Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb09 maq. 43-64
  • Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng Lohle
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2009
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2009
yb09 maq. 43-64

Ho Bolela le ho Ruta Lefatšeng Lohle

AFRIKA

PALO EA LINAHA 57

PALO EA BAAHI 848 582 269

PALO EA BAHOELETSI 1 122 493

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 2 202 217

Rwanda

Ha ngoananyana e mong ea lilemo li robong a tsoa sekolong, o ile a thola sepache se tšetseng chelete e ngata ’mileng. Lelapa labo le neng le ithuta Bibele le Lipaki, le ile la etsa qeto ea ho sebelisa seo le ithutileng sona Bibeleng. Kahoo, le ile la tsoma mong’a sona eare ha le mo fumana la mo fa chelete eo. Mong’a sepache o ile a botsa ngoananyana eo, “Haeba nka u fa chelete e ’ngoe e le ho u hlatsoa mahlo ka lebaka la botšepehi ba hao, u ne u tla etsa’ng ka eona?”

Ngoananyana eo o ile a re: “Ke ne ke tla reka Bibele.”

A makalitsoe ke karabo eo, monna eo o ile a re, “Ke ne ke nahana hore u tla reka liaparo kapa lieta hobane kea bona hore tseo u li roetseng e se e le tsa khale haholo.” Ngoananyana eo o ile a tsitlella tabeng ea hore o ne a tla reka Bibele. Monna eo o ile a batla ho tseba hore na ke hobane’ng ha lelapa leo le ne le sa ka la inkela chelete eo. Ka mor’a ho utloa hore le ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova, o ile a reka Libibele tse peli, e ’ngoe e le ea ngoananyana eo ha e ’ngoe e ne e tla ba ea lelapa la hae. O ile a ba a kōpa Lipaki hore li etele lelapa la hae hore li tl’o ithuta Bibele le lona. Malapa ao ka bobeli a hatela pele hantle moeeng.

Central African Republic

Jehova o ile a thusa Theodora hore a khone ho hlōla ho ba lihlong ho tlōla tekano. Le hoja a hōliselitsoe lelapeng la Bakreste, e ne e le ka seoelo a eang libokeng Holong ea ’Muso ka lebaka la ho ba lihlong. Ha a qala ho ea libokeng, o ne a lula a le mong, a sa bue le mang kapa mang a bile a itsamaela hang ka mor’a pina le thapelo e koalang. Ka mor’a nakoana, o ile a qala ho ea holong kamehla empa e ne e le ka seoelo a neng a tšoara batho ba tlil’o mo lumelisa ka letsoho. Ha nako e ntse e ea, o ile a qala ho araba ha a le libokeng a ba a qala ho ea ho batho ba bang ho ea ba lumelisa. Ho kopanela mosebetsing oa ho bolela e bile bohato bo boima boo a ileng a bo nka. Ha banana ba bang ba motseng oa habo mo soma, Theodora o ne a batla ho khaotsa ho ea bolela litaba tse molemo, empa o ile a buisana le Jehova ka thapelo, a kōpa hore a mo fe matla. Hona joale ke morali’abo rōna ea kolobelitsoeng, ebile ke pula-maliboho ea thusang ea fanang ka litlhaloso tse khothatsang libokeng. O khanna lithuto tse ’nè tsa Bibele tse akarelletsang moahelani oa hae ea neng a atisa ho mo soma.

Madagascar

Molebeli oa potoloho le mofumahali oa hae ba ne ba e-ea phuthehong e ’ngoe e mahaeng. Ha ba le tseleng, ba ile ba kopana le sehlopha sa masholu a likhomo se hlometseng ka lilepe le marumo. Ka mor’a hore mosali oa molebeli oa potoloho a rapelle sebete, o ile a fa sehlopha seo pampitšana ea Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso. O ile a re: “Kajeno, re phela re tšohile. Leha ho le joalo, haufinyane Molimo o tla felisa batho ba khopo ’me a thehe lefatše le lecha leo ho tla rena khotso ho lona.” E mong oa banna bao o ile a mamela ka hloko eaba o nka pampitšana eo.

Selemong se latelang ha morali eo oabo rōna a le kopanong, monna e mong o ile a tla ho eena eaba oa mo botsa hore na o sa ntse a mo hopola. O ile a bolela hore e ne e le e mong oa masholu ao ba neng ba kopane le ’ona ’mileng o liretse le hore ke eena ea ileng a nka pampitšana. Eaba o re: “Re ne re tsoa hlasela ha re tla teana le lōna. U ile ua bua ntho e ileng ea etsa hore ke nahane ka thata. Ke ile ka re: ‘Ha re tšabe mapolesa le masole hobane re ka a baleha. Empa nka baleha Molimo joang haeba a tlil’o felisa batho ba khopo?’ Eaba ke etsa qeto ea ho batla ho tseba ho eketsehileng. Ha ke fihla hae ke ile ka ea ho moahelani e mong ua ka ea neng a ithuta Bibele le pula-maliboho e mong ea khethehileng. Le ’na ke ile ka lumela ho ithuta Bibele le eena ’me joale ke tlil’o kolobetsoa kopanong ena.”

Mozambique

Ka 1992, Madalena, o ne a sa tsoa feta lilemo tse 30 ha a holofala ho tloha thekeng ho ea tlaase kotsing ea koloi. Ka mor’a moo, boholo ba nako o ne a lula ka tlung. Lilemo tse tharo ka mor’a moo, Lipaki li ile tsa qoqa le ntate oa hae ka ntle lapeng. E ne e le moeta-pele oa sehlopha sa bolumeli ba setso se neng se kenela jareteng ea hae. Kaha Madalena o ne a mametse puisano eo, o ile a utloa ha barab’abo rōna ba botsa hore na o ntse a e-ea joang, eaba o re ba kene ka tlung. O ile a ameha maikutlo haholo ha a lemoha hore ba ne ba hlile ba tšoenyehile ka eena! O ile a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele ’me a thahasella seo a neng a ithuta sona. Ha Lipaki li bona cheseho ea hae, li ile tsa mo thusa ka litsela tse tobileng, ho akarelletsa le ho mo thusa hore a fihle libokeng. Ka lebaka la thuso ena, Madalena o ile a bontša hore o inehetse ho Jehova ka ho kolobetsoa ka 2002.

Batsoali ba Madalena ba ile ba hlolloa ha ba bona tsela eo Lipaki li neng li hlokomela morali oa bona ka eona. ’Mè oa hae o ile a qala ho ea libokeng eaba o tsoa kerekeng ea monna. Qalong, ntate oa Madalena o ile a re a ke ke a lahla kereke ea hae, empa ka mor’a nako le eena o ile a qala ho ea libokeng. Balateli ba hae ba ile ba leka ho mo qobella hore a khaotse ho ea libokeng—etsoe e ne e le moeta-pele oa bona! Leha ho le joalo, o ile a ema a tiile lentsoeng la hae, a chesa lintho tsohle tse amanang le bolumeli boo ba hae. Ka 2007, eena le mosali oa hae ba ile ba kolobetsoa. Lelapa lohle le tsoela pele hantle moeeng.

Zimbabwe

Decibel, ea lilemo li robong o bolella bana bao a kenang le bona ka tlelaseng le matichere a hae litaba tse molemo. Ka letsatsi le leng, Decibel o ile a hlokomela hore e mong oa matichere a hae o ne a hloname, kahoo a mo botsa hore na ebe ke hobane’ng ha a sa thaba. Tichere a mo bolella hore o hlokahalletsoe ke ngoana oa ausi oa hae. Decibel o ile a tšepisa tichere ea hae hore o tla mo tlisetsa ntho e tla mo tšelisa. Batsoali ba hae ba ile ba mo fa bukana ea Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa eaba o e tlisetsa tichere letsatsing le hlahlamang. Tichere o ile a bala lirapa tse seng kae tsa bukana eo eaba likeleli tsa thabo li qala ho keleketla marameng. Hamorao o ile a ngolla batsoali ba Decibel lengolo le ba lebohang ka lebaka la koetliso eo ba e fang morali oa bona le ka matšeliso ao Decibel a neng a mo file ’ona ha a oele ka phatla.

Ghana

Abigail, ea neng a lula karolong e ka boroa Ghana le batsoali ba ’mè oa hae ba Mapresbitheri, o ne a rutiloe hore Lipaki Tsa Jehova ke baprofeta ba bohata. Ha a utloa hore batsoali ba hae ba neng ba lula karolong e ’ngoe ea naha, ba ithuta le Lipaki, o ile a tšoenyeha haholo eaba o ba ngolla lengolo ho ba susumelletsa hore ba khaotse ho ithuta. Kaha lengolo leo le ile la hlōleha ho ba susumetsa, o ile a nka leeto la lik’hilomithara tse fetang 1 000 ho ea buisana le bona. Abigail o ile a makala ha a bala Bibeleng ea hae hore lihele hase sebaka seo ho sona ho chesoang batho ba khopo. O ile a qala ho ithuta Bibele, a ea libokeng Holong ea ’Muso le batsoali ba hae ’me ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Abigail o ile a kolobetsoa kopanong e ’ngoe ea potoloho ea morao tjena.

LINAHA TSA AMERIKA

PALO EA LINAHA 55

PALO EA BAAHI 898 130 531

PALO EA BAHOELETSI 3 449 038

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 3 548 101

Dominica

Sehlekehlekeng sena, basali ba bangata ba hlatsoetsa linōkaneng, ebe ba aneha liaparo matlapeng le majoeng. Mosali e mong o ile a tšoantša ntho e ’ngoe e neng e phaphametse metsing a sa tebang haufi le moo a neng a hlatsoetsa teng. O ile a e tseba hobane e ne e le buka e tšoanang le eo a neng a ithuta eona le Paki e ’ngoe ea Jehova beke le beke. O ile a e aneha lejoeng hore e ome, eaba o tsoela pele ho hlatsoa.

Eitse hamorao ha a lata liaparo tse ommeng, eaba o lebala buka eo. Leha ho le joalo, batšoasi ba litlhapi ba tsoang leoatleng ba ile ba bona buka eo e bosehla ba khauta, eaba e mong oa bona o inkela eona. O ile a khahloa ke sehlooho sa buka eo se reng Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? eaba o qala ho e bala. Hamorao, ha baralib’abo rōna ba babeli ba bo-pula-maliboho ba ntse ba bolela litaba tse molemo motseng oa habo, ba ile ba kopana le eena. O ile a ba hlalosetsa hore ke ba 144 000 feela ba eang leholimong le hore ’Muso oa Molimo o hlonngoe ka 1914. O ile a ba a re haufinyane lefatše le tla etsoa paradeise. Ha ba mo botsa hore na o tsebile lintho tsena joang, o ile a ba hlalosetsa kamoo a fumaneng buka eo kateng, a ba a phaella ka hore o e bala letsatsi le letsatsi. O ile a ba bontša buka eo—e neng e se e omme empa e kokomohile.

E mong oa bo-pula-maliboho bao o ile a lemoha hore buka ena ke eo motho e mong ea ithutang Bibele le eena a ileng a e inola ka nōkeng. Ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le motšoasi enoa oa litlhapi. Beke le beke o lula a labalabela thuto e latelang ebile o hatela pele hantle moeeng.

Bolivia

Ho bolela litaba tse molemo tikolohong ea Amazon e Bolivia ho thata empa ho na le litholoana tse ntle. Bara le barali babo rōna ba leshome—ba ile ba petetsana ka seketsoaneng se tsamaeang ka enjene se neng se laetse litente, lipitsa le mabokose a mangata a libuka tsa Bibele—ba nka leeto la lik’hilomithara tse ka bang 800 Nōkeng ea Beni ba tloha Rurrenabaque ba ea Riberalta. Ba ile ba etela metseng ea mahaeng e fetang 70 e qaqolohaneng ’me ba siela batho ba moo libuka tse fetang 800 hammoho le libukana le lipampitšana. Ba ile ba bontša batho ba fetang 700 ba thahasellang hore na thuto ea Bibele e khannoa joang ’me ba khutlela ho ba 200 ho ea ba khannela lithuto tsa Bibele. Ha Lipaki li tloha metseng ena, batho ba ne ba atisa ho re ho tsona, “Ha le ka mpa la lula nako e teletsana ’me la re ruta haholoanyane?” Motsaneng o mong, monna e mong o ile a hla a ba leqoophe a ba a hlabeha ha Lipaki li tsamaea, hobane o ne a batla ho tsoela pele a ithuta. O ile a re: “Ntho eo le e etsang e tšoana le hore le remme sefate. Joale le lokela ho se betla le ho se etsa boreleli hantle.”

Canada

Normand o sebelitse femeng e hloekisang tšepe e Montreal ka lilemo tse ngata. Nakong ea khefu, hangata o ne a bala bukana ea Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla kantineng. Basebetsi-’moho le eena ba ile ba mo bona ha a e bala eaba ba lumela ha a ba memela hore ba tšohle temana ea letsatsi le eena. Nakong ea lipuisano tsena tse khutšoanyane, Normand o ne a leka ka ho khetheha ho bontša kamoo boitsebiso boo bo amanang le bophelo ba lelapa le likamano tsa batho kateng. Ka nako e ’ngoe mookameli e mong o ile a ba teng moqoqong oo eaba hamorao o bitsetsa Normand ofising ea hae ho ea mo babatsa, a bolela hore meqoqo eo e tla ntlafatsa bophelo ba basebetsi ebe e etse hore ho be le litšebelisano tse ntle.

Ha palo ea batho ba bang teng meqoqong eo e se e feta 30, batsamaisi ba ile ba kōpa Normand hore a hlophise lihlotšoana tse nyenyane libakeng tse sa tšoaneng ka har’a feme. O re: “Hona joale letsatsi le letsatsi ke tšoarela lihlopha tse tharo temana ea letsatsi, eo basebetsi-’moho le ’na ba e bitsang likhopotso tsa kamehla. Ba rata temana ea letsatsi haholo hoo ha ke le sieo, e mong oa bona a ntšoarang letsoho. Ebe ha ke fihla, ba mpotsa lipotso moo ba sa kang ba utloisisa teng.” E se e le lilemo tse hlano Normand a thusa basebetsi-’moho le eena hore ba nahane ka temana e itseng ea Bibele letsatsi le letsatsi. Ka lebaka leo, har’a basebetsi-’moho le eena le litho tsa malapa a bona, ho na le batho ba fetang 40 ba amohetseng ’nete.

Barbados

Morali’abo rōna Barker, ea lilemo li 89, o ne a batla ho ba le thuto ea Bibele. Kaha o se a hlōleha ’meleng, ha a sa khona ho ea mosebetsing oa ntlo le ntlo, kahoo o ile a leka ho paka ka thelefono—empa ha aa ka a atleha. O ile a khothatsoa ke puo e ’ngoe sebokeng e neng e bua ka thapelo, eaba o qala ho rapela Jehova ka tieo hore a mo thuse hore a fumane motho eo a ka mo khannelang thuto ea Bibele. Matsatsi a seng makae hamorao, o ile a nka Bibele le limakasine ’me a ipolella hore o tla pakela mang kapa mang ea fetang ka tsela, eaba o ema ka pel’a ntlo ea hae, le hoja e se seterata se phetheselang. O ile a fa monna e mong ea neng a tsoa mosebetsing limakasine. Beke hamorao, ha a le ka pel’a ntlo ea hae hape, o ile a boela a kopana le monna eo. Kaha o ne a ile a bonahala a thahasella limakasine tseo a ileng a mo fa tsona, o ile a mo fa buka ea Seo Bibele e se Rutang, a ba a mo kōpa hore a ithute Bibele le eena. O ile a thaba haholo ha monna eo a lumela. O ile a ithuta le eena ka lekhetlo la pele ho elella bofelong ba March 2008. Hamorao o ile a tseba hore monna eo o lula haufi le ha hae. Ka mor’a libeke tse ’maloa, monna eo o ile a qala ho ea libokeng. Morali’abo rōna o ile a re, “Kea tseba hore Jehova o araba lithapelo, empa ke ne ke sa lebella hore a ka nkaraba kapele hakaalo!”

Chile

Ha morali’abo rōna e mong oa pula-maliboho oa kamehla oa Santiago a theoha tekesi tšimong eo a e sebetsang ka toropong, o ile a lebala faele ea hae e tšetseng limakasine setulong se ka morao. Faele eo e ne e tšetse sehlotšoana sa limakasine le khatiso ea hae ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, e neng e ngotsoe lebitso la hae. Ka lebaka la Tšebeletso eo, matsatsi a mabeli hamorao mokhanni oa tekesi o ile a khona ho fumana morali eo oabo rōna a thusoa ke Lipaki tse ling tseo a ileng a li bona li ntse li paka sebakeng seo. Ha a khutlisetsa faele ea limakasine ho pula-maliboho eo, e ne e tšetse feela khatiso ea hae ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Limakasine li ne li le sieo. Mokhanni o ile a kōpa tšoarelo, a mo hlalosetsa hore bapalami ba bangata ba ne ba phetla limakasine tseo, ebe ba kōpa ho nka e le ’ngoe. Ka letsatsi le le leng limakasine li ile tsa itsamaisa!

Nicaragua

Ernesto, eo e kileng ea e-ba molaoli oa lebotho le khethehileng, o ne a lula toropong e nyenyane e pel’a Lebōpo la Caribbean. Pula-maliboho e mong ea khethehileng ea bitsoang Jairo, ea neng a tsoa karolong e ’ngoe ea naha ho ea bolela litaba tse molemo moo, o ile a kopana le Ernesto ha a le mosebetsing oa ntlo le ntlo, eaba o kōpa ho mo khannela thuto ea Bibele. Le hoja lesole lena la mehleng le ile la hana, Jairo o ile a qophella ho fihlela le lumela. Ha ba ntse ba qoqa, Jairo o ile a bolela hore ntate oa hae e ne e le molaoli oa mabotho a neng a le khahlanong le phetoho e entsoeng ’me a loantša masole a ’muso haufi le moo, empa o ile a shoella ntoeng. Ernesto o ile a tsoela pele ho ithuta eaba o qala ho hatela pele, empa nako ena eohle o ne a ntse a patetse mosuoe oa hae oa Bibele lekunutu le itseng, leo qetellong a ileng a tlameha ho mo bolella lona. A isitse pelo mafisa, o ile a hlalosetsa Jairo hore e ne e le molaoli oa lebotho le ileng la hapa ntate oa hae a ntse a phela le hore ke eena ea neng a ikarabella ka lefu la hae. Ke ’nete hore Jairo o ile a haroha letsoalo, empa o ne a tseba hore seo ke ’nete hobane lintho tse tšosang tseo Ernesto a ileng a mo bolella tsona li ne li lumellana le seo a neng a ile a se bolelloa ke masole a mang ao e neng e le bo-mphato oa ntate oa hae. Ernesto o ne a nahana hore botsoalle ba bona bo tla fella moo. Ho e-na le hore Jairo a hloee morutoana oa hae, o ile a tsoela pele ho ithuta le eena. Ernesto o ile a hatela pele moeeng eaba eena le mofumahali oa hae baa kolobetsoa. Eena le Jairo e ntse e le metsoalle ho tla fihlela lena le holimo.

Venezuela

Ka bophirimela ho naha, barab’abo rōna ba tsoang toropong ea Machiques ba ne ba bolela tšimong eo e leng ka seoelo e sebetsoang pel’a moeli oa Colombia, moo ho lulang matsoalloa a moo. Batho ba moo kaofela ba ile ba mamela! Morena oa motse oa Yukpa o ile a ba fa tumello ea ho tšoarela Sehopotso ka lekhetlo la pele motseng ona. Baahisani hammoho le batsamaisi ba sekolo sa motse ba ile ba fana ka litulo ’me batho ba fetang 200 ba e-ba teng. Ka mor’a seboka seo, ka tlhompho morena o ile a re lebitsong la sechaba: “Re lakatsa ho leboha Lipaki Tsa Jehova. Re tšepa hore lena hase lekhetlo la ho qetela le tla mona. Le re ruta ’nete, kahoo re le amohela ka liatla tse peli!” Hona joale batho ba fetang 50 ba ithuta Bibele beke le beke.

ASIA LE BOCHABELA BO HARE

PALO EA LINAHA 47

PALO EA BAAHI 4 026 656 360

PALO EA BAHOELETSI 618 088

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 538 957

Taiwan

Morali e mong oabo rōna o ile a ngola a re: “Ke ile ka thaba haholo ha qetellong ke kopana le mora oa Ntate lapeng le leng, e leng abuti oa ka eo ke neng ke e-s’o ka ke ’mona hobane eena le lelapa la hae ba lula hōle ’me ha ho bonolo ho ea moo. Ho hlakile hore Ntate le rōna kaofela lapeng re ile ra thaba ha re utloa hore Abuti le lelapa la hae ba ne ba etsa boiteko bo matla hore ba re etele. Kaha moo ba lulang ha ho na Lipaki, ke ne ke lakatsa eka ba ka amohela litaba tse molemo. Ke ile ka thaba hakaakang ha mosali oa Abuti le morali oa bona ba bontša hore ba thahasella Bibele! Leha ho le joalo, ke ne ke ipotsa hore na ke tla ba thusa joang hore ba ithute ho eketsehileng ka merero ea Jehova ha ba khutlela mahaeng moo ba lulang teng. Ba ile ba re ba na le k’homphieutha ’me ba khona ho kena Inthaneteng. ’Na le monna oa ka re ile ra reka k’hamera e hokeloang Inthaneteng e etsang hore batho ba buisanang ba bonane, eaba re e sebelisetsa ho ntšetsa pele thuto ea Bibele le bona ha ba khutlela hae. Ke ile ka hlolloa haholo ha ke bona hore ho ithuta le bona ka mokhoa ona ho sebetsa hantle haholo. Re khona ho bona tsela eo ba ikutloang ka eona ha ba bala Bibele le buka eo re ithutang eona le bona. Sena se etsa hore ke lemohe moo ho hlokahalang hore ke ba thuse teng. Re thabile hore ebe re sebelisa theknoloji ena e etsang hore re khone ho bolella beng ka rōna ’nete, e leng ntho e neng e ke ke ea khoneha.”

Nepal

Purnamaya ea lilemo li 16, o lula motseng o mong o monyenyane, Nepal. Rangoane oa hae o ile a mo pakela ’me a qala ho ithuta Bibele le eena. Hona joale, ka botšepehi o ea libokeng hang ka beke, le hoja li le bohōle ba lihora tse peli le halofo ha motho a tsamaea ka bese. Ha ho bonolo ho etsa sena. Batsoali ba hae ka bobeli ba tšoeroe ke lepera, ka hona ba futsanehile haholo. Purnamaya o tsoha ka malungoalungoana ho ea thuha majoe ho etsa kerabole e mo kenyetsang chelete eo a phelisang lelapa labo ka eona, ho phaella mesebetsing ea lelapa e kang ho pheha le ho hlatsoa. O boetse o kena sekolo. Chelete ea ho palama bese ho ea libokeng e lekana le moputso oa letsatsi oa motho ea sebetsang. Ka linako tse ling batsoali ba hae ba leka ho mo khothalletsa hore a mpe a ee kerekeng e hona moo motseng. Empa Purnamaya oa tseba hore a ka ithuta ka Jehova Holong ea ’Muso feela, ka hona, o etsa sohle se matleng a hae e le hore a khone ho ea. Morao tjena o ile a ba a tlameha ho rekisa oache ea hae, eo a neng a e filoe ke nkhono oa hae. Hase feela hore ha a le libokeng o fana ka litlhaloso hantle, empa le motseng o bolella batho ka seo a ithutileng sona. O khothatsa bohle ba mo tsebang.

Malaysia

Nakong eo Malaysia e neng e sa le kolone ea Brithani, ho ile ha tlisoa basebetsi ba likete hore ba tl’o sebetsa masimong a rabara. Ba ile ba haheloa matlo metsaneng e haufi le masimo ao ’me boholo ba metsana eo e sa le teng le kajeno. Bongata ba metsana eo e libakeng tseo ho leng thata ho fihla ho tsona ’me ha e hlahe limmapeng. Ha phutheho e ’ngoe e ne e sebetsa tšimo e sa abuoang, e ile ea khona ho fihla metsaneng ena e haufi le masimo a rabara. Bahlankana ba bang ba babeli, ba neng ba se ba amohetse limakasine, ba ile ba bontša thahasello e khōlō mosebetsing oa barab’abo rōna oa ho bolela. Ba ile ba ea ho barab’abo rōna ’me ba ithaopela ho ba bontša tsela e eang metsaneng e meng. Barab’abo rōna ba ne ba sa tsebe sebaka seo, athe bona ba ne ba se tseba hantle. Ba ile ba palama lithuthuthu tsa bona ’me ba etella likoloi pele pakeng tsa masimo, litselaneng tse liretse le mebileng ea kerabole, ba tsamaea metsotso e ka bang 45 ha ba tloha motsaneng o mong ho ea ho o mong. Ba ile ba isa barab’abo rōna masimong ao ho neng ho se mohla Lipaki li kileng tsa fihla ho ’ona. Ha barab’abo rōna ba ntse ba paka, bahlankana bao ba ne ba khothalletsa batho ba motse hore ba nke limakasine tseo ’me ba tiise hore baa li bala. Ba ile ba isa barab’abo rōna metsaneng e meraro e ka thōko. Ka lebaka la ho re bahlankana bao ba ile ba thusa ka ho hloka boithati, ho ile ha fanoa ka bopaki bo boholo bathong bao le ka mohla ba neng ba e-s’o ka ba utloa litaba tse molemo. Mafelo-bekeng ao, bahoeletsi ba 50 ba tsoang phuthehong ena ba ile ba tsamaisa limakasine tse fetang 5 000.

EUROPE

PALO EA LINAHA 47

PALO EA BAAHI 733 775 190

PALO EA BAHOELETSI 1 542 507

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 789 219

Russia

Tatyana o tšoeroe ke kankere ea boko. Ka mor’a hore a etsoe opereishene e khōlō lilemong tse ’maloa tse fetileng, o ile a behoa phaposing ea bakuli bao ho se nang tšepo ea hore ba tla fola. Moruti oa kereke ea Orthodox o ile a etela phaposing eo e le hore bakuli ba ka ipolela libe pele ba shoa. Tatyana o ile a lemoha hore mosali e mong ka phaposing o ile a fa moruti eo chelete. Ha moruti a se a tsamaile, Tatyana o ile a botsa mosali eo hore na o ikutloa a imolohile. Mosali eo o ile a araba a nyahame, a re: “Che, ha kea utloa le hore na o ne a ntse a re’ng.” Joale Tatyana o ile a mo bolella litaba tse molemo mabapi le tšepo ea tsoho. Mosali eo o ile a leboha Tatyana eaba o re: “Joale ke ikutloa ke imolohile!” Mookameli oa tleliniki eo o ile a utloa se etsahetseng ’me a bolella moruti hore a se ke a hlola a khutla. Eaba Tatyana o isoa phaposing e ’ngoe e le hore a ka bua le ba bang. Mookameli eo oa tleliniki o ile a ba a batla aterese ea moo Lipaki Tsa Jehova li tšoarelang liboka teng. Pele Tatyana a kena sepetlele, o ne a ile a kōpa Jehova hore a mo fe matla a hore a tsoele pele a bolela litaba tse molemo. O kholisehile hore Jehova o arabile thapelo ea hae. Khoeling eo, o ile a tlaleha lihora tse fetang 100! Le hoja boemo ba hae bo ile ba mpefala ka mor’a moo ’me hona joale a se a sitoa ho tloha lapeng, o ntse a eteloa ke batho bao a ileng a ba bolella litaba tse molemo ha a ntse a ea sepetlele khafetsa.

Georgia

Baralib’abo rōna ba babeli ba ile ba abeloa ho ba bo-pula-maliboho ba khethehileng ba nakoana sebakeng se seng seo ho sona ho neng ho se na Lipaki Tsa Jehova. Ba ile ba lahleha ha ba ntse ba lekola tšimo ea bona e ncha. Eare ha ba ntse ba tsamaea ka thata lehloeng le pakellaneng ho ea fihla mangoleng ’me ba leka ho fumana tsela e lebang moo ba lulang teng, eaba baa khathala, serame le sona sa ba qotha. Qetellong, ba ile ba bona mohlala oa maoto a motho ea neng a leba ntlong e ’ngoe, eaba baa hoeletsa. Mosali e mong ea bitsoang Khatuna o ile a tsoa keiting eaba hang-hang o re ba kene ka tlung ea hae e futhumetseng ’me ba ile ba ananela seo haholo. Ka mor’a hore Khatuna a utloe hore bobeli ba bona ke Lipaki Tsa Jehova, o ile a ba hlalosetsa hore nakong eo ba ntseng ba lahlehile ba batla tsela lehloeng, eena le lelapa la hae ba ne ba ntse ba rapela hore Molimo a ba bontše ’nete. Joale metsotso e ’maloa hamorao bo-pula-maliboho bao ba babeli ba tla ha hae. Khatuna o ile a re ruri eo e ne e le karabo ea lithapelo tsa bona! Kajeno, litho tse ’nè tsa lelapa lena li ithuta Bibele ’me ba babeli, e leng Khatuna le ’mè-matsale oa hae, e se e le bahoeletsi ba sa kolobetsoang.

Brithani

Reston, eo le ka mohla a neng a e-s’o ka a sebelisa mokhoa o tobileng oa ho qala lithuto tsa Bibele, o ile a etsa qeto ea hore a ke a o leke. Pele a kokota ntlong ea pele, o ile a rapela hakhutšoanyane, a kōpa Jehova hore a mo thuse a be le tšepo ea hore lintho li tla tsamaea hantle. Joale ka ho toba o ile a kōpa Andy, e leng mong’a ntlo, hore a ithute Bibele le eena, eaba Andy o lumela hang-hang. Reston o ile a ikemisetsa hore hamorao letsatsing lona leo, o tla mo isetsa buka ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? Ha a khutlela teng ka bese, Reston o ile a hlokomela hore mokhanni e ne e le monna eo a tloaetseng ho mo fa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Kaha o ne a khothalitsoe ke tsela eo Andy a ileng a araba ka eona hoseng hoo, o ile a etsa qeto ea hore ha bese e ema, o tla kōpa mokhanni hore na a ka rata ho ithuta Bibele le eena.

Khabareng, mopalami e mong ea seng a hōlile hona ka beseng eo, o ile a lemoha hore Reston ke Paki ’me a mo kōpa hore a etele motsoalle oa hae ea kulang ho ea mo rapella. Reston o ile a re o tla thabela ho buisana le eena le ho mo isetsa matšeliso a tsoang ka Bibeleng. A sebelisa buka e le ’ngoe eo a neng a e nkile ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, o ile a bontša mopalami eo hore na ho ithuta Bibele ho ka mo thusa joang. Mosali enoa o ile a re a ka thabela ho khanneloa thuto. Ha ba ntse ba bua, ba ne ba mametsoe ke mohlankana e mong ea lutseng setulong se haufi le bona. O ile a khahloa ke litšoantšo tse bukeng eo. Kahoo, a thabile, Reston o ile a mo fa buka eo. Ha bese e ema, Reston o ile a botsa mokhanni hore na a ka thabela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng. O ile a makala ha mokhanni eo a lumela ho ithuta le eena ka thabo, a ba a re o na le lipotso tse ngata ka Bibele. Ka potlako Reston o ile a ea ha mora e mong oabo rōna ea lulang haufi le moo ho ea kōpa buka e ’ngoe ea Seo Bibele e se Rutang ’me a qetella a fihlile ha Andy mantsiboeeng ao. Andy o ile a thabela ho fumana buka eo. Ba ile ba qala ho ithuta Bibele ’me ho e-s’o ee kae, Andy o ne a se a ntse a sebelisa seo a ithutang sona. Andy le mokhanni oa bese ba tla libokeng ’me Reston o ithuta Bibele le batho ba 15, bao kaofela ha bona a ileng a ba kōpa ka ho toba hore a ithute Bibele le bona. Hona joale o etsa bonnete ba hore o lula a e-na le libuka tse ’maloa tsa Seo Bibele e se Rutang ha a le boboleling.

François le Monica hammoho le bana ba bona ba babeli ba ne ba khutlela koloing, ka mor’a ho ba tšebeletsong ea tšimo hoseng ho hong. Leha ho le joalo, morali oa bona ea lilemo li peli le likhoeli tse tšeletseng, e leng Shaé, o ne a sa batle ho kena ka koloing ho fihlela a fa motho e mong pampitšana ea hae ea ho qetela. Ka eona nako eo, ho ile ha fihla koloi e ileng ea paka haufi le bona ’me basali ba babeli ba theoha ho eona. Shaé o ile a thabela ho fa mosali e mong pampitšana eo ea hae, e nang le sehlooho se reng Bophelo Lefatšeng le Lecha la Khotso eaba Monica o ba hlalosetsa hore na e bua ka eng. Mosali eo ea bitsoang Sierra, o ile a re a ka rata ho ithuta ho eketsehileng ’me a re Monica a mo etele lapeng ho ea ithuta Bibele le banab’abo ba babeli ba banana ba lilemong tsa bocha. Ha Monica a tlil’o khanna thuto ka lekhetlo la pele, Sierra o ile a botsa hore na bara ba hae ba babeli le bona ba ka khanneloa thuto ea Bibele. Hamorao, mora oa ausi oa Sierra le eena o ile a ithuta le bona. Sierra le eena o ne a e-ba teng kamehla nakong ea thuto ’me a botsa lipotso tse ngata. Qetellong, le eena o ile a lumela ho khanneloa thuto. Eaba ho latela monna oa hae. Ka mor’a moo, ’mè oa Sierra le eena o ile a kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele, ha ntan’o latela litho tse ling tsa lelapa hammoho le metsoalle e meng ea bona. Boikemisetso ba Shaé ba hore a batle ho fana ka pampitšana ea ho qetela bo ile ba etsa hore batho ba 11 ba qetelle ba ithuta Bibele. Ba bane ba batho bana ba ea libokeng tsa phutheho kamehla.

Italy

Jennifer o kopanela Phuthehong ea Milan e buang Serussia. Ka makhetlo a ’maloa, o ne a lula a buisana le mosali e mong oa Moukraine ea bitsoang Valentina, empa o ne a e-s’o ka a kopana le eena. Ka letsatsi le leng ba ile ba lumellana hore ba e’o kopana seteisheneng sa terene. Valentina o ile a bolella Jennifer hore o tla apara baki e khubelu e le hore a tle a mo tsebe ka eona. Ha Jennifer a fihla seteisheneng, o ile a bona mosali ea apereng baki e khubelu ’me ho ne ho bonahala a emetse motho e mong. Jennifer o ile a ea ho eena eaba o re: “Lumela, na ke uena Valentina?” Mosali eo o ile a re ke eena, eaba Jennifer o re: “Ke ’na Jennifer.” Mosali eo ha aa ka a mo araba. A batla a eme hlooho, Jennifer o ile a re: “E tlameha ebe u emetse ’na.”

Mosali eo o ile a re: “Che.” Ho ile ha fumaneha hore mosali eo le eena e ne e le Moukraine, lebitso la hae e le Valentina ’me o ne a apare baki e khubelu; empa o ne a emetse motho e mong! Jennifer o ile a tšeha ’me a hlalosa se etsahalang. O ile a re a ka thabela ho bolella Valentina molaetsa o tsoang Bibeleng, oo a neng a tl’o o bolella Valentina e mong. Valentina o ile a lumela ’me a mamela ka hloko. Ka mor’a moo, o ile a bontša Jennifer sekhechana sa pampiri eo ho eona a ngotseng Pesaleme ea 91 ka letsoho, a hlalosa hore ke motho ea ratang Bibele. Jennifer o ile a qala thuto ea Bibele le Valentina enoa. Ho ile ha etsahala’ng ka Valentina eloa e mong? Ka mor’a moo, Jennifer o ile a kopana le eena ’me le eena a lumela ho khanneloa thuto ea Bibele.

Romania

Mor’abo rōna e mong o ile a etela motho e mong eo a mo tloaetseng ’me a tšohla Mangolo le eena le mosali oa hae. Ba ne ba thahasella haholo seo Bibele e se rutang ka kamano ea monna le mosali, empa ba ne phathahane haholo, ba se na nako ea ho ithuta Bibele. Banyalani bao ba ne ba nka bophelo bo botle e le ba bohlokoa ’me letsatsi le leng le le leng monna o ne a matha lik’hilomithara tse robeli. Ka mor’a hore mor’abo rōna a leke ka makhetlo ho fumana nako ea ho ithuta Bibele le bona, o ile a etsa qeto ea ho kōpa ho matha le monna eo. Monna eo o ile a thabela seo. Leha ho le joalo, mor’abo rōna o ne a sa ka a ikoetlisa pele ’me ka potlako o ile a lemoha hore ho boima hore motho a pake a ntse a matha! Mor’abo rōna o ile a re: “Ke ile ka khona ho mo bolella litaba tse molemo ke apere liaparo tsa ho matha ke bile ke sa nka Bibele, ke qotsa mangolo ka hlooho.” Ka mor’a hore mor’abo rōna a mathe le eena ka makhetlo a ’maloa, banyalani bana ba ile ba thahasella haholoanyane ’me ba qala ho ithuta Bibele lapeng kamehla. Hona joale monna eo ke mohoeletsi ea sa kolobetsoang. Oa cheseha tšebeletsong ’me eena hammoho le mora le morali oa hae ba ngolisitse Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo.

OCEANIA

PALO EA LINAHA 30

PALO EA BAAHI 37 545 115

PALO EA BAHOELETSI 97 329

PALO EA LITHUTO TSA BIBELE 55 266

Australia

Mor’abo rōna e mong oa pula-maliboho oa ngola: “Mosali e mong ea bitsoang Pam, eo leng ngaka, o ile a kōpa hore ke lule ke mo tlisetsa limakasine tsa morao-rao. Ke motho ea phathahaneng haholo, kahoo, ka likhoeli tse tšeletseng ke ntse ke ea ha hae, ke ile ka mo fumana hanngoe feela, ka hona ke ne ke lula ke siea limakasine tlas’a lemati la hae ebe ke mo ngolla molaetsa o khothatsang. Ka mor’a likhoeli tse supileng ke leka ho kopana le eena, ke ile ka siea limakasine tlas’a lemati la hae le memo ea kopano ea setereke e neng e le haufi. Ke ne ke ngotse linomoro tsa ka tsa thelefono empa ha aa ka a ntetsetsa. Ka November, ka mor’a kopano, ke ile ka ea ha hae hape eaba ke fumana Pam a mpehetse lengolo monyako.

“Lengolong leo, Pam o ile a re o thabela ho bala limakasine tseo haholo ’me o li fetisetsa ho batho bao a sebetsang le bona. Bona ba li fetisetsa ho bakuli sepetlele. Eaba o bolela kamoo a thabetseng ‘’moka’ kateng. O ile a bala memo eane eaba o nka matsatsi a mararo mosebetsing hore a be teng kopanong. O re o ile a etsa likopi tsa memo eo eaba o li kenya lishelefong tsa poso tsa basebetsi-’moho le eena a bile a ngotse hore haeba ba lakatsa ho ea, ba mo founele. Ha beke e fela, basebetsi-’moho le eena ba 16—bao kaofela e leng lingaka—le bona ba ile ba etsa litokisetso tsa ho ikōpa mosebetsing ka matsatsi a mararo hore ba be teng kopanong. Batho bana bohle ba 17 ba thahasellang ba ile ba e-ba teng kopanong ena ea matsatsi a mararo ka lebaka la memo e le ’ngoe feela e ileng ea siuoa monyako! Hona joale Pam o khanneloa thuto ea kamehla ka buka ea Seo Bibele e se Rutang ebile o hlophisitse hore sehlopha sohle se neng se ile kopanong se tšohle Bibele hammoho.”

Mor’abo rōna e mong o re: “Ha ke feta ntlong e ’ngoe moo Lipaki li boleletsoeng hore li se ke tsa hlola li etela teng, ke ile ka bona monna le mosali foranteng, ba hloname ba bile ba ntse ba lla. Ke ne ke sitoa ho ba feta feela empa ho hlakile hore ba hloka thuso, kahoo ke ile ka ea ho bona eaba kea ba botsa hore na nka ba thusa ka eng. Banyalani bao ba ile ba re ke kene ka tlung eaba ba mpolella mathata a bona. Ba ne ba qetetse ho bona morali oa bona lilemong tse tharo tse fetileng. Mosali o ne a tl’o etsa opereishene ea kankere, kahoo o ne a sa tsebe hore na ebe o tla phela. O ne a tšohile hore mohlomong a ke ke a hlola a bona morali oa hae. Matsatsi a ’maloa pejana ho moo, ba ne ba ile ba ea ho moruti oa kereke eo ba neng ba e kena ea batho ba reng baa folisa, empa ha aa ka a nkela taba eo ea bona hloohong ebile ha ho letho leo a ileng a le etsa. Ke ile ka ba bontša hore Mangolo a re Jehova o haufi le ba lipelo li robehileng.

“Hoo e ka bang hora hamorao, motho e mong o ile a kokota monyako. Qalong ke ne ke nahana hore ke moruti oa kereke ea bona. Leha ho le joalo, ke ile ka bona ho kena kharebe e apereng hantle. E ne e le morali oa bona ea nyametseng ka nako e telele! E ne e le likeleli feela ka tlung, kahoo ke ile ka re ho molemo hore ’na ke mpe ke tsamaee. Leha ho le joalo, morali oa bona o ile a ’makatsa ha a re a ka lakatsa hore ke lule hobane ho na le ntho eo a ratang ho e bolella batsoali ba hae. Eaba o hlalosa hore o ile a qala ho noa le ho sebelisa lithethefatsi ’me seo se ile sa mo etsa lerantha, empa joale ho ithuta Bibele ho entse hore a khutlele lapeng ho tla lokisa litaba le batsoali ba hae. O ne a sa tsoa kolobetsoa e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova.”

Matsatsi a ’maloa hamorao moruti o ile a tla eaba o bolelloa hore morali o khutlile hobane e se e le e mong oa Lipaki Tsa Jehova. O ile a tsoa a thōtse tu! Moo a reng oa tsamaea, ke ha ntate oa moo a mo bitsa a mo kōpa hore a tl’o nka lengolo le tafoleng—e ne e le lengolo la ho itokolla kerekeng.

Papua New Guinea

Sehlopha sa bara le barali babo rōna ba 23 se ile sa ikemisetsa ho ea paka tšimong e sebetsoang seoelo. Leeto la bona le ne le hlile le le thata kaha ba ne ba tsamaea ka maoto, etsoe ba ne ba tlameha ho hloa lithaba le ho tšela linōka. Motseng o mong morali’abo rōna o ile a kopana le moruti oa kereke ea Chache ea ileng a thabela ho utloa ha Daniele 2:44 e hlalosoa. O ile a re ho morali eo oabo rōna, “Rōna mona re itšoanela le linku tse lahlehileng.” O ile a nka limakasine le libukana a ba a kōpa Bibele.

Matsatsi a mararo hamorao, motseng o mong baralib’abo rōna ba babeli ba ile ba bua le likharebe tse peli tse ileng tsa thabela ho utloa molaetsa oa ’Muso. Ha ntate oa bona a khutla masimong mantsiboeeng oona ao, ba ile ba mo bolella seo ba ithutileng sona Bibeleng. Ntate oa bona o ile a re a ka rata ho ikutloela molaetsa ona o monate ka litsebe tsa hae tse peli. O ile a lokisetsa ho ea bona bara le barali babo rōna kaofela ntlong eo ba fihletseng ho eona. Kaha monna eo e ne e le morena oa motse, o ile a lokisetsa hore barab’abo rōna ba pheheloe ’me ba isetsoe lijo. Hamorao mantsiboeeng ao o ile a fihla moo ba lulang a nkile lebone, a felehelitsoe ke batho ba bang ba motse. Ba ile ba re: “Re ne re maketse ha re le bona, hobane lena ke lekhetlo la pele Lipaki Tsa Jehova li tla motseng oa rōna.” Barab’abo rōna ba ile ba ba bontša hore boeti ba bona bo thehiloe ho Matheu 24:14. Ba ba hlalosetsa litlhohonolofatso tse tla tlisoa ke ’Muso eaba ba ba fa lingoliloeng.

Letsatsing la bohlano la leeto la bona, barab’abo rōna ba ile ba fihla motseng o mong hoo e ka bang ka hora ea pele motšehare. Kaha baahi ba moo ba ne ba nahana hore ba tl’o robaletsa, ba ile ba etsetsa barab’abo rōna lephephe leo ba ka robalang ho lona. Leha ho le joalo, barab’abo rōna ba ile ba hlalosa hore ba batla ho bua le motho e mong le e mong ba be ba tsamaee letsatsing lona leo. Baahi bohle ba motse oo ba ile ba fuoa bopaki bo matla ’me bona ba ne ba akarelletsa morena oa moo, ea ileng a amohela lingoliloeng eaba o fa barab’abo rōna likokonate, libanana le liphopho.

Fiji

Sebakeng se seng sa mahaeng, bo-pula-maliboho ba kamehla ba ea tšimong ka maoto, ba tsamaea litseleng tse lerōle kapa tse liretse. Nagamma le morali oa hae, Reshma, bao e leng bo-pula-maliboho ba kamehla, ba ile ba mema Ushla, e leng morali’abo rōna oa sefofu ea neng a nkile bopula-maliboho ba khoeli e le ’ngoe hore a tsamaee le bona ha ba ea tšebeletsong. Ba ne ba tsamaea lik’hilomithara tse ngata letsatsi le letsatsi ba mo kentse lipakeng. Ka le leng la matsatsi ha ho ne ho chesa ho bile ho le mongobo, lelapa le leng le ne le lutse foranteng ea ntlo le shebile ha barali bana babo rōna ba bararo ba ntse ba leka ho qoba likotjana tsa metsi tseleng e liretse. Eaba lelapa leo le bona ha morali’abo rōna ea sa boneng a qaputsa ka metsing ’me a qaphaletsoa ke seretse leotong. Baralib’abo rōna ba ile ba ema eaba ba mo hlakola leoto. A labalabela ho tseba hore na ho etsahala’ng, ntate oa moo o ile a bitsa barali bao babo rōna. Eaba o re: “Mehla ena re le bona ka boraro ba lōna le feta mona. Le ee be le e-ea hokae?” Ba ile ba hlalosa hore ba ea moo ba khannang thuto ea Bibele teng. Ha monna eo a araba o ile a re haeba molaetsa oa bona ke oa bohlokoa hoo ba nkang leeto le lelelele hakaalo ho ea o ruta batho ba bang, le eena o batla ho o utloa! Lelapa lena le ile la qala ho khanneloa thuto.

Guam

Liza, ke mosetsana oa tsoang Philippines ea neng a lula moo a sebetsang teng sehlekehlekeng sa Tinian. Hangata ha Lipaki Tsa Jehova li ne li ile ntlong eo, o ne a kōpa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Le hoja a ne a re o rata ho bala limakasine tseo, ha e le hantle o ne a besa mollo ka tsona.

Mathoasong a 2007, Liza o ile a felloa ke mosebetsi, kahoo o ne a robala lebōpong la leoatle hobane a se na moo a lulang teng. Ka letsatsi le leng, o ile a tsamaea pel’a Holo ea ’Muso ea sebakeng seo, moo baralib’abo rōna ba babeli ba neng ba lutse ka ntle tlas’a moriti. Ba ile ba re Liza a tl’o ja limango le bona ’me ba ile ba qoqa hamonate. Letsatsing le hlahlamang ha a feta Holong eo ea ’Muso, baralib’abo rōna ba ile ba bua le eena hape ’me eare ha ba ntse ba qoqa, a re: “Ke lakatsa eka ka letsatsi le leng nka tla kerekeng ea lōna.” Le hoja baralib’abo rōna ba ile ba soaba hore ba ne ba e-s’o mo meme, ba ile ba mo khothalletsa hore a tle mantsiboeeng ao. O ile a lumela a tšepile hore Lipaki li tla mo thusa hore a fumane mosebetsi.

Nakong ea seboka, Liza o ile a hlolloa ha a bona hore bara le barali babo rōna hase baikaketsi ebile ba amehile ka batho ba bang ho tsoa pelong. Sena se ile sa etsa hore Liza a lle, hobane a ne a lemoha hore o tlile sebokeng seo ka mabaka a boithati feela. O ile a boela a hopola limakasine tsohle tseo a ileng a li chesa. Kaha o ile a angoa ke lerato leo bara le barali babo rōna ba ileng ba mo bontša lona, ho tloha mohlang oo, o ile a ea sebokeng se seng le se seng eaba o ithuta Bibele kamehla. O ile a fumana mosebetsi, a tšoaneleha ho ba mohoeletsi, eaba o kolobetsoa ka February 2008.

[Setšoantšo se leqepheng la 45]

Madalena

[Setšoantšo se leqepheng la 48]

Ba khanna Thuto ea “Molula-Qhooa” ka seketsoaneng

[Setšoantšo se leqepheng la 50]

Morali’abo rōna Barker o letetse bafeta-ka-tsela ka mamello hore a ba bolelle litaba tse molemo

[Setšoantšo se leqepheng la 53]

Purnamaya o etsa kerabole e le hore a fumane chelete ea ho phelisa lelapa labo

[Setšoantšo se leqepheng la 54]

Ho pakeloa mosali oa Moindia masimong a rabara

[Setšoantšo se leqepheng la 57]

Reston o ithuta le Andy

[Setšoantšo se leqepheng la 58]

Shaé

[Setšoantšo se leqepheng la 63]

Nagamma le Reshma ba thusa Ushla

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela