Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 5/8 maq. 3-4
  • Litheko Tse Phahameng—Litšenyehelo ho Batho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litheko Tse Phahameng—Litšenyehelo ho Batho
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Morusu o Bakiloeng ke Bothata ba Moruo
  • Ke Mang ea Molato?
  • Bibele e Re’ng ka ho Phahama ha Theko ea Lintho Lefatšeng Lohle?
    Lihlooho Tse Ling
  • Ke Hobane’ng ha ho E-Na le Qaka ea Litšenyehelo Tsa Bophelo?
    Tsoha!—1989
  • Karolo 1a—Ho Tšoasoa ke Matšoenyeho a Bakoang ke Chelete
    Tsoha!—1992
  • Amohela Boemo
    Tsoha!—2025
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 5/8 maq. 3-4

Litheko Tse Phahameng—Litšenyehelo ho Batho

Ka mongolli oa Tsoha! Spain

“Re khaolitse ho ja litamati kahobane li theko e boima haholo. ’Me ha e le litholoana, ha ke hopole hore ke qetelletse ho li reka neng,” ho ile ha bua joalo ’m’a lelapa e mong ea khathatsehileng India.

“Re sitoa ho reka lieta kapa liaparo. Lilemong tse ’nè tse fetileng, re ne re e-na le chelete e fokolang, empa ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ne e le theko e tlaase. Hona joale chelete ha e-na molemo,” ho tletlebile mosebetsi sebakeng sa masela Mexico, ea lekang ho tšehetsa lelapa la litho tse hlano. Naheng ea habo matla a ho reka a peso a ile a oa ho ea karolong ea 35,4 lekholong pakeng tsa 1982 le 1986.

Muhammed el-Ghani ke molebeli oa bosiu Cairo, Egepeta, moo litheko tsa lintho tse ling tsa bohlokoa li ileng tsa menahana habeli nakong ea likhoeli tse 12 feela. O hlalosa ka ho re, “Re phelela feela letsatsi ka leng, ’me ho na le matsatsi ao re se nang lijo.”

Brazil lehlatsipa le bileng malimabe kotsing ea terene le ile la tlameha ho leta lilemo tse 20 pele lekhotla le fihlela qeto ka tefo ea lona. Qetellong o ile a fuoa chelete ea khoeli le khoeli e lekanang le halofo ea moputso oa sechaba nakong ea kotsi. Leha ho le joalo, ka lebaka la ho phahama ha litheko, chelete ena ha ea ka ea lekana chelete ea leeto la bese ha a il’o e lata.

Bala oa Nigeria, ntate oa bana ba bararo, o ile a shoa hang ha a utloa hore mosali oa hae o belehile mafahla a mararo. Ho sa tsotellehe hore o ne a e-na le mesebetsi e ’meli, moputso oa lelapa o ne o sa lekane litlhoko tsa motheo, ’me litheko tsa lijo li ntse li nyoloha. O ne a tseba hore a ke ke a khona ho hlokomela litlhoko tsa motheo tsa bana ba hae. O ne a se a ikemiselitse ho fana ka masea a hae hore motho e mong a ikhōlisetse ’ona.

Lintlha tse qaqileng li ka ’na tsa fapana, empa taba ena e ea tšoana lefatšeng ka bophara. Litšenyehelo tsa bophelo li phahama li sa khaotse. Ho batho ba bangata, bohobe le lebese li fetohile lijo tse khethehileng, ’me e se e le seoelo hore batho ba je hararo ka letsatsi. Tlaleho e tsoang Nigeria e re: “Bohobe, boo ho fihlela joale e leng sejo se seholo sa batho ba Nigeria, bo jeoa feela ke barui. Reisi e jeoa feela linakong tsa mekete.”

Batho ba bang ba nolofatsa bothata bona ka ho sebetsa lihora tse ngata, empa ba bang ba fumana mosebetsi haboima kapa ba bang ba hlōleha ho o fumana. Ba qobelleha ho qeta letsatsi ka leng mosebetsing o sa feleng ’me hangata le o sa putseng oa ho batla lijo. Ho bona, hase taba feela ea ho thulana ka katleho le litšenyehelo tsa bophelo empa, ho e-na le hoo, ke phephetso ea ho loanela ho lula ba phela.

Mabakeng a mangata molato ke ho phahama ha litheko. Meputso e ka ’na ea nyolloa, empa ke ka seoelo e tsamaisanang le ho phahama ha litheko. Haholo-holo ba amehang ka ho teba ke ba fuoang chelete e lekanyelitsoeng, joaloka ba leng pensheneng kapa ba hlokang mesebetsi. Linaheng tse ngata tse fokolang moruong tsa lefatše, ho ’nile ha e-ba le ho theoha ho hlokomelehang ha litekanyetso tsa bophelo lilemong tsa moraonyana tjena. Tekanyetsong ea lefatše lohle ho ka boleloa ka ’nete hore le hoja barui ba rua ho ea pele, ka sebele mafutsana a futsaneha ho ea pele. Na boo ke boemo bo teng naheng ea heno?

Morusu o Bakiloeng ke Bothata ba Moruo

Hase ho makatsang ha batho ba bangata ba ipelaetsa. Ka mohlala, matichere a futsanehileng libakeng tsa Chiapas le Oaxaca a ile a hloma litente setsing se seholo sa Motse oa Mexico ka tšepo ea ho re tebelo ea ’ona e tla tlisa toka ea moruo. E mong oa ’ona a tletleba ka hore, “Batho baa tlatlapuoa.” Linaheng tse ling merusu e ile ea qhoma ha litheko li phahama.

Bonokoane, boo batho ba bang ba bo hlalosang e le phetohelo e khutsitseng empa e kotsi ea mafutsana khahlanong le barui, bo boetse boa ata. Seminaring ea mapolesa ho ile ha boleloa hore leqhubu la bonokoane ba machaba le bakoa ke bothata bo se nang tšepo ho baahi ba bangata. Ka linako tse ling ho ferekana ha moruo ho nka sebōpeho se sebe. Ka 1987 metseng e ’meli ea India batho ba boemo bo phahameng sechabeng ba fetang 50 ba ile ba bolaoa ke basebeletsi ba makholo-kholo ba lapileng ba ileng ba ikutloa hore ba tlatlapuoe ke benghali ba bona ba phahameng sechabeng.

Ke Mang ea Molato?

Lekholong la bo20 la lilemo, moruo o eketsehileng o ’nile oa hlahisoa ho feta leha e le neng pele. Empa ho ena le hoo, ha lekholo lena la lilemo le atamela bofelong ba lona, batho ba eketsehang ba limillione ba qoetse tlaleng e sa khaotseng. Litšepiso tsa bokamoso bo molemo, ntlafatso ea maemo a moruo, moputso o lekaneng bakeng sa bohle, hangata ke litšepiso tse thetsang tsa bopolotiki.

Ke mang kapa ke eng ho molato? Batho ba bangata ba beha mebuso ea bona molato. Mebuso le eona ka lehlakoreng la eona e ka ’na ea beha molato litsamaisong tsa moruo tsa linaha tse ling. Taolo ea moruo oa lefatše e ’nile ea nyatsoa ka matla. Ka ho hlakileng, mathata a rarahane ’me litharollo ha li fumanehe. Sehloohong se latelang, re tla buisana feela ka mabaka a motheo a litšenyehelo tse phahameng tsa bophelo le lebaka leo ho leng thata hakana ho fumana pheko.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela