlalosetsa hore ka phoso mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo o nkoa e le ho sokollela batho malumeling a mang ka tsela e seng molaong. Kaha lekosetabole leo le ile la khahloa ke seo le se utloileng, le ile la re: “Ho sa tsotellehe boemo boo le leng ho bona, le ntse le khobile matšoafo. Ke sefela-peloana, empa ke hlajoa ke lihlong ha ke e-na le lōna. Ke kōpa le mpolelle ha ke le khahlapetsa le be le nthute ho bua joaloka lōna. Ha ke utloisise hore na ke hobane’ng ha batho ba lokileng hakana ba koaletsoe teronkong.” Nako le nako ha le ne le sa sebetse, le ne le tla ho baralib’abo rōna ebe le re: “Ak’e le reng qa! qa! le mpolelle ka Bibele. E hlile e imolla moea oa ka.” Batšoaruoa ba bang ba babeli ba neng ba qosetsoa polao le bona ba ile ba khahloa ke molaetsa oa Bibele. Barali bao babo rōna ba ile ba ba pakela ka masene ba ba ba pakela le batšoaruoa ba bang. Kaha barali bao babo rōna ba se ba lokolotsoe, ba batla litsela tse nepahetseng tsa ho thusa batho ba thahasellang bao ba ba fumaneng ha ba le teronkong.

Indonesia

Pula-maliboho e mong ea khethehileng ea bitsoang Resmawati, o ne a sa tsoa qeta tšebeletso ea tšimo ’me a le mothating oa ho etsa maeto a ho boela ha mosali e mong a mo memela ha hae hore ba e’o buisana ka Bibele. Matsatsi a mararo hamorao, Resmawati o ile a khutlela ho eena. Lekhetlong leo mosali eo o ile a qala ho lla le ho bua ka monna oa hae ea mo hlekefetsang. Resmawati o ile a mo balla Baheberu 4:12 eaba oa mo hlalosetsa hore ho ithuta Bibele ho ka lokisa lintho tse ngata. O ile a mo phetela phihlelo ea Tony e hlahang Almanakeng ea Lipaki Tsa Jehova ea 2003. Mosali eo o ne a thahasella taba ena, kahoo o ile a mo kōpa hore a tle le almanaka eo. Letsatsing le hlahlamang, Resmawati o ile a mo tlela le almanaka eo. Ba ile ba qala ho ithuta buka ea Seo Bibele e se Rutang. Ha a boetse a khutlela ho eena, monna oa mosali eo o ile a botsa hore na le eena a ka kenella thutong. O ne a balile phihlelo ea Tony almanakeng eo ’me e ne e mo amme maikutlo haholo. Lebitso la monna eo le eena e ne e le Tony ’me o ne a bile a tšoana le Tony ea boletsoeng almanakeng eo pele a ithuta ’nete ka mekhoa le ka liketso. Ha a bona phihlelo eo almanakeng, o ile a re ho mosali oa hae le bana: “Ke lebitso la ka lena, kapa ha ke bone hantle? ’Moleli eo o tsebile lebitso la ka joang ha e le moo a ngotse ka ’na?” Mosali o ile a re: “Lipaki ha li tsebe lebitso la hao. Le haeba li ne li le tseba, li ne li ke ke tsa be li se li le ngola almanakeng, le hona ea 2003 ho e-na le ea 2007!” Ha a hlokomela hore monna oa hae o qala ho ba le thahasello, o ile a re ka masene, “Na ha u batle ho tšoana le Tony eo ea boletsoeng almanakeng?” O ile a makala ha monna oa hae a mo araba ka ho re, “Ke batla ho leka.” Joaloka Tony oa almanakeng, Tony oa Indonesia o se a hloekisitse bophelo ba hae, o kutile moriri o molelele ebile o makhethe. Lelapa kaofela le tsoela pele ho ithuta Bibele.

Malaysia

Likarolong tse ling tsa Borneo, barab’abo rōna ba sebelisa litšoantšo tsa sathelaete tse tsoang Inthaneteng ha ba batla ho fumana moo batho ba lulang teng. Tlaleho ea bona e re: “Sena se re thusa hore re fumane matlo merung e teteaneng moo ho nang le pula e ngata. Lintho tse ling tse bonahalang eka ke ‘marulelo,’ re ee re fumane hore ha e le hantle ke metebo ea lipōli, ebe joale rea keketeha ha re nahana hore re ne re se re il’o bolella ‘lipōli’ litaba tse molemo. Empa marulelo a mang ehlile ke a matlo ao batho ba lulang ho ’ona. Re ne re qala ho sebetsa tšimo ena ea lithabeng. Kaha meru ena e teteane ebile litsela tsa teng li tšopholi, litšoantšo tsa sathelaete li re thusa ho fumana tsela.”

EUROPE

PALO EA LINAHA 47

PALO EA BAAHI 732 610 687

PALO EA BAHOELETSI 1 533 790

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 749 911

Hungary

Morali e mong oabo rōna ea lilemo li 12 o re: “Ke kolobelitsoe likhoeling tse robong tse fetileng ’me ke se ke qetile likhoeli tse tharo ke le pula-maliboho ea thusang. ’Mè o nthusa haholo. Ba bangata ba ’nile ba mpotsa hore na ke khona joang ho ba pula-maliboho ea thusang ke ntse ke kena sekolo, empa ke nahana hore ke ne nke ke ka khona ho phetha tšebeletso ea ka haeba ke ne ke sa kene sekolo. Ke paka nakong ea ha re sa rutoe. Ke atisa ho bua le bana ba bahlano bao ke kenang sekolo le bona ka Bibele. Ho na le ba babeli bao ke ithutang Bibele le bona. Kahoo, kea bona hore Jehova oa ntlhohonolofatsa. Ho ’na ho bula maliboho hase moroalo empa ke ntho e thabisang. ’Mè ke pula-maliboho oa kamehla, le ’na ke batla ho ba pula-maliboho. Ke batla ho sebeletsa Jehova ka nako e tletseng.”

Brithani

Susan o ile a qala ho ithuta Bibele ka 2001 ’me a tsoela pele ho ithuta ka lilemo tse ka bang peli. Nakong ena, o ne a thatafalloa ho khaotsa ho tsuba. O ile a leka ka makhetlo a mangata empa a hlōleha. Ka lebaka leo, o ile a khaotsa ho ithuta empa a ’na a ea libokeng tsa phutheho. Ka mor’a lilemo tse ’nè, Susan o ile a bona hore o lokela ho leka ho ntlafatsa kamano ea hae le Molimo, kahoo o ile a kōpa thuso phuthehong. O ile a qala ho ithuta hape ’me a thusoa haholo ke boitsebiso bo bukeng ea Atamela ho Jehova. Kaha buka eo e tšohla lerato la Jehova haholo esita le kamoo le rōna re ka bontšang kateng hore rea mo rata, e ile ea mo susumelletsa ho etsa liphetoho tse khōlō bophelong ba hae. Pele libeke tse robeli li fela, o ne a se a khaolitse ho tsuba ka ho feletseng. Susan o lumela hore ho ithuta buka ena ho mo thusitse hore a khone ho tšepa Jehova. O ile a tsoela pele hantle, a nehela bophelo ba hae ho Jehova a ba a tšoantšetsa seo ka ho kolobetsoa metsing Kopanong ea Setereke ea “Latelang Kreste!”

Estonia

Morutoana ea lilemo li 17 ea bitsoang Helgi, ea neng a sa lule le batsoali ba hae ba hlalaneng, o ile a thahasella ’nete a ba a qala ho ithuta Bibele. Qalong o ne a sa atise ho tla libokeng hobane o ne a qeta nako e ngata a bina le sehlopha sa habo sa ’mino. Ha a ntse a utloisisa ’nete haholoanyane, o ile a qala ho fetola tsela eo a phelang ka eona. O ile a hlalosetsa litho tsa sehlopha seo a binang le sona hore na ke hobane’ng ha a ne a ke ke a khona ho bina mantsiboeeng a liboka. O ile a ngolisa Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo ’me a hatela pele ea ba ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. O ile a kenela tlhōlisano ea ’mino ea naha ka kakaretso eo ho eona motho ea tla hlōla, a neng a tla saena tumellano le k’hamphani e ’ngoe e tummeng haholo ea ho rekota. Le hoja ba bangata ba ile ba hlōleha li sa tloha, hang-hang baahloli ba ile ba khahloa ke tsela eo Helgi a binang ka eona, kahoo o ile a fetela mokhahlelong o latelang. Leha ho le joalo, tlhōlisano e latelang e ne e tla ba ka eona nako eo a neng a tl’o fana ka puo ea hae ea pele Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo. O ne a tla etsa’ng? Kaha ’mè oa hae hase e mong oa Lipaki Tsa Jehova, o ile a etsa tlhahiso ea hore a se ke a fana ka puo eo kapa a kōpe ho fana ka eona ka nako e ’ngoe. Helgi o ile a re ena hase taba ea ho fana ka puo feela empa taba ea bohlokoa ke hore na ke eng e tlang pele bophelong ba hae, ke lintho tsa moea kapa tsa lefatše. O ile a nahana taba ena ka botebo eaba o etsa qeto ea hore a fane ka puo ea hae ho e-na le ho ea tlhōlisanong ea ’mino. Helgi o ile a fana ka puo eo ’me ’mè oa hae o ile a hlompha qeto ea hae.

Hamorao moqolotsi e mong oa litaba tsa thelevishene o ile a ea Kopanong ea Setereke ea “Latelang Kreste!” ho ea nka litšoantšo tsa kopano le tsa kolobetso. Ha a bona Helgi a kena ka letamong la kolobetso o ile a mo nka litšoantšo nakong ea ha a kolobetsoa a ba a buisana le eena. Mantsiboeeng ao, sena se ile sa hlaha litabeng, ha ba ha kenyelletsoa video e khutšoanyane ea ha a ne a bina mokhahlelong oa mathomo oa tlhōlisano ea ’mino eaba qetellong ho bontšoa ha a kolobetsoa le ha a bua a bososela a re, “Ena ke qeto e molemohali eo nkileng ka e etsa bophelong.”

Bulgaria

Ivelin ke motšoaruoa chankaneng ea Belene. O ile a ngolla ofisi ea lekala ea moo ea Lipaki Tsa Jehova lengolo le reng: “Ha ke ntse ke le mona chankaneng, ke ile ka fumana makasine ea Molula-Qhooa ke sa lebella, kahoo ke na le lipotso tse ngata tseo ke ratang ho le botsa tsona. Ke baketse libe tsa ka ’me ke batla ho fetoha ka ho feletseng. Ke batla ho le kōpa ntho e itseng e ka ’nang ea le thatafalla eo ke bileng ke sa lumeleng hore e ka etsahala. Ke kōpa hore le ke le ’ngolle e le hore ke ithute ka Jehova Molimo. Ha ke tsebe hore na le tla nkaraba empa ho tseba Jehova feela hoa nthabisa. Ke batla ho tseba ho eketsehileng ka lintho tsena, eseng feela molemong oa ka empa le molemong oa batšoaruoa ba bang. Ke kōpa le hopole hore esita le haeba le sa khone ho ’ngolla, ka letsatsi le leng ke tla tsoa mona ’me ke se ke tla kopana le lōna!” Kapele-pele barab’abo rōna ba ile ba ea ho monna enoa ea thahasellang ’me hona joale ba ithuta le batšoaruoa ba leshome chankaneng ena hammoho le Ivelin.

Portugal

Morali e mong oabo rōna eo e leng pula-maliboho ea khethehileng ea bitsoang Jana, o re: “Ka letsatsi le leng ha ke tsoa seteisheneng sa terene ke ile ka kopana le monna e mong oa Lechaena eaba ke etsa qeto ea ho bua le eena ka litaba tse molemo. O ile a makala ha a utloa ke bua Sechaena eaba o mpolella hore o tseleng e eang sepetlele hobane mosali oa hae o ne a il’o pepa ka thipa. Eena le mosali oa hae ba ne ba sa tsebe Sepotoketsi, kahoo ba sepetlele ba ile ba re a e’o batla mofetoleli. O ne a qakehile eaba o nkōpa hore ke mo thuse. Letsatsing le hlahlamang, lingaka tse buoang li ile tsa re ke apare liaparo tsa ho kena kamoo ho buuoang bakuli e le hore ke tsamaee le mosali eo ha a il’o buuoa. Ke ne ke tšoere mosali eo ka letsoho ha a ntse a sebetsoa ’me o ile a mpotsa lipotso tse ngata ka Bibele le ka mosebetsi oa rōna. ’Mè eo o ile a fumana lesea le letle la ngoanana ’me o ile a leboha thuso ea ka haholo a ba a nkōpa hore ke rehe morali oa hae lebitso. Ke ile ka nahana ho se hokae eaba ke mo reha Sara. O ile a thabela lebitso leo ke le khethileng a ba a bontša hore o thahasella ho ithuta ho eketsehileng ka Sara ea boletsoeng ka Bibeleng le ka Molimo oa hae. Ka mor’a hore re tlohe sepetlele, ke ile ka etsa tlhahiso ea hore ba khanneloe thuto ea lehae ea Bibele ea kamehla. Pele ho moo, eena le monna oa hae ba ne ba hana ho bua le Lipaki, empa ka lebaka la hore ke ile ka ba thusa nakong ea ha mosali a il’o pepa, kapele-pele ba ile ba fetola tsela e fosahetseng eo ba neng ba re talima ka eona. Hang-hang ba ile ba lumela hore ke ba khannele thuto ’me hona joale ba tla libokeng.”

Slovakia

Banyalani ba bang bao e leng bo-pula-maliboho ba khethehileng ba ile ba kopana le bahlankana ba babeli ba tsoang Afghanistan. Ha ba ntse ba lula Slovakia ka nakoana, bahlankana bao ba ile ba re ba ka rata ho tseba Bibele. Bo-pula-maliboho bao ba ile ba buisana le bona ka makhetlo a ’maloa eaba ba ba neha Bibele le buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Bo-pula-maliboho bao ba ile ba boela ba ba bontša hore na thuto ea Bibele e khannoa joang e le hore ba ka ithuta Bibele le ha ba le bang esita le ha ba e-na le batho ba bang.

OCEANIA

PALO EA LINAHA 30

PALO EA BAAHI 36 829 259

PALO EA BAHOELETSI 96 691

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 51 122

New Zealand

Mantsiboeeng a mang mor’abo rōna ea bitsoang Paul, o ile a kopana le mosali e mong ha a ntse a sebetsa ka ntlo le ntlo. Ha a mo bontša bukana, mosali eo o ile a re mong ka eena e mong o sa tsoa mo bolella hore o lokela ho fumana ’nete. Hoseng hona hoo, o ne a ile a rapela Jehova a sebelisa lebitso la hae ’me a kōpa hore ho be le motho ea mo etelang. Paul o re: “Ka mor’a lihora tse tharo, ke ile ka kokota monyako oa ntlo ea hae. Ho feta moo, ke ile ka fihla ha hae ka nako eo a atisang ho ba sieo ka eona lapeng.” Hang-hang o ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele ebile o hatela pele hantle.

Australia

Banyalani ba bang ba bacha lilemong, Armando le Elvira, ba lula Timor Bochabela, e tlas’a lekala la Australia. Ka 2006, baahelani ba bona ba ne ba atisa ho hlaseloa ke batho ba morabe o mong, kahoo ba ile ba tlameha ho baleha sebakeng seo ho pholosa bophelo ba bona. Ba ile ba balehela kampong e ’ngoe ea baphaphathehi ba nkile lintho tse peli feela—Bibele ea Armando le bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Ha Armando le Elvira ba boetse ba kopana le barab’abo rōna, ba ile ba qala ho ithuta habeli ka beke le ho ea libokeng tsa phutheho. Armando o ile a boela a pakela beng ka eena ba lulang motsaneng o bohōle ba lihora tse ’nè le halofo ho tloha Dili. Ha lelapa labo le bontša hore le thahasella molaetsa oa ’Muso, o ile a kōpa bo-pula-maliboho ba Baucau, e bohōle ba hora le halofo, hore ba e’o le thusa. Batho ba fetang 20 ba ile ba phutheha ho tla mamela bo-pula-maliboho bao. Ntate oa Armando, eo e neng e le ’muelli oa sehlopha seo, o ile a re ba ikemiselitse ho lahla litšoantšo tsa bona empa o ile a botsa hore na joale ho na le se tla ba sireletsa meeeng e mebe. Bo-pula-maliboho bao ba ile ba ba kholisa hore ka sebele Jehova o tla ba thusa. Sehlopha seo se ile sa lahla litšoantšo tsa sona. Hona joale ho na le batho ba fetang 25 motseng oo ba ithutang Bibele. Armando o batla ho kolobetsoa haufinyane ’me Elvira o tsoela pele hantle.

Guam

Morali e mong oabo rōna ea lulang sehlekehlekeng sa Saipan, se oelang tlas’a lekala la Guam, o ne a thabile a bile a hloletsoe ha a hlokomela hore monna oa hae, eo pele a neng a mo hanyetsa, o ne a ntse a bala ka sekhukhu lingoliloeng tse ngata tseo a neng a li siile ka tlung. Ntle le Molula-Qhooa le Tsoha! o ne a balile Libuka Tsa Selemo le buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Ka letsatsi le leng o ile a bitsetsa mosali oa hae le bana ba hae ba bahlano sebokeng seo a neng a re ke “seboka sa bohlokoa sa lelapa.” Ena e ne e le ntho e sa tloaelehang haholo. Ba ile ba fumana hore ntate eo o ne a batla ho fa barali ba hae ba bararo malebela mabapi le lenyalo. O ne a ngotse lethathamo la lintho tseo ba lokelang ho li sheba ho banna ba batlang ho ba nyala. Ntate enoa ea sa lumelang o ne a khahliloe haholo-holo ke pale ea bophelo ea Sheila Winfield da Conceição, e hlahang Molula-Qhooeng oa November 1, 2006, kahoo, joaloka Sheila, o ne a entse lethathamo la lintho tseo motho a lokelang ho li sheba ho molekane ea tšoanelehang oa lenyalo. O ile a eletsa barali ba hae hore ba nyaloe feela ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova ea bileng a tsebang Bibele ho ba feta. O ile a bolella barali ba hae ba bararo hore o lakatsa hore ba fumane thabo e tšoanang le eo ho builoeng ka eona sehloohong seo sa makasine. Sena se ile sa ba ama lipelo sa ba sa ba fa tšepo ea hore ka letsatsi le leng ntate oa bona o tla sebeletsa Jehova ’moho le bona.

Samoa

Haufinyane tjena mora e mong oabo rōna ea tsoang lekaleng le leng hammoho le mosali oa hae, ba sa tsoa abeloa ho ea sebeletsa Samoa. Ntlong ea pele feela eo mor’abo rōna a ileng a kena ho eona ha a le tšebeletsong ea tšimo, o ile a bontša mong’a ntlo buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? O ile a makala ha mong’a ntlo a re a kene ka tlung. Leha ho le joalo, mong’a moo e ne e le mosali ea kileng a tsamaisa khoebo ’me o ile a thōla-thōla eaba o re, “Hoseng hona nka u fa metsotso e 45 feela”—e leng karabo eo mor’abo rōna a neng a qala ho e utloa. Hang-hang o ile a qalisa thuto. Bekeng e hlahlamang ha mor’abo rōna le mosali oa hae ba fihla, mosali eo o ile a ba amohela a se a nkile Bibele le buka ea Seo Bibele e se Rutang. Ho na le tšepo e khōlō ea hore thuto eo e tla tsoela pele.

Lihlekehleke Tsa Solomon

Emily ke eena feela Paki ea Jehova moo a lulang teng, sehlekehlekeng sa San Cristobal, ebile ke pula-maliboho oa kamehla. O khanna lithuto tsa Bibele tse 20 ’me tse tharo e se e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang, ho akarelletsa le batsoali ba hae. Lance le Diane ba sebeletsang linaheng tse ling ba ile ba nka matsatsi a phomolo ’me ba tsamaea leeto la lihora tse 14 ka sekepe se senyenyane se tsamaisang thepa se neng se tletse haholo, e le hore ba e’o thusa Emily ka Sehopotso. Lance o re: “Ha re fihla, re ne re ipatlela feela ho robala empa re ile ra nahana hore ho ka ba molemo hore re e’o itlaleha ho morena oa moo pele. Ka mor’a hore re mo hlalosetse morero oo re etetseng motseng oo ka oona, morena o ile a re: ‘Ba bangata ha ba e-s’o fumane memo ena. Na le bona ba ka tla?’ Ka thabo re ile ra mo bolella hore ho hang ha ho na bothata.

“Ha nako ea hore Sehopotso se qale e atamela, batho ba neng ba se ba le teng e ne e le basali ba babeli le bana feela. Leha ho le joalo, re ile ra bona ba bang thōkonyana pel’a lifate, kahoo kapele-pele re ile ra ba bitsa. Ha shoalane e tšoara, re ile ra lumisa jenereithara e nyenyane eaba re khantša mabone. Ha puo ea Sehopotso e qala, bohle ba ne ba mametse ka hloko.” Batho ba neng ba mametse puo eo ba ne ba le 130, ho akarelletsa le moruti oa Kereke ea Sabatha ea neng a batla Phetolelo ea Lefatše le Lecha hobane e baleha habonolo ho feta Bibele eo a neng a e sebelisa. Ketsahalong ena e ikhethang, ho ile ha qaloa lithuto tsa Bibele tse hlano.

Papua New Guinea

Kereke e K’hatholike e ne e e-na le tšusumetso e matla metseng e ’meli e neng e le ka thōkonyana ho toropo e nyenyane ea moo, kahoo ho ne ho le thata ho bolela litaba tse molemo moo. Haufinyane tjena barab’abo rōna ba ile ba etela baemeli ba motse ’me ba ba hlalosetsa ka mosebetsi oa rōna le hore na ke hobane’ng ha re lakatsa ho bua le batho bohle. Motseng o mong ho ne ho sa tsoa ba le seboka sa ho tšohla tsela ea ho thusa bacha ho ntlafatsa boitšoaro ba bona. Barab’abo rōna ba ile ba bolella baemeli ba motse hore tsebo ea Bibele e ka thusa tabeng eo.

Barab’abo rōna ba ile ba fuoa tumello ea hore ba bolele litaba tse molemo phatlalatsa ’me bahlankana ba ’maloa ba ile ba qala ho ithuta. Ha batho ba motse ba hlokomela hore boitšoaro ba bahlankana bana bo ntlafetse haholo ka lebaka la ho tsamaea le Lipaki Tsa Jehova, ba ile ba khaotsa ho hanyetsa mosebetsi oa rōna. Butle-butle metsoalle ea bona le batsoali ba bona ba ile ba qala ho ithuta ’me e mong oa bona e ne e le morali oa mokatekista ea neng a kile a sokela barab’abo rōna. O ile a re ho morali oa hae: “Ke ile ka etsa phoso e khōlō nakong eo. Ke tšepa hore Molimo le Lipaki Tsa Jehova ba tla ntšoarela sebe seo.” Hona joale ho se ho e-na le batho ba 27 ba tlang libokeng kamehla metseng ena e ’meli. Bonyane ba bane ba bona ba se ba kolobelitsoe ebile ke bo-pula-maliboho ba thusang. Ba rerile ho ba bo-pula-maliboho ba kamehla.

[’Mapa/Setšoantšo se leqepheng la 48]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

[Setšoantšo]

Ntlo e nang le tora e khantšetsang basesisi Cape Horn

[’Mapa o leqepheng la 63]

(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)

San Cristobal

[Setšoantšo se leqepheng la 44]

Ho tšoeroe Thuto ea “Molula-Qhooa” motseng oa Antanandava, Madagascar

[Setšoantšo se leqepheng la 46]

Sehlopha se khanneloa thuto ka buka ea “Seo Bibele e se Rutang” Pawaga, Tanzania

[Setšoantšo se leqepheng la 49]

Thuto ea Buka ea Phutheho Sixaola, Costa Rica

[Setšoantšo se leqepheng la 50]

Ramiro o tšoere buka ea “Seo Bibele e se Rutang”

[Setšoantšo se leqepheng la 53]

Hiroko o fana ka bopaki moo libese li emeloang teng

[Setšoantšo se leqepheng la 58]

Helgi (ka ho le letona) o fana ka puo Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo

[Setšoantšo se leqepheng la 64]

Lance, Diane le Emily

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela