Lebaka Leo ka Lona Mokhatlo oa Bolumeli oa Tokoloho o sa Ntokelang
“Oho, mafutsana, batho ba hatelletsoeng,
Ke hobane’ng ha le eme moo le sa etse letho?
Lefatše la batho le tlameha ho fetoloa!
Emang, le felise mahlomola a lōna!”
KE SONA se nkhuletseng mokhatlong oa bolumeli oa tokoloho—tšepiso ea phetoho, joalokaha e bontšitsoe temaneng ea pina e ka holimo eo re neng re tloaetse ho e bina. Empa na tšepo ea ka bakeng sa phetoho ea lefatše e ne e na le motheo o utloahalang?
Ho Hōlisetsoa K’hatholike
Ke tsoetsoe ke batsoali ba Mak’hatholike, ke hōliselitsoe “kerekeng.” Ke ile ka kopanela le sehlopha sa bashemane ba sebetsang aletareng ho thusa baprista nakong ea ’Misa. Ha ke le lilemo li 17, ke ile ka khethoa ho ba mookameli oa sehlopha, ’me sena se ile sa nkatametsa haufi le baprista. E ne e le ho thabisang ho mamela seo ba se buang le ho bala seo ba se balang. Hoo ke neng ke ho khahlehela haholo e ne e le libuka tsa mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho tse neng li bua ka ho lokolloa ha batho khatellong.
Ha ke ntse ke bala le ho utloa ka ho eketsehileng, ke ile ka kholiseha haholo ka bohlokoa ba hore batho ba ithute ka lintho tsena le ho hlokomela litokelo tsa bona. Ke ile ka thaba haholo ha ho thehoa mokhatlo oa sechaba motseng oa rōna. Mokhatlo oa sechaba ke lihlopha tseo “tlhokomelo ea baruti” ho mafutsana e kopanngoang le thuto ’me e hloka thuso ea lipolotiki. Brazil feela, ho na le mekhatlo e joalo ea sechaba e 70 000.
Morero oa mekhatlo ena ke ho hlophisa Mak’hatholike a rutehileng ka morero oa ho a ruta le ho etsa liboka tsa phatlalatsa. Ke ne ke lokisa le ho ngola liphatlalatso le masela a maholo a boipelaetso le ho isa litho tsa sehlopha sa rōna ’Miseng o khethehileng lihlopheng tse ling bakeng sa mekoloko ea boipelaetso.
Ho Sebetsa Mekhatlong ea Sechaba
Batho ba bang setsing sa rōna sa Belém ba lula sebakeng se futsanehileng haholo, se mongobo hoo ba tlamehang ho hata mapolankeng e le hore ba fihle mahaeng a bona. Lekhotla la motse le ne le ikemiselitse ho tlosa mahae ana le ho fallisetsa baahi libakeng tse ling, esita le ho ba lefa ka ho loketseng. Ke ile ka laeloa ho nyahamisa batho ho amohela tlhahiso ea lekhotla la motse le ho ba hopotsa hore baprista ba rōna ba boletse hore haeba ba ema ba tiile, lekhotla la motse le ne le tla inehela ’me ho tla etsuoa lintlafatso motseng oo. Ka lebaka leo, ba bang ba ile ba hana ho tsamaea. Empa ebile taba e bohloko hakaakang ho bona boralitima-mollo ba ba leleka matlong a bona ka ho ba tšela ka metsi a tsoang lelaneng la ho tima mollo! Ka ho ikutloa hore ke sitetsoe batho ba setsing sa rōna, ke ile ka fallela sebakeng se seng.
Nakong ena ho ile ha qhoma morusu oa ho tseka naha, ’me batho ba 13 ba lulang motseng ntle ho tumello ea molao le baprista ba 2 ba Fora ba ile ba tšoaroa. Bahiri le baprista ba ile ba isoa Belém bakeng sa ho emela kahlolo. Re ile ra talima ho tšoaroa ha bona e le leeme. Kahoo ho ile ha etsoa qeto ea hore mekhatlo eohle ea sechaba Belém e kopane hammoho mekolokong ea boipelaetso ea khotso ka pele ho seteishene sa mapolesa. Bosiung bo bong khaitseli ea ka le nkhono ba ile ba fapanyetsana linako tsa ho tsamaea le mekoloko ea boipelaetso. Boipelaetso ba rōna bo ne bo reretsoe lihora tse 24 ka letsatsi, ka ho fapanyetsana, ’me boipelaetso ba fela ha batšoaruoa ba ne ba isoa Brasilia bakeng sa kahlolo.
Boipelaetso ba bosiu bohle bo ne bo reretsoe tsatsing la pele ho kahlolo. Leha ho le joalo, sena se ile sa tlameha ho hlakoloa ha masole a fihla. Joale boipelaetso bo ile ba fetisetsoa sebakeng se seng, haufi le Kereke e nyenyane ea Holy Trinity. Ha mabotho a tšosang a fihla ka khase e llisang mahlo, kaofela re ile ra bokana ka kerekeng.
Ho ne ho ena le ba ka bang 2 000 ba neng ba khobokane ka hare ’me ba 1 200 ka ntle. Har’a pherekano eo, ke ile ka ipotsa: ‘Na baa ke batho ba Molimo? Ho lokela ho be joalo, hobane Jesu o itse: “Ha ba ntlhorisitse, ba tla le hlorisa le lōna”?’—Johanne 15:20.
Mantsiboea bohle re ne re se re lapa, ka hobane re sa ka ra ja letsatsi lohle. Mobishopo o ile a fihla ’me a re: ‘Banab’eso, ho molemo hore re tlohe kerekeng, kaha ha ho metsi kapa motlakase, ’me ke Molimo feela o tsebang seo ba tlang ho re etsa sona bosiu.’
Joale ’muelli ea tsebahalang oa molao a bua: ‘Metsoalle, re phela tsamaisong ea puso ea lentsoe la sechaba, ’me ba ke ke ba re etsa letho, kahoo re lokela ho lula mona.’
Ka mor’a tsekisano e khōlō, baeta-pele ba lihlopha ba ile ba etsa qeto ea hore re lokela ho tsamaea. Mapolesa ha a ka a re khathatsa ha re tsamaea.
Ho Hlokahala Likarabo Tsa Lipotso
Ha mosebetsi oa ka o ntse o tsoela pele setsing, ke ile ka etsa qeto ea ho ruta bana sehlopheng sa rōna, ke sebelisa buka Ho Mamela Mosuoe e Moholo eo nkhono a ileng a mpha eona ka 1974. Buka ena e ne e bua ka boitšoaro bo botle, ho mamela babusi, le ho se sebelise litšoantšo. Empa ke joang ke neng nka tseba ho kopanya lithuto tsena tsa Bibele tsa motheo le seo re neng re se etsa?
Sena se ile sa etsa hore ke ikhule mokhatlong oa sechaba. Ke ne ke ena le lipotso tse ngata ka kelellong tse neng li hloka ho arajoa. Ka mohlala: Haeba ba tšehetsang mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho e le batho ba ’nete ba Molimo, ke hobane’ng ha ba sa latele mohlala o phahameng oa boitšoaro oa Jesu? Hape, Molimo o sebelisitse Moshe ho lokolla Baiseraele ba hatelletsoeng le ho ba ntša Egepeta, joale ke hobane’ng ha bo-ralipolotiki ba bang ka mor’a hore ba lule setulong sa bobusi ba lebalang batho ba hatelletsoeng bao ho nahanoang hore ba lokela ho ba lokolla?
Likhoeli tse tšeletseng hamorao mofumahali e mong a fihla ha ka ’me a qala ho buisana le ’na ka ’Muso oa Molimo. E ne e le moromuoa oa Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a puisano e khutšoanyane, o ile a mpha buka Bocha ba Hao—Ho Fumana se Molemohali ho Bona. Hamorao ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le ’na, ’me ke ile ka memeloa sebokeng Holong ea ’Muso. Ka khutlela hae ke nahana ka phapang e teng sebokeng seo le liboka tseo ke bileng ho tsona setsing sa rōna. Holong ea ’Muso ho ne ho sa tsujoe, ho sa nooe, kapa ho sa etsoe mesoaso e khopisang.
Nakong eona ena ke ile ka ea sebokeng sa Kereke e K’hatholike se neng se bua ka “Tumelo le Lipolotiki.” Moo, tumelo le lipolotiki li ile tsa hlalosoa ho fihlela li behoa sehlopheng se le seng. Ho ile ha boleloa hore Mokreste ea nang le tumelo o lokela ho nka karolo lipolotiking ho ena le hore a lumele feela litaelo tsa ’muso. Empa ke ile ka makatsoa ke tlhaloso ea motsoalle oa ka. O ile a re, “Moapostola Pauluse o ile a fihla ’me a felisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.”
Ke ile ka botsa, “U bolela’ng, Demetrius?”
O ile a arabela, “U ke ke ua utloisisa. Lebala.”
Empa ke ne ke batla ho utloisisa e seng feela ho lebala, kahoo ke ile ka etsa qeto ea ho ithuta Bibele ka ho eketsehileng le Lipaki tsa Jehova le ho leka ho fumana mabaka.
Mokhatlo oa Bolumeli ea Tokoloho le Bibele
Sebokeng Holong ea ’Muso, sebui se ile sa bua ka Ba-Roma 13:1, 2, (NW) e bolelang hore ‘moea o mong le o mong o ke o ikokobetse ho marena a maholo, hobane ha ho borena bo leng teng ha e se ka Molimo; marena a leng teng a eme a beiloe litulong tsa ’ona tse nang le matla a lekanyelitsoeng ke Molimo. Ka baka leo ea hanyetsang borena o eme khahlanong le tokisetso ea Molimo.’
Ke ile ka nahana: ‘Ke sona seo Demetrius a neng a bua ka sona! Ka mantsoe ao, moapostola Pauluse o felisitse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e buelloang ke mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho. Ke phoso hore Bakreste ba loantše babusi.’
Hape ka ithuta hore Bibele e fana ka pheko ea ’nete ea ho lokolla batho khatellong—’Muso oa Molimo ka Morena oa ’ona, Kreste Jesu. Kaha ke Lipaki tsa Jehova feela tse bolelang ka ’Muso oo, ke ile ka etsa qeto ea ho kopanela le tsona mosebetsing oa tsona oa boboleli. Kapele ke ile ka kolobetsoa ’me ka ba pula-maliboho, kamoo baboleli ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova ba bitsoang kateng, ’me ho tloha ka Phato 1985 ke ’nile ka sebeletsa ke le pula-maliboho ea khethehileng. Hamorao ke ile ka nyala pula-maliboho, ’me joale re tšebeletsong ea nako e tletseng.
Ke leboha Jehova Molimo haholo ka ho ithuta ka ‘’nete e lokollang’ le monyetla oa ho thusa ba bang ho lokoloha lithutong tse fosahetseng. (Johanne 8:32) Har’a batho bao ke ileng ka ba thusa ke metsoalle ea ka e ’meli e sebelitseng hammoho le ’na litsing tsa K’hatholike, le khaitseli ea ka le nkhono. Joaloka ’na, le bona ba bona lebaka leo mokhatlo oa bolumeli oa tokoloho e seng tharollo ea ’nete mathateng a mafutsana.—Joalokaha ho boletse Atila Monteiro Carneiro.
[Setšoantšo se leqepheng la 16]
Ha kea ka ka atleha ho ntlafatsa bophelo ba mafutsana Belém
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
’Na le mosali oa ka re tlisa molaetsa oa tokoloho ea ’nete ho mafutsana