Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb14 maq. 78-81
  • Sierra Leone le Guinea

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sierra Leone le Guinea
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2014
yb14 maq. 78-81

Sierra Leone le Guinea

LILEMONG tse ka bang 500 tse fetileng, sefate sa k’hothone se ile sa mela pel’a molomo oa Nōka ea Sierra Leone ’me sa atleha. Lilemong tse 300 ha sefate sena se ntse se hōla, ho ’nile ha feta batho ba mahlomoleng pel’a sona. Bahoebi ba sehlōhō ba rekisang makhoba ba ile ba nka banna, basali le bana ba 150 000 ka likepe ’me ba ba rekisa e le makhoba linaheng tsa mose.

Sefate sa K’hothone se Tsebahalang sa Freetown

Ka la 11 March, 1792, makhoba a makholo a lokolotsoeng Amerika a ile a bokana tlas’a Sefate sena sa K’hothone e le ha a ikhopotsa ho khutlisetsoa Afrika. Letsatsing leo a ile a theha motse oa Freetown oo lebitso la oona le hlalosang tšepo eo esaleng a e-na le eona. Makhoba a lokolotsoeng a ile a ’na a fihla ho fihlela motse oo o tletse merabe ea Maafrika e fetang 100. Baahi bana ba bacha ba ile ba nka hore Sefate seo sa K’hothone ke letšoao la tokoloho le tšepo.

E se e ka ba lilemo tse 100 Lipaki Tsa Jehova tsa Sierra Leone li tšelisa baahelani ba tsona ka tšepo ea tokoloho e fetang eo hōle—e leng “tokoloho e khanyang ea bana ba Molimo.” (Bar. 8:21) Tokoloho ena e tla ba lokolla sebeng le lefung ha ’Muso oa Molimo oa Bomesia o tlisa khotso le Paradeise lefatšeng.—Esa. 9:6, 7; 11:6-9.

Ofisi ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova ea Sierra Leone e ’nile ea hlokomela mosebetsi oa boboleli o etsoang naheng ea Guinea ka lilemo tse 50. Naha ena ea boahelani e ’nile ea thulana le mathata a lipolotiki, a sechaba le a moruo, a ileng a susumelletsa baahi ba eona ba bangata hore ba amohele molaetsa o khothatsang oa Bibele.

Lipaki Tsa Jehova tsa Sierra Leone le Guinea li ’nile tsa phatlalatsa litaba tse molemo ho sa tsotellehe litšitiso tse ngata tseo li ileng tsa tobana le tsona. Litšitiso tsena li akarelletsa ho phela ka thata, bofutsana, ho se tsebe ho bala le ho ngola, litloaelo tse metseng ka metso, ho se utloane ha merabe le pefo e nyarosang. Tlaleho e latelang e fana ka bopaki ba tumelo e sa thekeseleng le boinehelo ba bahlanka bana ba tšepahalang ba Jehova. Re tšepa hore tlaleho ea bona e tla ama pelo ea hao ’me e matlafatse tumelo ea hao ho “Molimo ea fanang ka tšepo.”—Bar. 15:13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela