Bacha Baa Botsa . . .
Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Utloa ’Mè le Ntate?
JOHN le banana ba babeli bao a kenang sekolo le bona ba eme ka pel’a lesoba le leholo le phuntsoeng terateng e neng e etselitsoe ho thibela batho hore ba se tšelele seterateng se sebelisoang haholo se nang le mela e tšeletseng. Ha likoloi li feta ka lebelo, banana ba babeli ba itokisetsa ho tšela seterata ka potlako e le hore ba fihle lapeng kapele.
“Tlo, John,” ha phehella banana. “U tla le rōna, a ke re?” John a qala ho ba sala morao. “Joale ka qala ho hopola hore ’mè le ntate ba mpolelletse hore le ka mohla ke se tšele tsela ena empa ke sebelise tsela ea borokho.”
Ha ba hlokomela hore John oa tsila-tsila, ngoanana e mong a soma: “U lekoala!” Mantsoe ana a hlaba John haholo. John, ea neng a sa tšoha, o ne a sa rate ha banana bana ba babeli ba mo soabisa joalo.
Ipotse, ‘Haeba ke ne ke le John, ekabe ke entse joang?’ O ne a talimane le ho tlotlolleha ka pel’a lithaka tsa hae haeba a ne a sa arabele ka ho rata phephetsong ea tsona. Ke taelo ea batsoali ba hae feela—ba neng ba le sieo moo—e neng e mo eme ka pele.
Ha ho pelaelo hore batsoali ba hao ka ho tšoanang ba beile melao e meng eo ba lebeletseng hore u e boloke. Melao e joalo ha e akarelletse feela bohloeki, mosebetsi oa sekolo oa hae, ho ba teng lapeng ka nako e itseng, le mefuta ea boithabiso empa hape le boitšoaro. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, bacha ba lekeha ho hlokomoloha melao ea batsoali. Empa nahana . . .
Ke Hobane’ng ha Batsoali ba Bea Melao?
“Mora oa ka [kapa morali],” ho ngotse motsoali ea bohlale, “u lotolotse likeletso tsa ka, ’me u tla phela.” (Liproverbia 7:1, 2) E, melao, “likeletso,” tsa motsoali li reretsoe ho u tsoela molemo. Li bontša lerato la ’nete la motsoali le kameho. Ho totobetse hore ho haella ha litataiso tse tiileng le melao ho hlahisa ho se sireletsehe.
Ka mohlala, mocha e mong o ngotse: “Batsoali ba ka . . . ba ne ba ntumella ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ke lumela hore bana ba bangata ba ne ba tla thaba haeba batsoali ba bona ba ne ba ba lumella ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e ratang. Empa hoo hase ntho e monate. Ho nketsa hore ke ikutloe ke le molato ’me ke fokola. Ke a tšoha hore ka le leng la matsatsi ke tla etsa ntho e mpe. Ho nahana ka sena ho a ntšosa.” Mocha enoa o na le lebaka le letle la ho tšaba. Mabakeng a mang, ho hlōleha ha motsoali ho bea melao e hlokahalang ho lebisitse kotsing.
Ka mohlala, mohlankana e mong o ile a senya koloi ea ntat’ae ka makhetlo a mararo. “Ho totobetse hore mora oa hao ha a tsebe ho khanna,” ha hlalosa mookameli mosebetsing ha a utloa ka likotsi tsena. “Hobane’ng u tsoela pele ho mo lumella ho sebelisa koloi ea hao?” Ntate enoa a arabela ka hore o na a sa batle ho utloisa mora bohloko ka ho mo thibela ho khanna. Kahoo, a boela a fa moshemane linotlolo tsa koloi ea hae—ka lekhetlo la ho qetela.
Metsotso e 20 hoba mora a tsoe ka koloi, ntate a fumana molaetsa oa thelefono o tsoang mapoleseng. A ne a ’mitsetsa ho tla khetha setopo se silehileng sa mor’a hae. Ho ea ka mapolesa, mora o ile a thula palo ea thelefono ka lebelo la lik’hilomithara tse 160 ka hora! “Nkabe ke mo thibetse,” ha lla ntate eo ha bohloko. “Haeba ke ile ka tiisa molao oa ka, a ka be a phela kajeno.”
Empa melao e etsa ho hongata ho feta ho u sireletsa kotsing. Ha batsoali ba hao ba u laela ho etsa mesebetsi ea lapeng le mosebetsi oa sekolo oa hae, ba u ruta ho etsa mosebetsi o boima. Sena se bohlokoa hakae? Tlhahlobo e ’ngoe ea bashemane ba 456 ba ka tlaase ho lilemo tse 20 e bapisitse bophelo ba ba hōlisitsoeng ka tsebo ea ho sebetsa le ba sa hōlisoang ka eona. Babatlisisi ba hlahlobile lintho tse kang hore na bashemane ba ne ba etsa mosebetsi oa kamehla oa lapeng le ho sebetsa hantle sekolong. Lilemo tse 30 hamorao, ho ile ha iteanngoa le bashemane bana hape.
Bashemane ba fumanoeng ba na le tsebo e phahameng ea mosebetsi ba ne ba na le menyetla ea ho ba le likamano tse mofuthu le batho ba bangata ka makhetlo a imenneng habeli ho feta ba fumanoeng ba e-na le e tlaase. Hape ba ne ba ka amohela moputso o imenneng ha hlano mosebetsing oa boipheliso. Ka lehlakoreng le leng, ba neng ba sa sebetse haholo ha ba sa le banyenyane ho ne ho ka etsahala hore ba kule maikutlong ka makhetlo a imenneng ha leshome ’me ka makhetlo a tšeletseng ba shoe ha ba lilemo li 47! Kahoo, ho utloa melao ea batsoali ba hao mabapi le mosebetsi oa lapeng le oa sekolo ho ka ama hamolemo bophelo ba hao bohle.
Ha ho le Thata ho Utloa
Mabakeng a mang, ho se tsotelle ho ka lebisa ho tlōleng molao. U lokela ho ikhopotsa melao nako le nako. Hape, ho sheba hore na bana ba batsoali ba bang ba sa tsotelleng ba boloka melao kapa che ho ka etsa hore u ikutloe u re, ‘Hobane’ng ha ke lokela ho utloa?’ Hopola, batsoali ba hao ba lokela ho lekanyetsa se molemo bakeng sa hao. Haeba batsoali ba bang ba le bonolo haholo, bona le bana ba bona ba tla kotula tholoana ea mathata qetellong, hobane “seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.” (Ba-Galata 6:7, 8) Hobane’ng ha u batla ho kotula se tšoanang?
Ka linako tse ling, motsoali a ka bea molao oo u nahanang hore ke khatello holim’a hao ’me ha oa loka. Tšekamelo ke ho se o utloe. Empa ka nako e nepahetseng, hobane’ng ha u sa buisane le batsoali ba hao ka maikutlo a hao, le ho ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha u nahana hore molao oo ha oa loka. U tla fumana ho thusa haholo ho nahana molao o mong o mocha oo u ka sekisetsang ho ’ona. Leha ho le joalo, mabakeng a mang ho se utloe ho bakoa ke khalefo. Ngoanana e mong ea lilemo li 17 o ile a khathatseha haholo maikutlong ka baka la liphapang tsa batsoali ba hae. A halefetse batsoali ba hae, o ne a ikemiselitse ho tlōla melao-metheo ea Bibele eo batsoali ba hae ba e bueletseng ka matla. A feba le monna e mong eo a kopaneng le eena ka tereneng. “Ka ikutloa ke kolota batsoali ba ka ho hong” o boletse hamorao. Empa ke eena ea ileng a lahleheloa hobane khalefo ea hae e lebisitse letsoalong le cheleng. Kamor’a moo, a qala ho fokotsa lihora tsa sekolo le ho sebelisa lithethefatsi hampe le ho li rekisa.
Jobo, monna ea lokileng o ile a lemosoa: “Empa bohale ba hao bo se ke ba u isa nyefolong . . . U itise u se ke ua sekamela bobeng.” (Jobo 36:18-21) Ha u ikutloa u halefile, ema ’me u ipotse: ‘Ho se utloe ha ka ho tla finyellang? Ekasita leha ke tlōla molao ho iphetetsa ho batsoali ba ka, na ho ka etsahala hore ke phele le liphello tsa hoo bophelong bohle ba ka—nako e telele kamor’a hore maikutlo a ka a kokobele?’ Ho e-na le ho etsa lintho ka bohale, ke nako ea ho lula u khutsitse e seng ea ho etsa lintho ka lepotla-potla.
Qetellong, nako ea bocha hangata e hōlisa takatso ea ho ipusa. ‘U ntšoere joaloka lesea. Hobane’ng ha u sa ntumelle hore ke ikarabelle bakeng sa mosebetsi oa ka oa sekolo, kamore, linako tsa ho fihla hae, ponahalo, metsoalle, le nako ea ho robala?’ Bacha ba bangata ba ikutloa ba tseba ka ho feletseng ho etsa melao ea bona. Empa John, ea boletsoeng qalong, o ithutile . . .
Bohlokoa ba ho Utloa
“Ha ke khathalle leha le mpitsa ‘lekoala,’” ho boletse John ho banana ba babeli. “Ke lokela ho utloa ’mè oa ka.” Ha banana ba potlakela ho tšela seterata, John a boloka molao ’me a sebelisa tsela ea borokho. Ha ba tšela, a utloa lerata la mabili a koloi. Ha a sheba tlaase a bona banana ba babeli ba thuloa le ho lahleloa holimo ke koloi. E mong a oela tseleng e bapileng le eo, moo a ileng a hatoa hape ke koloi e ’ngoe ’me a shoa. Leoto la khaitseli ea hae le ile la pitloa ’me la qetella le ponngoe.
Ketsahalo ena e bohloko ea etsa hore John a bone kamoo phihlelo ea hae e neng e fokola kateng. O ’nile a bona bacha ba bang ba bangata, ho kopanyelletsa le banana bana ba babeli, ba tšela tsela ba mathile ba sa hlaheloe ke letho le lebe. Leha ho le joalo, ’m’ae o ne a hopola hantle hore, lilemo tse hlano pelenyana, ngoana oa motsoalle oa hae o bolailoe ke koloi ha a ne a leka ho tšela eona tsela eo a mathile. Ka lebaka la phihlelo ea hae e nammeng, o ile a etsa melao ho sireletsa mora oa hae.
Thelma, ’mè oa John, hamorao a etela ’mè oa banana bana ba babeli ho mo tšelisa. ’Mè ea utloileng bohloko a hlalosa: “Ke ne ke bolella banana kamehla hore ba sebelise tsela ea borokho, empa ba ne ba sa utloe. Leha ho le joalo, ba etsa qeto ea ho ikela ka tsela ea bona. Ke lakatsa kannete eka ba ne ba utloa joaloka mora oa hao.” E, ho utloa ha John ho bolokile bophelo ba hae.
Ho hlakile hore hase ka linako tsohle ho tlōloa ha molao oa batsoali e leng taba ea bophelo kapa lefu. Ka bohlajana bo itseng u ka roba molao o mong le o mong oo batsoali ba hao ba o beang. Empa ho se utloe linthong tse nyenyane ho ka bea mohlala o sa fetoheng habonolo. Pelo ea motho e ka khomarela ka thata ho etseng bobe.—Moeklesia 8:11.
Ho utloa ha John ho ne ho sa itšetleha ka hore na batsoali ba hae ba mo shebile kapa che, hobane o ne a tseba hore Molimo o laetse ho utloa ho joalo, ’me o ne a batla ho mo thabisa le ho ba le letsoalo le letle. (Ba-Efese 6:1) Ho utloa ho lokela ho tsoa pelong. Motsoali e mong ea bohlale o kile a eletsa ngoana oa hae: “Pelo ea hao e boloke lipolelo tsa ka hantle; u lotolotse likeletso tsa me, ’me u tla phela.”—Liproverbia 4:4.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
U lokela ho talima melao ea batsoali ba hao joang?