Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 1/8 maq. 3-6
  • ‘’Me Lerako le Ile la Heleha’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘’Me Lerako le Ile la Heleha’
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Na Ntoa ea Mebuso e Meholo ea Lefatše e Letse?
  • Puso ea Sechaba ka Sechaba ea Kotula
  • Mantsoe a Makhaola-khang, Liphetoho tsa Makhaola-khang
  • Ho Kopanngoa Bocha ha Jeremane—Na ke Tlhohonolofatso Kapa ke Thohako?
  • Kamoo Liphetoho Tsena li ka U Amang ka Teng
  • Keketseho e Hlollang
    Tsoha!—1992
  • Lipaki tsa Jehova Europe Bochabela
    Tsoha!—1991
  • Na Maemo a Hlile aa Ntlafala?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Ba Ile ba Thaba Europe Bochabela
    Tsoha!—1992
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 1/8 maq. 3-6

‘’Me Lerako le Ile la Heleha’

‘‘KE MANG ea neng a ka lumela seo?” “Le ka mohla ke ne ke sa lumele hore ke tla bona seo se etsahala bophelong ba ka!” Ke eng se entseng hore ho buuoe mantsoe ao? Ke ho heleha ha Lerako le tummeng la Berlin le sohle seo le neng le se bolela, ho tloha ka November 1989.a Baahi ba Berlin Bochabela ba ile ba subuhlellana Berlin Bophirima, ba bang ba entse joalo ho ea latsoa menyaka ea tsamaiso ea moruo eseng tlas’a taolo ea ’muso ’me ba bang ba entse joalo e le hore ba ka boela ba kopana joaloka malapa.

Letlere leo le lerakong le ile la bulela matšoele a subuhlellanang. Batho ba bangata ba ne ba ikutloa hore ha ho mohla Europe Bochabela e tlang ho boela e tšoana le kamoo e neng e le ka teng pele.

Na Ntoa ea Mebuso e Meholo ea Lefatše e Letse?

Ntho ea bohlokoa haholo ho feta ho heleha ha Lerako la Berlin e bile ho oa ha lerako la lithahasello tse sa tšoaneng le neng le arola Bochabela ho Bophirima. Ka tšohanyetso, Ntoa ea Mebuso e Meholo ea Lefatše e ne e batla e letse. Mokolonele oa Sesole sa U.S. David Hackworth ea phomotseng mosebetsing o ile a ngola tjena ho Newsweek: “Ntoa ea mebuso e meholo ea lefatše e felile. Esita le batho ba hloileng bokomonisi ba sa sekisetse e bile ba bo nyatsa ba lumela hore ntoa ena e felile.”

Ho latela koranta ea Jeremane Stuttgarter Zeitung, esita le NATO (North Atlantic Treaty Organization), sebokeng se neng se tšoaretsoe London ka July 1990, e hlokometse ho lala ha Ntoa ea Mebuso e Meholo ea Lefatše. Ka tlas’a sehlooho se reng, “Selekane sa Atlantic se Tela Mehla ea Ntoa ea Mebuso e Meholo ea Lefatše,” The German Tribune e qotsa koranta ea Stuttgart e re: “Ka mor’a lilemo tse 41 tsa qhoebeshano [le lichaba tsa linaha tsa Soviet] baeta-pele ba Nato ba 16 ba ile ba betla tsela bakeng sa maoa a macha le ho tela mehla ea ntoa ea mebuso e meholo ea lefatše. . . . Bora bo ne bo tla nkeloa sebaka ke botsoalle. . . . Tšireletseho le botsitso . . . li ne li ke ke tsa hlola li finyelloa ka sesole empa joale li ne li tla finyelloa ka leano la ho leka-lekana ha litaba, ka puisano le tšebelisano-’moho ea Europe eohle.” Sebaka sa qhoebeshano e sokelang khotso hase sa le Europe se se se le Bochabela bo Hare.

Puso ea Sechaba ka Sechaba ea Kotula

Democracy, e leng se ’nileng sa bitsoa khetho e lokolohileng ea batho, joale ke mokhoa oa morao-rao oa lipolotiki. Hoo e batlang e le motho e mong le e mong o ikakhetse ka setotsoana mokhoeng ona oa morao-rao. Empa ho na le moputso o lokelang ho lefshoa. Likamano tse molemonyana mahareng a Bochabela le Bophirima hammoho le puso ea sechaba ka sechaba ea tsamaiso ea moruo e seng tlas’a taolo ea ’muso ha li itlele habonolo feela. Taba e ’ngoe e neng e hlahile koranteng ea Asiaweek e ile ea hlalosa: “Linaha tseo ho ke keng ha hlola ho thoe ke linaha tsa Soviet li kene har’a qhafutso ea moruo . . . Puso ea sechaba ka sechaba joale ea kotula. . . . Puso ea sechaba ka sechaba e na le melemo e mengata, empa botsitso bo phethahetseng hase o mong oa melemo ena.” Ke bo-mang ba lefang moputso oa liphetoho tsee tse lebisang sechabeng se lokolohileng haholoanyane le se nang le litokelo tse eketsehileng, kamoo se bitsoang ka teng?

Batho ba limillione Poland, Jeremane e ka bochabela le libakeng tse ling ba hlokometse hore phetoho ena ho tloha moruong o laoloang ke ’muso ho ea khoebong e seng tlas’a taolo ea ’muso qetellong e tla qala pele ka ho tlisa ho hloka mesebetsi le masisa-pelo. Ha lifeme li ntse li leka ho ba tse hlophisehileng haholoanyane le ho hlōlisana haholoanyane, lintho li ba matletsa-tletse. Likarolo tse ling tsa sechaba le tsona li ameha ka ho tebileng—sesole le feme ea libetsa. Joang?

Ha ho tšabana le ho hloeana li ntse li qepha mahareng a Bochabela le Bophirima, tlhokahalo ea hore ho be le masole a mangata le eona ea fokotseha. Masole a likete tse makholo le malapa a ’ona joale a tla lokela ho itloaetsa bophelo ba sechaba hammoho le likhatello tsa bona kaofela. Chelete e behelletsoeng ka thōko bakeng sa sesole e ka ’na ea fokotsoa le eona. Liodoro tse eang lifekthering tsa libetsa li ka ’na tsa fokotseha, ’me bahlahisi ba thepa ba ka ’na ba lokela ho etsa lihlahisoa tse fapaneng. Mohlomong ho ka ’na ha hlokahala hore basebetsi ba fallele libakeng tse ling ’me ba ithute mesebetsi e mecha.

Phetoho ena e khōlō le e mabifi Europe Bochabela e bakile boemo bo bocha ba motheo ba machaba. Sena sohle se etsahetse joang?

Mantsoe a Makhaola-khang, Liphetoho tsa Makhaola-khang

Ntho ea makhaola-khang liphetohong tsena e bile boikutlo bo fetohileng ba ho se itšunya-tšunye litabeng tsa linaha tse ling bo bontšitsoeng ke Soviet Union. Nakong e fetileng tšabo ea hore Soviet e hape Hungary (1956) le Czechoslovakia (1968) e ile ea etsa hore mabotho a nchafatso Europe Bochabela a be tlas’a taolo. Empa phihlelo ea Poland lilemong tsa bo-1980 hammoho le phephetso ea mekha ea Bonngoe le ho fetohela butle-butle ha sechaba pusong ea sechaba ka sechaba e bontšitse hore tsamaiso ea nakong e fetileng ea Soviet ea ho itšunya-tšunya ha sesole linaheng tse ling e fetohile. Phihlelo ea Poland e bontšitse hore ho bile le matlere lerakong la Bokomonisi le hore ho ne ho ka finyelloa phetoho ea khotso e tlang butle-butle ka hore ho etsoe boiteko. Empa ke eng se entseng hore sena sohle se etsahale?

Ho latela bahlalosi ba bang ba lipolotiki, motheo oa liphetoho tsena tsohle tse etsahalang Europe Bochabela e bile leano le sebetsang la boeta-pele Soviet Union tlas’a tataiso ea mopresidente oa U.S.S.R., Mikhail Gorbachev. Ka February 1990, o ile a re: “Mokha oa Bokomonisi oa Soviet o ile oa simolla perestroika [ho hlophisoa bocha ha sechaba] ’me oa tlisa khopolo ea oona le leano la oona. Liphetoho tse felletseng tse aparetseng likarolo tsohle tsa bophelo le likarolo tsohle tsa sechaba li simolohile motheong ona naheng. . . . Liphetoho tse potlakileng, tse khōlō le tse simolohileng ka mokhoa o sa tloaelehang, lia etsahala har’a ho hlophisoa bocha ha sechaba.”

Ho joalokaha Asiaweek e hlalositse: “Kajeno, ho sa tsotellehe litšitiso tse itseng, liphutuho [tsa Gorbachev] bakeng sa glasnost (ho pepesa ntho ebile e ntse e sireletsoa) le perestroika (ho hlophisoa bocha ha sechaba) ho khothalitse bo-ralipolotiki Hungary, Poland le Linaheng tsohle tsa Soviet.” Mantsoe ana a mabeli a makhaola-khang a Serussia, glasnost le perestroika, a ile a kena mehopolong ea lefatše ha e sa le hoba Gorbachev a qale ho busa Soviet Union ka 1985. Mantsoe ana a bontšitse boikutlo bo bocha mabapi le ’muso lefatšeng la Bokomonisi.

Mohlalosi oa lipolotiki Philippe Marcovici, ha a ngola koranteng ea Fora Le Quotidien de Paris ka liphetoho tse etsahetseng Czechoslovakia, o boletse hore liphetoho tsena li tlile “ka lebaka la Moscow, hobane ho na le ntho e le ’ngoe e hlakileng: Masoviet ha a ka a lumella hore sena se iketsahalle feela; a ile a etsa bonnete ba hore Czechoslovakia, joaloka linaha tse ling tse tlas’a puso ea sechaba ka sechaba, e itšoasolle pusong e thatahali e neng e le tlas’a eona. . . . Prague le Berlin Bochabela, matšoele a batho a etsang mekoloko ea boipelaetso a ne a batla liphetoho tse potlakileng; batho ba neng ba hulanyelitsoe literateng ba ile ba qobella ba boholong hore ba inehele le ho theoha litulong tsa bona.”

Phello e bile hore, joaloka ho phatloha ha Thaba ea St. Helens, puso ea sechaba ka sechaba le boipuso li ile tsa saballa hohle ’mapeng oa Europe Bochabela ka likhoeli tse ’maloa feela—Poland, Jeremane Bochabela, Hungary, Czechoslovakia, Bulgaria, le Romania.

Ho Kopanngoa Bocha ha Jeremane—Na ke Tlhohonolofatso Kapa ke Thohako?

Ke potso eo hona joale batho ba bangata ba nahanisisang ka eona Europe. Lijeremane tse peli li ile tsa fihlela bonngoe ba ho sebelisa chelete e tšoanang ka July 1990 ’me tsa fihlela bonngoe ba lipolotiki ka October. Le hoja sena se thabisa batho ba limillione, se boetse se etsa hore batho ba bangata Europe ba thothomele. Seo se kopanyelletsa ba bang ba leng Jeremane e ka bochabela bao mohlomong ba ka lokelang ho khutlisetsa matlo a bona ho beng ba ’ona ba pele ba leng Jeremane e ka bophirima. Ho sa tsotellehe litiisetso tse boletsoeng ke baeta-pele ba bang ba Brithani, sehlooho sa koranta e ’ngoe ea Brithani se kile sa re: “Ke Feela Hore re Tlameha ho Tšepa Jeremane e Ncha.”

Kaha Soviet Union e ne e ile ea futuheloa ka ho tšosang ea ba ea ba le litšenyehelo tse ngata tlas’a Napoléon (1812) le Hitler (1941), bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše, e ile ea batla ho kholiseha ka tšireletseho ea sebaka sa eona se arolang linaha tse neng li loantšana Europe Bochabela. Kahoo, ho ile ha theoa linaha tse robeli tsa Europe Bochabela tsa Bokomonisi nakong ea lilemo tse ’maloa tsa 1945.b Hona joale Soviet Union e ikutloa e sa tšosoe haholo ke Jeremane kapa United States, ’me tšabo ea eona ea ho sebelisoa ha li-satellite e fokotsehile. Ho bonahala eka Meeli e arolang Sebaka se tlas’a taolo ea Soviet e boletsoeng ke Churchill ka 1946 e nyametse ’me ea lumella leseli le lecha ho khanya moo.

Kamoo Liphetoho Tsena li ka U Amang ka Teng

Re se re hlokometse liphello tse ling tsa liphetoho tsena tsa moruo linaheng tse ngata—ho hlaha ha mesebetsi e mecha, mekhoa e mecha, le mesebetsi ea matsoho e mecha bakeng sa batho ba bang. Hoba bang ba bangata ho tla ba le ho hloka mesebetsi esita le tšotleho. Eo ke phello e sa lebelloang ea filosofi ea khoebo e seng tlas’a taolo ea ’muso—ho pholoha ha tse matla ka ho fetisisa.

Ka lehlakoreng le leng, mohato o lebisang tsamaisong ea puso ea sechaba ka sechaba o lumella batho ho itsamaela ka bolokolohi haholoanyane. Seo se bolela bohahlauli ba machaba. Joalokaha linaha tse ling (ka mohlala, Spain le Italy) li sibollotsoe lilemong tse 30 tse fetileng, bohahlauli ba machaba bo ka etsa phapang e khōlō tabeng ea ho leka-lekanya qaka ea moruo eo e leng bothata ba ’muso leha e le ofe. Batho ba limillione ka Bophirima ba na le cheseho e khōlō ea ho etela metse ea boholo-holo ea histori e Europe Bochabela, metse eo mabitso a eona a hopotsang batho ka khanya ea mehla e fetileng—Budapest, Prague, Bucharest, Warsaw, le Leipzig, ha re bolela e ’maloa feela. Batho ba boetse ba batla ho etela Leningrad, Moscow, le Odessa ka bolokolohi. Ka ho tšoanang, batho ba tsoang Europe Bochabela ba batla ho etela ka Bophirima. Ka sebele, bohahlauli ba machaba bo sebeletsa ho liha mekoallo e meng ea leeme le ho hloka tsebo. Joalokaha bahahlauli ba bangata ba hlokometse, ho kopanela lebōpong la leoatle hammoho le batho bao pele ba neng ba bitsoa lira haufinyane ho ka felisa lehloeo.

Ho boetse ho na le tšobotsi e ’ngoe e hohelang batho ba limillione ka lebaka la Lerako le helehileng—monyetla oa ho kopana ka bolokolohi hammoho le balumeli-’moho ba lichaba tse ling. Ke ho isa bohōleng bofe sena se tlang ho etsahala? Ke liphetoho life tsa bolumeli tse etsahalang Europe Bochabela? Sehlooho se latelang se tla tšohla lipotso tsena hammoho le tse ling.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Lerako la Berlin, le bolelele ba lik’hilomithara tse 47, le neng le arola Berlin Bochabela ho Berlin Bophirima, le ne le ahoe ke Jeremane Bochabela ka 1961 ho thibela baphaphathehi hore ba se phallele ka Bophirima.

b Linaha tsena tse robeli e ne e le Czechoslovakia, Hungary, Romania, Bulgaria, Poland, Jeremane Bochabela, Albania, le Yugoslavia.

[’Mapa o leqepheng la 5]

JEREMANE

Berlin

YUGOSLAVIA

HUNGARY

POLAND

ROMANIA

CZECHOSLOVAKIA

ALBANIA

BULGARIA U.S.S.R

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela