Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w15 11/15 leq. 15
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ntoa ea Jeriko—Tšōmo kapa ’Nete?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lebitso la Jehova le Bokhabane Hakaakang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • “Testamente ea Khale” e ka Lumeloa Hakae?
    Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho?
  • Marako a Jeriko
    Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
w15 11/15 leq. 15
Baprista ba letsa manaka a lipheleu, Joshua o etsa mohoo oa ntoa, ’me marako a Jeriko a qala ho oa

LIPOTSO TSE TSOANG HO BABALI

Baepolli ba lintho tsa khale ba fumane eng e bontšang hore Jeriko e ile ea hapuoa ka nako e khutšoanyane?

Joshua 6:10-15, 20 e re masole a Baiseraele a ile a qeta matsatsi a tšeletseng a ntse a potoloha motse oa Jeriko hang ka letsatsi. Ka letsatsi la bosupa, a ile a potoloha motse ka makhetlo a supileng. Joale Molimo a liha marako a maholo a Jeriko, ’me Baiseraele ba hapa motse oo. Na ho na le ntho eo baepolli ba lintho tsa khale ba e fumaneng e bontšang hore motse oa Jeriko o ile oa thibelloa ka nako e khutšoanyane, feela joalokaha Bibele e bolela?

Mehleng ea boholo-holo, masole a ne a pota-pota marako a motse ho o thibella, a loketse ho o hlasela. Haeba motse o thibetsoe nako e telele, batho ba ne ba ja boholo ba lijo tseo ba li bolokileng. Ha masole a hapa motse oo, a ne a nka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang ho akarelletsa le lijo tse setseng. Ke kahoo baepolli ba lintho tsa khale ba sa kang ba fumana lijo tse kaalo lithakong tsa metse ea Palestina e ileng ea hlaseloa ka tsela ena. Empa ba ile ba fumana se fapaneng lithakong tsa Jeriko. Biblical Archaeology Review e re: “Ba ile ba fumana lijana tsa letsopa le lijo-thollo tse ngata.” E phaella ka ho re: “Ke ho sa tloaelehang ho fumana lijo-thollo tse ngata hakaalo.”

Bibele e re Baiseraele ha baa ka ba nka lijo Jeriko hobane Jehova o ne a ba laetse hore ba se ke ba li nka. (Joshua 6:17, 18) E boetse e re Baiseraele ba ile ba hlasela Jeriko nakong ea selemo, ka mor’a kotulo ’me ho e-na le lijo-thollo tse ngata motseng. (Joshua 3:15-17; 5:10) Kahoo, taba ea hore ho ne ho ntse ho e-na le lijo-thollo tse ngata Jeriko ka mor’a hore e thibelloe, e bontša hore e ile ea thibelloa ka nako e khutšoanyane, feela joalokaha Bibele e boletse.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela