Ho Betoa—O Sirelelitsoe ke Seo a se Balileng
KE’NG seo u lokelang ho se etsa haeba u talimane le ba betang? Ho na le likeletso tse sa lumellaneng. Ba bang ba bolela hore ho hana ho mpa ho susumetsa mohlaseli, leha ho lejoalo, Bibele e bontša hore mosaii o lokela ho hana. (Deuteronoma 22:23-27) Keletso e molemohali ke efe?
Phuputso e ncha e hatisitsoeng tokollong ea The American Journal of Pubiic Health ea January e khothalletsa ho hana. Sehlooho se re: “Phuputso e tšehetsa qeto e le ’ngoe ea bohlokoa: ho hana ho fokotsa monyetla oa hore tlhaselo e phethoe.” Se etsahetseng selemong se fetileng ka Loetse ho mosali oa Mojapane se hlalosa taba ena. O ne a sa tsoa khutlela lapeng la hae bosiu haholo, moo a lulang a le mong. Oa hlalosa: “’Meti o ile a kena ka tlung ea
ka ’me a notlela lemati. Ka baka la ho makala le ho tšoha haholo, ke ile ka tsitsipana ke letsoalo. Monna enoa o ile a leka ho nkhulela ka kamoreng ea ho robala, empa ke ile ka itšoarelletsa ka pilara ’me ka mo hanyetsa.
“Ebile hona ke hopolang lengolo la Deuteronoma khaolo ea 22. Le bolela hore haeba mosali a sa hoeletse nakong eo a hlaseloang, sena se bontša hore o lumella monna eo ’me o etsa sebe ho Jehova. Hape, ke ile ka hopola seo ke se balileng sehloohong sa Tsoha! ‘Ho Beta—U ka Itšireletsa Joang?’—Tokollong ea Sejapane ea la 8 0ctober, 1980; tokollong ea Sesotho ea la 8 January ,1981
“Leha ho le joalo, ka nahana: ‘Ke tlameha ho hoeletsa le ho mo hanela hobane ho etsa joalo ho bohlokoa.’ Ka hona ka hoeletsa: ‘Jehova, nthuse!’ ka makhetlo a mangata ’me ka ’na ka phahamisa lentsoe. Ha ’meti a ne a hulela matsoho a ka ka letsohong le letona, ke ne ke a hulela ka ho le letšehali. Ha a ne a nkhulela pele, ke ne ke ea morao, ha a ne a koahela molomo ho leka ho ntholisa hore ke se ke ka hoeletsa, ka mo lōma. Ka tsoela pele ho mo hanela.
“Qetellong ke ile ka khathala. Ke ne ke thatafalloa ho phefumoloha, ’me ke ile ka nahana hore pelo ea ka e tla ema, empa ka tsoela pele ho etsa sohle se matleng a ka ho hanela ’meti le ho tsoela pele ho bitsa Jehova ho nthusa. Ka baka leo, ’meti o ile a khathala, a potlakela monyako, a tsoa.
“Ke lumela hore ke tsebile ho qoba ho betoa ka lebaka la thuso ea Jehova le ho sebelisa seo ke se balileng ho Tsoha! Hoja ke ne ke sa bala sehlooho sa Tsoha! ke nahana hore ka lebaka la ho tšoha ke ne ke tla khutsa ’me mohlomong ke phethahatse litaelo tsa senokoane. Ke leboha haholo.”