Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • ijwex sehlooho 9
  • Moruti o Fumana Likarabo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Moruti o Fumana Likarabo
  • Lipale Tsa Lipaki Tsa Jehova
Lipale Tsa Lipaki Tsa Jehova
ijwex sehlooho 9
Morali’abo rona o balla moruti ea ntseng a lla Bibele.

Moruti o Fumana Likarabo

Ka letsatsi le leng Morali’abo rona Eliso o ne a ntse a khannela ’mè e mong thuto eaba ’mè eo o ba le baeti bao a neng a sa ba lebella. Baeti bao e ne e le moruti le mosali oa hae. Morali’abo rona Eliso o ile a utloela hore banyalani bana ba sa tsoa hlokahalloa ke mora oa bona ea mong feela.

Ha Morali’abo rona Eliso a ba bolella hore o masoabi hore ebe ba lahlehetsoe ke mora oa bona, moruti eo le mohatsa oa hae ba ile ba lla haholo. Eaba moruti eo o re ka bohale: “Ha ke utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse hore ke hlaheloe ke ntho e soto hakana. Hobane’ng a nkile mora oa ka a le mong to! ka monoana? Haesale ke sebeletsa Molimo ka lilemo tse 28 kaofela ’me ke etsa lintho tse molemo, joele ee ke tsela eo a ntebohang ka eona? Ke hobane’ng a bolaile mora oa ka?”

Morali’abo rona Eliso o ile a hlalosetsa banyalani bao hore Molimo ha aa nka mora oa bona. O ile a boela a bua le bona ka lihlooho tse kang, thekollo, tsoho ea bafu le hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumelletse lintho tse mpe hore li etsahale. Moruti eo le mosali oa hae ba ile ba bolella Morali’abo rona Eliso hore o ba file likarabo tseo esale ba li rapella.

Beke e hlahlamang moruti eo le mosali oa hae ba ile ba khutla eaba ba kenella thutong ea morali’abo rona le ’mè eo a neng a mo balisa. Morali’abo rona Eliso le ’mè eo ba ne ba bala sehlooho se reng “Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng,” bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibeleng e se Rutang? Banyalani bao ba ile ba kenella moqoqong oo.

Hamorao, bobeli ba bona ba ile ba ea kopanong e khethehileng ea Lipaki Tsa Jehova e neng e tšoaretsoe Tbilisi, Georgia ’me ba ile ba ameha haholo ha ba bona kamoo Lipaki li bontšanang lerato le kamoo li momahaneng kateng, e leng makhabane ao esale ba batla hore litho tsa bona tsa kereke li a bontšane empa li ne li hloleha ho a bontša.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela