Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 5: c 1000-31 B.C.E.—Melimo ea Tšōmong e se Nang Molemo
Bolumeli bo bong le bo bong bo hlahile Asia.”—Maele a Majapane
MAJAPANE a nepile. Motso oa bolumeli o supa morao Asia. Ka ho tobileng haholoanyane, lithuto tsa motheo tsa bolumeli le litšebeletso tsa bona tse fumanoang malumeling a lefatše li tsoa Babylona ea boholo-holo, e Asia.
Ha buka The Religion of Babylonia and Assyria e tiisa sena e re: “Egepeta, Persia, le Greece li ile tsa utloa tšusumetso ea bolumeli ba Babylona ... Motsoako o matla oa likarolo tsa Sejode tse teng hona joale litšōmong tsa Greece le mekhoeng ea teng li se li lumeloa ke liithuti hoo o seng o sa hloke ho hlalosoa ho ea pele. Ho isa boholeng bo itseng likarolo tsena tsa Sejode ka ho toba ke tsa Babylona.”
Likarolo tsa Babylona tsa litšōmo tsa Magerike li ile tsa monngoa habonolo ke bolumeli ba Magerike, boo, ho ea ka The Encyclopedia of Religion, bo “neng bo se na buka e halalelang eo ho eona ’nete e neng e tsitsitse ka ho sa feleng . . . Ho ne ho lekane ho motho ea etsang litšebeletso ho lumela mohloling o moholo oa lipale tse neng li ithutoa bongoaneng. Lipale tsena li ne li le teng ka liphetolelo tse ngata, ’me li bula monyetla o moholo oa tlhaloso leha e le efe.”
Mohlala oa lipale tse joalo ke tse phetiloeng ho Iliad le Odyssey tsa Homer, mongoli ea tummeng haholo oa lithothokiso oa Mogerike eo ho ka etsahalang hore e ne e le oa lekholong la borobeli kapa la borobong la lilemo B.C.E. Lingoliloeng tsa hae, tse neng li phahamisa likamano pakeng tsa melimo ea tšōmong ea Mount Olympus le batho, ho kopanyelletsa batho ba babuelli ba kang melimo ba neng ba hlomphuoa joaloka bahale, li ile tsa fetoha mohloli oa boitsebiso o fumanehang habonolo oa bolumeli ba Magerike bo ileng ba nka litaba ho oona. Ka tlhaloso ea mongoli G. S. Kirk, “tšōmo e tšoana le bolumeli.”
Bolumeli ba Magerike bo boetse bo nka litaba mehloling e meng. The New Encyclopcedia Britannica e bolela hore “lefatše la Greece, le neng le amohela malumeli a sephiri ka cheseho e khethehileng, le ile la inkela [ho tsoa Egepeta] mekhoa ea Osiris, Isis, le Horus.” Ho tloha moo “ea hasoa ’Musong ’ohle oa Roma.” Hona ho ile ha etsahala joang?
Litšōmo Tsa Magerike li Kenya Roma Botlamuoeng
Batho ba boholo-holo ba Roma ba ne ba sebelisa bolumeli bo bonolo bo neng bo bontša hore melimo ke meea eo e seng batho e teng ka libōpeho tse bonahalang tsa mefuta eohle. E ne e le bolumeli ba tumela-khoela bo neng bo lumela boupelling le linthong tsa boloi tsa limela kapa liphoofolo. Bo ne bo boloka mekete ea selemo le selemo, joaloka Saturnalia ka Tšitoe, oo ho ’ona batho ba neng ba fapanyetsana limpho. Buka Imperial Rome e bo hlalosa e le “bolumeli bo nang le tsamaiso, litšebeletso, le bo sa hatelleng lintho tsa moea. Moroma o ne a entse tumellano le melimo ea hae—u nketsetsa ho hong ’me le ’na ke tla u etsetsa ho hong—’me bolumeli ba hae bo ne bo itšetlehile haholo ka ho hlokomela tumellano eo.” Sena se ile sa hlahisa bolumeli bo fokolang moeeng, ’me sa etsa hore Maroma a batle tšehetso ea moea sebakeng se seng.
Litšebeletso tse atolohileng haholoanyane tsa bolumeli, le ho sebelisoa ha litempele, liemahale, le litšoantšo, li ile tsa hlahisoa hamorao ke ma-Etruria.a Buka eona ena e bolela hore ke bona hape ba ileng “ba fa Roma tsebo ea bohlokoa ea ho kopana le melimo le melimotsana ea Magerike, eo bongata ba eona Maroma a ileng a se ke a hlola a e tlohella.” Kapelenyana ho ne ho ka boleloa hore “bolumeli Roma bo ne bo le teng ka libōpeho tse ngata ’me bo ena le mabitso a mangata: sechaba se seng le se seng se secha seo Maroma a ileng a kopana le sona ka ho se hapa kapa khoebong ho bonahala se ile sa eketsa ho hong melimong ea Maroma.”
Baruti ba pele ba Roma ba ne ba sa lebelloa ho ba baeta-pele ba moea kapa ba boitšoaro. Buka Imperial Rome e bolela hore ho ne ho lekane ho bona ho tseba “mekhoa e nepahetseng ea ho bua le molimo, lithibelo tse neng li amana le borapeli ba oona, le litšebeletso tse rarahaneng tsa borapeli ba phatlalatsa.” Ka ho fapaneng le batho feela tjee, ba neng ba sa tšoanelehe bakeng sa ho fumana libaka tse phahameng, baruti ba etelletseng pele ba ne ba khona ho fumana matla a maholo lipolotiking le sechabeng.
Ka baka leo, ka lilemo tse ka bang sekete, ho tloha nakong ea Homer ho ea pele, litšōmo tsa Magerike li ile tsa susumetsa ka matla bolumeli ba Greece le ba Roma hoo The New Encyclopcedia Britannica e reng: “Bohlokoa ba litšōmo tsa Magerike historing ea motho oa Bophirimela ea bohlale, bonono, le boikutlo bo ke ke ba hlalosoa ka tsela e feteletsang.” Bonyane ha ho tluoa bolumeling, Horace, mongoli oa lithothokiso tsa Selatine oa lekholong la pele la lilemo B.C.E., o ne a nepile ha a ne a re: “Greece e botlamuoeng e ile ea nkela Roma botlamuoeng.”
Molimo oa Greece o Hatela Pele
Alexander III o tsoetsoe ka 356 B.C.E. sebakeng sa Pella e Macedonia. A hōliselitsoe tikolohong ea borena, o ile a thabela bohlokomeli ba mofilosofi ea tummeng haholo oa Greece Aristotle, ea ileng a mo thusa ho hōlisa thahasello thutong ea filosofi, meriana, le thuto ea mahlale. Hore na ke hakae lithuto tsa Aristotle tsa filosofi li ileng tsa susumetsa tsela ea Alexander ea ho nahana, ho hlahisa tsekisano. Empa ha ho pelaelo ka tšusumetso ea Homer ho eena, hobane Alexander, ’mali ea mafolofolo, o ne a e-na le lerato le khethehileng bakeng sa lingoliloeng tsa litšōmo tsa Homer. Ha e le hantle, ho boleloa hore o ne a tseba Iliad ka hlooho, hoo e ne e se mosebetsi o monyenyane, hobane o ne a lokela ho hopola mela e 15 693 ea thothokiso.
Ha a le lilemo li 20, ka mor’a hore ntat’ae a fenethoe, Alexander o ile a hlahlama boreneng ba Macedonia. Hang-hang o ile a qalisa letšolo la ho hapa le ileng la qetella le mo fumanetse tlotla Alexander e Moholo. A hlokomeloa hohle e le e mong oa bahale ba baholo ba kileng ba e-ba teng, boholo ba hae bo ile ba mo phahamisetsa boemong ba bomolimo. Empa pele le kamorao ho lefu la hae, o ne a hlomphuoa joaloka molimo.
Alexander o ile a ntša Mapersia Egepeta, moo a ileng a rorisoa joaloka molopolli. Buka Man, Myth & Magic e re: “O ne a amoheloa joaloka Faro ’me ha a ne a etela tempele ea molimo Ammone . . . o ne a rorisoa ka molao ke moprista e le ‘mora oa Ammone.’” Ho bonahala ketsahalo ena e ikarabella paleng e bolelang hore e ne e le mora oa Zeus, molimo o moholo oa melimo ea Magerike.
Alexander o ile a f etela bochabela, ’me qetellong a fihla likarolong tsa India. Tseleng a hapa Babylona, moo ho ileng ha hlaha likhopolo tse ngata tse fumanoang litšōmong le bolumeling ba naha ea habo. Ka lebaka leo ke ho loketseng ha a ile a rera ho e etsa motse-moholo oa ’muso oa hae. Empa ka la 13 Phuptjane, 323 B.C.E., ka mor’a hore a buse ka lilemo tse fetang tse 12, molimo o moholo oa Magerike o ile oa fokola—a shoa a le lilemo li 32!
Molimo o Hlomphuoang oa Maroma
Motse oa Roma o ne o ile oa theoa koung ea boahisani ea Itali bohareng ba lekholo la borobeli la lilemo B.C.E., lilemo tse makholo pele Greece e fihla tlhōrong ea eona ea ho busa lefatše ka tlas’a Alexander. Ka mor’a lefu la Alexander, puso ea lefatše butle-butle e ile ea fetela taolong ea Roma. Molaoli Julius Caesar, hlooho ea naha ea Roma, o ile a fenethoa ka 44 B.C.E., ’me ka mor’a lilemo tse ka bang 13 tsa moferefere, mora oa hae eo a neng a itholletse eena Octavian o ile a hlōla lira tsa hae ’me a tsoela pele ho thea ’Muso oa Roma ka 31 B.C.E.
Imperial Rome e bitsa Octavian “e mong oa baemphera ba baholo ba Roma,” ha e bolela hore “Maroma a ne a ’mitsa Augustus, ho bolela ‘ea hlomphuoang’, ’me batho ba moo ba ne ba mo rorisa joaloka molimo.” Joalokaha eka ke ho tiisa likhopolo tsena, Augustus o ne a e-na le setempe se neng se mo ntša a tšoana le Alexander, ea bileng teng pele ho eena. Hamorao Augustus o ile a etsoa molimo ke Lekhotla le Busang la Roma, ’me ho ile ha ahoa litempele ’musong ’ohle oa Roma ho mo hlompha.
Na ba ne ba Tšoanela Lebitso?
Kajeno, ha ho motho ea ka behang tšepo ea hae bakeng sa khotso ea lefatše le tšireletseho matsohong a melimo ea Maroma kapa ea Magerike—kapa melimong ea tšōmong e neng e busa e le Mount Olympus, leha e le ho batho ba sebele ba neng ba busa mebusong ea lipolotiki. Empa leha ho le joalo, ho tloha qalong ea malumeli a bohata Asia ho tla fihlela kajeno, a tsoela pele ho khelosetsa batho ho lumela ho melimo ea tšōmong e nang le lebitso empa e hloka molemo. Ka ho tšoanelehang, moratuoa oa Alexander Homer, o ngotse ho Iliad: “Lebitso ke la lefeela, le le hlokang molemo hakaakang.”
Ho boletsoe hore Magerike a boholo-holo a ne a talima Iliad “e le mohloli oa boitšoaro, le oa taeo e sebetsang.” Kajeno, ho na le lingoliloeng tse ngata tse nkoang ka tsela e tšoanang. Sehlooho sa rōna sa tokollo ea April 8 se tla bua ka bohlokoa ba ho hlahloba ka tšoanelo libuka tse rekoang haholo joalo tsa bolumeli.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Semelo sa ma-Etruria se baka tsekisano, empa khopolo e tšehetsoang haholo ke ea hore ba ile ba falla sebakeng sa Aegeo-Asia ho ea Itali lekholong la borobeli kapa la bosupa la lilemo B.C.E., ba tla le mekhoa ea Asia le bolumeli.
[Lebokose le leqepheng la 24]
Boinehelo bo Fosahetseng ba Magerike
Magerike a boholo-holo a ne a se na lentsoe le tobileng bakeng sa bolumeli. A ne a sebelisa lentsoe eu-seʹbei·a, le ka ’nang la fetoleloa e le “boinehelo,” “boitšoaro bo botle mabapi le melimo,” “ho hlompha hantle,” le “boinehelo ba bomolimo.”b
The New Encyclopcedia Britannica ea bolela: “Bolumeli ba Magerike, sebōpehong sa bona se felletseng, bo bile teng ka lilemo tse fetang tse sekete, ho tloha nakong ea Homer (hoo e ka bang lekholong la bo9 kapa la bo8 la lilemo BC) ho fihla pusong ea ’musisi Julian (lekholong la bo4 la lilemo AD), leha tšimoloho ea bona mohlala oa eona o hlaha lilemong tse ngata tse fetileng. Nakong eo tšusumetso ea bona e ile ea atoloha ho fihlela bophirimela Spain, bochabela ho Indus, le ho tsoella le lefatše lohle la Mediterranean. Tšusumetso ea bona e ne e bonahala haholo ho Maroma, a neng a tšoantša melimo ea ’ona le ea Magerike. Ka tlas’a Bokreste, bahale ba Magerike ekasitana le melimo ea bona ba ne ba pholoha e le bahalaleli, ha liemahale tsa baroetsana ba tsekisanang ba lichaba tsa Europe bophirimela li ne li bontša boipuso ba borapeli ba moo.”
Bakreste ba pele ba ile ba lokela ho talimana le barapeli ba melimo ea bohata ea Magerike le Maroma. Tlaleho ea Bibele ea re bolella: “Eare ha bongata bo bona se entsoeng ke Pauluse, ba qala ho hoa ka puo ea Selikaonia, ba re: Melimo e nkile sebōpeho sa batho, e theohetse ho rōna. ’Me Barnabase ba ne ba ’mitsa Jupitere [molimo o okamelang melimo ea Greece], Pauluse eena, ba re, ke Merkure [molimo o sebeletsang e le lenģosa bakeng sa melimo e meng], kahobane e ne e le eena mong a lipolelo. Le eena moprista oa Jupitere, ea neng a le pel’a motse oa bona, a tla ka lipoho le meqhaka khorong, a rata ho etsa mahlabelo a ena le bongata. Empa baapostola, Barnabase le Pauluse, eare ha ba utloa hoo, ba hahola liaparo tsa bona, ’me ba ikakhela har’a batho, ba ntse ba hoa, ba re: Banna, le etsetsa’ng joalo na? Athe le rōna, re batho ba fokolang joaloka lōna; re le bolella hore le lese mekhoa eo ea bosaoana, le hore le sokolohele ho Molimo o phelang, o entseng leholimo, le lefatše, le leoatle, le lintho tsohle tse ho ’ona.”—Liketso 14:11-15.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe
b Bona 1 Timothea 4:7,8 ho The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures, e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.
[Chate/Litšoantšo tse leqepheng la 25]
Melimo ea Magerike le Maroma
Melimo le melimotsana e mengata ea litšōmo tsa Magerike e ne le boemong bo tšoanang le litšomong tsa Maroma. Lethathamo le ka tlaase le thathamisitse e meng ea melimo ea bohlokoa ea Magerike le Maroma.
Ea Magerike Ea Maroma Boemo
Aphrodite Venus Molimotsana oa lerato
Apollo Apollo Molimo oa leseli, meriana, le lithothokiso
Ares Mars Molimo oa ntoa
Artemis Diana Molimotsana oa ho tsōma le tsoalo ea bana
Asclepius Aesculapius Molimo oa pholiso
Athena Minerva Molimotsana oa boloi, ntoa, le bohlale
Cronus Saturn Litšōmong tsa Greece, ’musi oa Liqhobane le ntate
oa Zeus; litšōmong tsa Roma, hape ke molimo oa temo
Demeter Ceres Molimotsana o hōlisang lintho
Dionysus Bacchus Molimo oa veine, peleho, le boitšoaro bo hlaha
Eros Cupid Molimo oa lerato
Gaea Terra Pontšo ea lefatše, le ’mè le mosali oa Uranus
Hephaestus Vulcan Setei sa melimo le molimo oa mollo le mesebetsi ea tšepe
Hera Juno Mosireletsi oa manyalo le basali. Litšōmong tsa
Greece, khaitseli le mosali oa Zeus; litšōmong
tsa Roma, mosali oa Jupiter
Hermes Mercury Lengosa la melimo; molimo oa thuto ea khoebo le
thuto ea mahlale; le mosireletsi oa batsamai,
masholu, le baleleri
Hestia Vesta Molimotsana oa maifo
Hypnos Somnus Molimo oa boroko
Pluto, kapa Pluto Molimo oa lefatše le ka tlaase
Hades
Poseidon Neptune Molimo oa leoatle. Litšōmong tsa Greece,
hape molimo oa litšisinyeho tsa lefatše
le lipere
Rhea Ops Mosali le khaitseli ea Cronus
Uranus Uranus Mora le monna oa Gaea le ntate oa Liqhobane
Zeus Jupiter ’Musi oa melimo
Mohloli: “The World Book Encyclopedia,” khatiso ea 1987, Moqolo 13, leqephe 820
[Litšoantšo]
Hermes
Diana
Asclepius
Jupiter
[Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng]
Mehloli ea Lifoto: Hermes, Diana, le Jupiter—Ka Tumello ea British Museum, London Asclepius—Ntlo ea Polokelo ea Lintho tsa Khale ea Sechaba, Athene, Greece
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Athena, molimotsana oa ntoa le bohlale—seemahale se khorong ea motse, Wesel, Jeremane