Pono ea Bibele
Bophelo ba Motho bo Simoloha Neng?
LA 21 September, 1989, ebile letsatsi le sa tloaelehang bakeng sa Lekhotla la Bohla-no la Boahloli la State of Tennessee, U.S.A. Letsatsing leo lekhotla le potolohang le ile la nehelana ka pono ea molao mabapi le masea a supileng a ka pōpelong pele a e-ba le sebōpeho a kentsoeng ka sehatsetsing. Lekhotla le ne le tlameha ho etsa qeto ea hore na ke ofe ho batsoali ba hlalanang ea neng a na le tokelo ea molao ea ho fumana masea ana. Leha ho le joalo, pele ho ile ha hlaha tseko e hlokang ho lokisoa: Na masea a ka pōpelong pele a e-ba le sebōpeho a lokela ho nkoa e le thepa kapa batho?
Moprofesa Jerome Lejeune oa Paris, setsebi sa liphatsa tsa lefutso se tsebahalang o ile a netefatsa ka pelˈa lekhotla hore motho e mong le e mong o na le tšimoloho e khethehileng, e etsahalang nakong ea kemolo le hore “hang feela ha a se a emotsoe, motho ke motho.” Ka mantsoe a mang, ho tloha bohatong ba boraro ba lesea le ntseng le hōla ka pōpelong (zygote), masea a ka pōpelong pele a e-ba le sebōpeho, joalokaha a boleletse lekhotla ke “batho ba banyenyane haholo”!—Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.
Ha a botsoa hore na o ne a netefatsa hore lesea le ka pōpelong pele le e-ba le sebōpeho le lokela ho ba le litokelo tse tšoanang le tsa motho e moholo, Dr. Lejeune o ile a araba: “Ha ke le bolelle seo hobane ha ke boemong ba ho tseba seo. Ke le bolella hore, ke motho, ˈme ke Moahloli ea tla bolela hore na motho enoa o na le litokelo tse tšoanang le tsa batho ba bang. . . . Empa ˈna joaloka seithuti sa liphatsa tsa lefutso ha le ka mpotsa hore na enoa ke motho, ke ne ke tla le bolella hore e re kaha oa phela ke motho.”
Motheong oa bopaki bo ke keng ba hanyetsoa ba Dr. Lejeune, liqeto tse tharo tse hlahelletseng tse ileng tsa etsoa ke lekhotla ke tsena:
◻ “Ho tloha nakong eo peō ea botona le botšehali li kopanang, lisele tsa lesea le ka pōpelong pele le e-ba le sebōpeho li fapane, li khethehile ka ho phahameng.”
◻ “Masea a ka pōpelong pele a e-ba le sebōpeho hase thepa.”
◻ “Bophelo ba motho bo simoloha nakong ea kemolo.”
Na sena se lumellana le seo Bibele e se bolelang ka tšimoloho ea bophelo ba motho?
Bophelo bo Simoloha Nakong ea Kemolo
Jehova Molimo ke “mohloli oa bophelo” ˈme “ke ka eena re nang le bophelo, re sisinyehang, re leng teng.” (Pesaleme ea 36:9, NW; Liketso 17:28, NW) ˈMōpi o re bophelo bo simoloha neng? O talima bophelo ba lesea e le ba bohlokoa esita le ho tloha mehatong ea pele ea khōlo ea lona ka morˈa kemolo. Lilemo tse fetang 3 000 pele ho etsoa qeto ea lekhotla e boletsoeng ka holimo, ’Mōpi o ile a bululela Davida, moprofeta oa hae hore a ngole:
“Ke u boka ka baka la mohlolo oa pōpeho ea ka. Mesebetsi ea hao ea makatsa, moea oa ka o tseba teng haholoholo. ˈMōpo oa ka ha oa ka oa pateha ho uena, ha ke ntse ke bopjoa sephiring [ka pōpelong), ke lohuoa litho [a lekanya methapo ea mali, e khabisitseng ˈmele ˈohle joaloka likhoele tse mebalabala tsa lesela botebong ba lefatše [tsela ea thothokiso ea ho hlalosa leflfi le ka pōpelong]. Mahlo a hao a bone moloho oa tsona; matsatsi a ka a ngoliloe kaofela hammoho bukeng ea hao.”—Pesaleme ea 139:13-16.
Ho tloha nakong ea kemolo, bophelo bo ntseng bo tsoela pele bo latela paterone e ikhethang joalokaha eka bo utloa litaelo tse ngo-tsoeng ka ho hlaka bukeng e khōlō haholo. Dr. Lejeune o re: “Boitsebiso bo bongata ka harˈa lesea le ka pōpelong pele le e-ba le sebōpeho boo haeba bo ne bo ka baloa ˈme ba kenngoa ka harˈa computer bo ne bo ka bolella computer kamoo e ka lekanyetsang se tlang ho etsahala hamorao, boitsebiso bona bo bongata hoo ho seng motho ea ka bo lekanyang.”
Bophelo ba Lesea le E-song ho Tsoaloe ke ba Bohlokoa
Ka hona lesea le e-song ho tsoaloe le ntseng le hōla ka pōpelong hase feela pokello ea likaroloana tse nyenyane tsa ˈmele. Ke la bohlokoa, ’me ke ka baka leo Molimo o boletseng hore motho o ne a tla ikarabella bakeng sa ho ntša ngoana ea e-song ho tsoaloe kotsi. Molao oa oona ho Exoda 21:22, 23 oa hlokomelisa: “Banna ha ba loana, ˈme ba thula mosali oa moimana, mpa e senyeha, a mpa a sa tsoe kotsi e isang lefung, ho tla lefshoa tefo e ka beoang ke monna oa mosali eo, ˈme e tla lefshoa baahloli ba le teng. Empa ekare ha kotsi e hlahile, u tla lefa bophelo ka bophelo.”
Libibele tse ling li fetolela litemana tse ka holimo ka tsela e etsang hore se etsahallang mosali e be sona seo molao o isang tlhokomelo ho sona. Leha ho le joalo, temana ea pele-pele ea Seheberu e isa tlhokomelo kotsing e isang lefung e etsahallang mosali kapa ngoana.a Kahoo, ho ntša mpa ka boomo bakeng sa ho qoba tsoalo ea ngoana ea sa batluoeng ke ho felisa bophelo ba motho ka boomo.
Batho ba bang ba ka ˈna ba pheha khang ea hore lesea le ka pōpelong pele le e-ba le sebōpeho hase motho hobane le ke ke la itlhokomela ka ntle ho pōpelo. Lena ke lebaka le sa utloahaleng. Ha ho motho ea belaelang hore lesea le sa tsoa hlaha—le nang le metsotso e seng mekae le hlahile—ke motho. Leha ho le joalo, haeba lesea leo le ka beoa le hlobotse ka ntle, le ne le ka phela nako e kae? Ha le khone ho itlhokomela ho hang ˈme, joalokaha lesea le ka pōpelong pele le e-ba le sebōpeho kapa lesea le ka pōpelong ho ba le be le sebōpeho ka morˈa likhoeli tse tharo tsa kemolo, le sa tsebe ho itlhoko-mela. Lesea le sa tsoa hlaha le hloka tšireletso, mofuthu, le lijo—tlhokomelo le thuso, tse ka fanoang feela ke motho e moholo, joaloka ˈmˈae.
Ka baka leo, qeto ea molao e boletsoeng ka holimo e lumellana le pono ea Bibele ea hore bophelo ba motho bo simoloha nakong ea kemolo. Bophelo ba lesea le e-song ho hlahe hase ntho e se nang thuso e ka felisoang ka boithatelo joaloka ntho e sa tsejoeng. Bophelo ba motho bo halalela eseng feela ka morˈa hore bo tsoe ka pōpelong empa leha bo le ka pōpelong.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Lereo “kotsi e isang lefung” (ka Seheberu, ʼa·sohnʹ) ha le na kamano e tobileng le ”mosali oa moimana” ka baka leo, kotsi e isange lefung ha ea lekanyetsoa ho mosali empa ka ho loketseng e ne e akarelletsa le “bana ba hae” be ka popelong.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 14]
Windsor Castle, Royal Library. © 1970 Her Majesty The Queen