Ho Hlahlobisisa Bolumeli
HAEBA u botsoa, u ka ’na ua lumellana le Voltaire ha a ne a bitsa bolumeli “mohloli o feteletsang litaba le oa ho se utloane ha sechaba, . . . sera sa batho.” Kapa ka moea o sa hanyetseng u ka re, “Malumeli ’ohle a nepahetse,” joalokaha ho entse moruti oa lekholong la bo17 la lilemo oa Chache Robert Burton.
Ho ka ’na ha etsahala u lumele hore u “fumana thabo le mosebetsi ho bona” joaloka motho ea hlalositsoeng ke mongoli oa meqoqo oa lekholong la bo18 la lilemo oa Lefora Joseph Joubert.
Bolumeli ba Boikaketsi
Kajeno, motho eo ka ’nete a “fumanang thabo le mosebetsi [bolumeling]” o na le mabaka a ho tšoenyeha. Ekasitana le linaheng tsa bolumeli, batho ba bangata ba na le khopolo e fosahetseng ea seo ba hlileng ba lokelang ho se lumela; bolumeli ba bona bo na le tšusumetso e fokolang bophelong ba bona ba letsatsi le letsatsi. Libakeng tse ling, lipalo-palo li bontša ho fokotseha ha litho tsa kereke. Ka mohlala, lipalo-palo tsa moraonyana Jeremane li senotse hore ke Mak’hatholike a limillione tse 6,8 feela ho a limillione tse 26,3 a eang ’Miseng. Ha ho pelaelo ha baruti ba K’hatholike ba bolela hore ha ba nke Rephabliki e Kopaneng e le “naha ea Bokreste haese feela ho sebelisoa ha lentsoe leo ka molomo empa e seng ka liketso.”
Ho ea ka World Christian Encyclopedia, e hatisitsoeng ka 1982, “ha se Bokreste feela bo ntseng bo fokotseha; empa ke tsamaiso eohle ea bolumeli.”
Ke Hobane’ng ha Histori ea Bolumeli e Hlahlojoa?
Ka lebaka la maemo a joalo, bokamoso ba bolumeli ke bofe? Letoto la rōna la lihlooho tse 24 tsa Tsoha! tse tla hlaha ka 1989 le etselitsoe ho arabela potso ena. Ka ho hlahloba liketsahalo tse fetileng tsa bolumeli, ho tloha lilemong tsa bona tsa pelenyana ho tla fihlela mehleng ea kajeno, lihlooho tsena li tla fana ka histori e khutšoanyane, empa e le e utloahalang ea bolumeli ba lefatše. Ho hlahloba liketsahalo tse fetileng tsa histori ho tla re nolofalletsa ho talima bokamoso ba bolumeli tumellanong le molao-motheo o tsebisahalang: U tla kotula seo u se jalang.
Se ke ua potlakela ho re, ‘Histori ea bolumeli ha ea ntšoanela!’ Liketsahalo tsa kajeno li na le motheo ho tse fetileng ’me ebang motho ke molumeli kapa che, histori ea bolumeli e amme e mong le e mong, ka tsela e tobileng kapa e sa tobang.
Batho ba latolang boteng ba Molimo ha e le hantle le bona ke balumeli. Joang? Ka ho bea ntho e ’ngoe sebakeng sa Molimo e le setšoantšo sa borapeli ba bona. J. M. Barrie, mongoli oa lipale oa Scotland oa lekholong la pelenyana la bo20 la lilemo, o boletse tjena: “Bolumeli ba motho ke ntho leha e ka ba efe eo a e thahasellang haholo.”
Joalokaha bolumeli bo hlalosoa makasineng ona, ke mokhoa oa borapeli, ho kopanyelletsa le tsamaiso ea litloaelo tsa bolumeli, litumelo, le mesebetsi, e bang e tšehetsoa ke motho ka bomong kapa e buelloa ke mokhatlo oa batho. Hangata bo kopanyelletsa tumelo ho Molimo kapa ho melimo e mengata, kapa bo sebelisa batho, lintho, litakatso, kapa matla e le litšoantšo tsa borapeli.
Re tšepa hore u tla thabela “Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo tsa Bona tse Fetileng.” Kaha bolumeli e bile mohloli oa ntoa ka nako e telele, ke ho loketseng haholo hore re qale ka sehlooho “Ho Arohana ha Bolumeli—Kamoo ho Qalileng.”