Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g89 11/8 maq. 18-19
  • Ke Hobane’ng ha ba Nketsa Joalo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Hobane’ng ha ba Nketsa Joalo?
  • Tsoha!—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo ka Linako Tse Ling Banab’eno ba Baholo ba Hlōlehang
  • Kamoo Batsoali ba Ikutloang Kateng
  • ‘Na ke Tla Etsa Ntho e Tšoanang?’
  • Ithute Liphosong Tsa Bona
  • Na ke Reretsoe Esale Pele Hore ke Tšoane le Ngoan’eso?
    Tsoha!—1993
  • Nka Etsa Joang Hore ho se Lebelloe Hore ke Tšoane le Ngoan’eso?
    Tsoha!—2003
  • Ke Hobane’ng ha ho le Thata ho Phelisana le Banab’eso?
    Tsoha!—1987
  • Nka Etsa’ng Haeba Ngoan’eso a Ipolaile?
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Tsoha!—1989
g89 11/8 maq. 18-19

Bacha Baa Bptsa . . .

Ke Hobane’ng ha ba Nketsa Joalo?

“Ke ne ke nka Gina e le ngoan’eso e moholo ea behang mohlala.a O ne a atisa ho nkisa libaesekopong le ho nthusa ka mosebetsi oa sekolo o etsuoang hae. Ke ne ke sa tsebe hore o na le mathata ho fihlela bosiung bo bong ha ho tsebisoa hore o lelekiloe phuthehong ea Bokreste. Ke ne ke tšohile. Ke ne ke sa lumele. Haa ka a mpolella hore o na le mathata.”—Terry.

“Bill e ne e le moholoane oa ka. Ke ne ke mo nka e le mohlala. O ne a rateha, a khahleha, a tšehisa. Ha re e-ja re le ’moho joaloka lelapa, o ne a re tšehisa kaofela! Empa ka mehla Bill e ne e le motho ea bohale. O ne a qalile ho qeta nako e ngata le bana ba barui ba senyehileng ’me a kenella lithethefatsing. Sena se ile sa etsa hore a lahleheloe ke kelello. Kapele o ile a ba a qala ho loantša batsoali ba rōna. Ka lekhetlo le leng ke ile ka ba ka ’mona a sututsa ’Mè hampe! Bekeng e ’ngoe re ile ra rera leeto la rōna la pele ho intša joaloka lelapa. Ke ne ke lebelletse ka thahasello! Eaba Bill o baleha lapeng, a se ke a re bolella hore na o ea kae. Ke ne ke tšohile ebile ke khathatsehile. Empa hape ke ne ke mo halefetse; hobane Ntate o ile a tlameha ho tlohela leeto la rōna hobane Bill ka mehla o na a ferekanya lintho kaofela.”—Don.

HO UTLOISA bohloko ha ngoan’eno e moholo kapa khaitseli a rabela, a baleha lapeng, a tšoaroa, kapa ka tsela leha e le efe a tlontlolla lapa la heno.

Hangata u ’nile ua talima ngoan’eno e moholo (oa moshanyana kapa ngoanana) e le mohlala. Ho ’mona a tsoa tseleng e ka ba phihlelo e bohloko. Ho ka boela ha u tšabisa. ‘Na see se tla nketsahalla?’

Lehloeo e ka ba boikutlo bo bong bo matla boo u lokelang ho loantšana le bona. U hloile ngoan’eno oa lerabele ka baka la bohloko le masoabi tseo a u bakelang tsona le lelapa leno. Don oa hopola: “’Mè le Ntate ba ne ba tsielehile ke seo ba lokelang ho se etsa. Ba ne ba nyahame ke taba ena.” U ka hloea ngoan’eno ea tsoileng tseleng eo tlhokomelo ea batsoali ba hao e lebisitsoeng ho eena—joalokaha eka ha u sa le teng! U ka ’na ua lekeha hore u etse ho hong ho honyenyane ho hapa tlhokomelo ea batsoali ba hao.

Ka lehlakoreng le leng, u ka ’na ua ba le lehloeo ho batsoali ba hao ha ba qala ho nka bohato bo matla ba taeo ho ea rabelang. Ua ipotsa: ‘Na ba ne ba lokela ho ba thata hakaale ho eena?’ U ka boela ua khathala ke ho utloa ha batsoali ba mo laea. Bacha ba bang ka sephiring ba ba le boikutlo ba mōna, ba ipotsa haeba ba tla thabela bophelo ba bolokolohi boo khaitseli ea bona kapa moholoane oa bona a bo thabelang. Kapa u ka ’na ua hlajoa ke lihlong ha u lokela ho bolella metsoalle ea hao ka boemo bona bo nyahamisang.

Joale, ke hobane’ng ha ka linako tse ling banab’abo rōna ba re soabisa? ’Me u ka ho thibela joang hore ho se ke ha ama bophelo ba hao ka ho fetelletseng?

Lebaka Leo ka Linako Tse Ling Banab’eno ba Baholo ba Hlōlehang

Bibele e hlakisa hantle hore “bohle”—esita le banab’eno ba talingoang e le mehlala—“ba sitiloe, ’me ha ba tšoaneloe ke khanya ea Molimo.” (Ba-Roma 3:23) Ka ho khethehileng bacha ba atisa ho etsa liphoso, kaha ha ba e-s’o tsebe ho laola maikutlo le litšusumetso tsa bona. Kahoo Bibele e bolela hore “bohlanya bo tlameletsoe pelong ea ngoana [kapa, mocha].” (Liproverbia 22:15) Kahoo ntle ho pelaelo ho hlōleha ha bona ho utloisa bohloko, ha ho lebaka la hore u lumele hore liphoso tsa banab’eno li ne li lebisitsoe ho uena, kapa hore u hlajoe ke lihlong haholo, joalokaha eka phoso ebile ea hao.

Ho ka etsahala hore batsoali ba hao ba ile ba hlōleha ka tsela e itseng ho laeeng ngoan’eno. Mohlomong ba ne ba le bonolo haholo ’me ba hlōleha ho mo laea hantle. (Liproverbia 13:24; 29:15, 17) Mohlomong ka tsela e itseng, ba ile ba hlōleha ho beha mohlala o nepahetseng. Ha ho letho le tla finyelloa ka ho phehisana le batsoali ba hao, kapa ho leka ho beha molato ho bona bakeng sa mathata a banab’eno.

Mohlomong taba hase hore batsoali ba hao ba hlōlehile ho fana ka koetliso, empa mohlomong banab’eno ke bona ba sa arabelang koetlisong ea batsoali.

Kamoo Batsoali ba Ikutloang Kateng

Sena se ka u thusa ho utloisisa lebaka leo ho kheloha ha banab’eno ho tšoenyang batsoali ba hao ka ho khethehileng. Ba sebelisitse nako ea bona e ngata, matla, le maikutlo ho hōlisa moholoane oa hao kapa khaitseli. Ha ba bona e mong a etsa ho phoso, ha ho letho leo ba ka le etsang empa ba tlala lipelaelo le boikutlo ba molato ka tsela eo ba mo hōlisitseng ka eona.

Kahoo ha ho makatse ha bothata bo le sehlōhlōlong ha ho bonahala batsoali ba hao ba u hlokomoloha. Buka How to Survive Your Child’s Rebellious Teens, ea Myron Brenton, ea hlalosa: “Ngoana oa lerabele ke ea hapang thahasello ea batsoali ’me o ba amoha matla a bona a maikutlo hoo ba bang ba hlokomolohuoang. ‘Ke ne ke sa hlokomele, ’me ka iphumana ke se ke nahana ka ho teba ka morali enoa ea moholo ke sa hlokomele hore ke na le morali e mong kapa monna,’ ke ka tsela eo ’mè e mong ea nang le ngoana eo e leng lekhoba la lithethefatsi a hlalositseng kateng.”

Hase hantle ha batsoali ba arabela ka tsela ena. Empa na hase ho utloahalang? Bibele e re bolella hore Morena Davida o ile a ferekangoa ke borabele le lefu la mor’a hae Absalome hoo a ileng a lahleheloa ke botsitso ka nakoana ’me ho ne ho se letho leo a ka le etsang haese ho lla: “Mor’a ka Absalome! Absalome, mor’a ka! mor’a ka!” (2 Samuele 19:4-6) Tiiseha hore ha lintho li kokobela—ka nako e loketseng—butle-butle batsoali ba hao ba tla fumana botsitso ba bona ’me ba be boemong ba ho hlokomela litlhoko tsa hao hamolemo.

‘Na ke Tla Etsa Ntho e Tšoanang?’

Potso ena e ama haholo bacha ba bangata, haholo-holo haeba ba tšoenyehile ka “bolokolohi” boo moena oa bona kapa khaitseli a bo thabelang.

Pele, hlokomela hore le hoja u ka ’na ua lebella mohlala ho ngoan’eno e moholo, u sa ntsane u ikarabella ka pel’a Molimo ho etsa se lokileng. “Efela ea tsebang ho etsa botle, ’me a sa bo etse, eena o etsa sebe,” ho bolela Jakobo 4:17. (Bapisa Ba-Galata 6:5.) Ho honohela bolokolohi boo a nang le bona hona joale ke booatla. Mopesaleme Asafe o ile a ba le mohono o joalo ka nakoana. Empa ka mor’a ho hlahloba ka hloko liphello tsa baetsalibe ba rabelang, o ile a qeta ka hore ba joalo ba “nģalong tse thellang”—ho ba haufi le koluoa! (Pesaleme ea 73:18) Ha u hloke hore u etse phoso hore u tsebe hore e lebisa bohlokong.—Ba-Galata 6:7, 8.

Hape, hopola hore seo moena oa hao kapa khaitseli a se etsang hase bolele seo u tla se etsa. Ho joalokaha Terry (ea boletsoeng pelenyana) a bolela: “Nke ke ka etsa seo khaitseli ea ka e se entseng. Ha ke tšoane le eena. Re batho ba fapaneng.”

Ka mohlala, nahana ka tlaleho ea Bibele ka Josefa. Ha ho le ea mong oa baholoane ba hae ba leshome ea ileng a behela Josefa mohlala o motle hore a o etsise. Empa Josefa haa ka a lumella mohlala oa bona o mobe hore o mo susumetse. O ile a bontša boinehelo melao-motheong e lokileng ’me a fetoha “ea khethetsoeng borena har’a banab’abo” ho amohela litokelo tse ngata le mahlohonolo a mangata.—Deuteronoma 33:16; Genese 49:26.

Ka ho tšoanang u ka leka ho ba “ea etsetsang balumeli mehlala ea lipolelo, ea metsamao, ea lerato, ea tumelo, le ea hloeko,” ho sa tsotellehe tsela e nkiloeng ke ngoan’eno e moholo. (1 Timothea 4:12) Boiteko ba hao bo tšepahalang bo ka susumetsa banab’eno ho lokisa bophelo ba bona.

Ithute Liphosong Tsa Bona

Leka ho fumana molemo boemong bona bo thata. Ka mohlala, na ngoan’eno o ile a batla ‘metsoalle e mebe’—bacha ba sebelisang lipuo tse mpe, ba sebelisang lithethefatsi, ba noang joala, kapa ba itšoereng hampe? (1 Ba-Korinthe 15:33) Mohlomong ho hlokahala hore u hlokomele bao u tloaelaneng le bona.

Hape nahana ka tsela eo ngoan’eno a neng a arabela keletsong ea batsoali ka eona. Na o ne a le khang, a le manganga, e le lerabele? Haeba ho joalo, na ka linako tse ling u iphumana u arabisa batsoali ba hao kapa u hulanya maoto ha u lokela ho etsa seo ba u bolellang hore u se etse? Na u hlokolosi haholoanyane ka ho “hlonepha ntat’ao le ’m’ao”?—Ba-Efese 6:2.

Ho ke ke ha ba bonolo, empa uena le lelapa leno le tla pholoha phihlelo ena e bohloko ’me mohlomong le bone botle ho eona. U se felloe ke tšepo ea hore moholoane oa hao o tla hlokomela phoso ea hae ’me a nke mehato ea ho fetoha. (Bapisa Luka 15:11-24.) Hape, u se lebale hore leha litho tsa lelapa li ka u soabisa ha ho mohla Jehova a tla ‘u tlohela kapa a u lahla.’ (Ba-Heberu 13:5) Ka baka leo botšepehi ho Jehova bo tlameha ho tla pele. Takatso ea hao ea ho mo thabisa e tla u susumelletsa ho phela bophelo bo hloekileng—esita leha ngoan’eno eo u mo ratang a khethile ho etsa se fapaneng.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Mabitso a mang a fetotsoe

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Hangata ngoan’eno oa lerabele ke eena ea amang batsoali haholo. Ngoana ea se nang molato a ka ’na a ikutloa a hlokomolohiloe

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela