Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g87 11/8 maq. 19-20
  • Ho Tepella Maikutlong: Na Bohloko Bohle bo Hloohong?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Tepella Maikutlong: Na Bohloko Bohle bo Hloohong?
  • Tsoha!—1987
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha Bacha ba E-na le Khatello ea Maikutlo? Ba ka Thusoa Ke’ng?
    Tsoha!—2017
  • Ho Tepella Maikutlo—Kamoo ho ka Phekoloang Kateng
    Tsoha!—2009
  • Ho Sibolla Motso oa Taba
    Tsoha!—2001
  • Ho Hlōla Ntoa ea ho Tepella Maikutlong
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Tsoha!—1987
g87 11/8 maq. 19-20

Ho Tepella Maikutlong: Na Bohloko Bohle bo Hloohong?

MONNA o ile a tepela maikutlong hang ha a qala ho nchafatsa ntlo ea hae e hahuoeng lilemong tse 200 tse fetileng. O ile a hlobaela ’me a thatafalloa ho nahana. Lelapa la hae la makala hore na ebe mohlomong ntlo eo ke letsaba la lithotsela! O ile a elelloa hore matšoao a lefu la hae a bohloko haholo, ho kopanyelletsa le lehlaba maleng, lefu le totetse kamor’a hore a qete nako e telele a tlosa ferefe ea khale linthong tsa lehong tsa ntlo. Ngaka ea hlokomela hore chefu e tsoang lotong ea ferefe ea khale eo a neng a e tlosa ke eona e mo baketseng ho tepella maikutlong.

E, ka linako tse ling, lintho tse chefu li bakela ho tepella maikutlong. U ka ’na ua makala ho utloa hore ho tepella maikutlong ho bakoa ke lintho tse ngata.

Lilemong tse ’maloa tse fetileng bafuputsi ba hlahlobile batho ba 100 ba amohetsoeng sepetlele ka lebaka la mathata a lefu la hlooho, ho akarelletsa !e ho tepella maikutlong. Litlalelong tse 46, matšoao a ho khathatseha maikutlong a ne a amana ka ho tobileng le ho kula ’meleng. Ho ea ka tlaleho ea American Journal of Psychiatry, ha lefu le amang ’mele le phekoloa, ba 28 “ba ile ba fola kapele bohlokong ba hlooho,” ’me ba 18 ba ne ba “ntlafetse haholo.”

Leha ho le joalo, karolo ea bohloko ba ’mele lefung la ho tepella maikutlong e rarahane haholo. Phihlelo ea lingaka tse ngata ke hore mokuli ea tepelletseng maikutlong ho ka etsahala hore o na le lefu le leng ’meleng le sa ikarabeleng ka ho tepella maikutlong ha hae empa le fetoha ntho eo a tebisang monahano ho eona. Leha ho le joalo, hangata motheo oa ho tepella maikutlong o lokela ho hlahlojoa le ho phekoloa.

Le hoja hangata mafu a ’mele a ka ’na a baka kapa a eketsa ho ferekana maikutlong, matšoao a bohloko ba hlooho a ka bakoa ke bohloko boo e sa leng bo le teng. Ka mohlala, kamor’a ho buuoa ho hoholo, haholo-holo ha pelo, hangata bakuli ba hlaphoheloang ba iphumana ba tepella maikutlong. ’Me ha bohloko ba ho buuoa bo fola, le ho tepella maikutlong hoa kokobela. Khatello ’meleng e bakiloeng ke ho kula ho matla e ka ferekanya maikutlo. Ho phaella moo, boikutlo ba ho kulisoa ke lijo le meriana bo ka baka ho tepella maikutlong ho matla bathong ba bang.

Lefutso le ka fetisetsa lefu le itseng la ho tepella maikutlong. Mathoasong a selemo sena, bafuputsi ba boletse phatlalatsa hore ba sibolotse lefu la liphatsa tsa lefutso tseo ho lumelloang hore le baka ho tepella maikutlong ho ba bang.

Hape, litsebi tse ling tsa meriana li bolela hore ho tloha karolong ea 10 ho isa ho ea 20 lekholong ea bo-mè ba bacha e tepella maikutlong ka ho feteletseng. Leha ho le joalo, bafuputsi ha ba ntšoe-leng tabeng ea hore na ebe liphetoho tsa maro a susumetsang ’mele, tse amanang le ho beleha kapa khatello ea boikutlo ba bo-’mè e baka ho tepella maikutlong. Liphuputso tsa haufinyana li bontša hore likhathatso tse hlahang pele ba ilela khoeli le lithibela-pelehi li baka ho tepella maikutlong ho basali ba bang.

Liphuputso tse joalo li boetse li senola hore ho bonahala batho ba bang ba tepella maikutlong ka baka la ho fetoha ha linako tsa selemo ho bitsoang Ho Ferekana Kelellong ho Bakoang ke Phetoho ea Linako tsa Selemo. Batho ba joalo ba ikutloa ba tepelletse haholo nakong ea hoetla kapa mariha. Ba ba monyebe le ho robala haholo, ba ikarola ho metsoalle, le ba lelapa, ’me ba fetola lijo. Empa ha selemo le lehlabula li thoasa, ba thaba, ba ba mahlahahlaha, ba ba matla, ’me ba boela ba sebetsa ka ho tloaelehileng. Ba bang ba phekotsoe ka katleho ka tsebo e laoloang ea leseli la maiketsetso.

Kahoo ha se kamehla ho tepella maikutlong ho leng ‘ka hloohong.’ Ka hona haeba boikutlo ba ho tepella bo sa fele, ho hlahlojoa ka ho feletseng ke ngaka ke ha bohlokoa. Empa ho thoe’ng haeba lebaka la phekolo le sa fumanehe?

[Lebokose le leqepheng la 20]

Lisosa tse Ling Tsa ’Mele Tse Bakang ho Tepella Maikutlong

Liphuputso tsa meriana li kopanyelletsa lintho tse latelang lisoseng tsa ho tepella maikutlong ho batho ba bang:

Litšepe le lik’hemikale tse chefu: loto, sekete, aluminium, moea o litšila, le lichefu tse ling tse bolaeang likokonyana

Phepo e haellang: lithibela-mafu le matsoai a mang a bohlokoa

Mafu a tšoaetsang: lefuba, bohloko ba ho ruruha, maro a ’mele, bohloko ba matšoafo bo bakoang ke likokoanahloko, lefu la sebete, le mokakallane

Mafu a maro a ’mele: lefu la qoqotho, ho ruruha, lefu la tsoekere

Lefu la methapo: tšesefalo ea methapo, bohloko ba hlooho bo tšoarisang letōōpe le mesifa e fokolang

Lithethefatsi tsa “boikhathollo”: PCP, matekoane, amphetamine, cocaine, heroin, methadone

Meriana e fumanehang ka taelo ea ngaka: barbiturate, anticonvulsant, corticosteroid, hormone. Meriana e meng e phekolang khatello ea mali, mathata a lefu la pelo, le e meng e phekolang ho ferekana maikutlong

(Ha se meriana e joalo kaofela e tla baka ho tepella maikutlong, leha kotsi e ka ba teng, hangata ke palo e fokolang feela ea ba e sebelisang tlas’a tlhokomelo e nepahetseng ea lingaka ba tla tepella joalo.)

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela