Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 6/8 maq. 20-22
  • Liboka Tsa Bokreste Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ea ho Tsona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Bokreste Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ea ho Tsona?
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liholo tsa ’Muso—Li Khatholla ka ho Fapaneng
  • Liboka—Kofuto ea ho Lula U le “Matla Tumelong”
  • Liboka—Lia Thabisa ’me Lia Ipiletsa
  • Sebaka sa ho Ithuta
  • Nka Rua Molemo o Eketsehileng Joang Libokeng Tsa Bokreste?
    Tsoha!—1988
  • Liboka li Ruisa Bacha Molemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2000
  • Liboka Tsa Lipaki Tsa Jehova li ka U Tsoela Molemo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Kamehla Libokeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 6/8 maq. 20-22

acha Baa Botsa . . .

Liboka Tsa Bokreste Ke Hobane’ng ha U Lokela ho Ea ho Tsona?

“Batsoali ba ka ba ne ba nqobella hore ke ee kerekeng,” ho boletse Christiaan, mohlankana ea lulang naheng ea Suriname. “Kamehla ke ne ke lakatsa hore pula e ne ka Sontaha hoseng, hore ke tsebe ho itulela hae. Empa,” o phaella ka ho bososela, “ho bonahala pula e na feela ho tloha ka ’Mantaha ho fihlela ka Moqebelo.”

“Kapele ke ile ka khathala ke litšebeletso tsa kereke. Ha monyetla oa hore ke ikhule o fihla, ka o sebelisa.”

CHRISTIAAN hase mokhelo. Baruti ho potoloha lefatše ba tšoenyehile ka thahasello e fokolang eo bacha ba nang le eona litšebeletsong tsa bolumeli. Simote Vea, moruti oa sehleke-hlekeng sa Pacific sa Tonga o re: “Lenane la bacha ba eang likerekeng . . . lea fokotseha.”

Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha likereke tse khōlō li hlōleha ho hohela bacha? Lorine Tevi, setho sa Lekhotla la Likereke la Lefatše, oa lumela: “Ntho ea bohlokoahali ke thuto . . . Likereke li tlameha ho ithuta hore thuto ea bolumeli e lokela ho rutoa bohle.”

“Ho joalo,” ho lumetse Christiaan. “Bacha ba bangata ba laba-labela thuto e hlakileng ea Bibele. Leha ho le joalo, ho e-na le ho khotsofatsa tlhoko eo, kereke e sa khomaretse meetlo ea boholo-holo.” Annie ea lilemo li 13 oa phaella: “Kerekeng ho binoa haholo empa ho rutoa hanyenyane.” Ka ho tšoanang, Barbara ea lilemo li 18 o tletleba ka thuto e fokolang kerekeng. Oa hopola, “ka letsatsi le leng, moruti o ile a mpha likotoana tsa litšoantšo tsa Jesu. A bolela hore ke li kenye mebala. Seo e ne e le tšebeletso!”

Joale, ha ho makatse ha bacha ba bangata ba nyahamisitsoe ke litšebeletso tsa kereke. Leha ho le joalo, na sena se bolela hore liboka tsohle tsa bolumeli ke tšenyo ea nako? Ho fapana le hoo, bacha ba boletsoeng mona ba qalile ho ea libokeng tsa bolumeli hape! Lebaka? Ba hlokometse seo makasine oa U.S. Catholic o se boletseng lilemong tse fetileng: “Holo ea ’Muso leha e le efe e nehelana . . . ka thuto e eketsehileng ka khoeli ho feta seo likereke tsa K’hatholike li se rutang selemo kaofela.”

Liholo tsa ’Muso—Li Khatholla ka ho Fapaneng

Liholo tsa ’Muso? E, tsena ke libaka tseo Lipaki tsa Jehova, batho ba nehelanang ka makasine ona, ba kopanelang ho tsona. Phuputso e entsoeng naheng ea Suriname e bontša hore motho a le mong ho ba bararo ea bang teng libokeng o mahareng a lilemo tse 12 le 20! Ho joalo le linaheng tse ling tse ngata—lenane le leholo la bacha le ba teng libokeng Liholong tsa ’Muso.

Christiaan o hlalosa hore na ke hobane’ng ha liboka li hapile thahasello ea hae: “Ke ile ka khahloa ke ho bona kamoo Bibele e sebelisoang hangata kateng. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e buuoang e ne e na le bopaki. Liboka li ne li tšoana le sekolo!” Joaloka sekolo se molemo, Holo ea ’Muso e nehelana ka thuto ea liboka tse hlano tsa beke le beke tse koetlisang Bakreste ho bala, ho ruta, le ho sebelisa Bibele. Moo u tla fumana hore liboka li khatholla ka ho fapaneng le litšebeletso tsa kereke.

Ho sa le joalo, bacha ba bangata ba ka nyahamisoa ke ho kopanela mofuteng leha e le ofe oa sekolo. Esita le bacha ba bang ba hōlisitsoeng ke batsoali ba Bakreste ba ka ’na ba felloa ke kananelo ea liboka tsa Bokreste, ba tletleba ka hore li ‘bolutu,’ ‘li telele haholo,’ kapa ba ka be ba etsa ho hong—joaloka ho shebella thelevishene—ekaba ho thabisang haholoanyane. Joale, ke hobane’ng ha mocha a lokela ho nka nako ea boikhathollo le ea ho etsa mosebetsi oa sekolo hore a be libokeng tsa Bokreste?

Liboka—Kofuto ea ho Lula U le “Matla Tumelong”

Moapostola Pauluse o kile a bolela hore “tumelo ha e le sieo, ha ho kamoo Molimo o ka khahlisoang.” (Ba-Heberu 11:6) Kahoo o ile a phehella Bakreste ho lula ba le “matla tumelong.” (Tite 2:2, 3, NW) Na keletso ee e loketse bacha ba kajeno? Ho joalo! Ngoanana e mong ea lilemo li 15 o hlalosa ka tsela ena: “Ka linako tse ling ke nahana hore bacha ba kile ba e-ba le nako e boima haholo bophelong. Re potiloe ke batho ba febang, ba sebelisang lithethefatsi, le ba noang.” Na u ka loantša litšusumetso tsena tse matla haeba u ‘ikhetha’ ho Bakreste ’moho le uena? (Liproverbia 18:1) Che.

Kahoo liboka tsa Bokreste ke tsa bohlokoa. Li u thusa hore u lule u le “matla tumelong”! Tertullian, molumeli oa lekholo la bobeli la lilemo, o itse: “Re bokana hammoho ho bala libuka tsa rōna tse halalelang . . . ka mantsoe a halalelang re fepa tumelo ea rōna.” Ka ho tšoanang kajeno, liboka Holong ea ’Muso li ka ‘fepa tumelo ea hao’ le ho u matlafatsa. Joale, ha ho makatse ha Bakreste ba laeloa: “A re tieeng re sa sisinyehe ho bolela tšepo ea rōna, . . . re se ke ra lula hōle le liboka tsa rōna, joaloka ha ba bang ba etsa.”—Ba-Heberu 10:23-25, The New English Bible.

Liboka—Lia Thabisa ’me Lia Ipiletsa

Leha ho le joalo, mehleng ena ea tsoelo-pele boqaping ba mahlale, bacha ba bangata ha ba batle ho rutoa feela empa le ho thabisoa. Ha e le hantle, liboka Holong ea ’Muso ha li ea rereloa ho ba lipapali tsa sethalleng. Leha ho le joalo, sena ha se bolele hore lenaneo le bolutu ’me lea nyahamisa. Nahana: Ke eng se etsang hore lijo li hlabose? Na ha se lijo tse matlafatsang le tsa mefuta e fapaneng, botsoalle bo thabisang tafoleng, le boemo bo khutsitseng? Liboka tsa Bokreste li finyella boemo bona bo thabisang.

Lia Matlafatsa ’me li Fapane: Liboka tse hlano li fana ka lijo tse matlafatsang tsa moea—ho tloha ka keletso bophelong ba lelapa ho isa ho ithuteng boprofeta. Lia fapana? Hangata lipuo le puisano ea sehlopha li fapanyetsana le lipontšo tse khahlisang. Janet ea lilemo li 15 o hopola seboka sa pele seo a bileng ho sona: “Ha seboka se ntse se tsoela pele ka bolella ’mè oa ka, ‘A re tsamaee.’ Ke khathatse ke ho lula. Empa nakong eo maqheku le bacha ba qala ho fana ka lipuo sethaleng. Ke ile ka ho rata ’me ka lula ho fihlela seboka se tsoa.”

Botsoalle bo Thabisang: Kamor’a hoba a be teng sebokeng ka lekhetlo la pele, ngoanana ea bitsoang Carolina oa Nicaragua o itse: ‘Bacha ba nkhahlile haholo. Ba ne ba e-na le botsoalle ’me ba hlompha.’ E, Holong ea ’Muso re fumana botsoalle bo ‘botle le bo monate.’ (Pesaleme ea 133:1, NW) Kahoo Anita ea lilemo li 16 o re: “Holong ea ’Muso, ke fumane metsoalle ea sebele.”

Boemo bo Khutsitseng: “Ka linako tse ling ke tšoenyeha ka bothata letsatsi lohle,” ho bolela Simeon, ea lilemo li 14. “Empa Holong ea ’Muso, ke ea bo lebala. Ke utloa ke khotsofetse ka hare.” Liboka tsa Bokreste li bontša moea oa Molimo oa thabo le khotso. (Ba-Filippi 4:4-7) Ho fapana le mehaho e majabajaba, ea boemo bo khethehileng ea likereke tse ngata, Liholo tsa ’Muso li hahiloe ka tsela e tloaelehileng ’me li fana ka boemo bo khathollang. Barbara e monyenyane o re: “Holong ea ’Muso, ke ikutloa ke khatholohile.”

Sebaka sa ho Ithuta

Leha ho le joalo, ho bohlokoa haholo ho feta boemo bo u likolohileng ke seo u ithutang sona ka ho ba teng sebokeng Holong ea ’Muso. Ka mohlala, nahana ka seboka se le seng ho liboka tse hlano tsa Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo se qalileng ka 1943 bakeng sa ho koetlisetsa Bakreste ho bua le batho. Ke sekolo sa machaba, se simolotsoeng liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle, ho fana ka menyetla e lekanang ea thuto. Liithuti li fumana koetliso e tšoanang ebang ke bashemane kapa banana, ba batšo kapa ba basoeu, barui kapa mafutsana—ha ba lefe letho!

Buka e khōlō e ithutoang ke Bibele. Barupelli ba tšoanelehang ba ruta liithuti kamoo li ka bokellang tsebo ea Bibele le ho nehelana ka eona ka mokhoa oa ho qoqa. Hape ho sebelisoa Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Leholimo.a Likhaolo tsa eona tse 38 li koahela lihlooho tse kang “Ho Haha Kemiso,” “Ho Hatisoa ha Mohopolo,” “ho Phahama le ho Teba ha Lentsoe,” ’me li ruta tšebeliso e nepahetseng ea mantsoe, ho a bitsa, le ho a ngola. Ha mocha ea bitsoang Terri a neha morupeli oa Sehlopha sa Batho ba Rutoang ho Bua Phollatsi buka ena, o ile a bolella barutuoa ba bang: “Kamor’a thupelo ea libeke tse hlano, o mphile buka ea kamoo nka rutang batho ho bua phollatsi ka ho nepahetseng!”

Nahana u se u nolofalloa ho ema pel’a sehlopha u se ruta Bibele—ka masene, ka ho nepahetseng! Ona ke o mong oa menyetla e ka u tlelang haeba u ba teng libokeng Holong ea ’Muso. Ho phaella botsoalleng bo molemo boo u tlang ho bo thabela moo, u tla bona bohlokoa ba hore na ke hobane’ng ha u lokela ho ba teng libokeng kamehla le ho eketsa tumelo ea hao ho Molimo le ho Mora oa oona. Jesu oa re hopotsa, “Ea lumelang ho Mora, o na le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:36.

Joale, re tšepa hore tlhaloso ena e khutšoanyane e leolitse cheseho ea hao ea ho qalisa ho ba teng libokeng haeba u ne u e-s’o etse joalo. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba u se u ntse u ba teng ho tsona? Joale potso ke hore, Na u rua molemo ka ho loketseng libokeng tsee? Tokollo e tlang e tla hlalosa sena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a E hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

Liboka Holong ea ’Muso li fana ka monyetla ho bacha ho nka karolo ka mafolo-folo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela