Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo ea 13:476 C.E. ho ea pele—Lefifing, Ho Tsoile Ntho e ’Ngoe e “Halalelang”
“Libe tse etsoang lefifing li bonahala leholimong joaloka malakabe a mollo.”—Maele a Sechaena
KA ’MESA 1988 Kereke ea Sovlet Union e ile ea thaba ho utloa ha Mongoli-kakaretso Mikhail Gorbachev a bolela phatlalatsa hore liphoso tse etsoang ke Naha kamanong ea eona le Kereke le litho tsa eona li tlameha ho lokisoa.
Lekhalo le leng le ile la bonahala le le tseleng ea lona ea ho koaleha ha mopapa oa Roma e K’hatholike John Paul II a romela litumeliso tsa hae “kerekeng e ’ngoe ea Roma e K’hatholike e nang le lilemo tse sekete e le pontšo ea takatso ea hae e tsoang botebong ba pelo ea ho finyella kopano e phethahetseng eo Kreste a neng a e batla eo e leng eona motheo oa Kereke.” Empa pele ke joang lekhalo le bileng teng pakeng tsa ‘likereke tse tšoanang tsa Roma e K’hatholike’?
Ho Lahleha ha Kopano e Neng e se Teng
Pelenyana lekholong la bone la lilemo, ka mor’a hore Constantine e Moholo ebe ’musisi oa ’Muso oa Roma, o ile a tlosa motse-moholo oa ’ona Roma ’me a o isa motseng oa Greece oa Byzantium, o leng moeling oa Bosporus. O ile oa fuoa lebitso le leng hape la Constantinople, eo kajeno re e tsebang e le Istanbul, Turkey. Ho falla hona ho ne ho etsetsoa ho kopanya ’muso o neng o sokeloa ke karohano. Ha e le hantle, pelenyana halofong ea ho qetela ea lekholo la bobeli la lilemo, “setšoantšo sa ho arohana ha ’muso se ne se se se ngotsoe fatše, ho sa tsotellehe hore na se ne se le lerootho hakae,” ho hlalosa The New Encyclopcedia Britannica.
Bokreste bo ile ba phatlalla ka potlako le ka bonolo haholoanyane karolong e ka bochabela ea ’muso ho feta e ka bophirimela. Kahoo Constantine o ile a bona ho hlokahala hore a susumetse kopano bolumeling ba lefatše (ba k’hatholike). Empa erekaha ’muso ona o se o ntse o arohane, ho ne ho le joalo le ka bolumeli ba oona. Kereke e ka Bochabela e ne e khomaretse haholo lithutong tsa khale tsa kereke ho feta e neng e le Roma, ’me e ne e hana lithuto tse ncha tsa kereke tse neng li hlahisoa ke Roma. “Ho fihlela lekholong la bo12 la lilemo ho bile le lintoa tse ngata tsa lipolotiki le tsa bolumeli pakeng tsa likereke tsena tse peli,” ho bolela The Collins Atlas of World History.
E ’ngoe ea lintoa tsena tsa bolumeli e ne e kopanyelletsa Tumelo ea Nicaea e qalileng lekhotleng la pele, e neng e hōlisoa ke thuto eo e seng ea mangolo ea Boraro-bo-bong. Joalokaha e ne e ntšelitsoe pele ke makhotla a mararo a neng a tšoeroe ke kereke (Nicaea ka 325 C.E., Constantinople ka 381 C.E., Efese ka 431 C.E.), tumelo ena e ne e bua ka “Moea o Halalelang . . . o tsoang ho Ntate.” Empa lekhotleng le neng le tšoeroe lekholong la botšelela la lilemo, kereke ea Bophirimela e ile ea fetola poleloana ena hore e balehe e le “o tsoang ho Ntate le ho Mora.” Bothata bona ba filioque (lentsoe la Selatine bakeng sa “le ho mora”) ebile, ’me e sa ntse e le mohloli oa ntoa pakeng tsa likereke tsena tsa k’hatholike tsa “Bokreste.”
Karohano e ile ea bonahala haholo ha ’muso oa bophirimela o fela ka 476 C.E., o tšoaea ho qala ha Mehla e Bohareng. Mabapi le Bokreste, Mehla e Bohareng ka sebele e ne e le nako ea ho fifalloa kelellong le ho hloka tsebo. Ka nakoana, leseli la molaetsa la Bokreste le ile la koaheloa ke lefifi la Bokreste-’mōtoana.
Lefifi la bolumeli ha le khothalletse kopano. “Likarolo tse fapaneng tsa lefatše la Bokreste ka mehla li ne li batla kopano eo li sa kang tsa e finyella,” ho bolela Moruti oa pele oa Canterbury Herbert Waddams. “E ne e se taba ea kopano e felletseng e ileng ea qhalana hamorao,” oa bolela, a phaella ka hore “khopolo ea hore Bokreste-’mōtoana e kile ea e-ba Kereke e khōlō e kopaneng ke ntho e inahaneloang feela.”
“Ngoana” o Tsoetsoe
“Ngoana” ea tsoetsoeng ka 800 C.E. ka Letsatsi la Keresemese hoba a hōle ho ile ha boleloa hore oa halalela. E ne e le ’muso o khutliselitsoeng hape oa bophirimela o tsoetsoeng ka mor’a hore Mopapa Leo III a ikarole kerekeng e ka Bochabela ’me a behe Charlemagne setulong sa borena, ’musisi oa ma-Frank. Ka mor’a nako e khutšoanyane, ’muso oa bophirimela o ile oa tsosolosoa ka 962 C.E. ’me hamorao oa tsebahala ka lebitso le phahameng haholoanyane, ’Muso o Halalelang oa Roma.
Ha e le hantle, lebitso ’Muso oa Roma le ne le fosahetse. Boholo ba naha ea ’ona, Jeremane ea kajeno, Austria, Czechoslovakia e ka bophirimela, Switzerland, Fora e ka bochabela, le Linaha tse ka Bophirimela ho Europe, li ka ntle ho Italy. Linaha tsa Jeremane le babusi ba tsona li ne li e-na le tšusumetso e matla, kahoo hamorao lebitso la ’ona la molao le ile la fetoleloa ho ’Muso o Halalelang oa Roma oa Sechaba sa Majeremane.
’Muso o ne o kopantse bolumeli le lipolotiki. Collier’s Encyclopedia e bolela hore sena se entsoe ka khopolo ea “hore ho lokela ho be le mokhatlo o le mong oa lipolotiki lefatšeng, o sebelisanang le Kereke ea lefatše, e ’ngoe le e ’ngoe sebakeng sa eona ka taolo e tsoang ho Molimo.” Empa moeli o ne o sa bonahale ka mehla, ’me hoo ha lebisa liqhoebeshanong. Haholo-holo mahareng a lekholo la bo11 le la bo13 la lilemo, Kereke le Naha li ile tsa loanela boeta-pele ba Europe. Ba bang ba ile ba nahana hore ho itšunya ha bolumeli lipolotiking ho ne ho hloka boithati ’me ho lokile, empa ho joalokaha mongoli Waddams a lumela, “ha ho pelaelo ea hore ho loanela ha mopapa ho ba le matla ho ile ha ba le karolo ea bohlokoa historing.”
Lilemong tsa ’ona tse qetellang tse lekholo le halofo, ’muso o ile oa theoha boemong ba ’ona ’me oa fetoha ’muso oa lichaba tse arohaneng tse neng li le ka tlas’a taolo e sa tsitsang ea ’musisi a le mong. Mantsoe a tšoanelehang haholo nakong ena ea histori ea ’ona ke a mongoli oa Lefora Voltaire, ea itseng o ne o sa hlole o “halalela, e le oa Roma, e le ’muso.” Qetellong, ka 1806, e se e le khale a le teng ’me ho se letho le khethehileng leo a ka rorisoang ka lona, “ngoana ea halalelang” o ile a shoa. Ka 1871 o ile oa tsosolosoa Second Reich (lentsoe la Sejeremane bakeng sa “’muso”) empa oa oa ka 1918, lilemo tse ka tlaase ho 50 hamorao. ’Me ka 1933, Third Reich ea Adolf Hitler e ile ea qala ho hlasela Europe, empa ea fela ka mokhoa o hlabisang lihlong ka 1945 masuping a Berlin.
Tšusumetso ea Jeremane ka Bophirimela
Litšupiso tsa Jeremane ho Meyers Illustrierte Weltgeschichte (Histori ea Lefatše e Tšoantšitsoeng ke Meyer) e bitsa “lipilara tse tharo tseo Mehla e Bohareng ea Europe e theiloeng ho tsona . . . lefa la mesebetsi ea boholo-holo ea history ea Roma boemong ba eona ba ho qetela e le teng, Bokreste, ’me qetellong meetlo e nkuoeng ke batho ba Jeremane ho baholo-holo ba bona.” Ha a tsoela pele, mongoli oa Jeremane Emil Nack o re: “Mekete ea khale ea selemo le selemo ea Jeremane hangata e ne e ntšetsoa pele ka mokhoa oa matsatsi a phomolo a Bokreste, kaha kereke, joalokaha Mopapa Gregory e Moholo a elelitse, e ile ea fetola mekete e mengata ea bohetene ea e etsa ea Bokreste.”
Ho boloka mekete ena ea bolumeli ha hoa ka ha bolela boikutlo bo tebileng ba bolumeli har’a batho ba Jeremane. Andreas Heusler, molaoli ea seng a shoele oa bolumeli ba Jeremane, o bo hlalosa e le bolumeli bo “neng bo se na lithibelo tse ngata le bo neng bo sa batle lintho tse thata, ho kopanyelletsa le lithuto tsa tšōmong. Motho o ne a nkoa a e-na le moea oa bolumeli haeba a ne a etsa mahlabelo, a lefa lekhetho la tempeleng, a sa hlompholle sebaka se halalelang, kapa a sa ngole litemana tse somang melimo.” Oa qetella: “E ne e se cheseho ea bolumeli. . . . Likhopolo tsa Jeremane li ne li sa theoa bolumeling ba hae.”
Leha batho ba boholo-holo ba Jeremane ba ne ba lumela ho melimo, ha e le hantle ba ne ba nahana hore ho teng matla a mang a phahameng haholo, a entseng melimo. Ana e ne e le “matla a laolang bophelo ba batho,” ho hlalosa mongoli Nack, ao, a bolelang hore, a ne “a sa khelosoe ke mahlabelo kapa lithapelo.” Leha ho le joalo, matla a laolang bophelo ba batho a ne a sa talingoe “a tseba ho iketsetsa liqeto,” kaha a ne a sebetsa tumellanong le melao ea tlhaho. Kahoo motho o ne a talingoa “a e-na le boikhethelo ba botho, e seng e le mohlaseluoa.”
Bolumeli ba Jeremane bo ne bo theiloe linthong tsa tlhaho. Hangata mahlabelo a ne a tšoareloa ka ntle, hlaheng le merung. Tšōmo ea Jeremane e bua ka sefate se seholo se bitsoang Yggdrasill, moo melimo e neng e tšoarela linyeoe teng ka mehla. The Encyclopedia of Religion ea se hlalosa: “[Se fihla] marung, ’me makala a sona a apesitse lefatše lohle. . . . Se tšoantšetsoang ke sefate sena se . . . hlahella meetlong e meng. Ka mohlala, ho Babylona ea boholo-holo, sefate se seholo, Kiskanu, se ne se metse sebakeng se halalelang. . . . Ho India ea boholo-holo, bokahohleng bo tšoantšetsoa ke sefate se ribetsoeng. . . . [Empa] ha ho na bopaki ba karolo leha e le efe ea Bojode le Bokreste thutong ea Yggdrasill.”
Ponong ea boemo bona, ha ho makatse ha linaheng tse ’nileng tsa susumetsoa haholo ke bolumeli ba Jeremane, hangata batho ba lumela hore liketsahalo li laoloa ke matla a tlhaho, e seng a bolumeli, ’me ba na le tšekamelo ea hore: ‘Tlhaho ke molimo oa ka!’ Hape ke ho utloahalang hore litloaelo tse ngata tsa bohetene tseo bolumeli ba Jeremane bo li hlahisitseng ho Bokreste-’mōtoana li sekametse tlhahong. Litloaelo tsa Keresemese, joaloka ho sebelisa mabone le sefate sa Keresemese, ho bonesa thupa e telele ea Keresemese, kapa ho khabisa ka sefate sa Keresemese, ke mehlala e seng mekae feela.
Khabareng, ka Bochabela
E sa utloane ka mehla le kereke ea Bophirimela, kereke ea Bochabela e ne e se khotsong ka boeona, joalokaha ho bontšitsoe ke khang e amang litšoantšo. Li-icon, tse neng li sa tšoane le litšoantšo tse bōpiloeng ka mahlakore a mararo, joaloka liemahale tse tloaelehileng kerekeng ea Bophirimela, ke litšoantšo tsa bolumeli tse tšoantšitsoeng pampiring e pharalletseng, ho kopanyelletsa le tse bonahalang li phahametse mantsoe a mang. Ka tloaelo li bontša Kreste, Maria, kapa “mohalaleli.” Li ile tsa ata Bochabela hoo, ho ea ka John S. Strong oa K’holeche ea Bates, li ileng tsa “talingoa e le liipone tse tobileng kapa lintho tsa sebele tseo li neng li li emela, [’me] . . . ho ile ha nahanoa hore li na le matla a halalelang le a mohlolo.” Leha ho le joalo, pelenyana lekholong la borobeli la lilemo, ’musisi oa Byzantium Leo III o ile a thibela tšebeliso ea tsona. Khang ena ha ea ka ea lokisoa ho fihlela ka 843 C.E., nakong eo ka eona tšebeliso ea litšoantšo e ileng ea thibeloa ka nakoana kerekeng ea Bochabela.
Mohlala o mong oa karohano ea Bochabela ke oa Egepeta. Ha Mak’hatholike a mang a Egepeta a ne a bua puo ea boholo-holo ea Egepeta, a mang a ne a bua Segerike, ’me lihlopha tsa maleme ana a mabeli li ne li sa lumellane ka tlhaho ea Kreste. Ekasita leha baeta-pele ba Byzantium ba ne ba hana ho e lumela, sena se ile sa lebisa boemong bo teng ba likereke tse peli tse arohaneng. Nakong ena eohle, sehlopha ka seng se ile sa leka ho beha mobishopo oa sona boemong ba mopatriareka oa Alexandria.
Kajeno, kereke ea Bochabela e ntse e arohane. Ka mohlala, likereke tse ling tsa Bochabela, tse tsejoang e le li-Uniate, li amohela balaoli ba mopapa oa Roma. Likereke tsa Bochabela tsa Orthodox le tse bitsoang tse tlaasana tsa Bochabela, ha li amohele bolaoli ba hae.
Joaloka Malakabe a Mollo
Nako e telele pele ’muso o sa halaleleng, oo ka sebele e neng e se oa Roma o fela, “lehloeo le lumelletsoeng ka molao pakeng tsa Bakreste le ile la jaloa ka botebo lipelong tsa Bakreste ba Bochabela,” ho bolela setho sa kereke ea Chache Waddams. Ka sebele, sebe sa lehloeo la “Mokreste” bakeng sa “Mokreste” e mong, ekasita leha se ne se etsoa lefifing, ha sea ka sa tsoela pele se sa hlokomeloe leholimong empa se ne se bonahala joaloka malakabe a mollo.
Ho feta moo, sebe sa Bokreste-’mōtoana sa ntlo e arohaneng ha sea ka sa tsoela pele se sa hlokomeloe lefatšeng. Ka mohlala, Moarabia e mong ea khethehileng oa lekholong la bosupa la lilemo C.E., ea “neng a tseba haholo Bokreste ka ho etela libakeng tse fapaneng le ka metsoalle ea hae,” o bolela hore moruti Waddams, o ne a sa khahlisoe ke “lintoa tseo a neng a li hlokomela har’a Bakreste.” Monna enoa o ile a batla tsela e molemonyana ho feta eo a neng a e bontšoa ke Bokreste-’mōtoana bo arohaneng. Na o ile a e fumana? Kajeno ka 1989, karolo e felletseng ea 17 lekholong ea baahi ba lefatše e buella tsela ea hae. Seo monna enoa e neng e le sona le kamoo a neng a ikutloa kateng ka “Ho Ikokobelletsa Thato ea Molimo” Tokollo ea rōna e latelang e tla arabela.