Lefatše la Rōna le Letle—Re Tla Siela Bana ba Rōna Botle bo Bokae ba Lona?
HO EA KA litlaleho tse hatisitsoeng, bana ba limillione tse 1 700 ba belehiloe lefatšeng ho tloha ka selemo sa 1970. Haeba ba ne ba entsoe sechaba se le seng, e ne e tla ba se seholohali lefatšeng. Na ha se ho loketseng ho botsa, Ke lefatše la mofuta ofe leo re ba sielang lona?
Lilemong tse ka holimo ho 25 tse fetileng ngaka e tsebisahalang ea Lefapha la Bophelo bo Botle la U.S. e hlalositse: “Re phela ka tlas’a tšabo e tsoelang pele ea hore ho na le ntho e ’ngoe e tla senya lefatše ho fihlela ntlheng eo ho ke keng ha hlola ho e-ba le motho ea phelang lefatšeng.”
Lilemong tse latelang tšabo eo e ile ea hōla. Selemong se fetileng, ho ne ho tšoeroe seboka sa lingaka tse ka bang lekholo, li lemositse hore lintho tse phelang li felisoa ka bongata bo tšosang joalokaha ho ile ha felisoa liphoofolo tsa litonanahali mehleng ea khale, empa nakong ena e ke ke ea e-ba ka mokhoa oa tlhaho empa “ka mesebetsi ea motho.”
Selemong sena Mokhatlo oa Liphuputso tsa Lefatše o ntšitse tlaleho ea ’ona ho State of the World 1987. O itse: “Mokhatlo o tsebang ho iphelisa le ho tšehetsa bophelo o khotsofatsa litlhoko tsa oona ntle ho ho fokolisa litebello tsa moloko o tlang. Mokhatlo oa kajeno o hlōleha ho finyella tekanyetso ena. Mathata a ho tšehetsa bophelo ba batho, Iiphoofolo le tikoloho, a maholo lefatšeng lohle. Mesebetsi e mengata ea batho e qalile ho sokela ho lula ha batho lefatšeng.”
Tlaleho ea Mokhatlo ’ona e boletse hore litlhoko tsa batho ba fetang limillione tse likete tse 5—’me palo ea tsona e eketseha ka limillione tse 83 ka selemo—li phahamela matla a ho inchafatsa a litsamaiso tsa bophelo lefatšeng.
Tšilafalo ea lik’hemik’hale e fokolisa moea o hloekileng o re sireletsang mahlaseling a kotsi ’me ho senyeha ha lesira leo la moea o hloekileng ho ka “baka mafu a eketsehileng a kankere ea letlalo, ho senyeha ha tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa maloetseng, le ho liehisa ho hōla ha limela.”
Haeba pula ea asiti e tsoela pele ho na, hase feela matša le meru e tla felisoa empa mobu o tla fetoha asiti ’me “o ka nka lilemo tse mashome, haeba e se tse makholo, ho nchafala.”
Mekhoa e ntlafalitsoeng ea temo “e ekelitse ho lahleha ha mobu o ka holimo ho feta ho bopeha ha mobu o mocha.”
Ho chesoa ha meru le libeso tse ling ho hlahisa moea o mongata o litšila, hoo limela tse setseng le maoatle li hlōlehang ho o monya. Liphello e ba lefatše le chesang haholo le ka qetellang le qhibilihisitse leqhoa le bokellaneng lintlheng tsa lefatše ’me hoo ho tla tetebetsa metse e mabopong.
Ho felisoa ha meru libakeng tse chesang ho fella ka ho inchafatsa ho fokolang ha metsi bakeng sa pula ’me ho ka hlahisa mahoatata.
Lik’hemik’hale tse chefu, litšila, oli, likotsi tsa nuclear, mahlaseli a ligase tse kotsi, mahlaseli a manyenyane a chesang, majoeboea—ke lethathama la libe tsa motho khahlanong le tikoloho ea hae.
Tlaleho ho State of the World 1987 ea lemosa: “Le ka mohla ha ho e-s’o etsahale hore litsamaiso tsa bohlokoa tsa tikoloho ea lefatše li tsoe taolong ka nako e le ’ngoe. Mathata a macha a tikoloho ha a thijoe ke nako kapa leha e le boemo ba lipolotiki le ba sechaba. Ha ho sechaba leha e le sefe se ka tsitsisang boemo ba mocheso oa lefatše, ho sireletsa moea o hloekileng o sebakeng, ho boloka meru le mobu oa lefatše, kapa ho emisa ho silafatsoa ha matša le melatsoana ka liasiti. Ke feela boitlamo bo tiileng ba machaba bo ka finyellang tsena.”
Boitlamo boo boa lieha, ’me nako e-ea fela. Lichelete tse limillione tse likete li senngoa pokellong ea libetsa; ke chelete e nyenyane feela e sebelisetsoang ho boloka tikoloho hoo ho hlokomolohuoa ha eona ho ka re bolaeang. Ho tloha ka 1983 United States feela e nehelane ka liranta tse limillione tse likete tse 18 lipatlisisong tsa Bohato bo Tlhophisitsoeng ba Tšireletso (SDI) ’me e batla tse ling tse limillione tse likete tse 66 ho tloha ka 1986 ho fihla ka 1991—empa e lekhonatha mererong ea tikoloho. Lichaba tse ling li etsa se tšoanang. State of the World 1987 e bolela ka mantsoe a makhutšoane: “Ke nako ea hore re etse khotso ka borōna e le hore re ka etsa khotso le lefatše.”
“Bokamoso bo tiileng bo re hloka hore ka tšebelisano re felise ho bokellana ha moea o litšila sebakeng, ho sireletsa moea o hloekileng, ho khutlisa meru le mobu, ho emisa ho eketseha ha baahi, ho hōlisa mehloli ea matla. Ha ho moloko o kileng oa tobana le mathata a maholo a batlang tlhokomelo e potlakileng joaloka moloko ’ona. Meloko e fetileng e ’nile ea ameha ka mehla ka bokamoso, empa oona ke moloko oa pele ho tobana le liqeto tse tla tiisa haeba lefatše leo re le sielang bana ba rōna le tla ahuoa ke batho,” tlaleho ena e boletse joalo.
Sehlooho se latelang se bontša bothata bo hōlang ka lebaka la lik’hemik’hale tse chefu.