Ho Ntša Mpa—Ho Baka Tšenyehelo e Kae?
THE Daily Telegraph e tlalehile hore Glasgow, Scotland, baoki ba babeli ba bile le “litoro tse tšosang” ’me ba hlobaetse ka masiu a mangata. Lebaka? Hobane ba ile ba kenya letsoho ho ntšuoeng ha lesea la moshanyana le libeke tse 24. Le ile la phela ka “nakoana,” le sa lebelloa.
Detroit, U.S.A., lesea le ntseng le le ka pōpelong le libeke tse 29 le neng le tšoanetse hore e be le bolailoe ka ho enteloa ka pōpelong ea ’mè oa lona, la lahleloa ka emereng ea tšepe ka phapusing ea sepetlele ea ho ntša limpa. Le ne le phela. Sello sa lona se ne se utloahala, lesea lena lap9ngoanana la potlakisetsoa ka nako phapusing ea tlhokomelo e khethehileng.
Ho ntšuoa ha masea a leng ka pōpelong ke bothata bo hōlang ha lenane la ho ntša limpa le eketseha. Mekhoa e tsoetseng pele ea meriana e fana ka thuso e molemo ho masea a hlahileng pele ho nako, hoo ka libeke tse 26 ho ka khonehang hore lesea le bolokoe le phela—ntho e neng e le thata lilemong tse ’maloa tse fetileng. Ka lebaka leo, linaheng tse ling baoki ba na le tokelo ea molao ea ho hana ho kenya letsoho ho ntšeng mpa, ka mabaka a letsoalo.
Empa ho thoe’ng ka lingaka? Li itšoara joang?
Khoebo ea ho Ntša Mpa
“Ho tsejoa u le ngaka e ntšang limpa ke botsoalle bo bolaeang,” ho lumetse Ngaka Phillip Stubblefleld puisanong le Newsweek. Khatello ea batho e entse hore lingaka tse ngata United States li khaotse mosebetsi ’ona ka ho feletseng. Liketso tse ngata tsa ho thunya ka bomo li sentse libaka tsa phekolo tsa ho ntša limpa, ’me Ngaka Stubblefield o hlalositse hore “hohle naheng re na le libaka tsa phekolo tse hlokang balaoli ba meriana hobane lingaka li tšaba seo batho ba tla se etsa.”
Ho sa tsotellehe hoo, limpa li ntse li ntšuoa ka lenane le eketsehang. Mohlomong ha ho thata ho fumana lebaka le leng la sena. Ke khoebo e nang le phaello.
Ka mohlala, ho latela tlaleho ea makasine Pulse, Paris, Fora, batsoali ba lefa chelete e lekanang le liponto tse 1 000 [R3 120] hore morali oa bona a ntše mpa ka sekhukhung. Tlaleho eona eo e bolela hore lipetlele tse ling tsa London li lefisa chelete e fihlang ho liponto tse 2 000 [R6 240] bakeng sa mosebetsi o mong le e mong oa mofuta ona.
Ka 1982, mekhatlo e ’meli e meholohali ea Brithani e ntšang limpa o amohetse liponto tse limillione tse 4, 5 (liranta tse limillione tse 14). Human Concern e-ea tlaleha: “Ho ntšuoa ha limpa ke khoebo e nang le phaello.” Japane, ’muso o hana ho lumella ka molao lipilisi tse thibelang pelehi. The Sunday Times ea London e tlaleha hore “thibelo e entsoe ka lebaka la lingaka tse susumetsang, tse etsang chelete e ngata ka ho ntša limpa.” Libakeng tsohle tseo ho ntšuoang limpa ho tsona, chelete ke lebaka le ka sehloohong.
Hona ho makatsa haholo. Ha batsoali ba bangata ba tobane le boemo bo bohloko ba tšohanyetso, bo kang ba mocha ea emaretseng matšeong, ba lumela tefiso leha e le efe e tla lokisa boemo, haholo-holo haeba ho ntšoa ha mpa ho etsoa ka tsela e sireletsehileng le e potlakileng ka sekhukhu.
Leha ho le joalo, lingaka tse ngata ha li thabele sena. Ha ho ne ho qaleha mehla ea ho ntša limpa Brithani, Daily Mail e tlalehile Moprofesara Ian Morris a re: “Hoja ke tsebile seo ke se tsebang ka ho ntša limpa ha ke qala mosebetsi ona, nkabe ke sa khetha lefapha la phekolo ea basali.” O phaelletse: “Ke hloile ho buoa. Ho khahlanong le koetliso ea ka merianeng. Sepheo se seholo ke ho boloka bophelo, e seng mokhoa ’ona oa ho bolaea.” Ka sebele, mantsoe ana a matla, ’me ha se lingaka tsohle tse tla lumellana le ’ona. Empa a hlile a fetisa khopolo e itseng kamoo lingaka tse itseng li ikutloang kateng ka mokhoa ona.
Ho Ntša Mpa—Khetho ke ea Mang?
Ha mosali a tobane le ho ntša mpa, ke batho ba ’maloa, mohlomong le mosali ka boeena, ba nahanelang ntate. Hangata qeto ea ho ntša mpa e etsoa ke mosali a le mong, a tšehelitsoe ke metsoalle e haufi le beng ka eena. The New York Times e tlaleha hore: “Le banna ba utloa bohloko ba ho lahleheloa, ’me hape ba ka ’na ba bona pherekano e etsoang ke basali mabapi le ho ba batsoali.”
Bo-ntate ba bang ba na le boikutlo bo matla ba hore litakatso tsa bona li lokela ho eloa hloko, hore ba lokela ho ba le lentsoe pele ’mè a etsa qeto ea ho ntša mpa. Setsebi sa kahisano Arthur Shostak kamor’a lilemo tse leshome a fuputsa bothata bona o itse: “Banna ba rata ho thusa, eseng ho qobella maikutlo a bona qetong.” Ruri monahano o joalo o’a utloahala.
Ho Mamella Boemo
Leha ho le joalo, ha ho etsoa qeto, mosali ho fapana le monna, ke eena ea lokelang ho mamella bohloko ’meleng ha boima bo khaotsa ka tšohanyetso. Ke eng se kopanyeletsoang?
Esita le kamor’a ho ntša mpa kapele, ho tloaelehile hore mosali a ikutloe a fokola le ho khathala. Ho shoa bohatsu, ho kula, le ho tsoa mali. Ha mpa e ntšuoa hamoraonyana, matšoao a ho ima ho khaolitseng a ka tšoarella beke kapa ho feta ha tekanyetso ea mekelikeli e susumeletsang ’mele e theoha. Matsoele a bohloko le ho tepella maikutlong ke lintho tse eketsehileng tseo u lokelang ho tobana le tsona. E, ho ntša mpa e ka ba phihlelo e bohloko, joalokaha e le basali feela ba tsebang sena, ’me ke ka ngope-a-setšoha ebang khetho e bonolo.
Ha bohlokoahali ke ’nete ea hore, liphello tsa ho ntša mpa li ka ntša motho kotsi boikutlong le kelellong. Bothata ke hore le hoja phello ’meleng e bonahala kapele, ebile e letetsoe, maqeba kelellong le moeeng a bonahala hamorao ’me a nka nako e telele ho phekoleha haeba le teng a ka phekoleha. Mongoli oa The Times ea London o itse: “Ke bua ho tsoa phihlelong ke le ngaka eo hangata ke sebetsanang le bakuli ba kileng ba ntša limpa, ke hlokometse hore ba khathatseha haholo kamor’a lilemo tse ngata tsa phekolo.” Bothata bona bo tebile hakae?
The Sunday Times e tlalehile hore: “Ha joale ho bonahala hore bothata bo tebile ho feta pele. Liphello tsa ho tepella le ho tšoenyeha maikutlong hangata li khōlō hoo “halofo ea basali ba sa nyaloang ba ntšitseng limpa ka mabaka a phekolo ba qetellang ba hloka thuso ea lingaka tsa kelello.” Liphuputso tsena li phatlalalitsoe ke sepetlele sa King’s College London. Ho ea ka The Times, phuputso ena e bontša hore “banyalane ba rerang ho ntša mpa ba ka tobana le masoabi a maholo, a boima hoa mamella.”
Majapane a na le mokhoa o sa tloaelehang oa ho rarolla bothata bona ba batho. Liemahale tse nyenyane, tse entsoeng ka polasetiki, letsopa kapa lejoe le emelang bana ba bolailoeng, li behiloe mabaleng a tempele. Lintho tsena li tlas’a tlhokomeloea Jizo, mohlokomeli oa bana ba Mabudda. Ha batsoali ba ntse ba rapela melimo bakeng sa tšoarelo ea litšito, ba ka tlosa boikutlo ba bona ba tšoabo, le molato. Empa ha se bona feela ba bonang bohlokoa ba ho etsa sena. Hlokomela liphihlelo tse latelang tsa botho.
“Kapele ke ile ka Soaba”
Ha Elaine a le lilemo li 22, o ne a se a ntšitse mpa hararo. O’a hopola: “Ke ile ka bolelloa hore ha ho phoso ho etsa hoo libekeng tse tšeletseng tsa ho ima kaha lesea ha le e-s’o bopehe ka nako eo, ho ne ho tla ba phoso hafeela le ne le e-na le likhoeli tse tharo kapa ho feta. Kamor’a moo, ha ke utloa batho ba bua hampe ka bo-’mè ba sa nyaloang, ka thaba hobane ke ntšitse mpa ea ka. Lilemong tse peli tse latelang ka etsa hoo habeli, ka thaba haholoanyane kaha ke fumane tsela ea ho se tlise bana lefatšeng lena.”
Kapele kamor’a sena, Elaine a sebetsa e le mooki, a sebetsa lefapheng la ho belehisa. O’a hopola, “ho ne ho thabisa ho bona ngoana a tsoaloa le ho latsoa thabo eo tsoalo e joalo e e tlisetsang lingaka, babelehisi, le batsoali. Empa kapele ka itšoabela ka ho bolaea bana ba bararo ba hlokang molato ’me ke iphumana ke loantšana le boikutlo ba ka ba ho hloka khotso le pherekano. Ka phehella ho sheba morao le ho bala hore ebe bana ba ka ba ka be ba hōlile hakae le hore na e ne e tla ba bashanyana kapa banana le hore na ba ka be ba le joang. Ke ntho e tšabehang hoba boemong bo tjena.”
Janet, eo ha joale e leng ’mè ea lilemo li 39, o fana ka boikutlo ba hae kamor’a ho ntša mpa: “Tsela feela ea ho mamella e ne e le ho amohela boikutlo ba hore seo se ke ke sa nketsahalla. Ka ikholisa ka lilemo-lemo hore ha kea lokela hore e be ke entse seo, le hore ke ntho e tšosang.”
Karen ea lilemo li 19 o ntša maikutlo a hae: “Ke lekile ka matla ho lebala seo ke se entseng, empa ke ne ke lla ha ke bona ngoana kapa mosali oa moimana. Ka tepella hape maikutlong. Lebese la qala ho qhitsa matsoeleng a ka ho nkhopotsa. Litoro tsa ka tse tšosang li ne li mphaphamisa ke lla, ha ke utloa ho lla hoa bana. Ka sulafalloa.”
Ke ho ithetsa ho talima ho ntša mpa e le ho buuoa ho bonolo. Hang ha mohato ’ona o nkiloe, ha o khutlisoe. Bothata bo ka nyamela kapele, empa liphello tsa bona joaloka ha re bone, li ka fihla hōle esita le ho tšoarella nako e telele. Ho thoe’ng ha ho ntša mpa ho buelloa ke ngaka?
“U Tlameha ho Ntša Mpa”
Eo ebile keletso e tobileng eo Sue a e filoeng ke ngaka ea hae. Hobane’ng? Sue o ne a se a e-na le bana ba babeli, ’me o ne a e-s’o elelloe hore o imme le hore ngoana e mong o tšoeroe ke “rubella,” maselese oa Jeremane, kamoo o bitsoang kateng. “E ne e le ho ke keng ha qojoa hore le ’na o ntšoare kaha o ne o e-s’o ntšoare.” Ho bile joalo feela, a qala ho kula.
Phihlelo ea meriana e bontša hore ha maselese o ka tšoara mosali ea sa tsoa ima o ka holofatsa hampe lehe le hōlang. Ngaka e ne e hopotse hoo ha e nkeletsa. Sue o sa hopola: “E ile ea mpolella sefahla-mahlo hore ngoana o tla tsoaloa a holofetse le hore nke ke ka khona ho mamella hoo. Ngaka ea tsitlella hore haeba ke hlokomoloha keletso ea eona, ke lokela ho saena lengolo la ho amohela boikarabelo bo feletseng, lengolo le mo lokollang.” Sue o ile a le saena. O phaella ka hore: “Ngaka e ne e tšoenyehile ka ’na, hobane ke khathatsoa ke sethoathoa.”
Le hoja monna oa Sue ka tlhaho a ne a amehile haholo, a tlohella qeto mahetleng a mosali oa hae, ’me mosali a etsa litokisetso tsa ho ba le ngoana. Ka nako e tšoanelang a tsoala ngoana oa ngoanana. Kapele ho ile ha etsoa liteko ngoaneng, ntle le ho fokolloa ke mali, ho ne ho se letho le phoso ho eena. Leha ho le joalo, lingaka li ne li makalletse ho fumana liloantša-mafu maling a lesea tseo ’mè a neng a li hloka, ho bontšang hore ruri ngoana ea hōlang o ne a anngoe ke maselese.
Ho Mamella Kholofalo
Le hoja tabeng eo sephetho ebile se thabisang, ’nete e’a sala hore bana ba bangata ba tsoaloa ba holofetse, ho sa tsotellehe phekolo e khethehileng. Ho bonolo ho bolela hore ho lokile ho thibela ho tsoaloa ha bana ba holofetseng, empa ke mang ea boemong ba ho ahlola boleng ba bophelo ba motho e mong? Na ha ho na batho ba tsamaeang ka mekhoa e fapaneng sechabeng se seng le se seng, ba thabelang bophelo hoo ba khonang le ho tlatsetsa melemong ea batho?
Sue o talimme lintho ka tsela ena. Empa o bile le mohloli o mong moo a fumanang matla—tumelo ea hae. Ha ngaka ea hae e tsebisa ka lekhetlo la pele hore ngoana o tla tsoaloa a holofetse, o ile a e bolella hore leha ho ka ba joalo, o tla kōpa matla a tsoang ho Molimo ho mo thusa ho mamella. Hape, ha a na tokelo ea ho amoha ngoana ea holofetseng “tšepo e hlollang ea ho felisoa ha ho kula hohle ’meleng tsamaisong e ncha ea lintho ea Molimo,” tlas’a ’Muso oa oona. (Tšenolo 21:1-4) Tumelo e joalo e na le mahlohonolo a eona.
Khetho ea Bohlokoa
“Ho tsoala? Kapa ho Ntša Mpa?” Ha u tobane le khetho ena, u tla khetha hofe?
Sue o behile mabaka ka hore: “Lesea la ka ha le a kopa ho emoloa, kahoo ke na le tokelo efe ea ho timetsa bophelonyana boo pele bo ba le monyetla oa ho bona bophelo?”
Karabo ea hae e bonolo haholo. U ne u tla e araba joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
Tlhokomelo ea lesea le neng le Holofetse Kelellong e ne e ngotsoe tokollong ea la 8 Tlhakola, 1986, ka Senyesemane, ea makasine ’ona.
[Lebokose leqepheng la 9]
Na ke Khohlano ea Maikutlo?
Qeto ea Geneva e lumetsoe ke Seboka-Kakaretso sa Mokhatlo oa Lefatše oa Meriana Geneva, Switzerland, ka Loetse 1948. E itšetlehile ho kano ea boholo-holo e Etsoang ke Ba Qalisang Bongaka. Serapa se latelang se nkiloe Qetong eo:
“Ka Nako eo ke Amoheloang ke le Setho sa Lefapha la Meriana: Ke tšepisa kahohle: ho neela bophelo ba ka le ho sebeletsa sechaba. . . . Ke tla etsa mosebetsi oa ka ka letsoalo le ka hlompho. . . . Ke tla boloka tlhompho e phahameng bakeng sa bophelo ba motho, ho tloha nakong ea kemolo; esita le tlas’a tšoso, nke ke ka sebelisa tsebo ea ka ea meriana khahlanong le melao ea batho.”
Lingaka li hlalosa kano e joalo joang? Maikutlo a mabeli a loantšanang ke ana. U lumellana le afe?
NGAKA I. M.
“Nke ke ka sheba linama tseo ke li tlositseng ha ke ntša mpa ntle le ho nyonya. E ka ’na ea e-ba linama tse kopaneng, empa leha ho le joalo, ke bophelo ba motho boo ke bo timetsang.”
NGAKA V. A.
“Ha ke nahane hore ho ntša mpa ho phoso. Ha feela motho eo a itšetlehile ka ho feletseng ka ’mè, ha e-s’o be motho.”
[Lebokose leqepheng la 11]
Mekhoa ea ho Ntša Mpa
Likotsi tsa ho ntša mpa bakeng sa ’mè li amana ka ho tobileng le nako ea lesea le ka pōpelong. Ha lia lokela ho nkoa hasesaane.
Likhoeling tse tharo tsa pele ho tloaelehile hore lesea le hōlang ka pōpelong le ntšuoe ka ho monngoa ka mochini o kang sepeiti. Sena se etsoa kliniking ka nako e khutšoanyane. Likhoeling tse tharo tse latelang ho tloalehile ho hlaba ’mè ka lemao le nang le moriana o pomang lesea litho, kapa ho etsa hore a oeloe ke mahlaba a pelehi. Ho lula sepetlele ka nakoana ke ho tloaelehileng. Bakeng sa likhoeli tse latelang tse tharo, pōpelo e tla buuoa ho ntša lesea le hōlang, ekaba hona feela khetho.
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Ho se ho khoneha joale hore masea a tsoaloang pele ho nako a bolokoe a phela ka lebaka la mekhoa e tsoetsoeng pele ea tsa meriana
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Justitz/Zefa/H. Armstrong Roberts
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ke batho ba ’maloa ba nahanelang maikutlo a ntat’a ngoana
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Liphello tsa ho ntša mpa ekaba tse ntšang kotsi boikutlong le kelellong