Batsoali ba Entseng Mosebetsi oa Bona oa Hae
BATSOALI ba etsang mosebetsi oa bona oa hae ba nea bana ba bona lintho tseo ba hlileng ba li hlokang. Ka ho totobetseng sena se akarelletsa ho fetang feela ho lefella litšenyehelo tsa bona. Batsoali ba joalo ba boetse ba ka thusa bana ba bona ho hōlisa metheo ea bohlokoa le lipheo tsa bohlokoa bophelong, ’me ba ba neha nako e ngata le kameho e lerato.
“Ha bana ba sa le banyenyane, re ne re khasa le bona fulurung, re otla lipitsa eka ke moropa, re roala sekoahelo sa pitsa eka ke heleme, re akhelana likhaba eka re etsa pono ea batšoantšisi ba tsebisahalang ba Bibele,” ho hlalositse Wayne, ntate oa bana ba bane. “Bana ba ne ba ho rata.”
Ha ba ntse ba hōla, Wayne le mosali oa hae Joanne, ba fetola mekhoa ea bona ea ho ruta; empa leha ho le joalo ba tsoela pele ho susumetsa mohopolo oa bana le takatso ea ho ithuta. Kahona ba sebelisa melao-metheo e meng e molemohali ea ho ruta. Julie M. Jensen, mopresidente oa Lekhotla la Sechaba la Matichere a rutang Senyesemane U.S., o lumela hore tichere e molemo ha ho mohla e lebalang lintho tsa bongoana tse neng li thabisa ha e ne e ithuta, ’me e fetisetsa sena ho liithuti tsa eona.
Bohlokoa ba ho Rorisa
Wayne le Joanne ba hōlisitse mokhoa oa ho thusa bana ba bona ka mosebetsi oa bona oa sekolo. Ka kicheneng ho na le seroto seo bana ba ‘kenyang’ lipampiri tsa bona tsa liteko ha ba tsoa sekolong. Joanne o hlahloba lipampiri tsa bana nakong eo ba bapalang kapa ba etsang mosebetsi oa hae oa sekolo, nakong ea lijo tsa mantsiboea lelapa le buisana ka tsona. Lipampiri tseo bana ba sebelitseng hantle ho tsona li fanyehoa lemating la sehatsetsi le maboteng a kichine, ’me li tšoana le litšoantšo tse ntle tse leboteng.
“Ke tsela eo re fetisetsang thoriso ea rōna baneng ba rōna,” ho boletse Joanne, ”’me sena se ba nyakallisa haholo.” Kamoreng eo ho luloang ho eona, lelapa le na le seroto se seng seo ho sona bana ba “kenyang” mosebetsi oa hae oa sekolo o entsoeng pele ba robala. “Ka tsela ena ha ho hlokahale hore re batlane le ’ona hoseng nakong eo bana ba potlaketseng ho ea sekolong,” ho boletse Joanne.
Beatrice, ’mè oa banana ba babeli, le eena o khabisa kichine ea hae ka mosebetsi oa sekolo oa bana ba hae. O re: “Ke etsa sena hobane ke motlotlo ka bana ba ka ’me ke batla hore ba tsebe sena.”
Ka baka la ho hlokomela molemo o hlahisoang ke thoriso, Sekolo sa Setereke se Ikemetseng sa Dallas, Texas, se khothalletsa matichere a baithaopi ho sebelisa haholo litlhaloso tse khothatsang, tse kang: U entse ka bokhabane bo bokaakang! U entse hamolemo haholo. Tsoela pele u etsa joalo! U lakaletsoa katleho. Ntho e bohlale. E nepahetse. Ke boqapi bo botle. Ke monahano o motle. Ke mosebetsi motle. Joale ua e utloisisa. Ke ananela tsela eo u lekang ka eona.
Haeba u motsoali, na u ka sebelisa khothatso e joalo kamehla?
Ho Tšehetsa ka Litsela tse Ling
Ho phaella tabeng ea ho rorisa bana ba bona, batsoali ba etsang mosebetsi oa hae ba hōlisa tikoloho ea lehae e loketseng thuto. Ba etsa hore bana ba bona ba thahaselle ho bala le ho ithuta ka lintho tse ba potolohileng.
“Batsoali ba ka ba ntšehetsa, ba nketsetsa lerako nakong ea ka ea thuto. Ke na le sebaka se itseng seo ke etsetsang mosebetsi oa ka oa sekolo ho sona, ’me ho ne ho se litho tsa lelapa tse tlang ho ’na ho fihlela ha ke qetile mosebetsi oa ka. Nakong ea ka ea thuto, ke ne ke sa lebelloa ho etsa mesebetsi ea ntlo. Ka hona ho ne ho se na lintho tse neng li ka faposa mohopolo oa ka mosebetsing oa sekolo,” ho hlalositse Julie.
Mark o pheta kamoo batsoali ba hae ba tšehelitseng eena le likhaitseli tsa hae: “Ba ne ba tiisa hore kamehla re na le buka e hlalosang mantsoe le libuka tse ling tse ka re thusang lithutong tsa rōna. Ba ile ba re khothalletsa ho iketsetsa lilaebrari tsa rōna ka ho re lumella hore re reke libuka tseo re li thahasellang empa ba sa lebella hore re li lefelle ka chelete eo ba re nehang eona bakeng sa sekolo.”
“Re qalile lenaneo la rōna la ho bala le bana ha ba ne ba le likhoeli li tharo,” ho hlalositse Althea, ’mè oa bana ba bane. “Ho ne ho se bonolo ho boloka lenaneo leo ka hobane, joaloka bo-’mè ba bangata kajeno, ke ne ke lokela ho sebetsa. Ho etsa sebaka sa hoo, ke ile ka tlameha ho reka nako mesebetsing e meng. Bana ba ne ba na le libuka tse ka holimo ho 300—lithothokiso tsa k’hereche, libuka tsa mahlale, le tse ling tsa mefuta e mengata. Ba ne ba ntlisetsa tseo ba ratang hore ke ba balle tsona. Ka linako tse ling ke ne ke tlohela likarolo tse itseng ke leka ho khutšofatsa nako ea ho ithuta, empa ke ne ke sa atlehe ho etsa joalo. Kamehla bana ba ne ba tseba karolo eo ke e tlotseng ’me ba ne ba nkhopotsa eona ka hore ba e phete feela ka hlooho!”
Batsoali ba Johan oa Finland ba ne ba ’malla ka metsotso e 10 ho ea ho e 15 mantsiboea a mang le a mang pele a robala. Johan oa hlalosa: “Ke ne ke khetha pale e itseng. ’Mè o ne a bapala likarolo tsa batšoantšisi ba pale eo. ’Na le khaitseli ea ka re ile ra tloaela haholo tokisetso eo hoo haeba batsoali ba rōna ba ne ba se na nako, re neng re nka buka ’me re leka ho ipalla eona. Ho etsa seo ho ile ha re thusa ho hōlisa mekhoa e metle haholo ea ho bala. Ho entse hore mosebetsi oa rōna oa sekolo oa hae o be bonolo le ho hōlisa lintho tseo re li tsebang.”
Ravindira oa Sri Lanka o ne a rata hore a robatsoe ke ntate oa hae ka baka la mokhoa oo a neng a bala ka ’ona. “Pale eo ke neng ke e rata haholo pele ke robala e ne e le How the Camel Got Its Hump. Ntate o ne a etsa lerata la ho mula, ho pompa, a tšeha, le ho etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe ha a ntse a bala. O ne a lokela ho nthobatsa ka ho bala pale eo, empa o ne a felisa boroko bohle mahlong a ka le ho etsa hore ke batle ho utloa ho eketsehileng. O ne a ikhakanya eka ha a tsebe sena, empa o ne a tseba hantle seo a se etsang. Hamorao, ha ke se ke hōlile, o ne a nthōma ho khutlisetsa libuka laebraring. Seo sa etsa hore ke ikutloe ke le motho oa bohlokoa le ho nkhothalletsa ka ho eketsehileng ho thabela ho bala.”
Ha Susan a hlalosa kamoo ntate oa hae a mo thusitseng kateng, o itse: “Ntate o ne a rata ho ea naheng. O ne a nkisa hohle—libakeng tsa pokello ea lintho tsa khale, lirapeng tsa linonyana, lilaebraring, re ne re ea merung ho ea kha monokotšoai. Ka linako tse ling re ne re kena morung re sa tsebe moo re eang. Re ne re khutla re ngoapiloe, empa re thabile. Maeto a joalo a ile a ’neha morero oa ho ithuta sekolong.”
Emilo oa Puerto Rico o sa hopola: “’Mè oa ka o ne a batla hore re tsebe hore kamehla re ne re ithuta. Ha ke khutla sekolong, o ne a botsa, ‘O ithutile eng kajeno?’ Haeba ke re, ‘Ha kea ithuta letho,’ o ne a tsoela pele ho botsa, ‘Ak’u hlalose, u bolela eng ha u re ha ua ithuta letho? Ho tlameha ebe u ithutile ntho e itseng.’ O ne a tla phehella potso ena ho fihlela ha ke hopola ho itseng hoo ke ithutileng hona. O ile a etsa ho tšoanang ka baena ba ka ba babeli. O ne a batla hore re tsebe hore re ba bohlokoa ho eena ’me oa re tsotella. Hoo ho ile ha re etsa lelapa le tiileng.”
Ho Hlaolela Katamelo e Haufi ea Lelapa
Malapa a atlehileng a sebelisana hantle, empa sena se hloka boiteko. Kahona batsoali ba etsang mosebetsi oa bona oa hae ba batla ho hlaolela moea oa tšebelisano oa lelapa.
“Re buisana litaba tsa lelapa ka botšepehi kamehla,” ho hlokometse Carol, motsoali a le mong oa barali ba babeli ba ka tlase ho lilemo tse 20. “Ka linako tse ling banana ba pata mathata a bona hobane ba ikutloa hore le ’na ke na le a ka. Ke tseba ho lemoha ha ba mpatela mathata a bona kahobane ke bona ha ba qala ho tsekisana ka lintho feela tsa lefeela. Ke ne ke tlameha ho ba hopotsa hore tokisetso ea lelapa e sebetsa hamolemo ha re phetlelana lifuba ka botšepehi.”
Chelete ke mohloli oa mathata malapeng a mangata, empa Carol o bolela hore ka ho buisana ka bolokolohi le banana mabapi le boemo ba lichelete ba lelapa ho ile ha susumetsa tšehetso ea bona. Oa hlalosa: “Ke ne ke ba khothalletsa ho iphumanela mosebetsi hore ba fumane chelete eo ba tla reka lintho tse eketsehileng tseo ba li ratang. Ke ne ke ba hlompha ka ho iphumanela chelete eo le ho ba tsebisa hore ke chelete ea bona.”
Batsoali ba bang ba sebelisa boemo ba lichelete ba lelapa ho ruta bana mokhoa oa ho rera chelete, ho e boloka bankeng, le ho ba ruta ho kopanya lipalo. “Thuto e ’ngoe eo re tsebileng ho e fetisetsa ho bona ka tokisetso ena ke tšebelisano ea lelapa mesebetsing eohle,” ho hlokometse Henry, ntate oa bashemane ba bararo le ngoanana a le mong.
Empa batsoali ba tla fumana kae nako ea ho etsa mosebetsi o joalo oa hae? Audrey, ’mè oa bana ba babeli, o bolela hore ka baka la kemiso ea hae e maphathe-phathe, o memela bana ho tsamaea le eena ha a le maetong a ho phetha mesebetsi e itseng. Kahona o fumana nako ea ho bua le bona joalo.
Ho Lokisa Mathata
Batsoali ba tlameha ho ithuta ho mamelisisa bana ba bona e le hore ba etse mosebetsi oa bona oa hae hantle. Joaloka ha maele a Bibele a re: “Ea bohlale a utloe, ’me o tla eketsa tsebo.” (Liproverbia 1:5) Ho mamela ka hloko ho hōlisa ho tšepana, ’me ena ke karolo ea bohlokoa haholo ea ho lokisa mathata ka katleho.
Ka mohlala, ha Leon le Carolyn ba utloa hore morali oa bona e moholo, Nikki, o ne a tšaba sekolo ’me a fosoa ke lithuto tse ling, boikutlo bo ileng ba fihla hang-hang kelellong ea Carolyn e bile ba hore a qose tšusumetso e mpe ea metsoalle ea sekolo. Leha ho le joalo, Leon oa hlalosa, “Ke ile ka fana ka tlhahiso ea hore re se potlakele ho ahlola ho fihlela re e-na le mabaka ’ohle.”
“Empa le hona moo, re ile ra tlameha ho bontša mamello beke eohle, ka bonolo re fatisisa Nikki ka lipotso le ho mo mamela e le hore re ka fihla motsong oa bothata ba hae. Re ile ra makala haholo hakaakang! Nikki o ne a ikutloa hore ha re mo thahaselle, ka hobane re ne re tšoarehile haholo ka mesebetsi ea rōna! ’Na le Carolyn ra etsa litokiso tse itseng, ’me Nikki a arabela hantle ka hore a hlokomele haholoanyane boikarabelo ba hae lapeng le sekolong.”
Dan le Dorothy ba na le bana ba robeli. Bana ba sebelisa hora le halofo ba le beseng ho ea sekolong letsatsi le leng le le leng, ’me bothata bo boholo e bile ho senyeha haholo ha maemo moo. “Ha bana ba baholoanyane ba le sekolong, ho ne ho le bonolo bakeng sa bona ho sebelisa nako ea leeto la bese ho etsa mosebetsi oa hae kapa ho etsa ’malo,” ho boletse Dan. “Leha ho le joalo, lilemong tse 12 tse fetileng lintho li fetohile haholo. Hona joale ho na le lintho tse ngata tse sitisang—ho sebelisoa ha mahlapa, ’mino o lerata haholo oa rock, le mosi oa lisakerete le matekoane, oo hangata o tlalang karolong e ka morao ea bese.”
Dan o hlalosa hore ba ile ba tekela bana bothata bona le ho kopanya mehopolo. “Ha totobala mehopolo e ’meli. Hore ba lule litulong tse ka pele haufi le mokhanni oa bese, ’me ngoana e mong le e mong a be le li-headphone tse bobebe tse kenngoang ho sebapala-lik’hasete se senyenyane sa AM/FM. Joale bana ba khona ho ba boinotšing le ho ikarola mathateng, ka ho thabela ’mino o bonolo ha ba bala kapa ba etsa likabelo tsa bona tse bonolo tsa sekolo. Tharollo ena e ka bonahala e le bonolo, empa e ile ea sebetsa!”
Ho Sebelisana le Tsamaiso ea Sekolo
Nakong ea selemo sa sekolo, liithuti li sebelisa lihora tse tšeletseng ka letsatsi li le tlas’a tšusumetso e tobileng ea matichere. Batsoali ba ananelang seo nako eo e ka se bolelang matleng a ho ithuta a bana ba bona ba batla ho tiisa hore nako e sebelisoa hantle. ’Mè oa bana ba bararo o hlalosa kamoo eena le monna oa hae ba ileng ba tiisa hore nako e sebelisoa hamolemo.
’Mè oa hlalosa: “Ha ’na le John re ne re sa khotsofatsoe ke mosebetsi oa bana ba rōna sehlopheng se itseng, re ne re e-ea sekolong ’me re sebetsa phetoho e itseng e loketseng ka thuso ea moeletsi oa liithuti, tichere, kapa hlooho ea sekolo. Re ne re ameha ka ho tebileng thutong ea sekolo e neoang bana ba rōna ho tloha qalong ho isa qetellong. Erekaha hona joale ba qetile, re khotsofetse hore ba fumane se molemohali se neng se ka fumaneha.”
Bana ba ka hloka thuso mosebetsing oa bona oa sekolo, ’me karolo ea mosebetsi oa hae oa batsoali ke ho ameha mosebetsing oa bona. Leha ho le joalo, motsoali o sebelisana ka tsela e bohlale le tsamaiso ea sekolo. Wesley o hopola sena: “Ntho e ’ngoe eo ke e hopolang ka batsoali ba ka ke hore ba ne ba sa leke ho fetola mokhoa o sebelisoang ke tichere. Ba ne ba hlokomela hore tsela ea ho ruta ha e tšoane.
“Ka mohlala, ha ke ne ke tsielehile ka hore na nka sebelisa mokhoa ofe ho fumana karabo ea lipalo, Ntate o ne a ’nea karabo, ’me a ntlohella hore ke ipatlele mokhoa oo nka tsebang ho fumana karabo eo ka ’ona. Ke ne ke tseba hore ke tla be ke nepile haeba nka fumana mokhoa o ka ’nehang karabo e tšoanang le eo ke e filoeng ke Ntate.”
Hase Kabelo e Bonolo
Ngoana ofe kapa ofe o tla u bolella hore likabelo tse ling tsa mosebetsi oa hae oa sekolo li thata ho feta tse ling. Empa mosebetsi oa lōna batsoali o boima haholo ho feta mosebetsi leha e le ofe oa sekolo. Ha e le hantle, ho hōlisa bana ka katleho ke kabelo e khōlō, le ea nako e telele. Ba bang ba ile ba e bitsa lenaneo la lilemo tse 20.
Senotlolo sa katleho se akarelletsa ho ba motsoali ea mamelang, ea nang le botsoalle, le ea utloisisang, ea tsebang bana hantle le ea tšoarang ngoana ka mong ka tsela ea hae. Hopolang, bana ba lōna ba hloka tlhokomelo ea botho e bontšoang ka kameho e lerato katlehong ea bona. Hōlisang ho bona lenyora la thuto, le ho ba thusa ho etsa hore ho fumana tsebo e be phihlelo e monate.
Boiteko Bohle bo Sebelisoang bo Tla Hlahisa Litholoana
Lōna batsoali ba etsang mosebetsi oa lōna oa lapeng le bontša moea oa boitelo, e seng oa boithati. Le itokiselitse ho etsa liphetoho leha e le life. Le hlokomela hore ho thusa bana ba lōna, le tlameha ‘ho ba teng,’ le ho itšebelisa ka ho fana ka nako, lerato, le kameho tseo bana ba lōna ba hlileng ba li hlokang.
Haeba le etsa mosebetsi oa lōna oa lapeng, litholoana tsa hoo li tla tšoana le kotulo e amoheloang ke molemi ea ileng a lokisa mobu le ho lema, le ho hlaola, le ho nosetsa limela tsa hae hantle. Le tla thabela haholo kotulo ea lōna e putsang. Joalokaha Bibele e boletse: “Ruta mohlankana [kapa morali] tsela eo a tšoanetseng ho e tsamaea; le mohla a tsofalang, a ke ke a e kheloha.”—Liproverbia 22:6.
[Lebokose le leqepheng la 11]
Ke Eng se Seng Seo Batsoali ba ka se Etsang?
Mokhatlong oa kajeno, matichere le likolo ba bohlokoa khōlong e atlehileng ea bana. Sena ha se bolele hore li phethahatsa karolo ea batsoali, empa ke tsa bohlokoa ho faneng ka thuso ea bohlokoa khōlong e atlehileng ea bana. Kahoo kabelo e ’ngoe ea mosebetsi oa ‘lōna batsoali ke hore le tšoarisane ka botlalo le tsamaiso ea sekolo seo bana ba lōna ba kenang ho sona.
Ho thoe’ng haeba ho e-na le mosebetsi o khethehileng kapa lenaneo la sekolo? Ka mohlala, sekolong se seng Massachusetts, ho na le lenaneo la Nehelano ea Meputso ho Liithuti tse Sebelitseng Hantle. Joanne, ’mè oa bashemane ba bane, o hlalositse: “Ke ile ka ea lenaneong leo hobane ke ne ke batla hore bana ba ka ba tsebe hore ke motlotlo ka bona. “Letsatsing leo liithuti tse mashome a mabeli li ile tsa amohela moputso oa ho sebetsa hantle lithutong tsa tsona, empa batsoali ba bangata ba ne ba le sieo. Na u nahana hore ho ba sieo ha bona ho ile ha khothatsa bana ba bona ho etsa hamolemo sekolong? Che!
Hape nahanelang matichere. Hangata likolo li khetha mantsiboea a itseng ao ho tlang ho hlahlojoa mosebetsi oa liithuti le tsoelopele ea tsona le batsoali, ’me matichere a mangata a sebelisa nako ea ’ona ho lokisetsa mesebetsi e joalo. Tichere e mong o hlokometse: “Le rōna re na le malapa a rōna le bophelo ba rōna boo re lokelang ho bo hlokomela. ’Me ke ho nyahamisang ho sebelisa nako e ngata re lokisetsa mesebetsi ena e khethehileng empa ho fihla feela motsoali a le mong, ba babeli, kapa ba bararo mantsiboea.”
Joaloka batsoali, ka linako tse ling le ka lebella likolo le matichere ho etsa liphetoho tse itseng hore ba amohele litlhoko tse khethehileng tsa bana ba lōna. Na ha lea lokela ho ithaopela ho etsa boitelo bo tšoanang ho tšehetsa boiteko ba tsamaiso ea sekolo, haholo-holo erekaha e leka ho thusa bana ba lōna ho ba batho ba baholo ba atlehileng?
Bukana “Sekolo le Lipaki tsa Jehova,” e hatisitsoeng ka sepheo sa ho hōlisa kutloisisano le tšebelisano pakeng tsa batsoali le matichere, e thathamisa mosebetsi oa hae bakeng sa Lipaki tsa Jehova tseo e leng batsoali: “Ho bohlokoa hore batsoali ba tloaelane le matichere a bana ba bona—ba etse litokisetso tsa ho bonana le bona le ho buisana le bona. . . .
“Sebokeng se joalo ntate kapa ’mè oa Paki o lokela ho tsebisa tichere hore batsoali ba lebeletse boitšoaro bo botle ba Bokreste baneng ba bona, le hore haeba ngoana a seba, tichere a ba tsebise. Hape batsoali ba lokela ho kholisa tichere hore ba tla mo tšehetsa taeong leha e le efe e loketseng le e fanoang, ’me ba tla tšoarella taeong eo esita le hae.
“Litsela tse ling tseo batsoali ba ka thusang ka tsona: Tiisang hore bana ba fumana lijo tse ntle tsa hoseng pele ba ea sekolong. Bonang hore mosebetsi oa bona oa sekolo oo ba o etsang hae ba o qetile le hore ba na le libuka tsohle tseo ba li hlokang. Kamehla le hlomphe melao ea sekolo ’me le lebelle le hore bana ba lona ba e hlomphe. Etsang hore bana ba le bolelle ka mesebetsi ea sekolo ha le le hae le bothata leha e le bofe boo ba teanang le bona moo.”
Na ha le lumele hore litlhahiso tsena ke tse molemo? Na lōna batsoali lea li sebelisa? Karolo ea mosebetsi oa lapeng ke ho etsa sena.
[Lebokose le leqepheng la 12]
Lipotso bakeng sa Boitlhahlobo ba batsoali
1. Na ke bontša thahasello ea sebele thutong ea sekolo ea bana ba ka?
2. Na ke tseba matichere a bona?
3. Na matichere a tseba hore ke ananela mosebetsi oa bona?
4. Na ke tiisa hore bana ba ka ba bona bohlokoa ba ho etsa mosebetsi oa sekolo?
5. Na ke bona hore mosebetsi oa hae oa sekolo o etsoa hantle le ka nako?
6. Na boikutlo ba ka ka ho fumana tsebo le ho ithuta ke bo khothatsang?
7. Na bana ba ka ba mpona ke ithuta?
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho bala ho susumetsa boikutlo ba bona ba ho batla ho tseba le ho nahana
[Setšoantšo se leqepheng la 8]
Batsoali ba sebelisang nako ba balla bana ba bona ba matlafatsa tlamo lelapa
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Ho etela ha lelapa, libakeng tsa lintho tsa boholo-holo kapa libakeng tse ka ntle ho toropo e ka ba ntho e thabisang lelapeng—le phihlelo ea ho ithuta
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Bana ba lōna ba hloka tlhokomelo ea botho