Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 2/8 maq. 27-30
  • Karolo 3:1942-1513 B.C.E.—Egepeta—Lebala la Ntoa la Melimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karolo 3:1942-1513 B.C.E.—Egepeta—Lebala la Ntoa la Melimo
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho se Lumellane le ho Loantšana
  • Likotlo Tse Leshome Pele ho Tšenyeho
  • Na Hona ho Hlile ho Etsahetse?
  • Jehova ke Mang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Part 1—Egepeta ea Boholo-holo—Oa Pele Mebusong e Meholo ea Lefatše
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Nyeoe E Ka Lekhotleng la Bokahohleng E U Amang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • ‘Jah ke Poloko ea Ka’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 2/8 maq. 27-30

Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng

Karolo 3:1942-1513 B.C.E.—Egepeta—Lebala la Ntoa la Melimo

“Kae le kae Egepeta e ne e le bolumeli.” Will Durant, mongoli oa libuka le rahistori oa lekholong la bo20 la lilemo.

BAAHI ba pele-pele ba Egepeta e ne e le litloholo tsa mora oa Noe Kama, mohlomong ka mora oa Kama Mitsraime, malom’a Nimrode. (Genese 10:6-8) Ka mor’a pherekano ea lipuo Babele, baahi ba sa kang ba atleha ba tora ba ile ba qhalana ho ea qala bophelo bo bocha, ’me ba tsamaea le bolumeli ba bona ba Babylona. Ba bang ba baahi bao ba soabileng ba ile ba lula sebakeng se ileng sa tsejoa e le Egepeta.

Ho The Story of Civilization, Will Durant o bua ka “ho nkoa ha likarolo tse itseng tse tobileng tsa setso sa Egepeta ho Sumeria le Babylona.” Ka lebaka leo, bolumeli ba Babylona bo ile ba siea lebali le leholo Egepeta, ’me bolumeli ba fetoha karolo e khōlō bophelong ba Baegepeta. The New Encyclopcedia Britannica e re: “Bophelo ba setso le ba kaho bo ne bo tletse ka ho teba ka likhopolo tsa bolumeli hoo ho utloisisa setso sa Egepeta ho neng ho se bonolo ntle le ho utloisisa bolumeli ba Egepeta, ’me ho le joalo feela le ka ho utloisisa bolumeli ba Egepeta.”

Ho se Lumellane le ho Loantšana

Bolumeli ba Egepeta bo ne bo e-na le melimo e mengata, ’me bo khetholloa ka melimo e fetang 500, ’me mohlomong palo ena e imenne habeli. “Ka ho tloaelehileng Egepeta eohle melimo ea toropo kapa ea motse e ne e le meraro ka palo,” ho bolela seithuti sa mesaletsa ea lintho tsa khale sa Egepeta E. A. Wallis Budge. Hamorao, ho ile ha hlaha sehlopha sa melimo e meraro e meholo, lelapa le halalelang le neng le entsoe ka Osiris, ntate; Isis, ’mè; le Horus, ngoana.

Borapeli ba melimo e mengata bo ile ba fella ka hore molimo o mong le o mong o ipolele e le ‘’ona molimo feela.’ Empa ho bonahala baprista le baruti ba sa ka ba bona bothata ho lumeleng ho molimo o le mong ’me ka nako e tšoanang ba o bona o phela ka libōpeho tse ngata. Mongoli oa libuka B. Mertz o hlalosa hore ona “ke mohlala o mong oa ho se lumellane ho neng ho khetholla bolumeli ba Egepeta.”

Hangata ho ne ho sebelisoa liphoofolo ho tšoantša litšobotsi tsa melimo kapa melimo ka boeona. Empa mongoli oa libuka oa Lefora Fernand Hazan o bolela hore liphoofolo tsena li ne li bolela ho fetang feela litšoantšo, li nkuoa li tšoaneloa ke ho rapeloa “hobane e ne e le sebaka sa tlhokomelo sa matla a mabe kapa a kotsi a Molimo.” Ka baka leo, ha ho makatse ha ho ile ha tlalehoa hore moahi oa Roma o bolailoe ka lerapo hobane a bolaile katse le hore litopo tse nokiloeng tsa lintja, likatse, likoena, liphakoe, le lipoho li ile tsa fumanoa mabitleng a Baegepeta.

Litšebeletso tsa bolumeli, litaola, le boloi li ne li metse ka ho teba bolumeling ba Egepeta. Ho ne ho le joalo le ka ho sebelisa litšoantšo tsa bolumeli, joaloka setšoantšo sa bophelo, naleli ea mohele o makatsang. Lintho tsena li ne li le bohlokoa haholo, ho bolela The New Encyclopcedia Britannica, ’me “tumelo ea motho ka mong (ke hore, kutloelo bohloko ea botho) e ne e se ea bohlokoa bo boholo.” E eketsa ka hore har’a litšoantšo, “sa Isis a beile ngoana Horus seropeng sa hae, seo ho ka etsahalang hore se ne se tšoana le sa Madonna a nkile Ngoana, se ne se hlokomeleha haholo.”

Baegepta ba ne ba lumela bophelong ba ka mor’a lefu. Ba ne ba noka bafu ba bona ’me ba boloka litopo tsa marena a shoeleng ka har’a lipyramide tse ntle. Mabitla a boholo-holo a hlahisitse lintho tse ngata, joalokaha mongoli e mong a bolela hore, “mafeela a joalo a ho bontša kutloelo bohloko a lintho tsa bohlokoa joaloka litlolo, lifaha, lipitsa tseo pele li neng li tšela lijo le lino.”

Likotlo Tse Leshome Pele ho Tšenyeho

Ka 1728 B.C.E., ho na le ntho e ileng ea etsahala e neng e tla profeta liphello tse bohloko tsa Egepeta le bolumeli ba eona. Hoo e ka bang makholo a mabeli a lilemo ka mor’a hore monna ea bitsoang Abrahama a etele Egepeta, bana ba hae ba ile ba fallela moo ho balehela liphello tsa tlala e kotsi. (Genese 12:10; 46:6, 7) Ba tsejoa e le Baiseraele, ba ile ba lula moo ka lilemo tse 215. Hona ho ile ha thea moralo bakeng sa ntoa ea melimo, melimo e mengata ea Baegepeta ka lehlakoreng le leng le Molimo o le mong oa Baiseraele, Jehova ka ho le leng. Ha Baiseraele ba kōpa tumello ea ho tloha Egepeta ho O rapela, ka potlako lintho li ile tsa fihla sehlohlolong.

’Musi oa Egepeta, morena ea neng a bitsoa Faro,a lebitso le tsoang lentsoeng la Seegepeta le bolelang “ntlo e khōlō,” o ile a hana ho arabela kōpong ea bona. Joale Jehova a bontša morero oa hae oa ho sebelisa matla a hae ka tsela ea mohlolo molemong oa batho ba hae. (Exoda 7:1-6; 9:13-16) Ka ho tlisa letoto la likotlo tse leshome holim’a Egepeta, o ile a phephetsa melimo ea eona ntoeng e tobileng.—Exoda 12:12.

Kotlo ea pele e ile ea fetola Nōka ea Nile, mohloli oa bophelo ba Egepeta mali, a ileng a bolaea litlhapi tsa eona le ho qobella Baegepeta ho cheka seliba hore ba fumane metsi a ho noa. (Exoda 7:19-24) E bile ho hlabisang lihlong hakaakang ho Hapi, molimo oa Nile!

Senqanqane e ne e le setšoantšo sa tsoalo, ’me buka The Gods of the Egyptians e re bolella hore “ho ne ho lumeloa hore molimo oa Senqanqane le molingoana oa Senqanqane e bile le karolo ea bohlokoa haholo pōpong ea lefatše.” Kahoo, kotlo ea linqanqane, ka ntle le ho soabisa melimo e joalo ea tsoalo e kang Osiris, Ptah, le Sebek, e ile ea kokobetsa melimo ea Egepeta ea pōpo.—Exoda 8:1-6.

Baprista ba Egepeta ba neng ba sebelisa bonohe ba ile ba hloleha ho etsisa kotlo ea boraro joalokaha ba entse ka likotlo tse peli. (Exoda 8:16-18) Thoth, morena oa bonohe, o ne a lahlehetsoe ke tsebo ea hae ea bonōhe. ’Me Geb, molimo oa lefatše, o ile a hloleha ho thibela “lerole la lefatše” ho fetoha linta.

Ho qala ka kotlo ea bone, ho ile ha sehoa moeli pakeng tsa Goshene, sebaka sa sechaba sa Iseraele Egepeta e ka Tlaase, le naha eohle. Ha menoang e sa ka ea ba teng Goshene, e ile ea senya libaka tse ling tsa Egepeta. (Exoda 8:20-24) Buto, molimo oa mosireletsi, le molimo Horus ka ho hlakileng ba ile ba hlōleha ho laola liketsahalo karolong ena ea lefatše eo ba neng ba ikarabella ka eona—Egepeta e ka Tlaase.

Hathor e ne e le molingoana o nang le hlooho ea khomo. Nut, molingoana oa leholimo, le eena o ne a tšoana le khomo. E bile ho tlotlollang hakaakang ho bona ka bobeli ha lefu la seoa le bakela ’mehlape ... ho shoa’ kotlong ea bohlano!—Exoda 9:6.

Ho boleloa hore Thoth o ne a tseba “mekhoa eohle ea bonohe e hlokahalang bakeng sa ho folisa ba kulang.” ’Me Amon-Ra, ho bolela mola oa bo70 oa thothokiso e ngotsoeng ho mo hlompha, ke ngaka “e neng e felisa bomalimabe le ho leleka meea e mebe.” Empa bafolisi bana ba bohata ba ile ba hloleha ho thibela “lithopane, le lekhopho le etsang liso ho batho le ho liphoofolo,” ekasita le ho “lingaka,” kotlong ea botšelela.—Exoda 9:10, 11.

Melimo Shu, Reshpu, le Tefnut e ne e thusa ho laola boemo ba leholimo. Empa ha ho le ka mohla joaloka balepi ba boemo ba leholimo ba kajeno ba ileng ba tseba ho thibela lialuma le sefako tseo kotlong ea bosupa li ileng tsa otla batho, liphoofolo, le limela ’me tsa “robaka lifate tsohle tsa naha.” (Exoda 9:25) Lintho tseo sefako se ileng sa hloleha ho li senya li ile tsa jeoa ke litsie kotlong ea borobeli. (Exoda 10:12-15) Ebile ho hloloa ho ho kaakang ho Min, molimo oa kotulo, oo, ka ho tšoara setšoantšo sa lehalima ka letsohong la oona le letona, ho ka etsahalang hore o ne a laola lialuma le lehalima! Setšoantšo sena se ile sa thella letsohong la hae nakong ea likotlo tsena tse peli.

“Lefifi le letšo la e-ba teng naheng eohle ea Egepeta ka litšiu tse tharo,” kotlong ea borobong. (Exoda 10:21, 22) Ra, molimo oa letsatsi; Sekhmet, molingoana o neng o roetse mebala ea letsatsi; le Thoth, molimo oa khoeli, khanya ea bona e ile ea tingoa ka mokhoa oa sebele.

’Me ebile sello se sekaakang ha matsibolo a Egepeta a bolaoa ka tšohanyetso, ha se ke ha sala leha e le ntlo e le ’ngoe e hlokang mofu,’ ho kopanyelletsa le “ntlo e khōlō” ea Faro! (Exoda 12:29, 30) Kaha ho ne ho nahanoa hore Faro ke mora oa molimo oa letsatsi Ra, lefu le sa lebelloang la letsibolo le ne le tšoana le ho shoa ha molimo. Ebile ho hloloa ho tšosang hakaakang bakeng sa Bes, mosireletsi oa ntlo ea borena, le Buto, moloaneli oa morena!

Ba hlabiloe ke lihlong ebile ba tlotlolehile—e seng hang feela empa ka makhetlo a leshome—Faro le masole a hae ba laba-labela ho iphetetsa, ba ile ba phallela Baiseraele ba tsamaeang. (Exoda 12:37, 41, 51; 14:8) Ha thothokiso ea khale e hlompha Faro Nimaat-Re, eo ho tsejoang hanyenyane feela ka eena, e buile ka boikhantšo: “Loanelang lebitso la hae . . . Ha ho lebitla la lerabele khahlanong le borena ba hae, ’me setopo sa lona se lahleloe metsing.” Empa ha e le Faro ea ileng a hlaheloa ke likotlo tsa Molimo pele ho tšenyeho, ke setopo sa hae se ileng sa theohela tlaase metsing. “Faro, mothofatso oa molimo Horus mona lefatšeng, mojalefa oa borena ba Atum, mora oa molimo oa letsatsi Re [Ra],” joalokaha libuka tsa litlhophiso li ’mitsa, o ile a shoela ka Leoatleng le Lefubelu letsohong la Molimo oa Baiseraele eo a neng a rabetse khahlanong le borena ba oona.—Exoda 14:19-28; Pesaleme ea 136:15.

Na Hona ho Hlile ho Etsahetse?

Ka ho utloahalang, The New Encyclopcedia Britannica, leha e lumela hore tlaleho ea Exoda e na le “likarolo tsa pale,” leha ho le joalo e lumela hore “liithuti tsa kajeno li sekamela ho lumeleng hore lipale li na le motso oa ’nete e tiileng.” Britannica ha e bua ka bothata ba ho hlahlamanya lilemo tsa masika a Egepeta ho ea ka mathathama a marena, e boetse ea bolela: “Bofokoli ba mathathama ana joaloka litlaleho tsa histori ke hore a na le mabitso a marena a neng a nkoa a tšoaneloa ke tlhompho; babusi ba bangata ba neng ba itekanetse le ba itseng ba neng ba sa tuma ba hlokomolohuoa ka ho felletseng—ba hlakoloa tlalehong.”

Ha ho talingoa ho se nepahale ho joalo ha histori le ho fetoloa ha ’nete, na ha se ho utloisang bohloko hore ho hloloa hona ho bohloko ha Egepeta le melimo ea eona ea bohata ho ile ha “hlakoloa”? Hona hoa hlaka ha re hopola hore ba ileng ba tlaleha histori ba entse joalo ka tlas’a tšireletso ea baprista, bao ka ho hlakileng, thahasello ea bona e khōlō, e neng e le ho boloka boemo ba bona le ho hōlisa khanya ea melimo ea bona.

Ha ho talingoa liketsahala tseo tsa khale, bokamoso ha bo bontše molemo ho e mong le e mong ea hōlisang bolumeli ba kajeno bo tšoanang le ba Egepeta. Ke bao feela ba sebelisitseng bolumeli ba ’nete—Baiseraele le metsoalle ea bona e seng mekae ea Baegepeta—ba ileng ba pholoha ntoa ea melimo ba sa tsoa kotsi. Joale ba ne ba boloketsoe lintho tse khōlō, “Sechaba se Neng se Khethiloe, se Fapaneng le tse Ling Kaofela.” Bala ka sona ho karolo 4 lethathameng lena.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Ha ho bonolo ho hlalosa ka ho toba hore na ke morena ofe ea neng a busa nakong eo. Liithuti tsa mesaletsa ea lintho tsa khale tsa Egepeta li ile tsa hlahisa hore e ne e ka ba, har’a ba bang, Thutmose III, Amenhotep II, kapa Ramses II.

[Lebokose le leqepheng la 28]

U ne U Tla Arahela Joang?

Ha Baiseraele ba ne ba le Egepeta, na ke bona feela ba neng ba sebelisa bolumeli ba ’nete?

Che, hobane “monna ea tsamaeang ka ho loka le ka bokhabane, ea tšabang Molimo, ea sesefang bobe,” o ne a lula Utse, ea boahisani, eo ha joale e leng Arabia. Lebitso la hae e ne e le Jobo. O ile a hlaheloa ke liteko tse boima tsa botšepehi, ho ka etsahala hore ebile nakong e pakeng tsa lefu la Josefa ka 1657 B.C.E. le ho hōlisoa ha Moshe e le mohlanka ea tšepahalang oa Jehova.—Jobo 1:8.

[Setšoantšo se leqepheng la 29]

Bofaro ba ne ba nkiloe e le mothofatso ea melimo

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Ka Tumello ea Mookameli oa Museo Egizio

[Setšoantšo se leqepheng la 30]

Lipyramide tse ling e ne e le mabitla a maholo a marena

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela