Bacha Baa Botsa . . .
Nka Ntšetsa Pele Joang Lefereho le Atlehileng?
“PHOSO ea ka e khōlō haholo e bile ho khomarela Andy ka lerato pele ke ipha nako ea ho bona hore na ke motho ea joang,” ho boletse Louise, eo lenyalo la hae le ileng la senngoa ke tlhalo. “Lefereho la rōna le ne le lekanyelitsoe haholo linthong tseo a neng a li etsa ha re le babeli feela. Ke ne ke e-s’o bone hore na o itšoara joang ha a se maemong ana a ’matle.”
Le hoja lenyalo la Louise le ile la tšoarella lilemo tse supileng tsa masisa-pelo, mathata a tebileng a ile a hōla nakong ea libeke tse ’maloa tsa lenyalo. U ka qoba liphoso tse joalo joang le ho sebelisa lefereho ho lokisetsa lenyalo le thabileng?
Pele u Laetsana
Ho ea ka Bibele “monna ea bohlale [kapa mosali] oa sheba ’me o nahanela hantle moo a eang teng.” (Liproverbia 14:15, The Amplified Bible) Ho rata motho e mong eo u sa mo tsebeng ho ka etsa hore u kene lenyalong le motho eo maikutlo a hae le lipakane li sa tšoaneng le tsa hao. Kahoo pele hlokomela motho eo ha a le ka har’a sehlopha, mohlomong ha le kopanetse boikhathollong bo itseng.
“Ke ile ka tseba hore haeba ke atamela haholo ho eena ka lekhetlo la pele, boikutlo ba ka bo tla koahela kahlolo ea ka,” ho hlalositse Dave, eo hona joale a bileng le thabo lenyalong ka lilemo tse 10. “Kahoo ke ile ka sheba Rose ke le hōle ’me a sa tsebe hore o nkhahlile. Ke ile ka khona ho bona kamoo a tšoarang ba bang kateng, le hore e ne se motho ea bapalang ka maikutlo a batho ba bang a lerato. Meqoqong ea rōna, ke ile ka fumana maemo a hae le lipheo.” Hape ho bohlale ho buisana le motho e mong ea tsebang motho eo hantle ho fumana hore na o na le botumo ba mofuta ofe.—Bapisa Liproverbia 31:31.
Matsatsi a Pele a ho Laetsana
Pele ho tsohle, u lokela ho nahana hore na uena (le eo e tla ba molekane oa lenyalo) le lilemong tsa ho nyalana ’me e bile le boemong ba ho finyella boikarabelo ba lenyalo. Ka mor’a ho etsa qeto ea hore na motho ea itseng ekaba molekane ea tšoanelehang oa lenyalo, u ka mo atamela ’me oa ’molella takatso ea hao ea ho batla ho mo tseba hamolemonyana.a Haeba mohlomong a lumetse, ha oa lokela ho ba le eena ka nako e telele ka lekhetlo la pele. Mohlomong ho laetsana le eena bakeng sa lijo tsa motšehare, kapa ho ba le eena sehlopheng sa batho ba laetsanang, ho tla le nolofalletsa ho tloaelana hamolemonyana e le hore u ka etsa qeto haeba u batla ho tsoellisa kamano ea lōna. Ho se nke lintho ka botebo ho ka thusa ho felisa ho tšoha ho itseng hoo le ka ’nang la ho utloa ka bobeli ka lekhetlo la pele. ’Me ka ho qoba lipuo tse bontšang ho se hōle tsa ho itlama, u ka fokotsa maikutlo a ho lahloa—kapa ho soaba—haeba e mong oa lōna a ka felloa ke thahasello.
Ho sa tsotellehe hore na ke mofuta ofe oa taetsano o reriloeng, eba teng ka nako, u apare ka tsela e makhethe le e tšoanelehang. Bontša tsebo ea ho qoqa. E-ba momameli ea molemo.b Bahlankana ba tla latela se nkuoang e le mekhoa e metle sebakeng seo. Sena se ka kopanyelletsa ho bulela moroetsana lemati kapa ho mo hulela setulo. Moroetsana, le hoja a sa lebelloa ho tšoaroa joaloka khosatsana, o lokela ho sebelisana ka tlhompho le boiteko ba mohlankana eo a laetsanang le eena. Le hoja ho se na lithibelo litabeng tse joalo, mohlankana a ka beha mohlala oa tlhompho bakeng sa bokamoso, hobane monna o laeloa ho ‘phelisana le mosali oa hae ka tlhokomelo ka hore ke pitsa e fetisang ka ho fokola.’—1 Petrose 3:7.
Na ho tšoarana ka matsoho, ho akana, kapa ho kopana ho loketse, ’me haeba ho joalo, neng? Ha li etsoa e le lipontšo tsa lerato—e seng ka maikutlo a boithati—liketso tse joalo li ka talingoa e le tse hloekileng mahlong a Molimo. Sefela sa Lifela se bululetsoeng ke Molimo se bontša hore mantsoe a mang a loketseng a lerato a ’nile a e-ba teng pakeng tsa moroetsana oa Moshulame le molisa eo a neng a mo rata ’me a tla nyalana le eena haufinyana. (Sefela sa Lifela 1:2; 2:6; 8:5) Empa joaloka baratani bao ba hloekileng, baratani ba babeli ba tla hlokomela hore lipontšo tse joalo tsa lerato ha li fetohe tse sa hloekang kapa tse lebisang boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali. (Ba-Galata 5:19, 21) Lipontšo tse joalo tsa lerato li lokela ho etsoa haeba feela kamano e fihlile ntlheng eo batho ba babeli ba se ba itlamme ’me ho bonahala lenyalo le le haufi. Ka ho etsa joalo, u ke ke ua tlosoa monahanong o moholo oa lefereho le atlehileng—e leng ho tseba motho enoa ha molemonyana.
“Motho ea ka Sephiring, e Leng oa Pelo”
Ka mor’a ho fumana mabaka a lebisitseng likamanong tse matla har’a batho ba laetsanang ba 231, sehlopha sa bafuputsi se tlalehile ho Journal of Marriage and the Family (May 1980): “Ho bonahala manyalo a mangata a tsoela pele hantle ’me eba a atlehileng haeba batho ba a kenelang ba ena le tsebo e batlang e felletse ka botho bo ka hare ba e mong.” E, ho tseba “motho ea ka sephiring, e leng oa pelo” oa molekane oa hao ho bohlokoa.—1 Petrose 3:4.
Leha ho le joalo, ‘ho kha’ merero ea pelo ea motho e mong ho hloka boiteko. (Liproverbia 20:5) Rera mesebetsi e ka u thusang ho bona botho bo ka hare ba molekane oa hao. Le hoja mohlomong ho ea baesekopong kapa ho ea moketeng oa konsarete ho ka ’na ha thusa qalong, ho kopanela mesebetsing e ka bulang menyetla ea ho buisana (joaloka ho thelelisa, ho bapala bowling, ho etela lirapeng tsa liphoofolo, kapa matlong a polokelo ea lintho tsa khale) ho nolofatsa ho tloaelana hamolemonyana.
Hore u tsebe ho bona maikutlo a motsoalle oa hao, leka ho sebelisa lipotso tse batlang karabo e bulehileng joaloka, “U sebelisa nako ea hao ea bolokolohi joang?” “Haeba chelete e ne e se ntho ea bohlokoa, u ne u tla rata ho etsa eng ka eona?” “Ke tšobotsi efe ea borapeli ba rōna ho Molimo eo u e ratang haholo? Hobane’ng?” Lipotso tsena li lumella likarabo tse tsoang botebong ba pelo tse u thusang ho bona hore motsoalle oa hao o nka lintho life e le tsa bohlokoa.
Ha kamano e teba ’me ba babeli ba nahana ka ho tebileng ka lenyalo, ho hlokahala hore le buisane ka lintho tsa bohlokoa tse joaloka moo le tlang ho lula teng le kamoo le tlang ho phela kateng, litaba tsa lichelete, le hore na ebe ka bobeli le tla sebetsa ka ntle ho lehae, karolo ea e mong le e mong lenyalong, bana, mekhoa ea ho thibela pelehi, lipheo tsa hang-hang tse tlang ka nako e telele le kamoo le rerang ho li finyella. Ke nako ea ho senola lintho, mohlomong tsa nakong e fetileng, tse ka ’nang tsa ama lenyalo, ho kopanyelletsa le melato leha e le efe e meholo kapa litlamo. Litaba tsa bophelo bo botle, joaloka boloetse leha e le bofe bo tebileng, li lokela ho buuoa.
Lipuisanong tse joalo, latela mohlala oa Elihu, ea itseng: “Ke bua ka ho toba ho tsoa pelong ea ka ’me ke bua ka botšepehi.” (Jobo 33:3, The Holy Bible in the Language of Today, ka Beck) Ha Esther a hlalosa kamoo lefereho la hae le ileng la mo lokisetsa lenyalo le thabileng ka lilemo tse 10, o itse: “Ha ho le ka mohla ke ileng ka leka ho ‘eketsa’ kapa ka bua ke lumellana le Jaye ha ke ne ke ikutloa ka tsela e fapaneng. Le hona joale ha ke etse joalo. Ka mehla ke leka ho tšepahala.”
U se ke ua baleha kapa ua tlōlisa litaba tsa bohlokoa mahlo ka ho tšaba hore u tla beha motsoalle oa hao tsietsing. Beth o ile a etsa phoso ena nakong eo a laetsanang le John. Beth o ile a bolela hore o lumela ho boloka chelete bakeng sa bokamoso e seng ho e senya. John o ile a lumellana le eena. Beth haa ka a etsa lipatlisiso tse tsoelang pele, ka ho nahana hore ba na le pono e tšoanang tabeng ea chelete. Empa ha fumaneha hore khopolo ea John ea ho bolokela bokamoso e ne e bolela ho boloka chelete bakeng sa ho reka koloi e ncha! Ka mor’a lenyalo ba ile ba tsoela pele ho tsekisana ka chelete.
Ho se lumellane ho joalo ho ka thibeloa. Louise, ea boletsoeng pelenyana, o lumetse: “Ke ne ke lokela ebe ke ile ka botsa lipotso tse eketsehileng, joaloka, ‘Ho thoe’ng haeba nka ima ’me uena u ne u sa batle ngoana?’ Kapa, ‘Haeba u ne u le melatong ea chelete ’me ke batla ho lula hae ho hlokomela ngoana oa rōna, u ne u tla etsa joang?’
Ke ne ke tla hlokomela likarabo tsa hae ka hloko.” Lipuisano tse joalo li ka hlahisa litšobotsi tsa pelo tse lokelang ho bonoa hantle pele ho lenyalo.
Mo Bone ka Liketso!
“Motho a ka ’na a ba le botsoalle haholo ho uena ha le le babeli feela,” ho hlalositse Esther. “Empa ha batho ba bang ba le teng, hangata ba ba boemong bo sa lebelloang. E mong oa metsoalle ea hao a ka ’na a bua ntho e ’ngoe ho motsoalle oa hao eo a ke keng a e rata. Joale u tla bona kamoo a arabelang kateng tlas’a khatello. Na o tla halefela motho eo kapa o tla bua mantsoe a phoqang?” Ka hona, o ile a fihlela qeto ena: “Ho ba har’a metsoalle ea rōna le lelapa nakong ea lefereho ho re thusitse haholo.”
Ho phaella nakong ea boikhathollo, qetang nako le sebetsa ’moho. Kopanelang mosebetsing oa Bokreste, ho kopanyelletsa ho ithuta Lentsoe la Molimo le tšebeletso ea Bokreste. Hape, etsang mesebetsi e itseng ea lelapa e tlang ho ba tsela ea bophelo ka mor’a lenyalo—ho reka lijo, ho lokisetsa lijo, ho hlatsoa lijana, le ho hloekisa ntlo. Ka ho ba hammoho tlas’a maemo a sebele a bophelo—leha motsoalle oa hao a ka ba boemong bo mo hatellang hampe—u ka bona hantle seo a leng sona.
Moshemane oa molisa oa Sefela sa Lifela o bone kamoo ngoanana eo a neng a mo rata a ileng a itšoara kateng ha a ne a soabile kapa ha a ne a sebetsa tlas’a letsatsi le chesang—a fufuletsoe ’me a khathetse. (Sefela sa Lifela 1:5, 6; 2:15) Ka mor’a hore a hlokomele kamoo ka botšepehi a ileng a hana liqeko tsa Morena Salomone ea ruileng, o ile a re: “Thatohatsi ea ka, botle ba hao bo phethehile, ha ho sekoli ho uena.” (Sefela sa Lifela 4:7) Ka sebele o ne a sa bolele hore o ne a phethahetse, empa botle ba ’mele oa hae bo ile ba eketsoa ke matla a hae a boitšoaro. O ne a se na letheba kapa sekoli sa motheo sa boitšoaro. Kelellong ea hae, matla a hae a ne a feta bofokoli leha e le bofe.
Ka ho sebelisa lefereho ka tsela e atlehang, u tla tseba ho etsa kahlolo e tšoanang. U butse mahlo, u ka kena lenyalong ka tsebo ea ho lokisa liphapang tse ka hlahang. Lefereho le atlehileng le tla be le tsebile ho le lokisetsa ka bobeli lenyalo le atlehileng le le thabileng.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sena se sebetsa linaheng tseo ho tsona ho laetsana e leng tloaelo ’me ho talingoang e le tsela e nepahetseng ho Bakreste. Hangata motho oa monna ke eena ea qalang pele, le hoja ho se molao-motheo oa mangolo o thibelang moroetsana ho bontša maikutlo a hae ka tsela e hlomphehang haeba mohlankana a bonahala a le lihlong kapa a tsila-tsila.—Bapisa Sefela sa Lifela 8:6.
b Bona “‘But What Do I Say?—Developing the Art of Conversation” tokollong ea rōna ea Awake! ea January 22, 1982.
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Ka ho talima eo e tlang ho ba molekane oa lenyalo litšobotsing tsa sebele tsa bophelo, ruri u tla tseba motho eo