Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa bona Tse Fetileng
Karolo 19: lekholong la bo17 la lilemo ho ea ho la bo19—Bokreste-’mōtoana bo Loana le Phetoho ea Lefatše
“Filosofi le bolumeli li ke ke tsa kopanngoa.”—Georg Herwegh, sethothokisi sa lekholong la bo19 la lilemo sa Jeremane
“FlILOSOFI,” lentsoe le nkiloeng metsong ea Segerike le bolelang “lerato la bohlale,” ho thata ho le hlalosa. Le hoja ho belaeloa hore ho ka etsoa “tlhaloso e akarelletsang” ea lentsoe lena, The New Encyclopcedia Britannica e bolela hore “boiteko ba pele tabeng ena ho hlalosa filosofi mohlomong e ka ba ‘pontšo ea liphihlelo tse fapaneng tsa batho’ kapa ‘monahano o utloahalang, le monahano o laolehileng oa litaba tseo e leng tsa bohlokoa ka ho fetisisa ho batho.’”
Litlhaloso tsena li bontša ka ho hlakileng hore na ke hobane’ng ha bolumeli ba ’nete le filosofi li ke ke tsa boelanngoa. Bolumeli ba ’nete bo itšetlehile tšenolong ea Molimo, e seng ‘liphihlelong tse fapaneng tsa batho.’ Habohlokoa, bo theiloe lithahasellong tsa ’Mōpi, e seng ‘litabeng tseo e leng tsa bohlokoa ka ho fetisisa ho batho.’ Ka lehlakoreng le leng, bolumeli ba bohata joaloka filosofi, bo itšetlehile liphihlelong tsa batho ’me bo phahamisa lithahasello tsa batho. Nete ena e ile ea hlaka ka ho khethehileng ho tloha lekholong la bo17 la lilemo ho ea pele ha Bokreste-’mōtoana bo loana le phetoho ea lefatše.
Tšoso e Imenneng Hararo
Hang hoba thuto ea mahlale e hlahelle lekholong la bo17 la lilemo, ho bonahala ho ile ha hlaha qhoebeshano e ke keng ea qojoa mahareng a eona le bolumeli. Litšibollo tse makatsang tsa mahlale tsa roesa mahlale khanya ea hore ha a na phoso le hore a na le matla, ’me hoo ha hlahisa bolumeli ba mahlale, bo ke keng ba hanyetsoa. Leseling la “linnete” tsa mahlale kapele bolumeli bo ile ba bonahala bo se na bopaki. Thuto ea mahlale e ne e le ncha e bile e thahasellisa; ’me ha bonahala bolumeli bo siiloe ke nako hape bo le lerootho.
Boikutlo bona mabapi le bolumeli bo ile ba matlafatsoa ke Filosofi e neng e buella boinahanelo bo sa laoloeng ke bolumeli le lipolotiki, e leng thuto ea mahlale e ileng ea thefula Europe lekholong la bo17 le la bo18 la lilemo. Kaha e ne e hatella mahlale le tsoelo-pele linthong tse bonahalang, e ile ea hana matla a lipolotiki le a bolumeli le a lineano ka ho a nyatsa ka mabaka. Ho nahanoa hore hona ebile mohloli oa tsebo le thabo. “Mehloli ea eona ea boholo-holo” e ile ea fumanoa “filosofing ea Magerike,” ho bolela The New Encyclopcedia Britannica.
Filosofi ena e tlile le Mafora. Baetapele ba tsebahalang Fora ba ne ba kopanyelletsa Voltaire le Denis Diderot. Brithani e ile ea buelloa ke John Locke le David Hume. Babuelli ba bile ba fumanoa har’a bathei ba U.S. ho kopanyelletsa Thomas Paine, Benjamin Franklin, le Thomas Jefferson. Ha e le hantle, karohano ea Kereke le ’Muso e neng e batloa ke Molao oa U.S. ke pontšo ea mehopolo ea Filosofi. Litho tse tsebahalang Jeremane e ne le Christian Wolff, Immanuel Kant, le Moses Mendelssohn, ntatemoholo oa moqapi oa lipina Felix Mendelssohn.
Kaha Kant, o ne a belaella bolumeli, ho boleloa hore o ile a hlalosa “filosofi” e le “ho lokolloa ha batho tšebeletsong e tlamang.” Ka sena ho hlalosa Allen W. Wood oa Univesithi ea Cornell, Kant o ne a bolela “mokhoa oo batho ka bomong ba fumanang khothatso ea ho inahanela ka boitšoaro, bolumeli, le lipolotiki ho ena le ho bolelloa lipono tsa bona ke baeta-pele ba lipolotiki, bolumeli kapa mangolo.”
Halofong ea lekholo la bo18 la lilemo, Phetoho ea Moruo ea qala, ’me e ile ea qala pele Brithani. Ha se ke ha hlola ho khothalletsoa temo empa tlhahiso ea lintho ka thuso ea mechine le mekhoa ea lik’hemik’hale. Sena se ile sa halefisa haholo-holo balemi le batho ba lulang mahaeng, ’me sa etsa hore batho ba likete ba ee metseng e meholo ho ea batla mesebetsi. Khaello e khōlō ea mesebetsi, khaello ea matlo, bofutsana, le mafu a mangata li ile tsa hlahella.
Na Bokreste-’mōtoana bo ne bo tla mamella tšoso ena e imenneng hararo ea mahlale, Filosofi e hanang ho laoloa ke bolumeli le lipolotiki, le mosebetsi?
Ho Hlokomoloha Molimo Butle-butle
Batho ba ileng ba susumetsoa ke Filosofi ena ba ile ba beha molato bolumeling ka lebaka la bobe bo bongata sechabeng. Khopolo ea hore “sechaba se lokela ho hlophisoa ho ea ka melao ea bomolimo le ea tlhaho,” The Encyclopedia of Religion, e bolela hore “e ile ea nkeloa sebaka ke khopolo ea hore sechaba se lokela ho hlophisoa kapa se lokela ho hlophisoa ka ‘masene’ a motho kapa ‘bohlale.’ Ka hona thuto ea lefatše, le ea sechaba ea kenella, ’me hamorao ea baka likhopolo tse ngata tsa filosofi ea lefatše la joale.”
Likhopolo tsena li ne li kopanyelletsa “bolumeli ba sechaba” bo neng bo buelloa ke mofilosofi oa Lefora ea nang le tšusumetso Jean-Jacques Rousseau. Li likoloha sechabeng le ho itšunya ha sechaba ho tsona ho ena le Motho ea phahameng le borapeli ba hae. Mongoli oa Mofora Claude-Henri de Rouvroy o ile a buella “Bokreste bo Bocha,” ha mosusumetsi oa hae Auguste Comte a ile a bua ka “bolumeli ba batho.”
Ho ea bofelong ba lekholo la bo19 la lilemo, mokha oa Amerika o tsejoang e le oa bolumeli bo buellang liphetoho sechabeng o ile oa hōla har’a Maprotestanta; o ile oa amana haufi haholo le likhopolo tsa Europe. Khopolo eo ea bolumeli e ile ea lumela hore mosebetsi o moholo oa Mokreste ke ho itšunya litabeng tsa sechaba. O tšehetsoa haholo har’a Maprotestanta ho fihlela kajeno. Mefuta e sa tšoaneng ea lithuto tsa K’hatholike e fumanoa har’a baprista ba Fora le har’a baruti ba Latin America ba rutang thuto ea bolumeli ea tokoloho.
Baromuoa ba Bokreste-’mōtoana ba boetse ba fana ka mohlala oa mokhoa ona, joalokaha tlaleho ea makasine oa 1982 Time e bontša: “Har’a Maprotestanta, ho bile le tšekamelo e khōlō ea ho itšunya haholoanyane litabeng tsa moruo le mathata a sechaba . . . Lenane le eketsehang la baromuoa ba K’hatholike le bona ho ikamahanya le mafutsana e le ho buella liphetoho tse potlakileng lipolotiking le tsamaisong ea moruo—esita le hoja liphetoho tsena ile tsa jaloa ke mekha ea
phetohelo e buelloang ke balateli ba Marx. . . . Ha e le hantle, ho na le baromuoa ba lumelang hore ho sokolla batho ha ho lumellane le mosebetsi oa bona oa ’nete.” Ka ho hlakileng baromuoa ba joalo ba lumellana le seithuti sa kahisano sa Mofora Èmile Durkheim, eo ka nako e ’ngoe a kileng a re: ‘Sepheo sa bohlokoa sa borapeli ke sechaba, e seng Molimo.’
Ka ho hlakileng, Bokreste-’mōtoana bo ne bo hlokomoloha Molimo butle-butle. Ho sa le joalo, litšusumetso tse ling li ne li ntse li tsoela pele.
Molimo o Nkeloa Sebaka ke Malumeli a Bohata
Likereke li ne li se na tharollo ea mathata a bakiloeng ke Phetoho ea Moruo. Empa malumeli a bohata, e leng lihlahisoa tsa lifilosofi tsa batho, a bolela hore a entse joalo, ’me a ile a sebetsa ka potlako ho koala sekheo.
Ka mohlala, batho ba bang ba ile ba fumana morero oa bona bophelong ka ho hahamalla maruo le matlotlo, e leng boikutlo ba boikhabi bo ileng ba khothalletsoa ke Phetoho ea Moruo. Matlotlo a bonahalang ebile bolumeli. Molimo o Matla ’Ohle o ile oa nkeloa sebaka ke ‘Dolara e Matla ’Ohle.’ Tšoantšisong ea George Bernard Shaw, sena se ile sa bontšoa ke sebapali se ileng sa re: “Ke Ralimillione. Boo ke bona bolumeli ba ka.”
Batho ba bang ba ile ba fetohela mekheng ea lipolotiki. Seithuti sa kahisano le filosofi Friendrich Engels, mosebetsi-’moho le Karl Marx, o ile a bolela hore tsamaiso ea puso eo basebetsi ba nang le lentsoe tlhahisong ea lintho qetellong e tla nkela bolumeli sebaka, ’me lintho tsena ka botsona li nkile sebaka sa bolumeli. Ka hona, ha tsamaiso ea puso eo basebetsi ba nang le lentsoe tlhahisong ea lintho e ntse e tsoela pele Europe, “Tšobotsi e neng e hlahelletse haholo e ne e le bokoenehi ba basebetsi ba nang le lentsoe tlhahisong ea lintho bo tsoang Bojodeng kapa Bokresteng le ho baemeli,” ho bolela Moprofesa ea phomotseng mosebetsing Robert Nisbet.
Ho hlōleha ha Bokreste-’mōtoana ho sebetsana le phetoho ea lefatše ho ile ha lumella litšusumetso tse ling tse eketsehileng tseo World Christian Encyclopedia e li bitsang “ho hana bolumeli, mahlale a lintho tse bonahalang, bokomonisi bo latolang boteng ba Molimo, bochaba, bonazi, puso ea bohatelli, puso ea Mao, tokoloho ea batho, le malumeli a mang a mangata a bohata.”
Ka baka la litholoana tseo filosofi ea malumeli ana a bohata e li hlahisitseng, ho bonahala mantsoe a sethothokisi sa Brithani John Milton a loketse: “Bohlale ba lefeela, filosofi e fosahetseng.”
Ho Batla ho Sekisetsa
Kaha ka lehlakoreng le leng batho ba ile ba tšoaseha litsamaisong tsa bolumeli tse sa sebetseng ’me ka lehlakoreng le leng ba tšoaseha malumeling a bohata, batho ba limillione ba ile ba batla ntho e ’ngoe e molemo. Ba bang ba ile ba nahana hore ba e fumane ka ho lumela ho Bodeiste, bo tsebahalang e le “bolumeli ba tlhaho.” Kaha bo kile ba tuma haholo-holo Engelane lekholong la bo17 la lilemo, bolumeli bona ba Bodeiste bo hlalosoa e le ho sekisetsa ho amohelang mahlale empa bo sa latole Molimo. Ka hona Madeiste e ne e le batho ba inahanang ka ho lokolohileng ba sa jeleng paate mahlaleng kapa bolumeling.
Mongoli Wood oa hlalosa: “Tlhaloso ea motheo ea bodeiste e bontša ho lumela ho Molimo o le mong leha mesebetsi ea bolumeli e theiloeng mabakeng a tlhaho ho ena le tšenolong e phahametseng motho.” Madeiste a mang, ka ho se lumele “tšenolo e phahametseng motho,” a ile a latola Bibele ka ho felletseng. Kajeno lentsoe lena le sebelisoa ka seoelo, le hoja ba ipolelang e le Bakreste ba hanang bobusi ba kereke kapa Mangolo bakeng sa litlhaloso tsa botho kapa lifilosofi tse ling tsa bophelo ba khomaretse melao-motheo ea lentsoe leo.
Likhopolo tse Tsoanang tsa ho Iphetola ha Lintho
Qhoebeshano e matla mahareng a bolumeli le mahlale e ile ea etsahala ka mor’a ho hatisoa ha buka ea Darwin Origin of Species, ka 1859 moo a neng a buella khopolo ea ho iphetola ha lintho. Baetapele ba bolumeli, haholo-holo Engelane le United States, pele ba ile ba nyatsa khopolo ena ka matla. Empa kapele-pele khanyetso e ile ea fela. Ha Darwin a shoa, ho bolela The Encyclopedia of Religion, “baruti ba bangata ba bohlale ba ile ba fihlela qeto ea hore tumelo ea ho iphetola ha lintho e lumellana le kutloisiso ea mangolo.”
Sena mohlomong se ka ’na sa hlalosa lebaka le entseng hore le ka mohla Vatican e se thathamise libuka tsa Darwin ho Index of Forbidden Books. Hape e ka ’na ea boela ea hlalosa karabelo ea batho sebokeng sa Chicago sa Palamente ea Lefatše ea Malumeli ka 1893. Ha Mabuddha le Mahindu a ntse a mametse, sebui sa “Mokreste” se ile sa re: “Khopolo ea ho iphetola ha lintho e ile ea koala sekheo qalong feela ea bolumeli ba rōna, ’me haeba thuto ea mahlale e khotsofetse ka khopolo ea eona ea ho iphetola ha lintho e le mokhoa oa pōpo, bao mosebetsi oa bona e leng ho tsebale ho rata litsela tsa Molimo ba lokelang ho e amohela.” Ho boleloa hore polelo ena e ile ea thoholetsoa.
Boitšoaro bona ha bo makatse ka lebaka la ho tuma ha seo qetellong ea lekholo la bo19 la lilemo se ileng sa tsejoa e le bolumeli bo tšoanang. Ena e bile phuputso ea mahlale ea bolumeli ba lefatše e reretsoeng ho lekanyetsa kamoo malumeli a fapaneng a amanang kateng le kamoo a bileng teng. Ka mohlala, seithuti sa Lenyesemane sa mahlale a tlhaho John Lubbock, o buile ka khopolo ea hore batho ba bōpiloe e le ba latolang boteng ba Molimo ’me ka ho tsoelang pele ba fetoha ho tloha bolumeling ba bofetish, barapeling ba tlhaho le ba boshaman pele ba lumela Molimo o le mong.
Ho joalokaha The Encyclopedia of Religion e hlalosa hore: “Maemong a joalo bolumeli hase ’nete e felletseng e senotsoeng ke Molimo, empa tlaleho ea likhopolo tsa batho e ileng ea hōlisoa mabapi le Molimo le boitšoaro.” Kahoo ba ileng ba amohela khopolo ena ha baa ka ba thatafalloa ho amohela khopolo ea Bodeiste, e leng “bolumeli ba sechaba,” kapa “bolumeli ba batho” joalokaha bohato bo bong bo hloellisang bolumeling ba ho iphetola ha lintho.
Qetellong, pono e joalo e lebisa kae? Lekholong la bo19 la lilemo mofilosofi la Lenyesemane Herbert Spencer o ile a bolela hore sechaba se lebile tsoelo-peleng e sa lumellaneng le bolumeli. ’Me mabapi le lekholo la bo20 la lilemo, Moprofesa Nisbet o hlokometse hore ka kakaretso liithuti tsa kahisano li lumela hore bolumeli “bo fana ka likarabo tsa litlhokahalo tse ling tsa batho, ’me ho fihlela kapa ntle le haeba litlhoko tsena li ntšoa kotsi ke thuto ea ho iphetola ha lintho tsa mefuta ea batho, bolumeli ka tsela e itseng bo tla lula e le karolo ea sebele e phehellang ho batho.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Ka hona, liithuti tsa kahisano ha li latole taba ea hore ho ka etsahala hore “tsoelo-pele ea ho iphetola ha lintho” ka letsatsi le leng e lebise boemong ba ho hloka bolumeli ho hang!
Ho Batla Borapeli ba ’Nete ho Matlafalitsoe
Ho ea bohareng ba lekholo la bo19 la lilemo, ho ne ho hlakile hore ka lilemo tse ka bang 200, Bokreste-’mōtoana bo ’nile ba loana ntle ho katleho khahlanong le phetoho ea lefatše. Bolumeli ba bona bo ile ba fetoha filosofi ea lefatše. Batho ba limillione ba tšepahalang ba ile ba ameha. Ho batla bolumeli ba ’nete ho ile ha matlafala. Ho ka boleloa ka sebele hore nchafatso ea Bokreste-’mōtoana e ne e le ntho e ke keng ea etsahala. Ho ne ho hlokahala tsosoloso ea bolumeli ba ’nete. Ithute se eketsehileng tokollong ea rōna ea November 8.
[Lebokose le leqepheng la 29]
Ka La Lebaka la ho Hatelloa ke Phetoho ea Lefatše, Bokreste-’mōtoana bo ile ba Sekisetsa
HO HLAHELLA HA MAHLALE A JOALE ho fokolisitse tumelo linthong tse sa bonoeng ’me ha baka lipelaelo linthong tseo mahlale a ke keng a li “batlisisa.” Bokreste-’mōtoana bo ile ba sekisetsa ’nete ea Bibele ka ho amohela likhopolo tse ke keng tsa tiisoa ka bopaki, likhopolo tse kang ho iphetola ha lintho tse bonoang mahlaleng, ho ena le ’Muso oa Molimo, tharollo ea mathata a lefatše.
HO EKETSEHA HA MEBUSO EA BOPOLOTIKI (tsamaiso ea puso e lumellang khoebo e lokolohileng, tsamaiso ea puso ea lentsoe la sechaba, tsamaiso ea puso ho basebetsi ba na le lentsoe tlhahisong ea lintho, Bokomonisi, le tse ling) li bakile liqhoebeshano tse ngata tsa bochaba le likhopolo tse sa utloahaleng, ka hona tsa pupetsa ’nete ea Bibele ea hore Molimo, e seng motho, ke ’Musi ea nang le tokelo ea ho busa lefatše. Bokreste-’mōtoana bo ile ba sekisetsa melao-motheo ea Bibele ka ho hlokomoloha ho se nke lehlakore ha Bokreste le ho itšunya lintoeng hoo litho tsa malumeli a tšoanang li ileng tsa loantšana. Ka mafolofolo kapa ka monyebe Bokreste-’mōtoana bo ile ba tšehetsa malumeli a mangata a bohata a lipolotiki.
LITEKANYETSO TSE PHAHAMENG TSA BOPHELO tse bakiloeng ke Phetoho ea Moruo le Phetoho ea Mahlale li khothallelitse boithati le leeme sechabeng le ho se lekane ho batho. Bokreste-’mōtoana bo sekiselitse ka ho hlokomoloha lithahasello tsa Molimo bakeng sa lithahasello tsa batho, tsa moruo, tikoloho, kapa bopolotiki.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Bo Hlōtse kapa bo Hlōtsoe?
Bibele e re: Batho ba bōpiloe ba phethahetse ’me ba ile ba rutoa kamoo ba lokelang ho rapela ’Mōpi oa bona ka tsela e amohelehang kateng; empa ba ile ba rabela ho Molimo, ’me ka lilemo tse ka bang 6 000, ba ’nile ba tsofala le ho senyeha boitšoarong, ba ’na ba suthela hōle le bolumeli ba ’nete boo ba ileng ba bo sebelisa pele.
Ho fetoha ha bophelo le bolumeli: Batho ba hlahile qalehong e fokolang ’me e ne e le batho ba sa lumeleng ho Molimo ba se nang bolumeli; ka limillione tsa lilemo tse sa tsejoeng, ba ile ba ntlafala ’meleng le boitšoarong, ’me ba ’na ba atamela haufi le boemo bo phethahetseng ba bolumeli, kahisano le boitšoaro.
Ho itšetlehile ka tsebo ea hao ea boitšoaro ba batho, na e ka ba boitšoaro ba batho hona joale, le boemo ba bolumeli ba lefatše kajeno, ke lintlha life tse bonahalang li lumellana haholoanyane le bolumeli?
[Setšoantšo se leqepheng la 30
Likhopolo tsa Darwin ho Origin of Species li fetohile tsela ea hore ba bangata ba se hlole ba lumela tšenolong ea Molimo
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Harper’s