Kotsi ea Koae ho Batsubi le ho ba sa Tsubeng
Bopaki ba kotsi ea koae ho batsubi le ho ba sa tsubeng boa phaellana. Nahana ka likotsi tse latelang:
■ Koae ho e-na le Lijo
“Seoa sa kankere ea matšoafo se tla ama” linaha tse ngata tse hōlang moruong lilemong tse leshome tse tlang, ho bolela makasine oa World Health. Mokhatlo oa Temo le Lijo oa Machaba a Kopaneng o phaella ka hore ho tsuba koae ho “phahama ka karolo ea 2,1 lekholong ka selemo linaheng tse sa ntseng li hōla moruong.” Ha joale, karolo ea 63 lekholong ea koae ea lefatše e lengoa moo, ho tloha 50 lekholong lilemong tse 25 tse fetileng. Tšekamelo ena e beha linaha tse tsoelang pele kotsing. The Times ea London e hlalosa hore na ke joang: “Tlhahiso ea koae, e amohetsoe ka bophara linaheng tse sa ntseng li hōla moruong e le semela se tlisang chelete e ngata, e eketsa lenane la kankere, e baka ho rengoa ha meru esita le ho nka sebaka sa masimo a lijo tse ngata tsa lelapa.”
■ Ho Tsuba le Kankere
Ka 1986, Sebokeng sa bo14 sa Machaba sa Kankere Hungary, lingaka li hakanya hore batho ba 3 500 000 ba tla bolaoa ke kankere selemong seo. “Ho latela lipalo-palo tsa WHO [Mokhatlo oa Bophelo oa Lefatše],” koranta ea bongaka ea Jeremane “Arztliche Praxis e tlaleha hore “mafu a millione a tla bakoa ke ho tsuba.”
Monghali Richard Doll, moprofesara oa bongaka ea phomolitsoeng mosebetsing empa a ntse a tšoere tlotla ea hae Univesithing ea Oxford, o lemositse hore har’a lik’hemik’hale tse 3 800 tse mosing oa koae, ho fumanoe hore tse 50 li baka kankere liphoofolong. Tse ling tsa lik’hemik’hale tsena ho fumanoe hore li matla haholo mosing o tsoang koaeeng ka ho toba. Kahoo, batsubi ba pepesetsa batho ba bang ba sa tsubeng metsoakong ea carcinogen. Tlhahlobo ea Brithani ea batho ba sa tsubeng le batho ba tsubang e senotse hore motho e mong le e mong oa bobeli ea bolailoeng ke kankere o ne a sa tsube.
Ngaka e buoang ea United States e phehella lifeme ho lokisetsa sebaka sa batho ba sa tsubeng. Tlalehong ea hae ea 1986 ea likotsi tsa ho tsuba, o itse: “Mosi o tsoang sakareteng ke sesosa sa mafu, ho akareletsa le kankere, ho batho ba phetseng hantle ’meleng ba sa tsubeng,” ’me “ho arola batsubi le ba sa tsubeng ba lulang sebakeng se le seng ho ka fokotsa kotsi ea ho pepesetsa ba sa tsubeng tikolohong ea koae, empa e seng ho felisa kotsi.”
■Lesea le e-song ho Belehoe le ea Ameha
Sehlopha sa bafuputsi ba bongaka se tsoang Univesithing ea Sydney Australia se bolela hore ho tsuba ho amoha masea a ka pōpelong lijo tse hlokahalang. Bafuputsi ba ’nile ba ithuta ka phello eo ho tsuba ho nang le eona phallong ea mali ka hare ho placenta—setho se fepang lesea le e-song ho tsoaloe ka lijo le moea o hloekileng le se ntšang litšila ka lelana la mokhubu. Ha bafuputsi ba hlahloba ho phalla ha mali lelaneng la mokhubu, ba fumane hore kamor’a metsotso e ’meli hoba ’mè a tsube sakarete, phallo ea mali e ea theoha, ’me sena se tsoele pele ka nako e lekanang hora.
Ngaka Brian Trudinger, morupeli ea ka sehloohong thutong ea ho belehisa le phekolo ea mafu a basali, o itse, joalokaha ho tlalehiloe ho The University of Sydney News: “Ka karolelano, masea a bo-’mè ba tsubang lisakarete tse leshome ka letsatsi nakong ea kemaro, a na le boima ba ligramo tse 300 ka tlase ho boima ba masea a bo-’mè ba sa tsubeng. Empa ho fihlela joale batho ba phea khang hore ho fokola ha boima ba lesea ke ka lebaka la motsubi e seng ho tsuba—ba re ho ka etsahala hore mosali ea neng a tsuba ha a imme o ne a ntse a e-na le mathata a mang a bophelo ’me ke ka lebaka leo a belehang bana ba nang le boima bo fokolang ba ’mele. Leha ho le joalo, phuputso ea rōna e bontša ka botlalo hore ho tsuba ho ama ka ho toba lesea le ka pōpelong ka ho fokotsa phallo ea mali ho tloha ho lona ho ea ho placenta.
Hape, makasine oa bongaka oa Brithani The Lancet haufmyana o phatlalalitse liphello tsa phuputso ea kankere baneng. Phuputso e fumane hore ha ’mè a tsuba lisakarete tse ngata ka letsatsi nakong ea kemaro, ho na le kotsi ea hore ngoana a be le kankere. “Ha ho ne ho hlahlojoa likarolo tseo mofetše oa kankere o tsoileng ho tsona,” The Lancet e tlalehile, “kotsi ea kankere ho bana ba pepesetsoang lisakareteng tse 10 kapa ho feta ka letsatsi nakong ea kemaro e eketsehile ka karolo ea 50 %.”
Kamor’a hore bana ba batsubi ba belehoe, ba tobana le kotsi e eketsehileng ea bophelo. Khatisong e ’ngoe, The Lancet e hlokometse: “Liphuputso li fumana kamano e tobileng mahareng a mosi o tsoang sakereteng le asthma ea bana, ho khohlela ho phehellang, bohloko ba matšoafo selemong sa pele le sa bobeli ba hlahile.”
■Litšenyehelo tsa ho tsuba mosebetsing
Bahiri ba lefa lidolara tse 4 000 (R5 800) tse eketsehileng ka selemo bakeng sa mohiruoa e mong le e mong ea tsubang, ho bolela Mokhatlo oa Bafuputsi ba Bophelo New South Wales, Australia. Mokhatlo o theile polelo ea ’ona bopaking ba hore batsubi ba ba sieo mosebetsing ka lebaka la ho kula ho feta ba sa tsubeng le hore ba hlaheloa ke likotsi tse ngata ka makhetlo a imenneng habeli. Batsubi ba etsa likotsi tse ngata, ho bolela mokhatlo ’ona, hobane mohiruoa o fahloa ke mosi kapa o sebetsa ka letsoho le le leng ha leng le tšoare sakerete.