“Walrus” le Khoebo ea Lithethefatsi
HO NE ho tla ba thata ho nahana ka linyantši tse peli tse khōlō tse fapaneng joaloka walrus le tlou. Empa liqibi tse ngata tse noabolohang leqhoeng la Leoatleng la Bering li na le bothata bo tšoanang le ba baleleri ba naheng ea Afrika: Hangata letlotlo la tsona la bohlokoa le bolela lefu la tsona. Li na le meno a kang a tlou.
Mohlomong ho feta tlou, walrus e phela ka meno a eona. Ha e qoela ho ea botebong ba leoatle ho ea batla lijo, e thellisa ka meno a eona ha ka molomo e momona likhetla le li-oyster. Ha e batla ho hloella leqhoeng ho athamèla letsatsi, e sebelisa meno a eona joaloka lilope bakeng sa ho nyolla ’mele oa eona o boima ba lik’hilogramo tse 900 ho ea ho tse 1 400 ka metsing. Walrus e tšehali e sebelisa meno a eona ho loantša phoofolo leha e le efe e sokelang malinyane a eona.
Empa ka bomalimabe, meno a walrus ke a bohlokoa ho motho. Motho o na le lenyora le sa khaotseng bakeng sa meno a walrus. Bakeng sa walrus e bolelele ba limithara tse 3 kapa tse 4 e bothileng letsatsing ha se phofu e fanang ka bothata ho motho ea nkileng sethunya. Kahoo ke ntho e tloaelehileng ho batho ba Alaska ho sesa ka liketsoana Leoatleng la Bering ka morero oa ho bolaea liphoofolo tsena hohle moo ba kopanang le tsona teng, ebe ba khutlela hae ka sekepe se tletseng lihlooho tse nang le meno tse khaotsoeng ka saga ea ketane.
Ho fihlela joale pale e utloahala e le e tloaelehileng haholo, empa e na le mokhoa o makatsang: lithethefatsi. Ho bonahala bacha ba Maeskimo ba Alaska ba sebelisa meno a walrus bakeng sa ho tšehetsa bokhoba ba bona ba lithethefatsi ka chelete. Ho joalokaha makasine oa Newsweek o hlokometse: “Chelete ke ea boleng bo tlaase ka ho tšosang.” Moemeli ea khethehileng oa U.S. oa Tšebeletso ea Litlhapi le Liphoofolo tse Hlaha o bolelletse makasine hore bahoebi ba ’maraka oo e seng oa molao ba ka reka meno a mabeli a walrus—a ka bitsang R2 100—ka lisakarete tse tšeletseng tsa matekoane.
Molao o sireletsa litsomi ho feta liphoofolo tse tsongoang. O lumella baahi ba Alaska ho tsoma walrus bakeng sa lijo. Ba boloka meno a tsona ho a sebelisetsa mekhabiso ea bochaba. Ho utloahala molao o lokile, empa ke tšireletso ea linokoane. Bahoebi ba bang ba meno a walrus ba ile ba lula le basali ba Maeskimo hore ba ka fumana meno a mangata bakeng sa mekhabiso ea bona ea bochaba.
Ha polao ena e sehlōhō e ntse e tsoela pele, kameho ea hōla. Ba tsomang walrus ka tumello le bao ha e le hantle ba sebelisetsang meno a walrus bakeng sa mekhabiso ba utloa sebaka sa bona sa bolulo se sokeloa. Maeskimo a maholo a fumana ho ata ha seoa sa bokhoba ba lithethefetsi har’a bacha ba bona e le se tšosang. Ho thoe’ng ka walrus? Ho sa ntse ho na le tse 250 000 Pacific, kahoo ha li nkuoe li le kotsing ea ho fela. Empa litopo tsa tsona tse khaotsoeng lihlooho li hoholeloa lebōpong ka makholo. Tse ngata li hoholetsoe lebōpong la Siberia hoo Soviet Union e phehelletseng United States ho khaotsa polao ena. Empa li-walrus li tla bolokeha nako e kae pele li felisoa ka ho feletseng ha meno a tsona a bolela chelete le lithethefatsi ho batho ba meharo?
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 30]
H. Armstrong Roberts