Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 1/8 maq. 6-10
  • Botšosi—Bo Susumetsoa ke Eng Hona Hobane’ng?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Botšosi—Bo Susumetsoa ke Eng Hona Hobane’ng?
  • Tsoha!—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Hobane’ng ho na le Tšabo Ireland Leboea?
  • Litšusumetso tsa Botšosi
  • Mokhatlo o Pepesehetseng Tlhaselong
  • Botšosi le Likhopolo tse Peli tse Hanyetsanang
  • Botšosi le Boprofeta ba Bibele
  • Botšosi bo ama bo-mang?
    Tsoha!—1987
  • Botšosi—Karabo ke Efe?
    Tsoha!—1987
  • Bokhukhuni—Bo Haufi le ho Fela!
    Tsoha!—2001
  • Histori e Tšoauoang ka Tšollo ea Mali
    Tsoha!—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 1/8 maq. 6-10

Botšosi—Bo Susumetsoa ke Eng Hona Hobane’ng?

“LONDON, ka la 17 ’Mesa—Likulo tse tsoang ntlong ea boemeli ea Lybia kajeno li thuntšitsoe mokhoping o ipelaetsang ’Muso oa Muammar el-Qaddafi, tsa bolaea lepolesa ’me tsa ntša batho ba 10 kotsi.”—The New York Times.

“Banna bana ba ne ba thunya ka fenstere, ba qhalanya baipelaetsi ka likulo tsa lithunya .. . Mosali oa lepolesa ea neng a sa hlomela a thunngoa mokokotlong. . . . Matsatsi a leshome kamor’a ketsahalo ena e sehlōhō, ’Muso oa Brithani oa bulela babolai, le libetsa tsa bona, tsela e sireletsehileng ea ho tsoa ka naheng.”—Terrorism—How the West Can Win.

Banna bao ba neng ba tšoere lithunya ba ne ba sireletsehile ntlong ea boemeli.

KE hobane’ng ha batho le lihlopha ba inehela botšosing? Ke bo-mang ba hlaseloang haholo? Botšosi bo phetha eng?

Ntlha e ’ngoe e bonahalang ke hore botšosi ke letšoao le ka bontšang ho hloka tōka ho etsoang merabeng, bolulong, le lipolotiking. Moprista le moruti oa K’hatholike oa bolumeli James T. Burtchaell o tlalehile: “Botšosi bo bong bo etsoa ke batho ba merabe kapa ba bolumeli (hangata ba moruo) ba se nang lentsoe tsamaisong ea lipolotiki tsa naha ba batlang boipuso: Spain ba bitsoa Mabasque, Mak’hatholike Ulster, Mahuk Philippines. . . . Bo bong bo etsoa ke mebuso e tšositsoeng ke livouto tse ngatsa tsa sehlopha sa lipolotiki. .. Bo bong ke boiteko ba batho ba se nang lentsoe lipolotiking tsa naha ba lakatsang ho laola ’muso.”

Empa na ke batho ba se nang lentsoe lipolotiking tsa naha feela ba inehelang botšosing? Burtchaell o tsoela pele: “Botšosi bo bong bo tšehetsoa ke mebuso ho baka lipelaelo, ho se tsitse, le ho liha ’muso oa sechaba se seng se sa e tšehetseng.”—Fighting Back.

Ho ea ka bahlalosi ba bang, litšusumetso tsa botšosi li ka hlalosoa ka ho fapaneng, ho itšetlehile ka hore na moshebelli o tšehetsa lehlakore lefe la lipolotiki. Ba bang ba phea khang ka hore haeba tōka e le sieo ’me batho ba sa fuoe litokelo tsa molao, ba fetohela botšosing. Ba bang ba bona botšosi e le morero oa ntoa khahlanong le linaha tsa tsamaiso ea puso ea lentsoe la sechaba tsa Bophirimela, o susumetsoang le ho sebelisoa ke likhopolo tse hanyetsang tsa lipolotiki. A re ke re hlahlobeng linnete le maikutlo a mang ka bothata bona bo tebileng.

Hobane’ng ho na le Tšabo Ireland Leboea?

Ho ea ka bangoli ba Northern Ireland—The Divided Province, Maprotestanta a Brithani, a mangata a Scotland, a ile a isoa sebakeng sa Mak’hatholike sa Ireland lilemo tse ka holimo ho 350 tse fetileng, ho bakileng liqabang tsa sechaba ’me hamorao ha isa tlhōlisanong ea mesebetsi. Buka eo e’a tlaleha: “Maprostanta a mangata a Ireland Leboea a fihlile lekholong la bo17 la lilemo ho qala ka 1607 ’me ketso eo e ne e bitsa ‘ho fallela’ Ulster. Qetellong hoo ha thea ’muso o tiileng oa Engelane holim’a sehleke-hlekeng sohle sa Ireland.” Puso ena ea Manyesemane e bile motheo oa ho se thabe le pefo ka makholo a lilemo.

Naha e Lokolohileng ea Mak’hatholike (Eire) ea theoa ka 1921, ’me linaha tse tšeletseng tsa Maprostanta tse ka leboea bochabela tsa siuoa li arohane, li etsa Ireland Leboea. Ponong ea sechaba sa Ireland, ketso ena e arohantse Ireland. Ho tloha ka nako eo, IRA (Sesole sa Rephabliki ea Ireland) seo e seng sa molao sa qala ntoa ea ho kopanya Ireland—eo Maprostanta a hanang haholo ka eona. Hobane’ng? Hobane ha a batle ho ba ka tlas’a ‘puso ea Bopapa ea K’hatholike’ ea Dublin.

Pono ea Maprostanta e akarelelitsoe mantsoeng a The New York Times mabapi le voutu ea haufinyane ea ho boloka ho felisoa ha tlhalo Ireland, e neng e hlōtse ka livoutu tse 3 ho tse 2. “Boralipolotiki ba Ireland Leboea ba hanyetsang kamano leha e le efe ea rephabliki ba bile har’a ba pele ho nyatsa livoutu e le khato e ‘hatelang’ ea Kereke ea K’hatholike ea Roma Rephabliking ea Ireland.”

Kajeno IRA e arotsoe ka mekha e ’meli—mokha oa ma-Official le oa ma-Provisional (Provos). Ho ea ka moprofesara oa histori Thomas E. Hachey, “Ma-Official a IRA a re Ireland e be puso e le ’ngoe, rephabliki ea linaha tse mashome a mabeli ea puso ea sechaba eo basebetsi ba nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho . . . Mokha oa ma-Provo o buella tharollo e kopanetsoeng le melao ea metheo ea puso e kopaneng bakeng sa Ireland.” (The Rationalization of Terrorism) Ho tiea ha lipheo tsa mokha oa ma-Provo ho bonoe ka 1984 ha o siea bomo e chehiloeng hoteleng ea Brighton, e batlileng e bolaea Tonakholo ea Brithani Thatcher le matona a mang a hae.

Kantle ho mabaka a bolumeli, lipolotiki, le morabe, lipotso tse ling lia sala: Na e be ho na le litšusumetso tse ling tse tebileng ka botšosi? Mebuso e meholo ea lefatše e ameha ho isa boholeng bofe?

Litšusumetso tsa Botšosi

Lihlopha tse ngata tsa batšosi tsa Arabia li lōkafatsa liketso tsa tsona ka ho supa maemo a mabe a baphaphathehi ba Palestina ba lahlehetsoeng ke lehae la bona, Palestina, ha sechaba sa Iseraele se ne se theoa ka 1948. Ka holimo ho mashome a lilemo, bohale bo ile ba phahama hoo hona joale sepheo sa batšosi ba Arabia e seng e se lehae le arohaneng feela empa e le ntho e ’ngoe e mpe ka ho fetisisa ho Bajode—ho felisa Iseraele. Sena se tsejoa joang?

Mantsoe ana a latelang a nkuoe “Lengolong la Boipilaetso” la Hizballah (“Mokha oa Molimo”), sehlopha sa Shi’ite se loanang Bochabela bo Hare.

“Hona joale bara ba rōna ba phephetsong e hōlang ho ea pele khahlanong le lira tsena [masole a Iseraele, United States, Fora, le (Lebanone)] ho fihlela lipheo li finyeloa:

“Ho tsoa ho felletseng ha Baiserale Lebanone e le selekela sa ho felisoa ho phethahetseng ha eona le ho lokoloha ha Jerusalema e halalelang taolong ea linaha tsa kantle.”—Hydra of Carnage.

Ka lehlakoreng le leng, liketso tse ngata tsa botšosi li entsoe ke “baintša-sehlabelo” ka tlas’a tšusumetso ea Ayatollah Khomeini oa Iran le thuto ea hae, e bontšoang ke mantsoe ana a qotsitsoeng bukeng Sacred Rage: “Mebuso ea lefatše e lokela ho tseba hore Islame e ke ke ea hlōloa. Islame e tla hlōla linaha tsohle tsa lefatše, ’me Islame le lithuto tsa Koran li tla ba teng lefatšeng lohle.”

Tebello ena ea lebisa qetong ea hae e tsoetseng pele: “Joale, bonneteng, ha re na khetho kantle le ho felisa mebuso e senyehileng ka boeona . . . le ho liha mebuso eohle e mano, e senyehileng, e hatellang le e tlōlang molao. Ona ke mosebetsi oo Mamosleme a lokelang ho o phetha.”

Batšosi ba bang ba susumetsoa ke maikutlo a ho tlisa puso eo basebetsi ba nang le lentsoe lipolotiking le tlhahisong ea lintho le ho liha litsamaiso tsa puso ea sechaba tse buellang khoebo e lokolohileng. Mongoli Jan Schreiber o’a tlaleha bukeng ea hae The Ultimate Weapon—Terrorists and World Order: “Ka kakaretso tsamaiso ea ho iketsetsa phaello ka mofufutso oa ba bang e talingoa e le tsamaiso ea khoebo e lokolohileng, ’me e bang e busoa kapa e sa busoe ke puso ea lentsoe la sechaba, e talingoa e le puso ea bompoli.” Motšehetsi oa botšosi oa Japane o tlalehile: “Seo re ke keng ra se amohela le ka mohla lefatšeng lena ke ketso e tlisoang ke khoebo e lokolohileng, ea batho ba ruang ka mofufutso oa ba bang. ’Me sena ke sona se re susumeletsang ho ithaopela ho loana.”

Leha ho le joalo, ba bang ba bona botšosi ka ihlo le fapaneng. Moemeli oa Iseraele Benjamin Netanyahu o’a ngola: “Botšosi ha se phello e itletseng feela ea ntho e itseng. Ke khetho, khetho e mpe.” O bea lebaka: “Lebaka le leholo la botšosi ha lea itšetleha lipelaelong empa maikutlong a pefo a sa laoloeng. Sena se ka bonoa ponong ea lefatše e lumelang hore likhopolo tse itseng le lipheo tsa bolumeli li lokafatsa ho felisoa ha lithibelo tsohle tsa boitšoaro.”—Terrorism—How the West Can Win.

Empa ke hobane’ng ha ka ho panya ha leihlo mokhatlo oa batho kajeno o fetohile bahlaseluoa ba botšosi?

Mokhatlo o Pepesehetseng Tlhaselong

Neil Livingstone, setsebi sa botšosi sa U.S., o’a ngola: “Erekaha lefatše la rōna le se le fetohile metse e meholo ea litoropo, re pepeselitsoe haholo litlhaselong tsa lihlopha tse nyenyane, kapa batho ka bomong, ba ikemiselitseng ho ferekanya bophelo kapa ho etsa thato ea bona holim’a matšoele.” Ke hobane’ng ha mokhatlo oa rōna o pepesehetse tlhaselong ea botšosi? “Mehloli ea rōna e fokolang ea metsi, matla, lipalangoang, puisano, le tsamaiso ea mantle li hlaseloa ke batšosi.”—Hydra of Carnage.

Ka lebaka la ho fokola ha litsamaiso tsa rōna tse tšehetsang bophelo, motšosi a le mong a ka ba le matla a lekanang le a lebotho la sesole la mehleng ea khale. Livingstone o’a eketsa: “Ka lebaka la tsoelopele linthong tsa mahlale... motho a le mong a ka bolaea batho ba bangata ho feta leha e le neng pele. Motho a le mong mehleng ena ea tsoelopele o lekana le lebotho [la nakong ea] ha libetsa tse khōlō tsa ntoa e neng e le sabole, seqha, le lerumo. Lena ke lebaka le leholo le etsang hore batšosi ba fetohe tšokelo e khōlō lefatšeng la kajeno.”

Karolo e ’ngoe e pepesehetseng tlhaselo mokhatlong oa batho ke khaso ea litaba tsa thelevishene e hōlisang matla a botšosi. Motšosi o batla hore ketso ea hae e tsejoe machabeng—’me ka thuso ea phatlalatso ea litaba o finyella morero oa hae!

Lilemo tse ka bang makholo tse fetileng, litaba li ne li nka matsatsi ho phatlalatsoa lefatšeng lohle. Kajeno li hasoa ka nako e tšoanang. Litabeng tse ling motšosi a ka ’na a ipona ka ho toba ho TV a phetha mosebetsi oa hae. Hangata o tseba hore na lira tsa hae li etsa’ng ha eena a tsoela pele ho etsa merero ea hae ka sephiring. Jan Schreiber o tsoela pele hore “matla a ho hapa khahleho ea batho” e bile “leqheka le atlehileng haholo la botšosi.”

Empa na ho na le mabaka a mang a kentseng letsoho ngatafalong ea botšosi?

Botšosi le Likhopolo tse Peli tse Hanyetsanang

Litsebi tse peli tsa botšosi li ngotse taba e latelang li sa fane ka tšepo leha e le efe ea nako e tlang: “Botšosi bo ke ke ba fela. Linaha tse nyenyane, tse fokolang li fumane hore [botšosi] bo ka eketsa tšusumetso ea tsona ea lipolotiki, ’me erekaha li khathatsoa ke khaello ea lihlahisoa, ha li tšepise ho tlohela botšosi e le sesebelisoa sa lipolotiki le sesole.” Ka nako e tšoanang, mebuso e meng e meholo ea lefatše e bona melemo ea ho sebelisa botšosi ho ena le ntoa e tobileng. “Linaha tse khōlō, tse matla, li fumane hore botšosi bo ka li thusa ho finyella merero ea tsona ea bochaba li sa ipee likotsing tsa ntoa.”—Fighting Back.

Haeba mebuso e matla e fumane hore botšosi bo ka e thusa ho finyella lipheo tsa eona, na ho ka boleloa hore, ka karolo e nyenyane kapa e khōlō, mebuso e matla e ikarabella ka botšosi ba lefatše? Jan Schreiber o’a ngola: “Litšenolo tsa lilemong tse bohareng ba bo1970 li tiisitse seo bashebelli ba neng ba se na bopaki ba sona hantle; hore likhopolo tse peli tse laolang lefatše li tla ’ne li sebelisoe, ka mekhoa eohle, e lokileng le e mebe, ho felisa lira tsa tsona le ho fumana phaello, kapa ho boloka, borena ba lefatše.”

Qabang ena ea likhopolo e ka utloahala hantle puong ea moetapele oa Soviet Gorbachev: “Ho lokela ho utloahala ka ho hlaka hore likamano tsa machaba li ka khutlisetsoa tšebelisanong e tloaelehileng haeba feela mebuso e hōlisang taolo ea eona linaheng tse ling e khaotsa ho sebelisa ntoa ho rarolla litseko tsa khale tsa histori pakeng tsa litsamaiso tsa puo ea basebetsi.”—A Time for Peace.

Ba bang hape ba elelletse “papali ena ea chess” e pakeng tsa mebuso e meholo. Ka mohlala, Robin Wright o’a ngola bukeng ea hae Sacred Rage: “Masole a Mosleme le ’ona a nka hore United States e shebile haholo Bochabela bo Hare e le sebaka sa ho thea bora le Soviet Union, e hlokomoloha kahohle-hohle mebuso e matla e loanang moo. U.S. ha e e-s’o arabele likōpong tse bohloko tsa naha tse sa ntseng li hōla moruong hore li amoheloe joaloka linaha tse ling.” Ho hlakile hore lichaba tse ling tse nyenyane li ipona li sebelisetsoa likhopolo tsa linaha tse khōlō tse loantšanang.

Litsebi tsa Bophirimela li bona botšosi e le sebetsa se seng sa ho ferekanya litsamaiso tsa puso tse buellang khoebo e lokolohileng. Moemeli Robert Oakley, setsebi sa U.S. litabeng tsa ho loantša botšosi, o tlalehile: “Haeba botšosi bo sa loantšoe, bo tla fokolisa tsamaiso ea lipolotiki, moruo, le likamano tsa sesole tseo United States le linaha tse selekaneng le eona li itšetlehileng ka ho boloka, ho sireletsa, le ho ntlafatsa lithahasello tsa tsona tsa sechaba le thusano... Lilemong tse tlang, re lokela ho itokisetsa tšokelo e tsoelang pele ea botšosi ba lichaba tsohle . . . boholo ba [botšosi] bo tšehetsoa kapa bo khothaletsoa ke mebuso e seng mekae e khopo.”

Moemeli oa U.S. Robert M. Sayre o bontša boikutlo ba hae ka ho toba: “Botšosi bo susumetsoa ke maikutlo a lipolotiki ’me bo reriloe le ho hlophisoa. . . . Bo etsoa le linaha le batho ba khomaretseng lithuto tsa Marx le Lenin, ’me Soviet Union le linaha tse selekaneng le eona tse ka Bochabela li fana ka thuso le matšeliso ho lihlopha tsena.”—Department of State Bulletin.

Botšosi le Boprofeta ba Bibele

Ke hobane’ng ha khohlano e pakeng tsa mebuso ena e meholo e mebeli, e sebelisang botšosi, e le ea bohlokoa bo khethehileng ho liithuti tsa Bibele? Ka lebaka la boprofeta bo nang le tlhaloso ea bohlokoa bo fumanoang bukeng ea Bibele ea Daniele, khaolo ea 11. Boprofeta bona bo hlalosa khohlano e tsoelang pele pakeng tsa mebuso e mebeli e meholo, “morena oa leboea” le “morena oa boroa.” “Morena oa leboea” o hlalosoa a sa lumele boteng ba Molimo, o hanne “Molimo oa bo-ntat’ae.” (Daniele 11:37, NW) O’a ikhohomosa ’me o hlompha molimo oa liqhobosheane, kapa libetsa. O futuhela liqhobosheane tse thata ’me o tiisa puso ea hae lefatšeng. (Daniele 11:38, 39) Na “morena oa boroa” o emelletse thoko a sa etse letho ha mohanyetsi enoa oa hae a hōlisa matla a hae?

Boprofeta bo sa thabiseng boa tlaleha: “Mehleng ea qetello, morena oa Boroa o tla thulana le eena, ’me morena oa Leboea o tla boela a futuhe ho ea mo patela, ka makoloi, le ka ba kaletseng lipere, le ka likepe tse ngata; o tla tsoela linaheng, a roallele, a hohoretse.” (Daniele 11:40) Ka ho utloahalang, botšosi ka mekhoa ea bona e fapaneng bo sebelisoa ke marena ana ka bobeli ntoeng ea ’ona ea ho laola lefatše.a Mantsoe a Daniele a bontša hore ho tla ba le tlhōlisano pakeng tsa mebuso e ’meli ea lefatše e eteletseng pele ho fihlela Molimo o felisa bora ba eona ntoeng ea hae ea Armageddone.—Tšenolo 16:14-16.

Potso e’a sala: Na motho a le mong a ka felisa kotlo e bohloko ea botšosi? Ha ho le joalo, joang hona neng? Ha ho se joalo, hobane’ng? Sehlooho sa rōna se latelang se tla bua ka lipotso tsena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka marena ana, bona “Thato ea Hao e Etsoe Lefatšeng,” khaolo ea 11, e hatisitsoeng ka 1963 ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Tšusumetso ea botšosi bo bongata e amana le boprofeta ba Daniele mabapi le nako ea bofelo

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Pacemaker Press Int’l, Belfast

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Botšosi ba kajeno bo sebelisitse khaso ea litaba ho jala liphello tsa bona

[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Reuters/Bettmann Newsphotos

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela