Pono ea Bibele
Ho Ipolaea—Na ho na le Tsoho?
LITABA tse sisimosang tsa ho ipolaea ha li phethele khaolo e itseng bophelong ba beng ka motho le metsoalle; li phetla khaolo e ’ngoe—khaolo ea maikutlo a tsoakaneng ea masoabi le khalefo, le mesarelo le ho ikutloa ba le molato. ’Me li phahamisa potso: Na re ka fumana tšepo leha e le efe ka motsoalle oa rōna ea ipolaileng?a
Le hoja ho se mohla ho ipolaea ho lokafatsoang, ho se mohla ho ka thoeng ho lokile, moapostola Pauluse o ile a hla a phahamisa tšepo e ntle esita le bakeng sa batho ba bang ba sa lokang. Joalokaha a ile a bolella lekhotla la Roma la molao: “Ke na le tšepo ho Molimo . . . ea hore tsoho ea bafu e tla ba teng ea ba lokileng le ea ba sa lokang.”—Liketso 24:15.
Ho sa tsotellehe hoo, ke khale liithuti tse ngata tsa bolumeli li qheletse ka thōko tlhahiso leha e le efe ea hore tsoho ea ba sa lokang e ka ’na ea fana ka tšepo bakeng sa ba ipolaeang. Hobane’ng?
Liithuti tsa Thuto ea Bolumeli li Hanyetsa Tšepo ea Tsoho
William Tyndale o ile a khetholla karolo e ’ngoe ea bothata boo selelekeleng sa Bibele ea hae ea lekholong la bo16 la lilemo: “Ka ho lebisa meea e shoeleng leholimong, liheleng, kapa pelekatoring, u felisa likhang tseo Kreste le Pauluse ba pakang tsoho ka tsona.” E, makholong a lilemo a fetileng, baruti ba ile ba hlahisa khopolo eo eseng ea Bibele: liphefumolohi tse sa shoeng tse arohang ’meleng lefung ’me li fetela ka ho toba leholimong, pelekatoring, Limbo, kapa liheleng. Khopolo eo e ne e hanyetsana le thuto e hlakileng ea Bibele ea tsoho ea nako e tlang. Joalokaha moruti oa Baptist Charles Andrews a ile a botsa: “Haeba sephefumolohi se se se ntse se le leholimong thabong e khōlō (kapa se se se ntse se chesoa ka nepo liheleng), ho sa hlokahala eng e eketsehileng?” O ile a phaella: “Khanyetso ena e potelletseng e lutse e tsielitse Bakreste ho pholletsa le makholo a lilemo.”
Ho Bible Review, ea December 1989, Arthur Droge o bolela hore phello e ’ngoe ea thuto e fosahetseng joalo ea bolumeli ke hore “ho tloha mehleng ea Augustine [354-430 C.E.], kereke e ’nile ea nyatsa ho ipolaea e le sebe, sebe seo motho a ke keng a lopolloa ho sona, feela joaloka bokoenehi le bofebe.”
Kahlolo e boima “eo motho a ke keng a lopolloa ho eona,” kapa ho lahleloa mollong oa lihele ntle ho tšepo, e ile ea fokolisa khang ea ho ahloleloa lefu ka ho fetelletseng. National Catholic Reporter ea lumela: “Lingaka tse peli tse khōlōhali tsa kereke li ile tsa bua ka matla khahlanong le ho ipolaea—Augustine o ile a ho nyatsa ka matla e le ‘manyala le bokhopo bo nyatsehang ’me Aquinas o ile a bontša hore e ne e le sebe se bolaeang [se sa tšoareloeng] khahlanong le Molimo le sechabeng—empa hase baruti bohle ba ileng ba lumela.”
Ka thabo, re ka qoba ‘khanyetso e joalo e potelletseng’ ka ho amohela linnete tsa Bibele tse peli tse lumellanang. Ntlheng ea pele, “moea [“sephefumolohi,” NW] o etsang sebe ke oona o tla shoa.” (Ezekiele 18:4) Ntlheng ea bobeli, tšepo ea sebele bakeng sa liphefumolohi tse shoeleng (batho) ke ho phela hape ka “tsoho ea bafu . . ea ba lokileng le ea ba sa lokang.” (Liketso 24:15) Kahoo, ka ho utloahalang re ka lebella eng ka batho ba ipolaeang?
Ea sa Lokang ea Tla Tsosoa
Jesu o ile a bolella sesenyi se neng se ahloletsoe lefu: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” Monna eo o ne a sa loka—e ne e le motlōli oa molao ho fapana le motho ea ipolaeang hobane a tepelletse maikutlo—a le molato kamoo a ileng a lumela ka teng ka tieo. (Luka 23:39-43, NW) O ne a se na tšepo ea letho ea ho ea leholimong hore a buse le Jesu. Kahoo Paradeise eo lesholu lena le neng le ka tšepa ho tsohela ho eona e ne e tla ba lefatše le letle tlas’a puso ea ’Muso oa Jehova Molimo.—Mattheu 6:9, 10; Tšenolo 21:1-4.
Molimo o tla tsosa sesenyi see ka morero ofe? Na ke hore O ka se qosetsa libe tsa sona tsa nakong e fetileng? Le hanyenyane, hobane Ba-Roma 6:7, 23 e re: “Ea shoeleng o lokolotsoe sebeng,” ’me “moputso oa sebe ke lefu.” Le hoja se ke ke sa balloa libe tsa sona tsa nako e fetileng, se tla hloka topollo hore se finyelle phethehong.
Ka hona, seithuti sa thuto ea bolumeli Albert Barnes se ne se fositse ebile se khelosa batho ha se ne se tiisa hore: “Ba entseng bobe ba tla tsosetsoa hore ba nyatsuoe, kapa ba rohakoe. Ona e tla ba oona morero oa ho ba tsosa; e tla be e le sona feela sepheo sa ho ba tsosa.” Hoo e ka ba ho nyenyefatsang Molimo oa toka le oa lerato hakaakang! Ho fapana le hoo, ho tsohela bophelong lefatšeng la paradeise ho tla neha sesenyi sena sa nakong e fetileng (le ba bang ba sa lokang) monyetla o hlollang oa hore ba ahloloe ka seo ba tla se etsa ka mor’a tsoho ea bona.—1 Johanne 4:8-10.
Monyetla o Bontšang Mohau
Ka hona metsoalle e nyarohileng ea motho ea ipolaileng e ka tšelisoa ke ho tseba hore “Jehova o hauhela joalo ba mo tšabang. Hobane o tsebisisa ho bōpjoa ha rōna, o elelloa hoba re lerōle feela.” (Pesaleme ea 103:10-14) Ke Molimo feela o ka utloisisang ka botlalo tšebetso ea ho kula kelellong, khatello e fetelletseng ea kelello, esita le mefokolo e bakoang ke lefutso, “tsietsing ea ho ipolaea,” eo, joalokaha ho hlokometse National Observer, “eseng tšobotsi ea bophelo bohle [empa] hangata e e-ba taba ea metsotso e itseng feela kapa lihora.”—Bona Moeklesia 7:7.
Bonneteng, motho ea ipolaeang o ikamoha monyetla oa ho bakela ho ipolaea ha hae. Empa ke mang ea ka bolelang haeba motho ea susumelletsehileng ho ipolaea e ka ’na eaba o ne a se a fetotse pelo ea hae hoja feela boiteko ba hae bo kotsi bo ne bo ile ba hlōleha? Ha e le hantle, babolai ba bang ba tummeng hampe ba fetohile ’me ba fumane tšoarelo ea Molimo nakong ea bophelo ba bona.—2 Marena 21:16; 2 Likronike 33:12, 13.
Ka hona, Jehova, ka mor’a ho lefa “topollo ea ba bangata,” ke ho loketseng hore a ka atolosa mohau oa hae, a o atolosetsa esita le ho batho ba bang ba ipolaileng, ka ho ba tsosa le ho ba fa monyetla oa bohlokoa haholo hore ba “bake, ba sokolohele ho Molimo, ba ntse ba etsa mesebetsi e tšoanelang pako.”—Mattheu 20:28; Liketso 26:20.
Pono e Tšepahalang le ea Mangolo ka Bophelo
Bophelo ke mpho e tsoang ho Molimo, hase ntho e lokelang ho sebelisoa hampe kapa hore motho a bo felise ka ho rata ha hae. (Jakobo 1:17) Ka hona, Mangolo ha a re khothalletse ho italima re le liphefumolohi tse sa shoeng, empa a re khothalletsa ho italima re le libōpuoa tsa bohlokoa tsa Molimo o re ratang, o nkang bophelo ba rōna e le ba bohlokoa, le o lebelletseng nako ea tsoho ka thabo.—Jobo 14:14, 15.
Lerato le matlafatsa ho hlokomela ha rōna hore ho ipolaea—le hoja e le ho iphemisa litsietsi—ho mpa ho phaella mathata a eketsehileng le ho feta ho baratuoa ba setseng. Mabapi le motho ea ipolaileng ka lepotla-potla, rōna batho re ke ke ra ahlola hore na o tla fumana tsoho kapa che. O ne a le molato hakae? Ke Molimo feela o botsisisang ‘lipelo tsohle le merero eohle le mehopolo eohle.’ (1 Likronike 28:9) Empa re ka kholiseha hore ‘Moahloli oa lefatše lohle o tla etsa ka lerato, ka toka, le ka ho loka!’—Genese 18:25.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Sehlooho sena se reretsoe mahlatsipa a batho ba ipolaeang. Bakeng sa tlhaloso e eketsehileng haholoanyane ea sehlooho sa ho ipolaea, bona Molula-Qhooa, January 15, 1984, maqephe 3-11 le Tsoha!, February 8, 1982, maqephe 5-13.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 26]
Kollektie Rijksmuseum Kröller-Müller, Otterlo