Bacha Baa Botsa . . .
Ho Etsahala Eng ’Meleng oa Ka?
LIPHETOHO tse makatsang li se qalile ho etsahala ’meleng oa hao.
Le hona joale, li ka bonahala li se molemo empa ke tse makatsang. U ka ’na ua ikutloa u ferekane, u hlajoa ke lihlong, kapa u tšoha se etsahalang ho uena. Ngoanana e mong o itse: “Ke ne ke e-s’o itokisetse sena. Ke ne ke sa batle hore sena se qale ho nketsahalla.” Moshemane e mong o itse: “Ha ke tsebe hore na ke sehole kapa ke phela hantle. Ke na le lilemo tse 13 ’me ho etsahala liphetoho ’meleng oa ka . . . ka sebele ke ikutloa ke le ea fapaneng ’me ka linako tse ling ke le bolutu ’me ke tšaba hore motho e mong o tla ntšeha.”
Hoa utloahala hore mohlomong u ikutloa ka tsela e tšoanang. U feta nakong eo ngoanana e mong ea ka tlaase ho lilemo tse 20 a e hlalositseng e le nako eo “’mele oa hae o ileng oa qala ho hlanya ka eona.” Empa se bonahalang e le “ho hlanya” nakong eo ke ketsahalo e hlophisehileng e u fetolang ho tloha bongoaneng ho ea boemong ba motho e moholo. E bitsoa qaleho ea bohlankana kapa boroetsana. Ntle ho mabitso a eona a tšosang, nako ea ho qaleha ha bohlankana kapa boroetsana ha se lefu le itseng, kapa hore u ua pele ho feta ho eona. ’Mè oa hao le ntate oa hao ba bile le phihlelo ena. Lithaka tsa hao tsa sekolo le metsoalle mohlomong li utloa phello e tšoanang. Kholiseha, u tla hlōla.
Empa ha e le hantle, khōlo ena e makatsang e etsahalang ’meleng oa hao ke eng?
Matšoao a ho Qaleha ha Bohlankana Kapa Boroetsana
Bibele e bolela hore nakong e itseng ka mor’a hore Jesu a fete lilemo tse 12, “a ’na a tsoela pele . . . ho holeng.” (Luka 2:52) E, esita le Jesu Kreste o ile a feta bohlankaneng. Nakong ea bohlankana kapa boroetsana, u tla ba le phihlelo ea ho hōla ha ’mele. Se bakang khōlo ena ke sephiri sa sebele! Re hopotsoa ka setšoantšo sa Jesu seo ho sona a buileng ka motho ea jetseng peō. Jesu o ile a re: “Peō e mele, e hōle, eena a sa tsebe na e mela joang.” (Mareka 4:27, TLP) Ka ho tšoanang, lingaka li ka re neha feela mabala-nkoe a se etsahalang nakong ea bohlankana kapa boroetsana.
Nakong ea lilemo tse ka bang 9 ho ea ho tse 16, u kena bohlankaneng kapa boroetsaneng. (Lilemo li fapana ho ea ka batho, hangata banana ba qalisa pelenyana ka lilemo tse peli kapa se le seng.) Boko ba hao bo qalisa letoto la liketsahalo tse makatsang ka ho tsosa tšoelesa e kaholimo ho lehano la hao e bitsoang tšoelesa ea pituitary. Pituitary e arabela ka ho etsa metsoako ea lik’hemik’hale e bitsoang maro a susumetsang ’mele. Maro ana a kena maling a hao ’me a susumetsa litho tsa botona kapa botšehali ho etsa maro a mang a susumetsang ’mele. Makoalata a moshanyana a qala ho hlahisa maro a susumetsang ’mele joaloka testosterone; pōpelo ea ngoanana e hlahisa maro a botšehali a susumetsang ’mele joaloka estrogen.
Maro ana a susumetsang ’mele hamorao a susumetsa litšoelesa tse ling le litho hore li qale ho fetola tšobotsi ea hao.
Liphetoho Tseo Banana ba Bang le Tsona
Haeba u ngoanana, ntho ea pele eo u e lemohang ke ho hōla butle-butle ha sefuba sa hao. Maro a hao a susumetsa litšoelesa tsa hao tsa ho anyesa hore li qale ho hōla. (Litšoelesa tsena tse hlahisang lebese li nolofalletsa bo-’mè ho fepa masea a bona.) Maro a hao a susumetsang ’mele a tla boela a susumetse ho hlahisoa ha mafura a nehang sefuba sa hao sebōpeho. Ho tla boela ho be le mafura thekeng, liropeng, le maraong. Boima ba ’mele oa hao bo tla eketseha ’me u tla hōla ka potlako.
Le hoja banana ba bangata ba amohela liphetoho tsena, ha se banana bohle ba li amohelang. Ka mohlala, mohoete o melang matsohong, maotong le ka mahafing o ka ’na oa ba mongata le ho ba motšo haholoanyane. Hona joale linaheng tse ling, mohoete o joalo o hlahang ’meleng o nkuoa e se boemo ba ho ba mosali kapa e se feshene. Ho sa tsotellehe feshene, hoo ke pontšo e ntle ea hore u hōlela bosaling.
Phetoho e ’ngoe e sa amoheleng ke ho sebetsa haholo ha litšoelesa tsa mofufutso—u tla fufuleloa haholoanyane. Monko oa mofufutso u ka u hlabisa lihlong. Empa haeba u itlhatsoa nako le nako le ho apara liaparo tse hloekileng, ho ke ke ha ba le mathata a tebileng. Bacha ba bang ba khetha ho sebelisa litebela lephoka e le tšireletseho e eketsehileng khahlanong le mofufutso.
Khōlo e ’ngoe ea botho e kopanyelletsa ho hlaha ha moriri ho potoloha litho tsa hao tsa botšehali. O bitsoa moriri oa botšehali. Haeba u sa tsebisoa e sa le pele ka sena, u ka ho fumana ho batla ho tšosa. Sena ke se tloaelehileng ’me ha ho letho leo u lokelang ho ba lihlong ka lona.
Nako ea boroetsana e ka boela ea susumetsa seo The New Teenage Body Book e se bitsang “kameho ea bohlokoa [ea ponahalo] har’a bacha ba ka tlase ho lilemo tse 20”—mathata a letlalo. Liphetoho tšebetsong ea lik’hemik’hale tsa ’mele oa hao hangata e fella ka letlalo le nang le oli e ngata. Lihloba le makhopho a matšo lia hlaha. (Ho ea ka phuputso e ’ngoe, bothata ba lihloba bo tšoenya hoo e ka bang karolo ea 90 lekholong ea bacha ba ka tlase ho lilemo tse 20 bao ho buisanoeng le bona! Ka lehlohonolo, hangata bothata bona bo ka hlōloa ka tlhokomelo e ntle ea letlalo. Bona sehlooho “Na Nka Etsa ho Hong ka Lihloba tsa Ka?” se hlahang tokollong ea Tsoha! ea March 8, 1987.
Liphetoho Tseo Bashemane ba Bang le Tsona
Haeba u moshemane, mehato ea pele ea bohlankana e ke ke ea bonahala joaloka ea ngoanana. Ha tsamaiso ea hao ea ho ikatisa e qala ho sebetsa, butle-butle litho tsa hao tsa botona lia hōla. Moriri o qala ho mela ho potoloha litho tsa hao tsa botona. Sena ke se tloaelehileng.
Ka nako e tšoanang, u ka ’na ua hōla ka potlako. Mafura le litšutšu li ea eketseha ’meleng oa hao. Ua hōla, u ba matla haholoanyane, mahetla a hao a ba sephara. ’Mele oa hao ha o sa tšoana le oa ngoana empa o ba le sebōpeho sa monna.
Phetoho e ’ngoe e thahasellisang e kopanyeletsa mohoete o melang maotong a hao, sefubeng, sefahlehong, le ka mahafing. Lintho tsena le tsona li susumetsoa ke lero le bitsoang testosterone. Buka Changing Bodies, Changing Lives, ea Ruth Bell, e qotsa mocha e mong a re: “Ha ke ne ke na le lilemo tse 14 ke ile ka theosa le ho nyolosa libeke tse peli ke na le letheba la litšila molomong oa ka o ka holimo. Ke ile ka leka ho le hlatsoa empa le ne le sa tlohe. Joale ea ba ke le talima hantle ’me ka bona hore ke litelu.”
Hore na u na le moriri o mongata hakae ’meleng ha ho amane ho hang le hore na u monna hakae; ke taba ea lefutso. Ka mantsoe a mang, haeba ntate oa hao a na le moriri sefubeng, ho na le menyetla ea hore le uena u tla ba le ’ona. Ho joalo le ka mohoete o hlahang sefahlehong. E tla ba ho fihlela lilemong tsa hao tsa morao tsa bocha kapa qalong ea lilemo tsa bo20 moo u tla lokela ho kuta ka mehla.
Ka sebele u tla ba le linako tse ferekanyang. Bashanyana le bona ba fumana hore litšoelesa tsa mofufutso li sebetsa ka matla. U lokela hore ka ho khethehileng u hlokomele bohloeki ba hao ba botho hore u qobe mathata a monko. U ka ’na ua hlaseloa ke lihloba ka lebaka la letlalo le mafura haholoayane.
Bohareng ba lilemo tsa hao tsa bocha, kolu ea hao e tla hōla, kolu e ba tenya hape ea saroloha. Ka lebaka leo, lentsoe la hao le tla teba. Bashemane ba bang ba ba le phetoho e makatsang ea lentsoe, ho tloha ho le lesesanyane ho ea ho le tebileng. Empa ho ba bang, lentsoe le fetoha butle-butle nako e telele e ka bang libeke kapa likhoeli. Melumo e tebileng e ee e sitisoe ke ho falesa le ho hoeleketsa ho tlotlollang. Leha ho le joalo, u se khathatsehe. Lentsoe la hao le tla batalla ha nako e ntse e tsamaea. Ho sa le joalo, haeba u ka tseba ho itšeha, ho tla thusa ho fokotsa lihlong.
Khōlo ea Bohlokoa ka ho Fetisisa
Ho hōla hoa babatseha ebile hoa thabisa! Ho ka ’na ha hlabisa lihlong le ho tšosa. ’Nete ke hore: U ke ke ua potlakisa ho hōla kapa ua ho liehisa. Kahoo ho e-na le ho khahlanyetsa liphetoho tse bakiloeng ke ho kena bohlankaneng ka hlonamo le tšabo, li makalle ka thabo, li amohele ka mosa—le ka ho tšeha. Hlokomela hore bohlankana kapa boroetsana ha se phetho empa e le boemo bo fetang. Ha mofere-fere oa ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng o fetile, u tla hlahella u le monna kapa mosali ea hōlileng hantle!
Leha ho le joalo, u se lebale hore khōlo ea hao ea bohlokoa ka ho fetisisa ha e akarelletse bolelele ba hao, sebōpeho, litšobotsi tsa sefahleho, empa khōlo ea hao joaloka motho—kelellong, maikutlong, le moeeng. Moapostola Pauluse o itse: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke hopola joale ka ngoana, ke ne ke lekanya joale ka ngoana; mohla ke fetohileng monna, ke lahlile tsa bongoana.” (1 Ba-Korinthe 13:11) Ha hoa lekana ho boheha joaloka motho e moholo. U tlameha ho ithuta ho nka mohato, ho bua, le ho nahana joaloka motho e moholo. U se ke ua ameha haholo ka se etsahalang ka ’mele oa hao hore u be u lebale ho hlokomela “motho oa kahare.”—2 Ba-Korinthe 4:16.
Litšobotsi tse ling tsa ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng e ka ba tse tepelletsang. Kamoo u ka sebetsanang le sena ho tla hlalosoa lihloohong tse latelang.
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ho hōla ka potlako ho etsa hore matsoho a baki a be makhutšoaane haholo