“Joaloka Linaleli Tsa Leholimo”
“RURI ke tla atisa peō ea hao joaloka linaleli tsa leholimo le joalo ka mahlohlojane a lehlabathe le lebōpong la leoatle.” (Genese 22:17, NW) Ke kamoo Molimo o tšepisitseng mopatriareka Abrahama. Leha ho le joalo, tokollo ea haufinyana ea buka Bible Review, e bua ka bothata bo bonahalang bo le teng ka lengolo lena.
Bibele e nepile ponong ea mahlale ka ho bapisa palo ea linaleli tse leholimong le mahlohlojane a likete tse limillione a lehlabathe le lebōpong la leoatle. Leha ho le joalo, hore linaleli li baloa ka likete tse limillione ho bonahala ho ne ho sa tsejoe mehleng ea boholo-holo. Bible Review ea hlalosa: “Ha e le hantle ha ho na linaleli tse ngata hakaalo leholimong tse ka bonoang ka leihlo la nama. Liithuti tsa linaleli li re bolella hore ka ntle ho thuso ea sebonela-hōle, re ka bona feela linaleli tse lipakeng tsa 2 000 le 4 000, ekasita leha leholimo le hlakile.” The World Book Encyclopedia e bolela hore “linaleli tse ka bang 6 000 li khanya hantle ka ho lekaneng hore li ka bonoa ka ntle ho sebonela-hōle.”
Joale, ke joang motho a hlalosang ho nepahala ho hlollang ha Bibele ka ho etsa papiso ena? Tlhaloso e ’ngoe e ka ba hore Bibele e “bulutsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16) Leha ho le joalo, sehlooho ho Bible Review, se sotha qeto ena ka ho hlahisa hore mohlomong Abrahama e ne e le seithuti sa linaleli! Empa tlhaloso e makatsang e ile ea lateloa ke potso ena: “Na batho ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba ka ba le libonela-hōle tse senotseng linaleli tseo leihlo la nama le neng le ke ke la li bona?” Ho tšehetsa thuto ena, sehlooho se ile sa qotsa bopaki ba hore majoana a likristale a fumanoeng Ninive le libakeng tse ling tsa boholo-holo a sebelelitse e le ligalase tsa boholo-holo tse hōlisang lintho.
Leha ho le joalo, bopaki ba hore batho ba mehleng ea boholo-holo ba sebelisitse lihōlisi tse joalo ho bona linaleli ha bo eo. ’Me ekasita le haeba libonela-hōle tsa boholo-holo li ne li le teng, ke bopaki bofe bo teng ba hore Abrahama kapa mongoli oa Genese o ne a ka ba le sona? Bonneteng, tšepiso ea Molimo ho Abrahama e mpa e le o mong oa mehlala e mengata ea ho nepahala ha Bibele ponong ea mahlale. Ho bonahala e ne e le ka ntle ho thuso ea sebonela-hōle moprofeta Jeremia a tlalehileng pono e nepahetseng ka ho tšoanang: “Joale ka makhotla a maholimo a ke keng a baloa, le lehlabathe le leoatleng le ke keng la lekanngoa.”—Jeremia 33:22.
[Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng leqepheng la 23]
Lifoto ea NASA