Mehlolo le Lipono Tsa Mohlolo—Na ke Lipontšo Tse Tsoang ho Molimo?
MEHLOLO kajeno e ntse e nkoa e le . . . lengolo la puello, tiiso ea molaetsa o nepahetseng oa Molimo, tiiso ea hae e matla haholo thōmong kapa lentsoeng le tsoang ho oona.” Mehlolo eo Joseph Vandrisse, mongoli oa Vatican bakeng sa koranta ea Fora Le Figaro, a bolelang ka eona mona, ke e amoheloang ke Kereke e K’hatholike. Empa ke litekanyetso life tseo ka tsona kereke e rerang haeba mohlolo kapa pono ea mohlolo ka ’nete e tsoa ho Molimo?
Na Kereke e Lokela ho Ahlola Nyeoe ea Eona?
Ho ea ka balaoli ba K’hatholike, lipono tsa mohlolo li lokela ho khotsofatsa maemo a mabeli. Ba pele, li lokela ho lumellana le lithuto tsa kereke. Mohlala o makatsang ke oa pono ea Lourdes, moo “Moroetsana” a itlhahisang e le “Ea Emotseng a Lokolohile Sebeng.” Ka ho thahasellisang, lilemo tse ’maloa pele ho mona, Mopapa Pius IX o boletse hore kemolong Maria o ile a lokolloa sebeng sa tlhaho. Ka 1933 Pius XII ea neng a tla latela o ile a bolela khopolo ea hae ea ho re liketsahalo tse peli li ne li amana, a re: “Moroetsana ea Emotseng a Lokolohile Sebeng, ’Mè oa Molimo le ea hlohonolofalitsoeng har’a basali, o ne a lakatsa ho tiisa ka molomo oa hae se hlalositsoeng Roma ke Mobishopo oa hae e Moholo ea sa foseng. Sena o ile a se etsa kapelenyana ka morao ho moo ponong e tsebahalang haholo ea Lehaheng la Massabielle [Lourdes].”
Boemo ba bobeli, boitšoaro ba ea boneng pono ea mohlolo bo lokela ho nahaneloa. Joalokaha mobishopo oa Tours a bontšitse: “Kereke . . . e ile ea lumela liponong [tsa Lourdes] ka baka la bohalaleli ba Bernadette.” ’Me baruti ba nahana hore Bernadette le Lucie, ba bolelang hore ba bone Maria a le Lourdes ’me e mong o mo bone Fatima, ba ile ba finyella boemo bona ka hore hamorao ba fetohe baitlami.
Melaetsa e fetisitsoeng e ne e lumellana le thuto ea K’hatholike. Bophelo ba liboni bo ne bo lumellana le mohlala o beiloeng ke kereke. Mehlaleng ena, ha ho makatse ha lipono tsa mohlolo tse lumeloang ke Kereke e K’hatholike li tiisa meetlo le lithuto tsa eona ka ho felletseng, ekasitana le tsa morao haholo, joaloka thuto ea Kemolo e Lokolohileng Sebeng.
Empa ha e le hantle, na mehlolo le lipono ke lipontšo tse tsoang leholimong tse pakang botšepehi ba lithuto tsa kereke? J. Bricout, mohlophisi oa Dictionnaire pratique des connaissances religieuses (Buka ea Mantsoe ea Tsebo ea Bolumeli), o qotsitse mongoli e mong oa K’hatholike, P. Buysse, ea ngotseng: “Joalokaha mehlolo ea Lourdes e amana ka ho toba le ‘litumelo tse khethehileng tsa Kereke ea K’hatholike’ (Kemolo e Lokolohileng Sebeng, tlhaloso ea thuto ena ka taolo ea bopapa, ho hlompha ka borapeli Selallo se Hlohonolofalitsoeng, tlhompho ea Moroetsana Maria, joalo-joalo), motho o lokela ho lumela hore ‘lithuto tsa kereke li na le letšoao la tiiso la kamohelo ea Molimo.’”
Leha ho le joalo, Kereke ea K’hatholike e ke ke ea tiisa ka nepo tokelo e joalo ea Molimo. Ka ho inkela molao oa ho lekanyetsa hore lipono (le mehlolo e tsamaisanang le tsona) li tsoa ho Molimo kapa che, e ipeha e le moahloli oa nyeoe ea eona.
Malumeli a mang a mangata a inahanela bopaki bo tšehetsang mehlolo e itseng ’me a bolela hore e tšehetsoa ke Molimo. Na Molimo o tšehetsa mehlolo e etsoang ke lihlopha tsa bolumeli tse folisang (ho kopanyelletsa le tseo e seng tsa K’hatholike) kapa le ea malumeli ao e seng a Bokreste? Ho thata ho lumela seo, hobane Bibele e re bolella hore Molimo “ha se Molimo oa moferefere empa e le oa khotso.”—1 Ba-Korinthe 14:33.
Ke motheo ofe o nepahetseng oa ho ahlola? Buka Les signes de crédibilité de la révélation chrétienne (Lipontšo tse Nepahetseng tsa Tšenolo ea Bokreste) e hlalositse hore litekanyetso tse rerang haeba mohlolo e le ’nete li amana le boemo ba boitšoaro le bolumeli.
Na Tšenolo ea Tsona e Nepahetse?
Ho ea ka bangoli ba fapaneng ba K’hatholike, “tlhoko ea Pele ke hore molaetsa o fetisoang o lumellane le tšenolo ea Evangeli le lithuto tsa lineano tsa kereke.” “Ha ho tšenolo e ncha e ka fetolang tšenolo ea khale.” Hape, Mopapa John Paul II o hlalositse hore “molaetsa o fanoeng Fatima ka 1917 o na le ’nete eohle ea Evangeli.” Sena sohle se bolela hore melaetsa e fanoang liponong tse joalo tsa mohlolo e lokela ho lumellana le “tšenolo,” Mangolo a Halalelang. Na sena se hlile se ea etsahala?
Ke liqeto life tse ka flnyelloang liponong tsa mohlolo tsa lihele tse chesang tse filoeng balisa Fatima? Mangolo ka ho hlakileng a bontša hore baetsalibe ha ba otloe ka tsela ena ha ba e-shoa. Jesu ka boeena o boletse hore re lokela ho tšaba Ea ka timetsang moea le ’mele, ka hoo a bontša hore moea o ka shoa. Mangolo a mang a Bibele ka ho hlakileng a ruta hore ha ho boikutlo lefung le hore tšepo ea ho phela hape e theiloe tšepisong ea Bibele ea tsoho nakong e tlang.—Mattheu 10:28; Moeklesia 9:5, 10; Johanne 5:28, 29.
’Me ho thoe’ng ka thuto ea “Kemolo e Lokolohileng Sebeng” eo Bernadette a buileng ka eona? Le eona e loantšana ka ho felletseng le thuto ea Bibele. Mangolo a bontša hore Maria, joaloka bana bohle ba Adama, o ‘emoletsoe sebeng’ ’me o futsitse lefu. (Pesaleme ea 51:5; Ba-Roma 3:23) Haeba Maria a ne a sa emoleloa sebeng, ke hobane’ng a ile a etsa nyehelo ea sebe ka mor’a ho beleha Jesu? (Levitike 12:6; Luka 2:22-24) Ho feta moo, ha ho lengolo le le leng la Bibele le tšehetsang thuto ea K’hatholike e bolelang hore o lokolotsoe sebeng sa tlhaho ka mohau o khethehileng. Kaha borapeli ba Maria bo se na motheo oa Mangolo, ke ho utloahalang haholo ho botsa lipotso mabapi hore na lipono tsa hae tsa mohlolo li tsoa ho Molimo.
Na Ekaba li Tsoa Mohloling o Mong?
Ho hlakile hore liithuti tsa Bibele lia tseba hore lipontšo tsa mehlolo kaofela ha li tsoe ho Molimo. Ka mor’a hore e qotse mehlolo e finyelletsoeng ke linohe tsa Egepeta ka pel’a Faro le Moshe, Dictionnaire de la Bible, e hlophisitsoeng ke F. Vigouroux, e bolela hore “mehleng ea qetello, baprofeta ba bohata le Bakreste ba bohata bao kaofela e leng baemeli ba Diabolose, ba tla etsa mehlolo e mengata ho fihla ntlheng ea ho thetsa barutuoa ba tšepahalang ba Jesu Kreste, haeba hoo ho ne ho ka etsahala.”—Mattheu 24:24; Exoda 7:8-13.
Empa ho thoe’ng haeba, joaloka tabeng ea Fatima, lipono tsa mohlolo li ne li memela batho ho baka le ho bolella balumeli ho rapella tšokoloho ea baetsalibe? Ka ho thahasellisang, buka e buellang lipono, e bitsoang Fàtima—Merveille du XXe siècle (Fátima—Mohlolo oa Lekholong la bo20 la Lilemo), e qotsa moprista, eo nakong eo a neng a le Fátima, a boletseng lipelaelo tsa hae ka tšimoloho ea melaetsa ena ho sa tsotellehe se jeroeng ke eona. O boletse: “E ka ’na eaba ke leqheka la bodemona.” Ka sebele, Bibele e bontša hore Satane “o ikhakanya ka sebōpeho se kang sa lengeloi la leseli” le hore “bahlanka ba hae le bona ba ikhakanya ka sebōpeho se kang sa bahlanka ba ho loka.” (2 Ba-Korinthe 11:14, 15, The Jerusalem Bible) Ka lebaka leo molaetsa o bonahalang e le ’nete hase bopaki ba hore pono ea mohlolo e hlile e tsoa ho Molimo.
Ena e boetse ke qeto e fihletsoeng ke Dictionnaire historique de la Bible ea Calmet [oa K’hatholike], e bolelang hore: “Mehlolo le limakatso ka mehla hase pontšo e tiileng ea hore ba e etsang baa halalela kapa thuto ea bona e nepahetse kapa leha e le hore ke bopaki bo tiileng ba hore liboni li fuoe thōmo eo.”
Ho fapana le hoo, Kreste o entse mehlolo e mengata ha a ne a le lefatšeng. Morero oa hae e ne e le ofe, ’me e fana ka kutloisiso efe mehlolong le limakatsong tsa kajeno? Lipotso tsena li tla arabeloa sehloohong se latelang.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 6]
9 Tšitoe, 1531.
Moindia oa Mexico, ea bitsoang Juan Diego, o ne a potlaketse ’Miseng Motseng oa Mexico. Ha a le tseleng a kopana le mosali ea ileng a mo roma ho ea kōpa mobishopo oa Motse oa Mexico ho haha kereke moo mosali eo a neng a eme teng. Mobishopo o ne a sa kholoe molaetsa oa Moindia.
Pono ea mohlolo e ileng ea latela, mosali eo a ipolela e le ’mè oa Molimo oa ’nete ’me hamorao e le (Maria ea Halalelang oa Guadalupe. “Bakeng sa ho mo fa pontšo, o ile a bolella Juan Diego ho bokella lipalesa tsa lirosa, le hoja e ne e se nako ea tsona ’me hape e se sebaka seo li melang ho sona. Leha ho le joalo, o ile a fumana tse teng ’me a li phuthela ka lesela. Ha a ntse a li bontša mobishopo, setšoantšo sefelletseng se phelang sa “Moroetsana” se ile sa hlaha leseleng.
Setšoantšo sa ketsahalo ena se teng kajeno Quadalupe Basilica, haufi le Motse oa Mexico.
[Setšoantšo]
Quadalupe
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 7]
11 Tlhakola, 1858.
Ngoanana ea lilemo li 14 oa Lefora ea bitsoang Bernadette Soubirous, khaitseli ea hae, ‘le motsoalle oa bona ba ne ba tsoile ho ea roalla patsi haufi le Lourdes, toropo e ka boroa-bophirima ho Fora haufi le moeli oa Spain. Moo feela Bernadette a neng a le haufi le ho tšela molatsoana, “mosali” o ile a itlhahisa ho eena a le lehaheng. Ka linako tse ling, “mosali” eena enoa o ile a kōpa ho re sebaka sa borapeli se hahuoe hona moo a neng a eme teng ’me a ipiletsa ho batho bohle hore ba bake.
Ponong e ’ngoe hape, Bernadette a utloa “mosali” a bua ka puo ea moo: “Ke ’na ea Emotseng ke Lokolohile Sebeng.” Bernadette Soubirous o ile a ikemela a tiile khahlanong le litsebi tsa molao le tsa bolumeli a khomaretse taba ea hore lipolelo tsa hae ke tsa ’nete. Qetellong Kereke e K’hatholike e ile ea lumela ka molao lipono tsa mohlolo tsa “Moroetsana.” Liphello e bile tempele ea Lourdes.
[Setšoantšo]
Lourdes
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 8]
13 Motšeanong, 1917.
Molisa e mocha le balisana ba babeli ba ne ba lebetse mohlape oa bona Fátima, Portugal bohareng, moo ba boneng pono ea bona ea pele ea “Moroetsana.” Ponong e ileng ea latela, batho ba ile ba potlakela sebakeng sena ka tšepo ea ho amohela pontšo. Ba bolela hore ba bone letsatsi le tantša maholimong ’me hamorao la oela lefatšeng.
Bana bana ba boetse ba amohetse “makunutu.” Ba bile le pono ea lihele, moo ba boneng baetsalibe ba hlokofatsoa hampe malakabeng a tšabehang a mollo, “Moroetsana” o ile a boela a kōpa hore Russia e inehele ‘pelong ea hae e lokolohileng sebeng.’ Hamorao Bapapa ba ile ba phethahatsa takatso ea hae. “Lekunutu” la ho qetela le sirelelitsoe ke balaoli ba phahameng ba Kereke e K’hatholike, ba hanang ho le tsebisa batho hajoale.
[Setšoantšo]
Fátima