Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 5/8 maq. 25-27
  • Pefo—Na re Khahlanyetsa Phephetso?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Pefo—Na re Khahlanyetsa Phephetso?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Karolo ea TV le Litšoantšo Tsa Baesekopo
  • Likolo le Batsoali
  • Ho Thoe’ng ka Molao?
  • Phephetso e sa Finyelloeng
  • Molimo o Ikutloa Joang ka Pefo?
    Tsoha!—2002
  • Hohle ho Tletse Pefo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Ke Hobane’ng ha ho E-na le Litlōlo Tse Ngata Hakaale Tsa Molao?
    Tsoha!—2003
  • Na Bokhopo bo Tla ke bo Fele?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2016
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 5/8 maq. 25-27

Pefo—Na re Khahlanyetsa Phephetso?

BONOKOANE bo bongata ba Brithani bo bakoa ke bacha ba kenang sekolo ba ka tlaase ho lilemo tse 20. Tichere e mong Sheffield, Engelane, o boletse hore o rutile sehlopha sa barutoana ba 15 sekolong moo ba bararo feela ba neng ba se na tlaleho ea bonokoane. Ha e le hantle, esita le bana ba pakeng tsa lilemo tse ’nè le tse tšeletseng joale ba ameha pefong ea phaposing ea borutelo.

“Basebetsi ba tlhokomelo ea lehae la bana ba hlaseloa ka ho tebileng ke barutoana ba bona, ’me u ka inahanela tlokotsi e leng lipelong tsa bana ba bang,” ho boletse tichere e ’ngoe ea Yorkshire. O phaelletse: “Haeba ngoana ea qalang ho ea sekolong a ka tseba ho baka bohloko bo bokana, e tla ba bo bokaakang ha a fihla sekolong se phahameng haeba re sa etse letho ka bona?”

Empa ke hobane’ng ha bana ba sekametse ho ba mabifi hakana?

Karolo ea TV le Litšoantšo Tsa Baesekopo

Bana ba bangata ba shebella mananeo a thelevishene le litšoantšo tsa baesekopo tse bontšang liketso tse sehlōhō, ’me litsebi li bolela hore lena ke lebaka le ikarabellang bakeng sa keketseho ea pefo. Ka mohlala, Australia, ho ile ha etsoa phuputso ka mekhoa ea bana ba lilemo li 10 le 11 ba 1 500 ba shebellang thelevishene. Lefapha la Australia le hlahlobang lifilimi le boletse hore halofo ea lifilimi tsohle tseo bana ba li boneng li ne li sa ba lokela. Leha ho le joalo, karolo ea boraro ea bana e boletse hore e thabetse ka ho khethehileng liketsahalo tse mabifi.

E mong o hlalositse: “Ke ratile karolo e neng e bontša ngoanana a khaola hlooho ea ntat’ae ’me a e-ja joaloka kuku ea letsatsi la tsoalo” Ka setšoantšo se seng sa baesekopo, ngoana e mong o itse: “Ke se ratile moo molichaba a neng a e-ja hlooho ea mosali ’me a ’na a tsoela pele ho bohla.” Ho sa le joalo, ngoana e mong o itse: “Ke se ratile moo ba neng ba bata mosali ’me boko bo ntse bo pepeteha.”

Bafuputsi ba fihletse qeto ea hore ka lebaka la ho shebella mofuta o tjena oa boitsebiso, bana le batho ba baholo ba hōlisa lenyora la pefo. Ba boetse ba bolela hore batsoali ba tšosoa kapa ba ekoa ke likhatello tse matla tsa sechaba tse tlisetsoang bana ba bona tse etsang hore ba ba lumelle ho shebella lifilimi tse joalo.

Mokhatlo o Ipusang oa Khaso oa Brithani o entse phuputso ka liphello tsa ho shebella mananeo a bontšang pefo. Bashebelli ba limillione tse peli, kapa karolo ea 6 lekholong ea bamameli, e boletse hore ka mor’a ho shebella mananeo a bontšang bonokoane, ka linako tse ling “ba ile ba ikutloa ba le mabifi.” The Times ea London, tlalehong ea liphuputso tsa eona, e boletse hore bana ba hlōleha ho utloisisa hore pefo ea TV hase ntho ea sebele ’me e hatisa hore polao ke “ntho ea letsatsi le letsatsi.” Na hase ho makatsang ha bana ba bangata hakaale ba rata pefo ’me ba ena le maikutlo a fokolang a ho ba molato le hore bona ka bobona ba e etse?

Likolo le Batsoali

Ba bang ba amahantse keketseho ea pefo le ho hlōleha ha likolo ho ruta bana bohlokoa ba boitšoaro. Mabapi le ho hlōleha hona, tlaleho e lokiselitsoeng ke matichere a mabeli a Brithani a tsoang metseng e nang le baahi ba bangata haholo e re: “Bona ke boemo bo bohloko ’me motho a ka bua ho hongata ka keketseho ea pefo sechabeng sa rōna.” Empa na ho lokile ho beha molato ho matichere bakeng sa ho hlōleha ho ruta bana bohlokoa ba boitšoaro?

Tlaleho e entsoeng ke Mokhatlo oa Machaba oa Hlooho ea Matichere oa Brithani oa arabela: “Litekanyetso tsa boitšoaro likolong le sechabeng lia theoha empa tšusumetso eo likolo li ka bang le eona sechabeng ke ea bohlokoa.” Kaha ngoana o se a e-na le boikutlo ba kelello pele a e-ea sekolong, tlaleho e boletse: ‘Ha ho letho leo tichere e ka le etsang ho fetola hoo.’

Ka ho tšoanang Roy Mudd, motlatsi oa hlooho ea Sekolo sa Bashemane sa Motse oa Portsmouth, o hatelletse hore matichere a bonang barutoana ba oona ka lihora tse ’maloa ka letsatsi ‘ha ho letho leo a ka le etsang ho tlatsetsa boitšoarong ba sekolo ntle le haeba batsoali ba rutile bana ba bona phapang mahareng a ntho e nepahetseng le e fosahetseng.’

Ha ho pelaelo ka sena, batsoali ba lokela ho rala motheo oa boitšoaro bo botle esale pele bophelong. Bona, ho ena le likolo, ba lokela ho ameha haholo ka ho ruta bana ba bona boitšoaro bo botle haeba pefo e eketsehang e lokela ho fokotseha. Leha ho le joalo,batsoali le likolo ha ba khahlanyetse phephetso ea pefo, kapa bonyane ke ba fokolang feela ba e khahlanyetsang.

Ho Thoe’ng ka Molao?

Na mapolesa a khahlanyetsa phephetso? Colombia, Amerika Boroa, baahloli ba 62 ho tlalehiloe ba fenethiloe ka baka la ho hana ho amohela tjotjo e tsoang ho barekisi ba cocaine. Ka ho tšoanang, Los Angeles, U.S.A., mapolesa a hlōlehile ho thibela lipolao tse 387 tse bakiloeng ke barekisi ba lithethefatsi ka 1987. Mapolesa libakeng tse ngata joalo a lumela hore ka ho khethehileng ka lebaka la lithethefatsi, a talimane le tlokotsi e ke keng ea laoleha. Empa ke hobane’ng ha a sa khahlanyetse phephetso?

Ke ka lebaka la ho senyeha ha molao le toka lefatšeng ka bophara. Brithani, lepolesa le leholo la Surrey, Brian Hayes, lea hlalosa: “Lilemong tse fetileng lepolesa le ne le ka bolella sehlopha sa batho hore se qhalane ’me se ne se etsa joalo. Empa mehleng ea joalelepolesa le ka hlaseloa.” The Sunday Times ea London e hlokometse hore hangata sechaba se “fetotse lintho tsa bohlokoa, mapolesa a nkoa e le linokoane tse sa ratoeng, [empa] batlōli ba molao ba talingoa e le bahale.”

Richard Kinsey, morupeli litabeng tsa bonokoane Univesithing ea Edinburgh, o re: “Scotland re isa batho ba bangata teronkong ho feta naha leha e le efe Europe ’me ho isoa ba fetang bao ka makhetlo a mabeli le halofo karolong e ka boroa [Engelane].” Phello ebile efe? Ka 1988 sepolesa sa Glasgow Strathclyde se tlalehile keketseho ea 20 lekholong ea bonokoane nakong ea likhoeli tse 12. Ka ho phoqa, Kinsey o fihletse qeto: “Rōna Scotland re bone [hore] senotlolo monyakong oa teronko ha se na thuso.”

Phephetso e sa Finyelloeng

Ho hlōleha ho tobana le phephetso ea pefo ho ile ha bontšoa makasineng oa Brithani Nursing Times. O itse: “Ha ho motho ea eletsang baoki ba bacha hore ba kenela mosebetsi o kotsi—mohlomong ba lokela ho eletsoa.” Liphuputso tse fumanoeng ke Mokhatlo oa Bophelo bo Botle le Polokeho li tsoela pele ho bontša hore baoki ba talimane le “boemo ba pefo le tšabo ka makhetlo a mangata ho feta palo ea sechaba kaofela.”

Har’a libaka tse kotsi ka ho fetisisa tseo mooki a ka sebetsang ho tsona ke A&E. (Accident and Emergency [Kotsi le Boemo ba Tšohanyetso]), joalokaha li bitsoa Brithani. Tsena e ka ba libaka tse mabifi ka ho fetisisa mafelo-bekeng ha mafapha a mang a sepetlele a sa sebetse. Tsoha! e buisane le eo e kileng ea eba mooki ea hlalositseng mosebetsi A&E ea London.

“Sepetlele se sebakeng seo ho nang le makhoba a mangata a lithethefatsi, ’me re ne re ena le sebaka se khethehileng sa likotsi se boloketsoeng bona. Moo ba ne ba tlohelloa hore ba robale ho fihlela ba hlaphoheloa khatellong ea lithethefatsi, ba le hōle le bakuli ba bang. Ka linako tse ling, ba ne ba tloha sebakeng seo ’me ba kene libakeng tse ling ba le mabifi haholo. Ebile phihlelo e tšosang.

“Ke bone batho ba amoheloang sepetlele ba ntšitsoe likotsi tse mpe lintoeng tsa lihlopha ’me ba tsoela pele ho loana leha ba se ba le sebakeng sa A&E. Kahoo hangata pefo e ka qhoma ntle le hore baoki ba hlokomelisoe. Ha ke ne ke kenela mosebetsi oa booki, ho ’na seaparo sa booki se ne se bonahala se fana ka mofuta o itseng oa tšireletseho—empa ha ho joalo kajeno.”

Pefo e entse hore kaofela re batle ho itšireletsa. Lipolelo tse kang, “Joale ha ho ea sireletsehileng” le, “Ho bonahala u sa sireletseha kae kapa kae moo u leng teng,” li tloaelehile haholo. Batsoali ba hlokomela bana ba bona, ba tšaba hore ba tsamaee moo ba sa ba boneng. Basali ba tšaba bonokoane le ho betoa. Batho ba baholo ba inotlella ka matlung. Hohle ke setšoantšo se utloisang bohloko.

Sena se re tlisa potsong ea bohlokoa, Ke eng seo re ka se etsang ha re talimane le pefo?

[Setšoantšo se leqepheng la 26]

Pefo ea thelevishene e ka hōlisa pefo ea sebele bophelong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela