Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 9/8 maq. 5-6
  • Seo Bana ba se Hlokang ho Motsoali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo Bana ba se Hlokang ho Motsoali
  • Tsoha!—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nako, Lerato, le Kameho
  • Ba Tšoana le Limela
  • Karolo ea Batsoali
    Lipaki Tsa Jehova le Thuto
  • Batsoali—Koetlisang Bana ba Lōna ka Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Batsoali, Bana ba Lōna ba Hloka Tlhokomelo e Khethehileng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 9/8 maq. 5-6

Seo Bana ba se Hlokang ho Motsoali

HO ATLEHA ha thuto ea ngoana ha hoa lokela ho lekanyetsoa feela ka matšoao a matle ao a a fumanang litlhahlobong. Ha bohlokoahali ke metheo e molemo eo a e hōlisang, litekanyetso tsa hae tsa boitšoaro, mekhoa ea hae, le kamoo a nahanang kateng. Empa ke mang ea jarang boikarabelo bo ka sehloohong ka ho hōla ha ngoana likarolong tsena?

“Ke batsoali,” ho arabile moeletsi oa sekolo ea elelitseng ka nako e telele. “Sepheo sa thuto ea sekolo ke ho tšehetsa batsoali lenaneong la ho hlahisa bacha ba ikarabellang ba hōlileng hantle kelellong, ’meleng, le boikutlong.”

Hangata baeletsi ba joalo ba sekolo ba ithutile lintho tse sebetsang le tse sa sebetseng ha ho tluoa tabeng ea ho hlahisa bacha ba hōlisitsoeng hantle. Roddy Cameron, moeletsi e mong ea joalo, o ile a sebetsana le bana ba makholo-kholo ka lilemo. Tsoha! e ile ea mo botsa: “Ke eng seo bana ba hlileng ba se hlokang hore ba atlehe?”

Kamor’a hore a nahanisise ka motsotsoana, a arabela: “Mpontše ngoana ea nang le mathata, ’me ho ka etsahala hore ke u bontše batsoali ba hae ba nang le mathata.” Ha a pheta liphihlelo tsa hae nakong eo a buisanang le batsoali ba joalo, o hlokometse sena: “Ha ba leka ho ntlhalosetsa lebaka leo ba tlamehang ho sebetsa ka thata joalo le hore ba be sieo hae ka nako e ngata, kamehla ba mpolella hore ba batlela bana ba bona seo bona ba sa kang ba ba le sona.”

Leha ho le joalo, na melemo ea lintho tse bonahalang eo batsoali ba bangata ba neng ba se na eona ha ba ne ba le banyenyane ke eona eo bana ba bona ba hlileng ba e batlang? Na likoloi tsa chelete e boima, liaparo tse ntle, ho etela libakeng lisele matsatsing a phomolo ke tsona lintho tsa bohlokoa bakeng sa liithuti tse atlehileng, le tse hōlisitsoeng hantle? Cameron o botsa lipotso tsena tse sa hlokeng karabo: “Ke eng se fosahetseng ka ho kopa ngoana, ho mo aka, ho mo rata, le ho mo nea tlhokomelo? Lintho tsena ha li hloke chelete, empa ke tsona lintho tseo bana ba hlileng ba li hlokang haholo.”

Nako, Lerato, le Kameho

Tlhokomelo e lerato ke ntho ea motheo e hlokoang ke bana. ’Me tsela e atlehileng eo batsoali ba ka fanang ka eona ke ka hore ka tsela e se nang boithati ba fane ka bona ka bobona, ka nako ea bona, ba se ke ba ikutloa ba le lihlong ho bontša lerato la sebele, le sa thibeloeng ke letho le kameho e tebileng. Mongoli e mong o hlokometse hore mpho e molemohali eo motho e mong a ka fanang ka eona ke “ho ba teng.”

Bukaneng Plain Talk About Raising Children, Sepetlele sa Kelello sa U.S. sa Sechaba se tlalehile liphello tsa phuputso e entsoeng ho batsoali ba atlehileng. Bana ke batsoali ba bana ba seng ba le ka holimo ho lilemo tse 21, “kaofela e ne e le batho ba baholo ba atlehileng le ba bonahalang ba tsamaisana hantle le mokhatlo oa rōna.” Batsoali ba bacha bana ba hōlileng hantle ba ile ba botsoa: ‘Ho itšetlehile ka phihlelo ea lōna, ke keletso efe e molemohali eo le ka e neang batsoali ba bang?’ Karabo e tšoanang eo ba faneng ka eona e bile ena: ‘Lerato le lengata,’ ‘taeo e hahang,’ ‘ho sebelisa nako hammoho,’ ‘ho ruta bana ba hao se nepahetseng ho se fosahetseng,’ ‘ho haha hlomphano,’ ‘ho ba mamela,’ ‘ho fana ka tataiso ho e-na le ho bolela feela,’ le ‘ho talima lintho ka leihlo la sebele.’

Na likarabo tseo li utloahala li sa thahasellise, kapa li siuoe ke nako? Leha ho le joalo,batsoali ba ka ’na ba ipotsa: ‘Haeba ntho e itseng e sebetsa hantle, lebaka la ho e lahla e le hore re sebelise e fapaneng, e sa sebetseng e tla be e le lefe?’ E, nako, lerato, le kameho ke lintho tse momahanyang lelapa hammoho. Ke mosebetsi oa batsoali oa lapeng ho fana ka litlhoko tsena tsa motheo bakeng sa bana ba bona. Haeba ba phethahatsa kabelo ena ea bona hoo ho tla thusa bana ho fetoha liithuti tse atlehileng le batho ba baholo ba atlehileng. Ha ho na tsela e ’ngoe e khaoletsang, ha ho na mekhoa e meng e ka nkang sebaka sa ena, joaloka ho nahana hore ho fana ka lintho tse bonahalang ho tla tlisa phapang e khōlō.

Ba Tšoana le Limela

Likarolong tse ngata, bana ba hōla joaloka limela. Molemi ea atlehang oa tseba hore ho hlokahala eng hore a kotule haholo—mobu o kentsoeng menontša; mofuthu; metsi; ho hlaola lehola; le tlhokomelo. Hangata ho ba le linako tse thata le tse utloisang bohloko, ho fihlela nakong ea kotulo. Empa balemi ba atlehileng ba ikutloa ba le motlotlo hakaakang ha ba amohela meputso eo ba e sebelelitseng ka thata!

Ka sebele, bophelo ba motho bo bohlokoa haholo ho feta kotulo ea molemi! Ka baka leo, na re ka lebella boiteko bo fokolang ha re batla ho amohela litholoana tse lebeletsoeng? Che, e seng ho ea ka batsoali ba ileng ba botsoa ke Sepetlele sa Kelello sa Sechaba, kapa ho ea ka batsoali ba bangata le liithuti tseo Tsoha! e buisaneng le bona ka lilemo tse peli tse fetileng.

Motsoali ea atlehang oa tseba hore ho hōlisa ngoana ho hloka boitlamo. Tikoloho ea lehae e lokela ho ba e nepahetseng, ho be le mofuthu o mongata le kutloisiso. Ka bonolo le ka ho phehella, batsoali ba tlameha ho hlaolela baneng ba bona kananelo ea ho ithuta le ho phela. Ka mamello ba lokela ho tenyetseha, ho ba seli, le ho thusa bana ba bona linakong tse thata le tse bohloko tse senyang tsela e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo. Haeba batsoali ba etsa lintho tsena, ho na le menyetla e metle haholo ea hore ba kotule chai e ntle ea bacha ba baholo ba atlehileng.

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 6]

Mpontše bana ba nang le mathata, ke tla u bontša batsoali ba bona ba nang le mathata’

[Ntlha e qolotsoeng leqepheng la 6]

Nako, lerato, le kameho li khomaretsa malapa hammoho

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela