Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mrt sehlooho 49
  • Bibele e Re’ng ka ho Rapela Litšoantšo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele e Re’ng ka ho Rapela Litšoantšo?
  • Lihlooho Tse Ling
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Litšoantšo li ka U Atametsa Haufi le Molimo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Na Molimo o Lokela ho Rapeloa ka Litšoantšo?
    Tsoha!—2008
  • Litšoantšo
    Tsoha!—2014
  • Na re Lokela ho Rapela Litšoantšo?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
Bala Tse Ling
Lihlooho Tse Ling
mrt sehlooho 49
Mopapa Francis o iname ka pel’a setšoantšo sa Maria.

LULANG LE LEBETSE!

Bibele e Re’ng ka ho Rapela Litšoantšo?

Mokhatlo oa Catholic News Service o fanang ka litaba tsa bolumeli, o bontša hore ka la 25 March 2022 ho ne ho tšoaretsoe tšebeletso kerekeng ea St. Peter’s Basilica ’me Mopapa Francis o ne a eme ka pel’a setšoantšo sa Maria a “koetse mahlo ’me a lihile hlooho a rapella ka pelong.” O ile a kopa khotso ho Maria. Websaete ea Vatican News eona e ile ea re “Mopapa o ile a etsa thapelo ho halaletsa batho, haholo-holo ba Russia le Ukraine. Thapelo ena e ne e etsoa bakeng sa “Pelo e se Nang Sekoli ea Maria.”

O nahana eng ka taba ee? Na ho loketse hore re rapele litšoantšo? Hlokomela litemana tsa Bibele tse latelang:

  • “U se ke ua iketsetsa setšoantšo se betliloeng kapa sebōpeho se tšoanang le ntho leha e le efe e holimo maholimong kapa e tlaase lefatšeng kapa e metsing ka tlas’a lefatše. U se ke ua li inamela kapa ua hlohlelletsoa hore u li sebeletse, hobane ’na Jehova Molimo oa hao ke Molimo ea batlang boinehelo bo khethehileng.”​—Exoda 20:​4, 5.a

  • “Litšoantšo tsa bona tse rapeloang ke silevera le khauta, mosebetsi oa matsoho a motho oa lefatše. Li na le melomo, empa ha li bue; li na le mahlo, empa ha li bone; li na le litsebe, empa ha li utloe. Li na le linko, empa ha li fofonele. Li na le matsoho, empa ha li ame. Li na le maoto, empa ha li tsamaee; ha li ntše molumo ka ’metso ea tsona. Ba li etsang ba tla ba feela joaloka tsona, bohle ba li tšepileng.”​—Pesaleme ea 115:​4-8.

  • “Ke ’na Jehova. Ke lona lebitso la ka; ’me nke ke ka fa e mong khanya ea ka, kapa ka fa litšoantšo tse betliloeng thoriso ea ka.”​—Esaia 42:8.

  • “Le balehele borapeli ba litšoantšo.”​—1 Bakorinthe 10:14.

  • “Le itebele litšoantšong tse rapeloang.”​—1 Johanne 5:21.

Bala sehlooho se reng “Bible’s Viewpoint​—Images” (“Bibele e Re’ng ka ho Rapela Litšoantšo?”) kapa u shebelle video e reng Na Molimo o Batla Hore re Sebelise Litšoantšo ha re mo Rapela? e le hore u fumane lintlha tse eketsehileng ka hore na Bibele e re’ng ka ho sebelisa litšoantšo ha re rapela.

U ka ’na oa thabela ho utloa seo Bibele e se buang ka lihlooho tsena:

  • “The Virgin Mary​—What Does the Bible Say About Her?” (“Bibele e Re’ng ka Maria Mofereko?”)

  • “Should You Pray to the Virgin Mary?” (“Na re Lokela ho Rapela Maria Mofereko?”)

  • “Mehlolo le Lipono Tsa Mohlolo​—Na ke Lipontšo Tse Tsoang ho Molimo?”

  • “Khotso e Tla Tla Joang Lefatšeng?”

Photo credit: Vincenzo Pinto/AFP via Getty Images

a Jehova ke lebitso la Molimo. (Pesaleme ea 83:​18) Sheba sehlooho se reng “Jehova ke Mang?”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela