Tsoha! E Kopanela ho Haseng Litaba Tse Molemo
Mona u bona Lipaki tse peli tsa Jehova li sebelisa Tsoha! ho hasa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo Austria. Mosebetsi oona oa ho bolela o ntse o etsoa linaheng tse fetang 200 le lihlekehlekeng tsa maoatle lefatšeng lohle. Lipaki tsa Jehova tse fetang limillione tse tharo li sebelisa nako ea tsona mosebetsing ’ona. Hobane’ng?
Hobane ha ho bapisoa boprofeta ba Bibele le liketsahalo tsa lefatše ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše, ho totobetse hore re phela nakong eo liketsahalo tsena li fihlang sehlohlolong sa histori ea motho, ho fela ha tsamaiso ena ea iintho. ’Muso oa Molimo ka Kreste Jesu o theiloe leholimong ’me haufinyane o tla kenella litabeng tsa lefatše ho tlosa bokhopo bohle le ho tlisa tsamaiso ea lintho e nang le khotso le tšireletseho lefatšeng lohle.—Daniele 2:44; Mattheu 6:9, 10; 24:3-35. Ka lilemo tse kaholimo ho 60, Tsoha! (ka Senyesemane) e ile ea kenella mosebetsing ’ona ka lebitso The Golden Age. Mafelong a lilemo tsa eona tse leshome, likopi tse fetang 75 000 tsa tokollo ka ’ngoe li ne li tsamaisoa. Ha e le mona re atamela lilemo tse mashome a supileng tsa ho ba teng ha makasine ’ona, ho se ho hatisoa likopi tse fetang limillione tse leshome tsa tokollo ka ’ngoe, ka lipuo tse 53.
Tsoha! le motsoalle oa eona oa makasine, Molula-Qhooa, e fana ka molaetsa oa bohlokoa haholo bakeng sa lekholo lena la lilemo. Nakong e tlang ha Lipaki tsa Jehova li kokota monyakong oa hao, li memele ka hare ’me u li lumelle ho hlalosa hore na ke joang molaetsa ’ona o ka tsoelang uena le lelapa la hao molemo.