Lefatše ho Tloha ka 1914
Karolo ea 3—1935-1940 Selekane sa Lichaba se Khothometsehela Lefung la Sona
Selekane sa Lichaba e ne e le ngoana ea tsoetsoeng a kula. Rahistori H. Gatzke o boletse hore seboka sa pele sa sona ka 1920 se ne se le “hōle le ho ba kopano ea lichaba tsa lefatše, empa e ne e le kopano ea linaha tse khōlō tsa Europa tse phehellang lithahasello tsa sechaba, li rerile ho etsa hore Selekane se sebeletse merero ea tsona ea lipolotiki.” Pele monahano oa bochaba o fotholoa, bophelo ba ngoana bo ne bo tla ’ne bo be kotsing e tsoelang pele.
Lilemong tsa pelenyana tsa bo-1930, litho tse ngata tsa Selekane sena li ne li sa khotsofala ho hang. Ka mohlala, Itali e ne e sa khotsofala kahobane e sa fumane karolo e lekaneng ea lihlahisoa tsa lefatše le hore e haneloa ho kena ’marakeng oa lefatše. Kahoo, ka 1935 ka ho phehella lithahasello tsa sechaba, ea hlasela Ethiopia. Japane le eona, ka litletlebo tse tšoanang ea futuhela Chaena ka 1937. Liketsahalong tsena ka bobeli Selekane se ne se se na matla a ho kenella.
Selekane se e-s’o be le lilemo tse 20, e ne e se mocha ea mafolofolo le ea phetseng hantle eo batšehetsi ba sona ba neng ba ratile kateng. Ho kula ha sona ha khathatsa haholo pelenyana ka 1936 ’me rahistori Hermann Graml a hlalosa “boemo [ntlo-khōlō ea Selekane] Geneva bo tšoana le ba lepatong.” Ha ho makatse, Selekane se ne se talimane le boitšoaro bo meharo ba Itali le Japane, ho se ho sa boleloe ka boitšoaro ba monna ea bitsoang Adolf.
“Sehlooho seo Hitler a se Ratang Haholo”
E, Jeremane le eona e ne e sa khotsofala. E ne e loana ka matla ho fumana boetapale ba Europa. Molaoli Hans von Seeckt, oa masole a Jeremane ka bo-1920, ‘o ne a ikutloa hore ho phahama ho nchafalitsoeng ha Jeremane ho ke ke ha etsahala ka ntle ho ntoa e ncha,’ ho bolela buka e ’ngoe ea Jeremane; leha e le hore Hitler o ile a tlosa mohopolo oa hore ho ka ’na ha hlokahala bohato ba sesole. Ke ka baka leo, ho ea ka mokhatlo oa lipatlisiso oa histori ea sesole ea Jeremane, “mafapha ’ohle a bohlokoa a sesole a ’muso [lilemong tsa 1933 le 1939] a neng a sebeletsa merero ea ho itlhomella hape, e bang ka ho toba kapa ka ho sa tobang.”
Joalokaha Hitler a bone, “‘matšoele’ a Jeremane a limillione tse 85 a bōpa ‘pelo ea sechaba.’ Hitler, a sebelisa likhopolo tsa Darwin, o ne a batla ‘pelo ena ea sechaba’ hore a hape ‘naha ea sona.’” Joalokaha Gerhard Schulz, moprofesara oa histori ea kajeno Univesithing ea Tübingen, a hlalosa: “Ho hapa naha e ncha ka mabifi e le sehlooho seo Hitler a se ratang haholo.”
Selekane sa Lichaba se thusitse Hitler ho etsa qeto ea hore na a qale hokae. Qetellong ea Ntoa ea I ea Lefatše, Saarland, naha e pakeng tsa Fora le Jeremane, e ’nileng ea ba tlas’a taolo ea linaha tse ngata ka makholo a lilemo, e ne e behiloe ka tlas’a tsamaiso ea Selekane sa Lichaba. Empa tokisetso e ne e entsoe hore baahi ba Saarland ba ikhethele hamorao hore na ba tla lula ka tlas’a Selekane, Fora kapa Jeremane. Nako ea khetho e ne e le 1935.
Ka nako eo Hitler o ne a tumme haholo. Ka linako tse ling bacha ba liithuti ba ne ba fuoa matla, ka mohlala, ba bolelloa ho re ba ngole: “Joaloka ha Jesu a lokolotse batho sebeng le liheleng, Hitler le eena o lokolotse sechaba sa Jeremane tšenyehong. Jesu le Hitler ba ne ba hlōrisoa, empa leha Jesu a ile a thakhisoa, Hitler o ile a phahamisetsoa boetapeleng. . . . Jesu o hahile bakeng sa maholimo, Hitler bakeng sa Jeremane ea lefatšeng.”
Ho e-na le hore baetapele ba bolumeli ba se nke lehlakore ka mokhoa oa Bokreste, ba kopanela ka mafolofolo khethong ea sechaba ea lipolotiki. Baahi ba Saarland, haholo-holo Mak’hatholike ba amohela ka botebo seo babishopo ba bona ba neng ba bolella sona: “Joaloka ha re le Mak’hatholike a Jeremane, re tlamehile ho tšehetsa boholo, katleho, le khotso ea lefatše la bontat’a rōna.” ’Me mekhatlo ea basebetsi ea K’hatholike ea lemosa: “Ea sa tšepahaleng lefatšeng la bontat’ae a ke ke a tšepahala le ho Molimo oa hae.”
E, hase e mong le e mong ea neng a lumellana le maikutlo ao. Mongoli ea tsebahalang oa nakong eo, Heinrich Mann, o lemositse: “Haeba le khetha Hitler, le tla lelefatsa bophelo ba hae ’me le tla ikarabella ka liketso tsa hae tse mpe . . . ekasita le ntoeng eo a etsang hore e be thata ho qojoa.” Empa mantsoe a joalo a lemosang a ne a fokola. Sena se lebisitse hore moqolotsi oa litaba Kurt Tucholsky a ngole hore Saarland e “lahliloe ke Engelane, Fora, Selekane sa Lichaba, mekhatlo ea basebetsi ea machaba, le mopapa.”
Ka baka la boemo bo joalo, ho hlōla ha Hitler khethong ea sechaba e ne e le taba e tiileng. Karolo ea 90,8 lekholong ea khetha ho ba tlas’a Puso e ncha ea Jeremane.
Kamor’a tlhōlo ena ea pele ea molao oa tsamaiso ea ka ntle ho naha, Hitler a khothaletsoa ho tsoela pele. Selekane sa Lichaba se neng se le liphateng tsa sona tsa lefu, se ne se fokola haholo ho ka kenella ha Hitler a romela masole a hape Rhineland ka 1936, khahlanong le Tumellano ea Versailles. Ka 1938 ha ho ea ileng a mo thibela ho futuhela Austria kapa hamorao selemong seo ho hapa naha e neng e e-na le baahi ba bangata ba Jeremane ea Sudetenland karolo ea Czechoslovakia, pele a hapa naha eohle ka 1939. Ho bile le boipelaetso bo matla, empa ho se letho le leng hape.
Boikoetliso ba ho Itokisa—Bakeng sa Eng?
Ho fihlela nakong eo, ntoa ea leqhoko la Hitler e ne e ntšetsoa pele ntle ho tšollo ea mali. Empa ho ne ho se joalo ka lintoa tse boletsoeng ka holimo tseo Itali le Japane li neng li loana ho tsona. “Tlhaselo ea Itali ea Bompoli Ethiopia,” ho bolela buka L’uomo e il tempo, “e ne e lokiselitsoe hantle ’me e ile ea etsoa ka litšenyehelo tse ngata tsa thepa le ka liphatlalatso tse ngata tsa likoranta.” Ntoa eo e qalile ka 1935, ’me ho hapuoa ha Ethiopia ho ile ha phethoa ka 1936. Lefatše le ne le tšohile ho utloa ka litlhaselo tsa libomo le tšebeliso ea gase e chefu.
Asia, masole a Japane a ne a le matla hoo eitseng ha Chaena e nģosoa ka ho leka ho lahlela bomo Tereneng ea Manchuria Boroa, ka 1931, Japane e ileng ea sebelisa sena e le lebaka la ho romela masole a eona Manchuria. Ka 1937 a atamela hantle Chaena, le ho hapa libaka tse khōlō tsa lefatše, ho kopanyeletsa le metse ea Shanghai, Peking, Nanking, Hankow, le Canton.
Khabareng, Europa ntoa ea kahare ho naha Spain e ne e qhomme ka 1936. Hitler le Mussolini ba bona ’ona e le monyetla oa ho leka ho sebelisa lihlomo le mekhoa ea bona ea ntoa. Joaloka lintoa Manchuria, Chaena, le Ethiopia, tsa sebeletsa e le boikoetliso ba ntho e ’ngoe e khōlō ka moso. Ho ea ka molaoli e mong, batho ba fetang halofo ea millione ba bolailoe larita ntoeng ea Spain. Ha se feela e ileng ea hapa tlhokomelo ea lefatše. ’Me haeba boikoetliso bo ne bo tšoanela lihlooho tsa likoranta, ho thoe’ng ka ketsahalo ea sebele e neng e le hona e tla tla?
Letolo le Otla Europa
Litsamaiso tsa puso ea lentsoe la sechaba, ha li hlokomela se neng se tsoela pele lefatšeng li ne li khathatsehile. Brithani ea hloma molao o bitsetsang batho koetlisong ea sesole. ’Me ka Phato ea 1939 Jeremane le Soviet Union tsa makatsa lefatše ka ho saena tumellano ea ho se futuhelane. Ha e le hantle, e ne e le tumellano ea sephiri ea ho arolelana Poland. Papali eo litsamaiso tsa puso tsa lentsoe la sechaba li neng li ke ke tsa e kena, Hitler a kenya masole a hae Poland ka 4:45 hoseng ka la 1 Loetse 1939.
Empa lekhatheng lena o ne a entse phoso. Brithani le Fora tsa phatlalatsa ntoa khahlanong le Jeremane matsatsi a mabeli hamorao. Ka la 17 Loetse, masole a Soviet a kena Poland ka bochabela, ’me qetellong ea khoeli taba ea Poland ea lokisoa. Ntoa ea II ea Lefatše e ne e qalile, e khannoa kapele ke lebotho la sesole le tšoaneloang ke lentsoe la Jeremane Blitzkrieg, le bolelang “ntoa e tsometsang joaloka letolo.” Khanyeng ea tlhōlo, Hitler a hlahisa ho etsa khotso le mebuso ea Bophirimela. “E bang o ne a tiile ka sena,” ho ngola rahistori oa Jeremane Walther Hofer, “ke taba e ke keng ea arabeloa ka tieo.”
Lilemo tse ’maloa tsa pele tsa ntoa li ne li tletse litlhaselo tsa tšohanyetso, tse neng li otla kapele joaloka letolo le ho senya. Soviet ka potlako ea qobella Estonia, Latvia, le Lithuania, ho emisa masole a eona mobung oa tsona. Finland, ha e kōpuoa ho etsa se tšoanang ea hana ’me ea futuheloa ke Soviet ka la 30 Pulungoana, 1939. Finland ea ipiletsa bakeng sa khotso ho ea ka litumellano tsa Soviet Tlhakubele selemong se latelang.
Khabareng, Brithani le Fora li ne li nahanne ka ho kena Norway e sa nkeng lehlakore ho thusa Finland. Empa ha Finland e ipiletsa bakeng sa khotso, Brithani le Fora tsa felloa ke boikhakanyo ba ho kena Norway, tsa chechisa morero oa tsona. E le selelekela sa ho tla emisa hamorao, tsa qala ho luka metsi a Norway ka la 8 ’Mesa, 1940. Tsatsi le latelang ha baahi ba Norway ba ntse ba inahana ka ho ipelaetsa ho senngoa ha metsi ka liqhomane, ka tšohanyetso Jeremane ea kenya masole a eona Norway le Denmark. Nako e ka tlase ho beke, masole a Brithani a kena Norway, empa kamor’a ho hlōla lintoa li se kae, a tšoanela ho checha ka lebaka la litlaleho tse sa tsitsang tsa ka boroa.
Ka likhoeli bothata e ’nile ea e-ba: Ke neng hona ke kae Jeremane e tlang ho hlasela Fora? Nako ea feta boholo ba ntoa bo loanela feela leoatleng. Naheng e omileng ho ne ho khutsitse. Baqolotsi ba bang ba litaba ba qala ho bua ka “ntoa e khutsitseng” e seng ntoa e tsometsang.
Ha a feta Lerako la Maginot, le neng le lebetse Fora moeling oa eona khahlanong le Jeremane, a phunyeletsa le linaheng tse ka bophirimela ho Europa tse ka leoatleng le ka leboea, a tsoella le Belgium, ’me a fihla moeling oa Fora ka la 12 Motšeanong. Ka la 14 Motšeanong Netherlands e ne e hlōtsoe. ’Me ha masole a Jeremane a theosa le Fora leboea, a feta Kanale ea Manyesemane, ’me a thibela masole a likete a Brithani, Fora, le Belgium. Ea e-ba ntoa ea sebele e tsometsang e seng e khutsitseng!
Ka la 26 Motšeanong, Dunkirk, Fora, mosebetsihali oa pholoso historing ea ntoa oa qala. Ka matsatsi a leshome liketsoana tsa ntoa le tseo e seng tsa ntoa tse makholo, tsa tšelisetsa masole a 340 000 ka mose ho Kanale ea Manyesemane e le hore ba sireletsehe Brithani. Empa ha se e mong le e mong ea ileng a pholoha. Ka likhoeli tse tharo, Majeremane a hapa batšoaruoa ba millione.
Ka la 10 Phupjane, Itali ea phatlalatsa ntoa khahlanong le Brithani le Fora. ’Me matsatsi a mane hamorao, Paris ea haptjoa ke Jeremane. Pele khoeli e fela, tumellano pakeng tsa Fora le Jeremane ea saenoa. Brithani ea ema e le ’ngoe. Joalokaha Hofer a hlalosa: “Ka ho tsometsa hoo Hitler ka boeena a neng a sa nahane hore ho ka etsahala, a fetoha mookameli oa Europa Bophirima.”
Ka ho fapaneng le seo Hitler a neng a se lebelletse, Brithani ha ea ka ea kōpa khotso. Kahoo ka la 16 Phupu, a ntša litaelo bakeng sa “Tšebetso ea Tau ea Leoatleng,” ho futuhela Lihlekehleke tsa Brithani. Brithani ea itokisetsa letolo le neng le tla otla hape.
’Me Joale ho Latela’ng?
Ka lilemo Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa profeta phatlalatsa lefu la Selekane sa Lichaba.a ’Me joale ho otla ha letolo ha ntoa ea II ea Lefatše ha felisa ka ho feletseng bohloko boo se bileng ho bona ba bophelo. Lepato le neng le se le fetiloe ke nako le ka tšoaroa. Setopo se ka kenngoa ka sekoting seo Tšenolo 17:7-11 e buang ka sona ’me motheong oa lengolo leo Lipaki tsa Jehova li profetileng ho hlōleha ha sona.
Empa kamor’a lefu, ho tla etsahala eng? Na ntoa e tla lebisa ho se seng se seholo, mohlomong “Ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o Matla ’ohle” e bitsoang Armageddone? (Bapisa Tšenolo 6:4; 16:14, 16.) Leha Lipaki tsa Jehova li labalabela ho bona kamoo ntoa e tla tsoela pele kateng, ha li kopanele ho eona. Li tla lula li sa nke lehlakore ka tsela ea Bokreste, le hoja boemo boo bo ne bo tla li tlisetsa mahlomola—ka lithibelo tsa mosebetsi, ho kenngoa chankaneng, liqoso tsa khotla, le ho befeloa ke matšoele. Leha palo ea tsona e ne e le ka tlase ho likete tse lekholo selemo seo sa ntoa ea 1940, li ile tsa tsoela pele ho bolela molaetsa oa tšepo e tiileng, molaetsa oa ’Muso o hlomiloeng oa Molimo.
’Me tšepo ke eona ntho eo “Lichaba tse Tsielehileng, tse Susumetsoang ke Tšabo,” li e hlokang. Sena ke sehlooho sa puisano ea rōna e latelang, Karolo ea 4, letotong lena, “Lefatše ho Tloha ka 1914.”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ka mohlala, Watchtower ea la 1 ’Mesa, 1922, leqephe 108, e itse: “Satane . . . joale o leka ho hloma ’muso oa bokahohleng ka tlas’a tokisetso ea selekane sa lichaba kapa kopano ea lichaba.... Selekane sena ke se litšila ’me se tla robakanngoa likoto haufinyana.”
[Lebokose le leqepheng la 22]
Lihlooho tse Ling tse Entseng Litaba
1933—Batho ba fetang 200 000 ba bolaoa Chaena khoholehong ea Noka e jeleng litlhokoa ea Yangtae
1936—Sekepe sa Queen Mary se tšela leoatle la Atlantic ka rekoto ea lihora tse 95, le metsotso e 57
Hitler o halefisoa ke ha Moamerika e motšo Jessie Owens a hapa likhau tse ’nè tsa gauda Lipapaling tsa Liolimpike Berlin
1937—DuPont e tsebahatsa sehlahisoa se secha se tsejoang ka hore ke Nylon
Hoba sefofane sa Jeremane Hindenburg se fete holim’a leoatle la Atlantic sa tšoara mollo ha se roptjoa New Jersey, se bolaea ba 36
1938—Vatican ea amohela ’muso oa Franco e le ’muso oa Spain ka molao
Boramahlale Hahn le Strassmann ba sibolla hore li-neutron li ka sebelisoa ho arola uranium
Kristallnacht (Kristale ea bosiu) ha mabenkele a Majode Jeremane a ntšetsoa thepa le ho senngoa
1939—Batho ba likete tse mashome ba shoa tšisinyehong ea lefatše Turkey
Ho etsoa ha sefofane sa pele sa jete le ho etsoa ha seroala-nkhoana
1940—Brithani e sebelisa maqhubu a ntšelitsoeng pele a radio ntoeng ea moeeng
[’Mapa leqepheng la 22]
(Sheba boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle khatisong)
Leha ho le joalo, ho ne ho se khutso ea letho ha Majeremane a hlasela ka ho tsometsa ka la 10 Motšeanong, 1940.
Lichaba tsa Bompoli le Likhapo
Norway
Denmark
Netherlands
Belgium
Sudetenland
Luxembourg
Rhineland
France
Poland
Czechoslovakia
Austria
Hungary
Romania
Albania
[Litšoantšo leqepheng la 19]
Ntoa e letsitse tšepe ea lefu la Selekane
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Foto ea moo ho bolokoang Litlaleho tsa Sechaba tsa U.S.
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Foto ea Lebotho la U.S.